Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ea Etellang Pele Batho ba Molimo Kajeno?

Ke Mang ea Etellang Pele Batho ba Molimo Kajeno?

“Hopolang ba etellang pele har’a lōna.”—BAHEB. 13:7.

LIPINA: 125, 43

1, 2. Ho ka etsahala hore ebe baapostola ba ile ba ipotsa’ng ha Jesu a nyolohela leholimong?

BAAPOSTOLA ba Jesu ba eme Thabeng ea Mehloaare ba shebile holimo, ba qeta ho bona ha monghali le motsoalle oa bona Jesu a koaheloa ke leru. (Lik. 1:9, 10) Jesu o ile a ba ruta, a ba matlafatsa le ho ba etella pele ka lilemo tse ka bang peli. Joale ha e le moo Jesu a se a ile leholimong, ebe ke mang ea neng a tla ba etella pele?

2 Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ba ne ba tla finyella mosebetsi oo joang? Ke ’nete hore Jesu o ile a ba tšepisa hore ba ne ba tla amohela moea o halalelang haufinyane. (Lik. 1:5) Leha ho le joalo, mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle, o ne o hloka motho ea tla o etella pele. Mehleng ea baapostola, Jehova o ile a sebelisa bahlanka ba hae ho tataisa le ho hlophisa batho ba hae. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe baapostola ba ile ba ipotsa, ‘Na Jehova o tla khetha moeta-pele ea mocha?’

3. (a) Ke qeto efe ea bohlokoa eo baapostola ba tšepahalang ba Jesu ba ileng ba e etsa ka mor’a hore a nyolohele leholimong? (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Pele ho feta libeke tse peli, barutuoa ba Jesu ba ile ba hlahloba Mangolo, ba rapella tataiso ea Molimo, eaba ba khetha Mathiase hore a nkele Judase Iskariota sebaka ’me e be moapostola oa bo12. (Lik. 1:15-26) Ke hobane’ng ha khetho eo e ne e le ea bohlokoa ho bona le ho Jehova? Mathiase o ne a phetha karolo ea bohlokoa ho latela tlhophiso ea Molimo. * Jesu o ne a sa khethela baapostola ba hae feela hore ba tsamaee le eena tšebeletsong ea hae empa o ile a ba koetlisetsa hore ba phethe karolo ea bohlokoa har’a batho ba Molimo. Karolo eo e ne e le efe, hona Jehova o ile a sebelisa Jesu joang hore a ba koetlisetse ho e finyella? Kajeno ho na le tokisetso efe e tšoanang le eo har’a batho ba Molimo? Hape ke joang re ka “hopolang ba etellang pele” har’a rona, haholo-holo bao e leng karolo ea “lekhoba le tšepahalang le le masene”?—Baheb. 13:7; Mat. 24:45.

MOETA-PELE EA SA BONAHALENG O TATAISA SEHLOPHA SE BONAHALANG

4. Baapostola le baholo ba Jerusalema ba ne ba etsa’ng ho thusa phutheho?

4 Ka Pentekonta ea selemo sa 33, baapostola ba ile ba qala ho etella pele phutheho ea Bokreste. Ketsahalong eo, “Petrose a ema le ba leshome le motso o mong” ’me a bua le letšoele le leholo le akarelletsang Bajuda le basokolohi ka Lentsoe la Molimo. (Lik. 2:14, 15) Ba bangata ba bona e ile ea e-ba balumeli. Ka mor’a moo, Bakreste bana ba neng ba sa tsoa sokoloha ba ile “ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola.” (Lik. 2:42) Baapostola ba ne ba hlokomela chelete ea phutheho. (Lik. 4:34, 35) Ba ne ba thusa batho ba Molimo hore ba be le kamano e ntle le eena ’me ba ile ba re: “Rōna re tla inehela thapelong le bosebeletsing ba lentsoe.” (Lik. 6:4) Ba ile ba re Bakreste ba nang le boiphihlelo ba il’o bolela litaba tse molemo libakeng tse ling. (Lik. 8:14, 15) Ha nako e ntse e ea, baholo ba bang ba tlotsitsoeng ba ile ba thusa baapostola ho etella phutheho pele. Kaha e ne e le sehlopha se busang, ba ne ba fana ka tataiso liphuthehong tsohle.—Lik. 15:2.

5, 6. (a) Moea o halalelang o ile oa thusa sehlopha se busang joang? (Sheba setšoantšo se qalong). (b) Mangeloi a ile a thusa sehlopha se busang joang? (c) Lentsoe la Molimo le ile la tataisa sehlopha se busang joang?

5 Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba kholisehile hore sehlopha se busang se ne se tataisoa ke Jehova Molimo a sebelisa Moeta-pele oa bona Jesu. Ba ne ba kholisoa ke’ng? Ntlha ea pele, moea o halalelang o ne o thusa sehlopha se busang. (Joh. 16:13) Moea o halalelang o ile oa tšolleloa ho Bakreste bohle ba tlotsitsoeng, empa haholo-holo o ne o thusa baapostola le baholo ba bang ba Jerusalema ho phetha mosebetsi oa bona joaloka balebeli. Ka mohlala, ka selemo sa 49 mehleng ea baapostola, moea o halalelang o ile oa tataisa sehlopha se busang ho etsa qeto e mabapi le lebollo. Liphutheho li ile tsa mamela tataiso ea bona ’me ba “tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.” (Lik. 16:4, 5) Lengolo le neng le bua ka qeto eo le ile la bontša hore sehlopha se busang se ne se bonahatsa litholoana tsa moea tse akarelletsang lerato le tumelo.—Lik. 15:11, 25-29; Bagal. 5:22, 23.

6 Ntlha ea bobeli, mangeloi a ne a thusa sehlopha se busang. Pele Korneliase a kolobetsoa e le Molichaba oa pele ea sa bollang oa Mokreste, lengeloi le ile la mo romela ho Petrose. Ka mor’a hore Petrose a pakele Korneliase le beng ka eena, moea o halalelang o ile oa tšolleloa ho bona le hoja ba ne ba e-s’o bolle. Sena se ile sa etsa hore baapostola le ba bang ba etse thato ea Molimo ’me ba amohele Bakreste ba Balichaba ba sa bollang ka phuthehong. (Lik. 11:13-18) Ho feta moo, mangeloi a ne a tšehetsa mosebetsi oa boboleli o neng o etsoa ke sehlopha se busang. (Lik. 5:19, 20) Ntlha ea boraro, Lentsoe la Molimo le ne le tataisa sehlopha se busang. Se ne se le sebelisa ha se ne se rarolla mathata a amanang le lithuto tsa bolumeli leha se tataisa phutheho.—Lik. 1:20-22; 15:15-20.

7. Ke hobane’ng ha re ka lumela hore Jesu o ne a tataisa Bakreste ba mehleng ea baapostola?

7 Le hoja sehlopha se busang se ne se tataisa phutheho, se ne se tseba hore Jesu ke eena Moeta-pele oa bona. Moapostola Pauluse o ile a re “[Kreste] o fana ka ba bang e le baapostola,” a phaella ka hore “a re hōleng linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho, Kreste.” (Baef. 4:11, 15) Ho e-na le ho bitsoa baapostola, ‘barutuoa ba ile ba bitsoa Bakreste.’ (Lik. 11:26) Pauluse o ne a tseba hore o lokela ho hlompha “lineano ka tieo,” le melao eo ba neng ba e fumana ho tsoa ho baapostola le banna ba bang ba neng ba etella pele. Leha ho le joalo Pauluse o ile a boela a re: “Empa ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakor. 11:2, 3) Ho hlakile hore Jehova o ne a khethile mora oa hae Jesu hore a tataise phutheho.

“MOSEBETSI ONA HA SE OA BATHO”

8, 9. Ho tloha qalong ea lilemong tsa bo-1800, Mor’abo rona Russell o ile a phetha karolo efe ea bohlokoa?

8 Ho elella qetellong ea lilemong tsa bo-1800 Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba ile ba tsosolosa borapeli ba ’nete. Ba ile ba theha mokhatlo o bitsoang Zion’s Watch Tower Tract Society ka 1884 ho ba thusa ho phatlalatsa ’nete ea Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng, ’me Mor’abo rona Russell ea e-ba mopresidente oa oona. * E ne e le moithuti ea hloahloa oa Bibele ’me o ne a sa tšabe ho pepesa lithuto tsa bohata tse kang thuto ea Boraro bo Teroneng le ea hore moea ha o shoe. O ile a lemoha hore Kreste o tla khutla ka tsela e sa bonahaleng le hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ne li tla fela ka 1914. (Luka 21:24) Mor’abo rona Russell o ile a tela nako, matla le chelete ea hae a sa itšiele letho, e le hore a ka bolella ba bang molaetsa oa Bibele. Ho hlakile hore ka nako eo ea bohlokoa, Mor’abo rona Russell o ne a sebelisoa ke Jehova le Jesu.

9 Mor’abo rona Russell o ne a sa batle hore batho ba mo rorise. Ka 1896 o ile a re: “Ha re batle tlotla kapa tlhompho e feteletseng bakeng sa rona le lingoloa tsa rona, ebile ha re batle ho bitsoa Baruti kapa Mesuoe. Hape ha re batle hore leha e le mang a bitsoe ka lebitso la rona.” Hamorao o ile a re: “Ona ha se mosebetsi oa batho.”

10. (a) Jesu o ile a khetha “lekhoba le tšepahalang le le masene” neng? (b) Hlalosa kamoo Sehlopha se Busang se neng se fapane kateng le Mokhatlo oa Watch Tower.

10 Ka 1919, e leng lilemo tse tharo ka mor’a lefu la Mor’abo rona Russell, Jesu o ile a khetha “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Ke hobane’ng ha a ile a etsa seo? E le hore a fe bahlanka ba hae ba ntlo “lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45) Le lilemong tseo tsa pele, sehlopha se senyenyane sa barab’abo rona ba batlotsuoa ba neng ba sebeletsa ntlo-kholo e Brooklyn, New York ba ne ba hlophisa lintho tse thusang balateli ba Jesu hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Poleloana e reng “sehlopha se busang” e qalile ho hlahella lingoloeng tsa rona lilemong tsa bo-1940,ha ba ne ba utloisisa hore sehlopha sena se amana le mokhatlo oa Watch Tower Bible and Tract Society. Leha ho le joalo ka 1971, ho ile ha hlaka hore phapang ke efe pakeng tsa mosebetsi o etsoang ke Sehlopha se Busang le Mokhatlo oa Watch Tower kaha oona o sebetsana le litaba tsa molao feela. Barab’abo rona ba batlotsuoa ba ile ba sebetsa le Sehlopha se Busang le hoja bona ba ne ba sa fane ka tataiso. Lilemong tsa ho feta barab’abo rona bao e leng karolo ea “linku tse ling,” ba ne ba sebetsana le litaba tse amanang le molao ’me ba boetse ba sebetsana le lintho tse ling tse amang batho ba Molimo e leng se neng se thusa Sehlopha se Busang hore se matlafatse kamano ea rona le Molimo ka ho re ruta. (Joh. 10:16; Lik. 6:4) Molula-Qhooa oa July 15, 2013 o ile oa hlalosa hore “lekhoba le tšepahalang le le masene” ke sehlopha se senyenyane sa barab’abo rona ba batlotsuoa.

Sehlopha se busang, lilemong tsa bo-1950

11. Sehlopha se Busang se sebetsa joang?

11 Barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ba etsa liqeto tsa bohlokoa hammoho. Ba etsa seo joang? Ba kopana beke le beke ’me seo se ba thusa hore ba momahane. (Liprov. 20:18) Kaha ha ho na ea nkuoang a phahame ho feta ba bang, selemo le selemo ba lula ba fetola molula-setulo oa seboka. (1 Pet. 5:1) Likomiti tse tšeletseng tsa Sehlopha se Busang le tsona li etsa se tšoanang. E mong le e mong oa bona o inka e le karolo ea ‘bahlanka ba ntlo’ ba mamelang le ba rutoang ke lekhoba le tšepahalang, eseng e le moeta-pele.

Lekhoba le tšepahalang le ile la thusa batho ba Molimo hore ba be le kamano e ntle le eena ka mor’a hore le khethoe ka 1919 (Sheba serapa sa 10 le 11)

“HA E LE HANTLE KE MANG EO E LENG LEKHOBA LE TŠEPAHALANG LE LE MASENE?”

12. Kaha barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ha bululeloa ebile ha baa phethahala, seo se phahamisa lipotso life?

12 Barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ha baa bululeloa ebile ha baa phethahala. Kahoo, le bona ba ka ’na ba etsa liphoso litabeng tse amanang le molaetsa oa Bibele kapa tsamaiso ea mokhatlo. Ha e le hantle buka ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova e na le sehlooho se reng: “Ho Hlalosa Seo re se Lumelang,” ’me e hlalosa liphetoho tsa kutloisiso ea rona ea Mangolo ho tloha ka selemo sa 1870. Ke ’nete hore Jesu ha aa ka a re bolella hore lekhoba le tšepahalang le tla lula le fana ka kutloisiso e nepahetseng ea Mangolo ka linako tsohle. Joale ebe re ka arabela potso ea Jesu joang e reng: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene?” (Mat. 24:45) Na ho na le bopaki bo bontšang hore Sehlopha se Busang se phetha karolo eo? Ha re hlahlobeng lintlha tse tharo tseo re buileng ka tsona ka holimo tse ileng tsa thusa sehlopha se busang sa mehleng ea baapostola.

13. Moea o halalelang o thusitse Sehlopha se Busang joang?

13 Bopaki ba hore ba ne ba thusoa ke moea o halalelang. Moea o halalelang o thusitse barab’abo rona ba Sehlopha se Busang hore ba utloisise Bibele moo pele ba neng ba sa e utloisise. Ka mohlala sheba lethathamo la lintlha tse ntlafalitsoeng le hlahang bukeng eo re buileng ka eona serapeng se ka holimo. Kannete ke Molimo feela ea lokelang ho rorisoa bakeng sa ho hlalosa ‘lintho tse tebileng tsa hae’! (Bala 1 Bakorinthe 2:10.) Sehlopha se Busang se lumellana le mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Lintho tsena re boetse rea li bua, eseng ka mantsoe a rutoang ka bohlale ba motho, empa ka a rutoang ka moea.” (1 Bakor. 2:13) Ka mor’a nako eo ea bakoenehi le ho hloka kutloisiso ho hoholo, na ho ne ho ka ba le ntho leha e le efe ntle le moea o halalelang e neng e ka hlalosa kutloisiso ea Lentsoe la Molimo ka potlako e joalo ho tloha ka selemo sa 1919?

14. Ho ea ka Tšenolo 14:6, 7, mangeloi a thusa batho ba Molimo joang kajeno?

14 Bopaki ba hore ba ne ba thusoa ke mangeloi. Barab’abo rona ba Sehlopha se Busang, le bona mehleng ena ba na le mosebetsi o moholo oa ho hlokomela mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o etsoang lefatšeng lohle ke batho ba fetang limilione tse robeli. Ke hobane’ng ha mosebetsi oo o atleha hakaale? Ntlha e ka sehloohong ke hore o etsoa le ke mangeloi. (Bala Tšenolo 14:6, 7.) Maemong a mangata bahoeletsi ba kopana le batho ba ntseng ba rapella hore ba fumane thuso ea ho utloisisa Bibele! * Tsela eo mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le oa ho etsa barutuoa o holang ka eona ho sa tsotellehe khanyetso e matla e teng linaheng tse ling, e bontša hantle hore re thusoa ke mangeloi.

15. Barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ba fapane joang le baruti? Fana ka mohlala.

15 Ba ne ba itšetlehile ka Lentsoe la Molimo. (Bala Johanne 17:17.) Nahana ka se ileng sa etsahala ka selemo sa 1973. Molula-Qhooa oa June 1 oa Senyesemane o ile oa botsa potso ena: “Na . . . batho ba sa khaotseng ho tsuba ba ka tšoaneleha ho kolobetsoa?” Karabo e ile ea re: “Bopaki bo tsoang ka Bibeleng bo bontša hore ha ba tšoanelehe.” Ka mor’a ho qotsa mangolo a ’maloa Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha motho ea sa khaotseng ho tsuba a lokela ho khaoloa. (1 Bakor. 5:7; 2 Bakor. 7:1) E ile ea re: “Ho hang sehlopha se busang ha se iketsetse melao empa se nka melao ka Lentsoeng la Molimo.” Na ho na le bolumeli bo lulang bo itšetleha ka Lentsoe la Molimo leha litho tsa bona li sa thabele seo? Buka e itseng ea morao-rao ea United States e buang ka litaba tsa bolumeli e re: “Hangata baruti ba lula ba fetola lithuto tsa Bibele ka tsela e tla lumellana le litho tsa kereke ea bona hammoho le batho ba bang. Ha barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ba etsa liqeto ba latela Lentsoe la Molimo ho e-na le maikutlo a batho ’me sena se bontša hantle hore ke Molimo ea etellang pele batho ba hae kajeno.

“HOPOLANG BA ETELLANG PELE”

16. Re ka bontša ka tsela efe hore re hopola Sehlopha se Busang?

16 Bala Baheberu 13:7. Lentsoe “hopolang” le ka boela la bolela “ho bua ka bona.” Kahoo, tsela e ’ngoe eo re ka bontšang hore re ‘hopola ba etellang pele,’ ke ka ho rapella le barab’abo rona ba Sehlopha se Busang. (Baef. 6:18) Ruri re lokela ho ba rapella kaha ba na le boikarabelo ba ho re thusa ho ba le kamano e ntle le Jehova, ba hlokomela menehelo, ba boetse ba hlokomela le mosebetsi oa boboleli.

17, 18. (a) Re bontša joang hore re mamela Sehlopha se Busang? (b) Ho bolella batho ba bang litaba tse molemo ho bontša joang hore re tšehetsa Jesu le lekhoba le tšepahalang?

17 Re ka boela ra bontša hore re hopola barab’abo rona ba Sehlopha se Busang eseng feela ka ho ba rapella empa le ka ho mamela tataiso ea bona. Ba sebelisa lingoloa, liboka le likopano tse nyenyane le tse kholo ho re tataisa. Ho ekelletsa moo, ba khetha balebeli ba potoloho, bao e leng bona ba khethang baholo liphuthehong. Balebeli ba potoloho le baholo ba mamela Sehlopha se Busang ka ho latela tataiso ea sona haufi-ufi. Kaofela ha rona re tla bontša hore re hlompha Moeta-pele oa rona e leng Jesu, ka ho mamela banna bao a ba khethileng hore ba re etelle pele.—Baheb. 13:17.

18 Tsela e ’ngoe eo re ka hopolang Sehlopha se Busang ka eona ke ka ho etsa sohle se matleng a rona ho bolella batho ba bang litaba tse molemo. Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba etsise tumelo ea ba etellang pele har’a bona. Lekhoba le tšepahalang le bontšitse tumelo e matla ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. Na u e mong oa linku tse ling ea tšehetsang batlotsuoa mosebetsing oo oa bohlokoa? Haeba ho joalo u tla thaba hakaakang ha u utloa Moeta-pele oa hao Jesu, a re: “Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane oa bana barab’eso, le ile la ho etsa ho ’na.”—Mat. 25:34-40.

19. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho latela Moeta-pele oa rona Jesu?

19 Jesu ha aa ka a lahla balateli ba hae ha a khutlela leholimong. (Mat. 28:20) O ne a tseba hore moea o halalelang, mangeloi le Lentsoe la Molimo li ile tsa mo thusa ho etella pele batho ba Molimo ha a ntse a le lefatšeng. Kahoo, le eena ka ho tšoanang o thusa lekhoba le tšepahalang. Barab’abo rona ba batlotsuoa “ba ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.” (Tšen. 14:4) Ha re latela tataiso ea bona, re tla be re latela Moeta pele oa rona Jesu. ’Me o tla re tataisetsa bophelong bo sa feleng. (Tšen. 7:14-17) Ha ho moeta-pele leha e le ofe ea ka re tšepisang seo.

^ par. 3 Ho hlakile hore Jehova o ne a batla hore ho be le baapostola ba 12 e le hore ba etse “majoe a motheo a leshome le metso e ’meli” a Jerusalema e Ncha. (Tšen. 21:14) Kahoo, ho ne ho se na lebaka la hore ha moapostola ea tšepahalang a shoa, a nkeloe sebaka ke e mong.

^ par. 8 Ho tloha ka 1955 mokhatlo oo o ile oa bitsoa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.