Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 7

U ka Fumana Molemo Joang ho Seo U se Balang Bibeleng?

U ka Fumana Molemo Joang ho Seo U se Balang Bibeleng?

“Na oa o utloisisa?”—LUKA 10:26.

PINA EA 97 Re Hloka Lentsoe la Molimo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a nka Mangolo e le a bohlokoa?

 U KA inahanela hore na ho ne ho le joang ho mamela ha Jesu a ruta. Hangata o ne a qotsa Mangolo a Halalelang ka hlooho. Ha e le hantle, Jesu o ile a qotsa Mangolo ha a ne a bua mantsoe a pele ka mor’a hore a kolobetsoe le ha a ne a bua mantsoe a ho qetela pele a shoa. b (Deut. 8:3; Pes. 31:5; Luka 4:4; 23:46) Nakong ea lilemo tse tharo le halofo, pakeng tsa liketsahalo tsena tse peli, hangata Jesu o ne a balla batho Mangolo, a a qotsa ebile a a hlalosa.—Mat. 5:17, 18, 21, 22, 27, 28; Luka 4:16-20.

Jesu o ile a bontša hore o rata Mangolo ’me a a lumella hore a susumetse tsela eo a etsang lintho ka eona (Sheba serapa sa 2)

2. Ke’ng e ileng ea thusa Jesu hore a tsebe Mangolo hantle ha a ntse a hola? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

2 Lilemo pele Jesu a qala tšebeletso ea hae, hangata o ne a bala le ho utloa Lentsoe la Molimo. Ha ho pelaelo hore ha ba le lapeng, Jesu o ne a utloa Maria le Josefa ba qotsa Mangolo ha ba qoqa e le lelapa. c (Deut. 6:6, 7) Re ka kholiseha hore Jesu o ne a lula a ea ntlong ea thapelo ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe le lelapa labo. (Luka 4:16) Ha a le moo, e tlameha ebe o ne a mamela ka hloko ha Mangolo a baloa. Ha nako e ntse e e-ea, Jesu o ile a ithuta ho bala Mangolo a Halalelang a le mong. Kahoo, Jesu ha aa ka a tseba Mangolo feela empa o ile a boela a a rata ’me a lumella hore a susumetse tsela eo a etsang lintho ka eona. Ka mohlala, hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ka tempeleng ha Jesu a le lilemo li 12. Mesuoe e neng e tseba Molao oa Moshe hantle, e ne e “makatsoa ke likarabo tsa [Jesu] le hore o tseba lintho tse ngata.”—Luka 2:46, 47, 52.

3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Ka tsela e tšoanang, le rona re ka tseba le ho rata Lentsoe la Molimo haeba re le bala kamehla. Seo re se balang se ka re tsoela molemo joang? Re tla ithuta ho seo Jesu a ileng a se bua ho batho ba neng ba tseba Molao e leng bakopitsi, Bafarisi le Basaduse. Hangata baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba bala Mangolo empa a ne a sa ba tsoele molemo. Jesu o ile a bua ka lintho tse tharo tseo banna bana ba neng ba lokela ho li etsa e le hore lintho tseo ba li balang Mangolong li ba tsoele molemo. Mantsoe ao a ileng a ba bolella ’ona a ka re thusa hore re ntlafatse bokhoni ba rona ba (1) ho utloisisa seo re se balang, (2) ho fumana lithuto tsa bohlokoa le (3) ho lumella Lentsoe la Molimo hore le re fetole.

BALLA HO UTLOISISA

4. Ke’ng seo Luka 10:25-29 e re rutang sona ka ho bala Lentsoe la Molimo?

4 Re batla ho utloisisa lintho tseo re ithutang tsona Lentsoeng la Molimo. Ho seng joalo, ho bala ho ke ke ha re tsoela molemo. Ka mohlala, hlokomela puisano eo Jesu a ileng a ba le eona le “monna e mong oa setsebi sa Molao.” (Bala Luka 10:25-29.) Ha monna eo a botsa Jesu hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a fumane bophelo bo sa feleng, Jesu o ile a mo thusa hore a fumane karabo Lentsoeng la Molimo. O ile a mo botsa a re: “Molao o re’ng, na oa o utloisisa?” Monna eo o ile a fana ka karabo e nepahetseng ka ho qotsa mangolo a buang ka ho rata Molimo le moahisani. (Lev. 19:18; Deut. 6:5) Monna eo o ile a re: “Hantle-ntle moahisani oa ka ke mang?” O ile a bontša hore ha a utloisise seo a se balileng. Kahoo, o ne a sa tsebe hore na a ka sebelisa seo a ithutileng sona joang bophelong ba hae.

Re ka ithuta ho utloisisa seo re se balang

5. Ho rapela le ho bala u iketlile ho ka u thusa ho utloisisa seo u se balang joang?

5 Re ka utloisisa Lentsoe la Molimo haeba re lokisitse maikutlo a rona pele re le bala. Lintlha tsena tse latelang li tla u thusa. Rapela pele u bala. Re hloka hore Jehova a re thuse hore re utloisise Bibele. Kahoo, re ka kopa moea oa Molimo o halalelang ho re thusa hore likelello tsa rona li se ke tsa lelera ha re bala. Bala u iketlile. Ha u etsa joalo u tla utloisisa seo u se balang. U ka ’na oa fumana ho balla holimo kapa ho bala u tsamaisana le Bibele e rekotiloeng ho u tsoela molemo. Haeba u utloa mantsoe a rekotiloeng ebile u a bona, sena se tla u thusa hore u utloisise, u hopole le hore u ithute haholoanyane ho seo u se balileng Lentsoeng la Molimo. (Josh. 1:8) Ha u se u qetile ho bala, rapela hape ho leboha Jehova ka mpho eo a u fileng eona e leng Lentsoe la hae le ho mo kopa hore a u thuse ho etsa seo u se balileng.

Ke hobane’ng ha ho ngola lintlha tse khutšoanyane ho ka u thusa hore u utloisise le ho hopola seo u se balang? (Sheba serapa sa 6)

6. Ke hobane’ng ha ho ipotsa lipotso le ho ngola lintlha tse khutšoanyane ho ka u thusa ha u bala? (Sheba setšoantšo.)

6 Lintlha tse ling tse peli tse ka u thusang hore u utloisise Bibele ke tsena. Ipotse lipotso ka seo u se balang. Ha u bala ka ntho e itseng Bibeleng, batla likarabo tsa lipotso tsena: ‘Ho buuoa ka bo-mang? Ke mang ea buang? O bua le mang, hona hobane’ng? Ke hokae moo ketsahalo ee e etsahetseng teng, hona e etsahetse neng?’ Lipotso tsena li tla u thusa ho nahana le ho ithuta lintho tsa bohlokoa ka seo u se balileng. U ka boela oa ngola lintlha tse khutšoanyane ha u ntse u bala. Ha u ngola seo u se balileng, u tla nahana haholoanyane ka seo u se ngotseng ’me seo se tla u thusa ho utloisisa haholo. Ho ngola ho ka boela ha u thusa hore u hopole seo u se balileng. U ka ngola lipotso, lintho tseo u li fumaneng ha u etsa lipatlisiso, lintlha tsa bohlokoa, hore na u ka etsa seo u se balileng joang kapa u ka ngola hore na u ikutloa joang ka seo u se balileng. Lintho tseo u li ngotseng li ka u thusa hore u nke Lentsoe la Molimo e le molaetsa o tlang ho uena.

7. Ke’ng eo re lokelang ho ba le eona ha re bala, hona hobane’ng? (Matheu 24:15)

7 Jesu o ile a re re lokela ho ba le temoho e le hore re utloisise seo re se balang Lentsoeng la Molimo. (Bala Matheu 24:15.) Ho ba le temoho ho bolela’ng? Ke ho ba le bokhoni ba ho utloisisa ntho e sa hlakang le hore na e amana le ho fapana joang le lintho tse ling. Jesu o ile a bontša hore re lokela ho ba le temoho e le hore re bone liketsahalo tse phethahatsang boprofeta ba Bibele. Re boetse re hloka temoho e le hore re ka rua molemo ho seo re se balang Bibeleng.

8. Re ka sebelisa temoho joang ha re bala?

8 Jehova a ka thusa bahlanka ba hae hore ba be le temoho. Kahoo, u ka rapella hore u be le eona. (Liprov. 2:6) Ke joang u ka etsang lintho tumellanong le seo u se rapeletseng? Hlahloba lintho tseo u li balileng ’me u ngole hore na li amana joang le lintho tseo u li tsebang. Sebelisa lingoloa tsa rona ho u thusa ho etsa sena. Ka mohlala, u ka sebelisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Lingoloa tsena li ka u thusa ho utloisisa se boleloang ke seo u se balileng Bibeleng le ho bona hore na u ka se sebelisa joang bophelong ba hao. (Baheb. 5:14) Ha u bala u sebelisa temoho, u tla utloisisa Bibele haholoanyane.

BALLA HORE U FUMANE LITHUTO TSA BOHLOKOA

9. Ke thuto efe ea bohlokoa e hlahang ka Mangolong eo Basaduse ba ileng ba iphapanyetsa eona?

9 Basaduse ba ne ba tseba libuka tsa pele tse hlano tsa Mangolo a Seheberu hantle empa ba ne ba iphapanyetsa lithuto tsa bohlokoa tse Mangolong ao. Ka mohlala, hlokomela seo Jesu a ileng a se bua ha Basaduse ba mo botsa ka tsoho. O ile a re ho bona: “Na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe moo ho buuoang ka sehlahla se meutloa, hore Molimo o ile a re ho eena: ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo’?” (Mar. 12:18, 26) Le hoja Basaduse ba ile ba bala ka taba eo ka makhetlo, potso eo Jesu a ileng a ba botsa eona e ile ea bontša hore ba iphapanyetsa thuto ea bohlokoa e hlahang ka Mangolong e mabapi le tsoho.—Mar. 12:27; Luka 20:38. d

10. Ke’ng eo re lokelang ho e ela hloko ha re bala?

10 Re ithuta’ng? Ha re bala Bibele, re lokela ho ela hloko lintlha tsohle tseo re ka ithutang tsona temaneng e itseng kapa tlalehong ea Bibele. Le hoja re batla ho utloisisa lithuto tse bonolo, re boetse re batla ho utloisisa le lithuto tsa bohlokoa le melao-motheo.

11. U ka sebelisa 2 Timothea 3:16, 17 joang ho fumana lithuto tsa bohlokoa Bibeleng?

11 U ka fumana lithuto tsa bohlokoa joang ha u bala Bibele? Hlokomela hore 2 Timothea 3:16, 17 e re’ng. (E bale.) Temana ena e re “Mangolo ’ohle a . . . molemo” hobane aa (1) ruta, (2) aa khalemela, (3) a lokisa lintho ebile (4) aa laea. U ka fumana molemo oa lintlha tsena tse ’nè le libukeng tseo u sa tloaelang ho li sebelisa. Batlisisa hore na seo u se balang se u ruta’ng ka Jehova, morero oa hae le melao-motheo ea Bibele. Hlokomela kamoo e leng molemo bakeng sa ho khalemela. U ka etsa sena ka hore u ngole litemana tse u thusang hore u hlokomele le ho qoba lintho tse mpe le hore u lule u tšepahalla Jehova. Batlisisa hore na seo u se balang se ka u thusa joang ho lokisa ntho e fosahetseng eo e ka ’nang eaba motho e mong o e buile tšimong. U ka boela oa batla taeo eo litemana tseo li fanang ka eona e tla u thusa hore u nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Ha u hopola lintlha tsena tse ’nè u tla fumana lithuto tsa bohlokoa tse tla u thusa hore u fumane molemo ha u bala Bibele.

LUMELLA LENTSOE LA MOLIMO HORE LE U FETOLE

12. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re ho Bafarisi: “Na ha le e-s’o bale”?

12 Jesu o ile a boela a re ho Bafarisi: “Na ha lea ka la bala?” ho bontša hore ba ne ba e-na le maikutlo a fosahetseng ka seo ba se balang Mangolong. (Mat. 12:1-7) e Ketsahalong eo, Bafarisi ba ile ba re barutuoa ba Jesu ba tlotse molao oa Sabatha. Ha Jesu a ba araba, o ile a bua ka mehlala e ’meli e hlahang ka Mangolong, a ba a qotsa temana e hlahang lengolong la Hosea ho bontša hore Bafarisi ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha molao oa Sabatha o ne o entsoe le hore ba hlolehile ho bontša mohau. Ke hobane’ng ha banna bana ba sa fetoloa ke seo ba se balang Lentsoeng la Molimo? Hobane ba ne ba ikhohomosa ’me seo se ne se etsa hore ba se ke ba utloisisa seo ba se balang.—Mat. 23:23; Joh. 5:39, 40.

13. Re lokela ho ba le maikutlo afe ha re bala Bibele, hona hobane’ng?

13 Mantsoeng a Jesu re ithuta hore re lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng ha re bala Bibele. Ho fapana le Bafarisi, re lokela ho ikokobetsa le ho ikemisetsa ho ithuta. Ka boikokobetso, re lokela ho ‘lumella Molimo hore a kenye lentsoe la hae ka lipelong tsa rona.’ (Jak. 1:21) Haeba re ikokobelitse, re tla lumella Lentsoe la Molimo hore le re fetole. Lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng ka mohau, qenehelo le lerato li ka re fetola hafeela re qoba ho ikhohomosa.

Re ka bontša joang hore re lumella Lentsoe la Molimo hore le re fetole? (Sheba serapa sa 14) f

14. Re ka bontša joang hore re lumella Lentsoe la Molimo hore le re fetole? (Sheba litšoantšo.)

14 Tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona e ka bontša hore na re lumella Lentsoe la Molimo le re fetole kapa che. Bafarisi ha baa ka ba lumella hore Lentsoe la Molimo le ba fetole, ho e-na le hoo ba ile ba “ahlola ba se nang molato.” (Mat. 12:7) Ka tsela e tšoanang, tsela eo re nahanang le ho tšoara batho ba bang ka eona ea bontša hore na re lumella hore Lentsoe la Molimo le re fetole. Ka mohlala, na re tloaetse ho bua ka lintho tse ntle tseo batho ba bang ba li etsang kapa re potlakela ho bua ka liphoso tsa bona? Na re bontša batho ba bang mohau le ho ikemisetsa ho ba tšoarela kapa re ba tšoaea-tšoaea liphoso le ho lula re ba koatetse? Likarabo tsa rona lipotsong tsena li tla bontša hore na re lumella seo re se balang se fetole tsela eo re nahanang ka eona, maikutlo a rona le tsela eo re etsang lintho ka eona.—1 Tim. 4:12, 15; Baheb. 4:12.

HO BALA LENTSOE LA MOLIMO HO TLA RE THABISA

15. Jesu o ne a ikutloa joang ka Mangolo a Halalelang?

15 Jesu o ne a rata Mangolo a Halalelang ’me mantsoe a ho Pesaleme ea 40:8 a bontša kamoo Jesu a neng a tla ikutloa kateng ka Lentsoe la Molimo. Mantsoe ao a re: “Ke thabela ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka pelong ea ka.” Kaha Jesu o ne a rata Mangolo, o ne a lula a thabile ’me o ile a tsoela pele a sebeletsa Jehova. Le rona re ka thaba le ho atleha haeba re bala Lentsoe la Molimo ebile re le rata.—Pes. 1:1-3.

16. U ka etsa’ng e le hore u fumane molemo ha u bala Lentsoe la Molimo? (Sheba lebokose le reng, “ Mantsoe a Jesu a ka U Thusa Hore U Utloisise Seo U se Balang.”)

16 Re lokela ho etsisa mohlala oa Jesu ka hore re ntlafatse tsela eo re balang Bibele ka eona. E le hore re utloisise Bibele re lokela ho rapela, ho bala re iketlile, ho ipotsa lipotso le ho ngola lintlha tse khutšoanyane. Re ka sebelisa temoho ka hore re etse lipatlisiso ka seo re se balang re sebelisa lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. Re ka ntlafatsa tsela eo re sebelisang Bibele ka eona, esita le litlaleho tsa Bibele tseo re sa tloaelanang le tsona ka hore re batle lithuto tsa bohlokoa litlalehong tseo. Re ka lumella Lentsoe la Molimo hore le re fetole ka hore re lule re e-na le maikutlo a nepahetseng ha re le bala. Ha re leka kahohle ho etsa lintho tsena, re tla fumana molemo ha re bala Bibele ebile re tla ba metsoalle ea Jehova.—Pes. 119:17, 18; Jak. 4:8.

PINA EA 95 Leseli Lea Eketseha

a Barapeli ba Jehova ba leka ho bala Lentsoe la hae letsatsi le letsatsi. Batho ba bangata le bona ba bala Bibele. Leha ho le joalo, ha ba utloisise seo ba se balang. Sena se ile sa etsahalla le batho ba bang ba mehleng ea Jesu. Ha re hlahloba seo Jesu a ileng a se bua ho batho ba balang Bibele, re tla ithuta lintho tse ka re thusang hore re fumane molemo ha re e bala.

b Nakong eo Jesu a neng a kolobetsoa le ha a ne a tlotsoa ka moea o halalelang, Molimo o ile a mo hopotsa lintho tseo a neng a li tseba ha a ne a le leholimong.—Mat. 3:16.

c Maria o ne a tseba Mangolo hantle a bile a a qotsa ha a bua. (Luka 1:46-55) E ka ’na eaba Josefa le Maria ba ne ba se na chelete e lekaneng ea ho reka likopi tsa Mangolo. E tlameha ebe ba ne ba mamela Lentsoe la Molimo ka hloko ha le baloa ntlong ea thapelo e le hore ba ka le hopola hamorao.

d Sheba sehlooho se reng “Atamela ho Molimo”—‘Ke Molimo oa ba Phelang’” ho Molula-Qhooa oa February 1, 2013.

e U ka boela oa sheba Matheu 19:4-6, moo Jesu a ileng a botsa Bafarisi potso e tšoanang ha a re: “Na ha le e-s’o bale?” Le hoja ba ile ba bala tlaleho e buang ka popo, ba ile ba iphapanyetsa seo e se rutang ka tsela eo Molimo a talimang lenyalo ka eona.

f LITŠOANTŠO: E mong oa bara ba bo rona ba thusang ka ho letsa ’mino le ho bapala livideo o etsa liphoso tse ngata nakong ea liboka Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, ka mor’a liboka bara ba bo rona baa mo babatsa ka mosebetsi oo a o etsang ho e-na le ho bua ka liphoso tsa hae.