Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 6

Bibele e re Ruta’ng ka Mongoli oa Eona?

Bibele e re Ruta’ng ka Mongoli oa Eona?

“Ngola mantsoe ’ohle ao ke u bolellang ’ona bukeng.”—JER. 30:2.

PINA EA 96 Molimo o re File Letlotlo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela Bibele?

 RE ANANELA hore ebe Jehova Molimo o re file Bibele. Bibele e fana ka likeletso tse re thusang hore na re ka etsa’ng ha re e-na le mathata mehleng ena. Jehova o boetse o re fa tšepo e babatsehang ka bokamoso. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Jehova o sebelisa Bibele ho re bolella ka makhabane a hae. Ha re nahana ka makhabane a hae, sena se re ama maikutlo ebile se etsa hore re batle ho ba metsoalle ea hae.—Pes. 25:14.

2. Ke ka litsela life Jehova a entseng hore batho ba mo tsebe?

2 Jehova o batla hore batho ba mo tsebe. Nakong e fetileng, o ile a itsebahatsa ho ba bang ba bahlanka ba hae ka ho etsa hore ba lore litoro, ba bone lipono ’me a sebelisa le mangeloi hore a fetisetse molaetsa oa hae ho batho ba bang. (Num. 12:6; Lik. 10:3, 4) Re ne re sa tl’o khona ho ithuta ka lipono, litoro le melaetsa eo e tsoang ho mangeloi haeba e ne e sa ngoloa. Ke kahoo Jehova a ileng a khetha banna hore ba ngole seo a batlang hore re se tsebe ‘bukeng.’ (Jer. 30:2) Kaha “lintho tsohle tseo Molimo oa ’nete a li etsang li phethahetse,” re ka kholiseha hore tsela ena eo re buisanang le eena ka eona e molemo ebile e ka re thusa.—Pes. 18:30.

3. Jehova o ile a etsa’ng e le hore Bibele e lule e le teng le mehleng ee? (Esaia 40:8)

3 Bala Esaia 40:8. Ka lilemo tse ngata, Lentsoe la Molimo le ile la tataisa banna le basali ba tšepahalang. Seo se ile sa etsahala joang? Ena ke potso e ntle hobane qalong Mangolo a ne a ngotsoe meqolong le matlalong a ho ngolla a ileng a senyeha ha nako e ntse e e-ea ebile ha a sa le eo hona joale. Empa Jehova o ile a etsa bonnete ba hore Mangolo ao a neng a ngotsoe qalong aa kopitsoa. Le hoja bakopitsi ba ne ba sa phethahala, ba ne ba le hlokolosi haholo ha ba kopitsa. Ka mohlala, ha setsebi se seng se bua ka Mangolo a Seheberu se ile sa re: “Re kholisehile hore ha ho na buka e ’ngoe ea khale e ileng ea kopitsoa ka tsela e nepahetseng joaloka Bibele.” Le hoja Bibele e ile ea ngoloa khale meqolong le matlalong a ho ngolla a ileng a senyeha ebile e kopitsoa ke batho ba sa phethahalang, re ka kholiseha hore seo re se balang Bibeleng mehleng ena se tsoa ho Mongoli oa eona e leng Jehova.

4. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

4 Jehova o re file “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jak. 1:17) Bibele ke e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoa tseo Jehova a re fileng tsona. Mpho e re bontša hore na motho ea re fileng eona o re tseba hakae le hore o tseba lintho tseo re li hlokang. Ho joalo le ka Bibele. Ha re e bala, re ithuta haholoanyane ka Jehova. Re ithuta hore o re tseba hantle ebile o tseba lintho tseo re li hlokang. Sehloohong sena re tl’o ithuta ka makhabane a mararo a Jehova e leng bohlale, toka le lerato la hae. A re qaleng pele ka ho bua ka hore na Bibele e bontša joang hore Molimo o bohlale.

BIBELE E BONTŠA HORE MOLIMO O BOHLALE

5. Bibele e bontša joang hore Molimo o bohlale?

5 Jehova oa tseba hore re hloka keletso ea hae. Mpho eo a re fileng eona e leng Bibele, e re ruta hore o bohlale. Likeletso tsa Bibele li thusa batho hobane li fetola bophelo ba bona. Ha Moshe a ne a ngola libuka tsa pele tsa Bibele, o ile a bolella bahlanka ba Molimo e leng Baiseraele a re: “Mantsoe ana ke a bohlokoa, a bolela bophelo ba lona.” (Deut. 32:47) Ba neng ba tla mamela Mangolo ba ne ba tla thabela bophelo. (Pes. 1:2, 3) Le hoja Bibele e ngotsoe khale, e ntse e e-na le matla a ho fetola bophelo ba batho. Ka mohlala, ho jw.org/st lihloohong tse reng “Bibele e Fetola Batho” u tla fumana mehlala ea batho ba ka holimo ho 50 ba ileng ba fetola bophelo ba bona mehleng ena hobane ba ile ba mamela keletso ea Bibele.—1 Bathes. 2:13.

6. Ke hobane’ng ha re ka re Bibele ha e tšoane le libuka tse ling?

6 Ha ho na buka e tšoanang le Bibele. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane Mongoli oa eona e leng Jehova Molimo ke ea matla ’ohle, o lula a le teng ka ho sa feleng ebile o bohlale ho feta motho leha e le ofe. Libuka tse ngata li ntse li baloa le hoja bangoli ba tsona ba se ba hlokahetse empa likeletso tsa tsona ha li tsoele batho molemo. Leha ho le joalo, likeletso tse fumanoang Bibeleng haesale li ntse li sebetsa ebile li thusitse batho ho tloha khale ho fihlela hona joale. Ha re ntse re bala Bibele le ho nahanisisa ka eona, Jehova o sebelisa moea oa hae o halalelang ho re thusa hore re bone hore na re ka sebelisa seo re ithutileng sona joang bophelong ba rona. (Pes. 119:27; Mal. 3:16; Baheb. 4:12) Mongoli oa Bibele e leng Jehova o batla ho u thusa. Taba eo e lokela ho etsa hore re batle ho bala Bibele kamehla.

Bibele e entse hore bahlanka ba Jehova ba momahane joang nakong e fetileng le mehleng ee? (Sheba serapa sa 7 le 8)

7. Ke joang Bibele e ileng ea etsa hore batho ba Molimo ba momahane nakong e fetileng?

7 Ntho e ’ngoe e bontšang hore Molimo o bohlale ke tsela eo ka eona Bibele e etsang hore batho ba hae ba momahane. Ha Baiseraele ba ne ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba lula libakeng tse fapaneng. Ba bang ba ne ba tšoasa litlhapi, ba bang ba ruile likhomo, ha ba bang bona ba lema. Ho ne ho ka ba bonolo hore Baiseraele ba lulang libakeng tse ling ba khaotse ho tsotella ba lulang ho tse ling. Jehova o ile a etsa hore Baiseraele ba kopane ka linako tse sa tšoaneng e le hore ba tl’o utloa ha Lentsoe la hae le baloa le ha le hlalosoa. (Deut. 31:10-13; Neh. 8:2, 8, 18) Nahana hore na Moiseraele o ne a tla ikutloa joang ha a fihla Jerusalema ’me a bona balumeli-’moho le eena ba bangata ba tsoang libakeng tse sa tšoaneng. Jehova o ile a sebelisa tokisetso eo ho ba thusa hore ba momahane. Hamorao ho ile ha thehoa phutheho ea Bokreste e neng e e-na le banna la basali ba buang lipuo tse sa tšoaneng ebile ba tsoa maemong a sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ba ne ba rata Mangolo ebile ba rapela Molimo ba momahane. Batho bao e ileng ea e-ba Bakreste, ba ne ba ka utloisisa Lentsoe la Molimo ha ba thusoa ke Bakreste-’moho le bona le ha ba kopane ’moho.—Lik. 2:42; 8:30, 31.

8. Ke joang Bibele e etsang hore batho ba Jehova ba momahane mehleng ee?

8 Molimo oa rona ea bohlale o ntse a tsoela pele ho sebelisa Bibele ho ruta batho ba hae le ho etsa hore ba momahane. Bibele e na le lintlha tsohle tseo re lokelang ho li tseba ka Jehova. Re ea libokeng, likopanong tse kholo le tse nyenyane e le hore re utloe ha ho baloa Bibele le ha e hlalosoa. Kahoo, Bibele ke ntho ea bohlokoa eo Jehova a e sebelisang ho thusa batho ba hae hore ba mo ‘sebeletse mahetla a bapile.’—Sof. 3:9.

9. Re hloka ho ba batho ba joang e le hore re utloisise Bibele? (Luka 10:21)

9 A re bueng ka ntho e ’ngoe e bontšang hore Jehova o bohlale. O entse hore likarolo tse ngata tsa Bibele li ngoloe ka tsela e neng e tla utloisisoa ke batho ba ikokobelitseng feela. (Bala Luka 10:21.) Batho ba bangata ba bala Bibele. Setsebi se seng se ile sa re: “Batho ba bangata ba bala Bibele ho feta buka leha e le efe ebile ba e bala ka hloko. Leha ho le joalo, ke batho ba ikokobelitseng feela ba e utloisisang le ba etsang lintho tseo ba ithutileng tsona.—2 Bakor. 3:15, 16.

10. Ke tsela efe e ’ngoe eo Bibele e bontšang ka eona hore Jehova o bohlale?

10 Ho na le tsela e ’ngoe eo ka eona Bibele e re bontšang hore Jehova o bohlale. Jehova o sebelisa Bibele ho re ruta re le sehlopha hape o ruta le ho khothatsa e mong le e mong oa rona. Ha re bala Lentsoe la Molimo, re khona ho bona hore Jehova o tsotella e mong le e mong oa rona. (Esa. 30:21) Ha u na le bothata bo itseng, ke ka makhetlo a makae u kileng oa bala temana ea Bibele ’me oa utloa eka e ngolletsoe uena? Bibele e ngolletsoe hore batho ba bangata ba e utloisise. Kahoo, ho tla joang hore e be le lintlha tseo uena u li hlokang? Lebaka ke hore Mongoli oa Bibele o bohlale ho feta motho leha e le ofe.—2 Tim. 3:16, 17.

BIBELE E BONTŠA HORE MOLIMO O NA LE TOKA

11. Molimo o ile a bontša joang hore ha a leeme ha Bibele e ne e ngoloa?

11 Toka ke e ’ngoe ea makhabane ao Jehova a nang le ’ona. (Deut. 32:4) Hangata motho ea nang le toka ha a leeme ’me Jehova le eena ha a leeme. (Lik. 10:34, 35; Bar. 2:11) Taba ea hore ebe Bibele e ile ea ngoloa ka puo eo batho ba neng ba e bua ka nako eo e bontša hore Molimo ha a leeme. Boholo ba libuka tsa pele tsa Bibele tse 39, li ne li ngotsoe ka Seheberu e leng puo eo batho ba Molimo ba neng ba e utloisisa ka nako eo. Leha ho le joalo, mehleng ea baapostola batho ba bangata ba ne ba bua Segerike. Kahoo, boholo ba libuka tsa ho qetela tse 27 tsa Bibele li ne li ngotsoe ka puo ena. Jehova ha aa ka a etsa hore Lentsoe la hae le ngoloe ka puo e le ’ngoe feela. Mehleng ena, batho ba ka bang libilione tse robeli ba bua lipuo tse ngata tse fapaneng. Ho tla joang hore batho ba bangata hakana ba ithute ka Jehova?

12. Tsela e ’ngoe eo Daniele 12:4 e phethahetseng ka eona nakong ena ea bofelo ke efe?

12 Jehova o ile a sebelisa moprofeta Daniele ho tšepisa hore nakong ea bofelo, “tsebo ea ’nete” e fumanehang ka Bibeleng e ne “e tla ba ngata.” Batho ba bangata ba ne ba tla e utloisisa. (Bala Daniele. 12:4.) Ntho e ’ngoe e ileng ea thusa batho ba bangata hore ba utloisise Bibele ke hore eona le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng li ile tsa fetoleloa, tsa hatisoa le ho fuoa batho ba bangata. Bibele ke buka e fetoleloang haholo le ho fuoa batho ba bangata ho feta buka leha e le efe lefatšeng lohle. Hangata Libibele tse fetoletsoeng ke lik’hamphani lia tura. Bahlanka ba Jehova ba se ba fetoletse Bibele e felletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 240 ’me batho ba ka e fumana mahala. Kahoo, batho ba lichaba tsohle ba ithuta “litaba tse monate tsa ’Muso” pele bofelo bo tla. (Mat. 24:14) Molimo oa rona ea nang le toka o batla ho fa motho e mong le e mong monyetla oa hore a bale Lentsoe la hae e le hore a mo tsebe. Lebaka ke hobane o re rata haholo.

BIBELE E BONTŠA HORE MOLIMO OA RE RATA

13. Ke hobane’ng ha re ka re Bibele e bontša hore Jehova oa re rata? (Johanne 21:25)

13 Bibele e bontša hore makhabaneng ao Mongoli oa eona a nang le ’ona lerato ke lona le ka sehloohong. (1 Joh. 4:8) Hlokomela lintho tseo Jehova a entseng hore li ngoloe ka Bibeleng le tseo a entseng hore li se ke tsa ngoloa. O entse hore re be le lintho tseo re li hlokang e le hore re be metsoalle ea hae, re thabe hona joale le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, kaha Jehova oa re rata, ha aa re fa lintlha tse ngata tseo re sa li hlokeng empa o re file tseo re li hlokang e le hore re mo sebeletse.—Bala Johanne 21:25.

14. Ke ka tsela efe e ’ngoe eo Bibele e bontšang hore Molimo oa re rata?

14 Jehova o boetse o bontša hore oa re rata ka hore a bue le rona ka tsela e re sielang seriti. Ka Bibeleng Jehova ha aa re fa melao e mengata ea hore na re etse’ng kapa re se ke ra etsa’ng. Ho e-na le hoo, o re file lipale tsa bophelo, boprofeta bo thahasellisang le likeletso tse bohlale ho re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng. Lentsoe la Molimo le re thusa ka litsela tsena hore re rate Molimo le ho mo mamela ho tsoa pelong.

Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a ileng a tšoara bahlanka ba hae ka eona nakong e fetileng? (Sheba serapa sa 15)

15. (a) Bibele e bontša joang hore Jehova oa re tsotella? (b) Setšoantšong, ke batho bafe ba hlahang ka Bibeleng bao ngoana, mor’abo rona le morali oa bo rona ea holileng ba nahanisisang ka bona? (Gen. 39:1, 10-12; 2 Mar. 5:1-3; Luka 2:25-38)

15 Bibele e bontša hore Jehova o re tsotella haholo. Re tseba seo joang? Lentsoe la hae Bibele le na le litlaleho tse bontšang kamoo batho ba neng ba ikutloa kateng. Re khona ho utloisisa hore na batho bao Bibele e buang ka bona ba ne ba ikutloa joang hobane e ne e le ‘batho joaloka rona.’ (Jak. 5:17) Ha re bona tsela eo Jehova a neng a tšoara batho bao ka eona, re khona ho utloisisa haholoanyane hore “Jehova o lerato hape o mohau.”—Jak. 5:11.

16. Re ithuta’ng ka Jehova ha re bala ka batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba etsa liphoso? (Esaia 55:7)

16 Ho na le tsela e ’ngoe eo Bibele e bontšang ka eona hore Jehova oa re rata. Bibele e re kholisa hore Molimo a ke ke a re lahla ha re etsa liphoso. Baiseraele ba ile ba fosetsa Jehova ka makhetlo a mangata empa o ile a ba tšoarela ha ba baka e le kannete. (Bala Esaia 55:7.) Bakreste ba mehleng ea baapostola le bona ba ne ba tseba hore Molimo oa ba rata. Molimo o ile a susumeletsa moapostola Pauluse hore a khothaletse balumeli-’moho le eena hore ba “tšoarele ho tsoa pelong” le ho tšelisa monna ea neng a entse sebe se tebileng eaba oa baka. (2 Bakor. 2:6, 7; 1 Bakor. 5:1-5) Ke ho khothatsang hore ebe Jehova ha aa ka a lahla barapeli ba hae hobane ba ne ba entse liphoso. Ho e-na le hoo, o ile a ba thusa, a ba khalemela ’me a ba mema hore e be metsoalle ea hae hape. O tšepisa ho etsa se tšoanang ho baetsalibe ba bakileng mehleng ena.—Jak. 4:8-10.

ANANELA LENTSOE LA MOLIMO E LENG MPHO E MOLEMO

17. Ke hobane’ng ha Bibele e le mpho e babatsehang hakana?

17 Jehova o re file mpho ea bohlokoa. Ke hobane’ng ha Lentsoe la hae e le le babatsehang hakana? Re ithutile hore Bibele e bontša hore Molimo o bohlale, o na le toka ebile o re rata haholo. Bibele e bontša hore Jehova o batla hore re mo tsebe ebile o batla hore re be metsoalle ea hae.

18. Re ka bontša joang hore re ananela Bibele e leng mpho e molemo?

18 Re batla ho lula re ananela Bibele e leng mpho e molemo. (Jak. 1:17) Re ka tsoela pele re bontša hore rea e ananela ka hore re e bale re be re nahanisise ka eona. Haeba re etsa joalo re tla kholiseha hore Mongoli oa eona o tla re hlohonolofatsa ebile re “tla tseba Molimo.”—Liprov. 2:5.

PINA EA 98 Bibele e Bululetsoe ke Molimo

a Bibele e re thusa hore re be metsoalle ea Jehova. Ke’ng eo re ka ithutang eona bukeng ee ka bohlale ba Molimo, toka ea hae le ka lerato leo a nang le lona? Seo re ithutang sona se ka re thusa hore re ananele Lentsoe la Molimo Bibele haholo le ho utloisisa hore ke mpho e tsoang ho Ntate oa rona ea leholimong.