Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

“Mangeloi a khethiloeng” ao ho buuoang ka ’ona ho 1 Timothea 5:21 ke afe?

Moapostola Pauluse o ile a ngolla moholo-’moho le eena, e leng Timothea, a re: “Ke u laela ka pel’a Molimo, Kreste Jesu le mangeloi a khethiloeng ke Molimo hore u latele litaelo tsena u se na leeme kapa khethollo.”—1 Tim. 5:21.

A re qaleng pele ka ho bua ka hore na mangeloi ana ha se afe. Mangeloi ana ha se karolo ea ba 144 000. Ha Pauluse a ngolla Timothea, ho ne ho se na batlotsuoa ba seng ba tsositsoe bafung eaba ba ea leholimong. Baapostola le batlotsuoa ba bang e ne e e-s’o ka e ba libopuoa tsa moea, kahoo ha ho buuoa ka “mangeloi a khethiloeng” ho ne ho sa buuoe ka bona.—1 Bakor. 15:​50-54; 1 Bathes. 4:​13-17; 1 Joh. 3:2.

Hape “mangeloi a khethiloeng” e ke ke ea e-ba mangeloi a sa kang a tšepahala mehleng ea Moroallo. Mangeloi ao a ile a latela Satane ’me ea e-ba bademona, hape ea e-ba lira tsa Jesu. (Gen. 6:2; Luka 8:​30, 31; 2 Pet. 2:4) Nakong e tlang, a tla koalloa ka sekoting se tebileng ka lilemo tse 1 000 ’me ka mor’a moo a tla felisoa hammoho le Diabolose.—Juda 6; Tšen. 20:​1-3, 10.

Kahoo, e tlameha ebe “mangeloi a khethiloeng” ke mangeloi a leholimong a tšepahallang ‘Molimo le Kreste Jesu.’

Ho na le mangeloi a tšepahalang a likete-kete. (Baheb. 12:​22, 23) Ha rea lokela ho nahana hore kaofela ha ’ona a fuoa mosebetsi o tšoanang ka nako e tšoanang. (Tšen. 14:​17, 18) Ka mohlala, Jehova o ile a sebelisa lengeloi le le leng feela ho bolaea masole a Baasiria a 185 000. (2 Mar. 19:35) Mangeloi a mangata a fuoe mosebetsi oa ho “bokella lintho tsohle tse lihelang batho sebeng le batho ba tloaetseng ho etsa tlolo ea molao, a ba tlose ’Musong” oa Jesu. (Mat. 13:​39-41) Ho ka etsahala hore mangeloi a mang a fuoe mosebetsi oa ho “bokella bakhethoa ba hae” hore ba ee leholimong. (Mat. 24:31) Mangeloi a mang ona a fuoe taelo ea ‘hore a re lebele litseleng tsohle tsa rona.’—Pes. 91:11; Mat. 18:10; bapisa le Matheu 4:11; Luka 22:43.

Ho ka etsahala hore “mangeloi a khethiloeng” ao ho buuoang ka ’ona ho 1 Timothea 5:​21, e ne e le mangeloi a fuoeng mesebetsi e khethehileng e amanang le ho hlokomela liphutheho. Litemana tse ling khaolong ena, li bua ka keletso eo Pauluse a ileng a e fa baholo le hore phutheho e lokela ho ba hlompha. Pauluse o ile a boela a re baholo ba lokela ho phetha boikarabelo ba bona ba se na “leeme kapa khethollo.” Hape ha baa lokela ho etsa liqeto kapa ba fane ka kahlolo ba sa nahana litaba hantle. Pauluse o ile a ba fa lebaka la bohlokoa la hore ba mamele keletso ea hae. O ile a re baholo ba sebeletsa bana ba bo bona “ka pel’a Molimo, Kreste Jesu le mangeloi a khethiloeng.” Kahoo, ho hlakile hore mangeloi a mang a fuoe mesebetsi ea ho thusa phutheho, e kang ho sireletsa bahlanka ba Molimo le ho ba thusa ho etsa mosebetsi oa boboleli ’me a tlalehela Jehova hore na a bone’ng.—Mat. 18:10; Tšen. 14:6.