Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na u sa Hopola?

Na u sa Hopola?

Na u balile lihlooho tsa Molula-Qhooa tsa selemong see ka hloko? Haeba ho joalo, leka ho araba lipotso tsena:

Jehova o beha mohlala ofe o motle ka tsela eo a tšoarang basali ka eona?

Jehova ha a khetholle basali. O ba tšoara ka tsela eo a tšoarang banna ka eona. O mamela basali, o tsotella maikutlo a bona le hore na ba na le mathata afe. Hape o bontša hore oa ba tšepa ka ho ba lumella hore ba etse mosebetsi oa hae.—w24.01, leq. 15-16.

Re ka etsa’ng ho bontša hore re mamela keletso e ho Baefese 5:7 e reng: “Le se ke la itsoakanya le bona”?

Moapostola Pauluse o ile a re lemosa hore re se ke ra tloaelana le batho ba etsang hore ho be thata ho mamela melao ea Molimo. E ka ba batho bao re qetang nako le bona ka seqo le bao re qetang nako le bona mecheng ea puisano.—w24.03, leq. 22-23.

Ke lipale life tsa bohata tseo re lokelang ho itebela ho tsona?

Re lokela ho ba hlokolosi ka lipale tseo re se nang bonnete ba tsona tse tsoang ho Bakreste-’moho, li-email tseo re sa tsebeng hore na li tsoa ho bo-mang le bakoenehi ba etsang eka ba rata molaetsa oa rona.—w24.04, leq. 12.

Ke’ng eo re e tsebang le eo re sa e tsebeng ka hore na Jehova o tla ahlola Morena Solomone, batho ba Sodoma le Gomora le batho ba ileng ba hlokahala nakong ea Moroallo?

Ha re tsebe hore na Jehova o entse qeto ea ho ba felisa ka ho sa feleng. Empa rea tseba hore o tseba lintlha kaofela ebile o mohau haholo.—w24.05, leq. 3-4.

Taba ea hore Molimo ke “Lefika” e re tiisetsa’ng? (Deut. 32:4)

Re ka etsa Jehova setšabelo sa rona. Oa tšepahala, o lula a phethahatsa litšepiso tsa hae. Hape o tsitsitse, botho ba hae le merero oa hae ha li fetohe.—w24.06, leq. 26-28.

U ka thusoa ke’ng ho tloaela phutheho e ncha?

Itšetlehe ka Jehova. O tla u thusa joalokaha a ile a thusa bahlanka ba hae nakong e fetileng. U se ke oa bapisa phutheho e ncha le ea khale. Phathahana phuthehong ea hao e ncha ’me u etse metsoalle e mecha.—w24.07, leq. 26-28.

Re ithuta’ng lipapisong tse tharo tse ho Matheu khaolo ea 25?

Papiso ea linku le lipoli e hatisa bohlokoa ba ho tšepahala le ho ba le tumelo. Papiso ea baroetsana ba bohlale le ba maoatla e hatisa bohlokoa ba ho lula re itokisitse re bile re falimehile. Papiso ea litalenta eona e bontša bohlokoa ba ho lula re sebetsa ka thata.—w24.09, leq. 20-24.

Foranta ea tempele ea Solomone e ne e phahame hakae?

Ho ea ka meqolo e meng ea khale, 2 Likronike 3:4 e re bophahamo ba foranta ena e ne e le “litsoe tse 120,” e leng limithara tse 53. Empa liphetolelo tse ling tse ka tšeptjoang li re “litsoe tse 20” kapa limithara tse ka bang robong. Ho bonahala eka litsoe tsena tse 20 e ne e le botenya ba mabota a tempele.—w24.10, leq. 31.

Bibele e bolela’ng ha e re mohlanka ea sebeletsang “a be le mosali a le mong”? (1 Tim. 3:12)

O lokela ho nyala mosali a le mong feela ’me ha aa lokela ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Hape ha aa lokela ho bontša maikutlo a lerato ho mosali leha e le ofe e mong.—w24.11, leq. 19.

Ke’ng e bontšang hore Johanne 6:53 ha e bue ka se neng se tla etsahala Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena?

Johanne 6:53 e bua ka bohlokoa ba ho ja nama le ho noa mali a Jesu. Jesu o buile mantsoe a temaneng ena a le Galilea ka selemo sa 32, ho Bajuda ba neng ba ntse ba e-s’o bontše tumelo ho eena. Leha ho le joalo, Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li ile tsa thehoa Jerusalema selemo hamorao. Hona moo, Jesu o ile a bua le batho ba neng ba tla busa le eena leholimong.—w24.12, leq. 10-11.