Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 8

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

Lula u Mamela Tataiso ea Jehova

Lula u Mamela Tataiso ea Jehova

‘’Na Jehova ke . . . ea u tataisa.’ESA. 48:17.

NTLHA-KHOLO

Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore na Jehova o tataisa bahlanka ba hae joang mehleng ena le hore na ho mamela tataiso ea hae ho re tsoela molemo joang.

1. Fana ka mohlala oa hore na ke hobane’ng ha re hloka tataiso ea Jehova.

 AK’U nahane u lahlehile ka hare ho moru. Ho na le lintho tse ngata tse ka u ntšang kotsi tse kang liphoofolo tse hlaha, limela le likokoanyana tse nang le chefo hape ho na le majoe a maholo tseleng a ka u ntšang kotsi. Ho hlakile hore u ka thaba haeba u tsamaea le motho ea tsebang hore na u ka qoba likotsi tse joalo joang. Lefatše leo re phelang ho lona le tšoana le moru oo. Le na le likotsi tse ngata tse ka etsang hore kamano ea rona le Jehova e senyehe. Empa Jehova o re thusa hore re qobe likotsi tse ka re hlahelang. O boetse o re thusa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha.

2. Jehova o re fa tataiso ka litsela life?

2 Jehova o re tataisa joang? O sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Leha ho le joalo, o boetse o sebelisa batho hore ba re tataise. Ka mohlala, o sebelisa “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ho re fa lintho tse re thusang hore re be le tumelo e matla e le hore re khone ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Mat. 24:45) Hape Jehova o sebelisa bahlanka ba bang ba hae ba tšepahalang. Ka mohlala, balebeli ba potoloho le baholo baa re khothatsa ebile ba re fa litaelo tse ka re thusang hore re mamelle mathata. Re ananela hore ebe Jehova oa re tataisa mehleng ena ea bofelo le hore o re thusa hore re lule re le metsoalle ea hae e le hore re ka thabela bophelo hona joale le ka ho sa feleng.

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Ka linako tse ling re ka utloa ho le thata hore re mamele tataiso ea Jehova, haholo-holo ha e fanoa ke batho ba etsang liphoso joaloka rona. Hobane’ng? Lebaka ke hobane re ka fuoa tataiso eo re sa e thabeleng kapa re ka bona eka tataiso eo re e fuoang ha e utloahale ebe re belaella hore e tsoa ho Jehova. Maemong a joalo re lokela ho kholiseha hore ke Jehova ea tataisang batho ba hae le hore ho mamela tataiso ea hae ho lula ho re tsoela molemo. Sehlooho sena se tl’o bua ka lintlha tse latelang ho re thusa hore re kholisehe hore ke Jehova ea tataisang bahlanka ba hae: (1) Jehova o ile a tataisa bahlanka ba hae mehleng ea Bibele, (2) Jehova oa re tataisa mehleng ena, (3) ho mamela tataiso ea hae ho re tsoela molemo.

Haesale Jehova a sebelisa batho hore ba tataise bahlanka ba hae ho tloha mehleng ea khale ho fihlela mehleng ena (Sheba serapa sa 3)


JEHOVA O ILE A TATAISA SECHABA SA ISERAELE

4, 5. Jehova o ile a bontša joang hore o sebelisa Moshe hore a tataise Baiseraele? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

4 Jehova o ile a khetha Moshe hore a ntše Baiseraele Egepeta. O ile a fa Baiseraele bopaki bo bontšang hore o ne a ba tataisa a sebelisa Moshe. Ka mohlala, motšehare o ne a ba etella pele ka leru le kang pilara ’me bosiu a ba etella pele ka mollo o kang pilara. (Ex. 13:21) Moshe o ne a latela pilara eo e neng e lebisa eena le Baiseraele Leoatleng le Lefubelu. Baiseraele ba ile ba tšoha hobane ba ne ba nahana hore Baegepeta ba tla ba bolaea. Ba ne ba nahana hore Moshe o entse phoso ka ho ba isa Leoatleng le Lefubelu. Empa o ne a sa etsa phoso. Jehova o ile a sebelisa Moshe hore a ise batho ba hae moo. (Ex. 14:2) Molimo o ile a ba pholosa ka mohlolo.—Ex. 14:​26-28.

Moshe o ne a tšepile leru leo Jehova a neng a le sebelisa ha a ne a tataisa bahlanka ba Molimo ha ba ne ba le lefeelleng (Sheba serapa sa 4 le 5)


5 Lilemo tse 40 ka mor’a moo, Moshe o ile a lula a latela leru leo Molimo a neng a le sebelisa ho tataisa batho ba hae ha ba ne ba le lefeelleng. a Jehova o ne a beha leru holim’a tente ea Moshe moo Baiseraele bohle ba neng ba ka le bona. (Ex. 33:​7, 9, 10) Jehova o ne a sebelisa leru leo ho bua le Moshe ebe Moshe o bolella Baiseraele litaelo tse tsoang ho Jehova. (Pes. 99:7) Kahoo, Baiseraele ba ne ba e-na le bopaki ba hore Jehova o ba tataisa a sebelisa Moshe.

Moshe le Joshua ea neng a tla etella sechaba pele ka mor’a hae (Sheba serapa sa 5 le 7)


6. Baiseraele ba ile ba etsa’ng ha Jehova a ba fa tataiso? (Numere 14:​2, 10, 11)

6 Ka masoabi Baiseraele ba bangata ba ile ba hana bopaki ba hore Jehova o ne a sebelisa Moshe hore a bue le bona. (Bala Numere 14:​2, 10, 11.) Ka makhetlo a mangata ha baa ka ba amohela hore Moshe o sebelisoa ke Jehova hore a ba tataise. Kahoo, Jehova ha aa ka a lumella hore Baiseraele bao ba kene Naheng e Tšepisitsoeng.—Num. 14:30.

7. Fana ka mehlala ea batho ba ileng ba latela tataiso ea Jehova. (Numere 14:24) (Sheba setšoantšo.)

7 Baiseraele ba bang ba ile ba latela tataiso ea Jehova. Ka mohlala, Jehova o ile a re: “Kalebe . . . o ile a ’na a ntatela ka pelo eohle.” (Bala Numere 14:24.) Molimo o ile a hlohonolofatsa Kalebe a ba a mo fa karolo ea naha eo a neng a ikhethetse eona Kanana. (Josh. 14:​12-14) Baiseraele ba ileng ba kena Naheng e Tšepisitsoeng le bona ba ile ba beha mohlala o motle ka hore ba mamele tataiso ea Jehova. Ha Joshua a khethoa hore e be moeta-pele oa Baiseraele ka mor’a Moshe, ba ile “ba mo hlompha haholo bophelo bohle ba hae.” (Josh. 4:14) Kahoo, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka hore a ba ise naheng eo a neng a ba tšepisitse eona.—Josh. 21:​43, 44.

8. Hlalosa hore na Jehova o ne a tataisa batho ba hae joang ha ho ne ho e-na le marena. (Sheba setšoantšo.)

8 Lilemo hamorao, Jehova o ile a khetha baahloli hore ba tataise batho ba hae. Ka mor’a moo ha ho se ho e-na le marena Iseraele, Jehova o ile a khetha baprofeta hore ba tataise batho ba hae. Marena a neng a tšepahala a ile a kopa keletso ho baprofeta. Ka mohlala, Morena Davida o ile a amohela khalemelo ea moprofeta Nathane ka boikokobetso. (2 Sam. 12:​7, 13; 1 Likron. 17:​3, 4) Morena Josafate o ile a mamela tataiso ea moprofeta Jahaziele ’me a khothaletsa batho ba Juda hore ba ‘tšepe baprofeta ba [Molimo].’ (2 Likron. 20:​14, 15, 20) Ha Morena Ezekiase a ne a tšohile o ile a kopa thuso ea moprofeta Esaia. (Esa. 37:​1-6) Kamehla ha marena a ne a mamela tataiso ea Jehova, a ne a hlohonolofatsoa ebile sechaba se ne se sireletseha. (2 Likron. 20:​29, 30; 32:22) Kahoo, batho bohle ba ne ba lokela ho bona hore Jehova o ne a sebelisa baprofeta ho tataisa batho ba hae. Leha ho le joalo, marena a mangata le batho ba bang ha baa ka ba mamela baprofeta ba Jehova.—Jer. 35:​12-15.

Morena Ezekiase le moprofeta Esaia (Sheba serapa sa 8)


JEHOVA O NE A TATAISA BAKRESTE BA PELE

9. Ke bo-mang bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho tataisa Bakreste ba pele? (Sheba setšoantšo.)

9 Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, Jehova o ile a theha phutheho ea Bokreste. O ile a tataisa Bakreste bao joang? O ile a khetha hore Jesu e be hlooho ea phutheho. (Baef. 5:23) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a tataisa morutuoa e mong le e mong ka boeena. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa baapostola le baholo ba Jerusalema hore ba ba tataise. (Lik. 15:​1, 2) Hape baholo ba ile ba khethoa hore ba tataise liphutheho.—1 Bathes. 5:12; Tite 1:5.

Baapostola le baholo ba Jerusalema (Sheba serapa sa 9)


10. (a) Bakreste ba pele ba bangata ba ile ba etsa’ng ha ba ne ba tataisoa? (Liketso 15:​30, 31) (b) Ke hobane’ng ha batho ba mehleng ea Bibele ba ile ba hana ho mamela batho bao Jehova a neng a ba khethile ho fana ka tataiso? (Sheba lebokose le reng “ Ke Hobane’ng ha Batho ba Bang ba sa Lumele Hore Jehova o Sebelisa Batho ho Tataisa Bahlanka ba Hae?”)

10 Na Bakreste ba pele ba ile ba amohela tataiso eo ba neng ba e fuoa? Bongata ba bona ba ile ba thabela ho mamela litaelo tseo ba neng ba li fuoa. Ba ile ba “thaba haholo” ka mor’a hore ba khothatsoe. (Bala Liketso 15:​30, 31.) Jehova o tataisa bahlanka ba hae joang mehleng ee?

JEHOVA OA RE TATAISA MEHLENG ENA

11. Fana ka mohlala o bontšang kamoo Jehova a tataisang bahlanka ba hae ba etellang pele mehleng ena.

11 Jehova o ntse a tataisa bahlanka ba hae le mehleng ena. O ba tataisa a sebelisa Lentsoe la hae Bibele le Mora oa hae eo e leng hlooho ea phutheho. Ho na le bopaki ba hore Molimo o ntse a sebelisa batho le mehleng ena. Ka mohlala, nahana ka lintho tse ileng tsa etsahala ka mor’a selemo sa 1870. Mor’abo rona Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hlokomela hore selemo sa 1914 ke sa bohlokoa bakeng sa ’Muso oa Molimo. (Dan. 4:​25, 26) Ntho e ileng ea ba thusa hore ba hlokomele taba eo ke lipatlisiso tseo ba ileng ba li etsa ka Bibeleng. Na Jehova o ne a ba tataisa ha ba ne ba etsa lipatlisiso ka Bibeleng? Ho hlakile hore o ne a ba tataisa. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ka 1914 li bontša hore ’Muso oa Molimo o ne o qalile ho busa. Ho ile ha e-ba le Ntoa ea Pele ea Lefatše ’me ka mor’a eona ho ile ha e-ba le mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše le khaello ea lijo. (Luka 21:​10, 11) Kannete Jehova o ile a sebelisa banna bana ba Bakreste ho thusa bahlanka ba hae.

12, 13. Nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, ho ile ha etsoa’ng ho thusa hore mosebetsi oa boboleli o etsoe haholoanyane?

12 Nahana ka lintho tse ileng tsa etsahala nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Ka mor’a hore bara ba bo rona ba nang le boikarabelo ntlo-kholo ba bale le ho etsa lipatlisiso ka lengolo la Tšenolo 17:​8, ba ile ba hlokomela hore Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e ne e sa bolele hore Armagedone e fihlile. Kahoo, ba ne ba tseba hore ho tla ba le nako ea khotso, e neng e tla fa Lipaki Tsa Jehova monyetla oa hore li ntšetse pele mosebetsi oa boboleli. Bara ba bo rona ba ile ba theha Sekolo sa Gileade le hoja ho ne ho ka bonahala eka ha se nako e nepahetseng ea ho etsa joalo. Sekolo sena se ne se tla ruta baromuoa ho bolela le ho ruta batho Bibele lefatšeng lohle. Baromuoa ba ile ba romeloa linaheng tse ling leha ntoa e ntse e tsoela pele. Hape mohlanka ea tšepahalang o ile a theha Sekolo sa Thuto ea Tšebeletso ea Puso ea Molimo b e le ho koetlisa bahoeletsi liphuthehong tsohle hore ba khone ho ntlafatsa tsela eo ba rutang ka eona. Kahoo, batho ba Molimo ba ne ba koetlisetsoa mosebetsi oa boboleli oo ba neng ba tla o etsa.

13 Mehleng ena re khona ho bona hore Jehova haesale a ntse a tataisa batho ba hae linakong tse thata. Ho tloha ka Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, batho ba Jehova linaheng tse ngata ba ntse ba thabela ho ba le khotso le bolokolohi ba hore ba ’ne ba tsoele pele ba etsa mosebetsi oa boboleli. Ha e le hantle, mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate o atlehile haholo.

14. Ke hobane’ng ha re ka tšepa litaelo tseo re li fuoang ke mokhatlo oa Jehova le baholo? (Tšenolo 2:1) (Sheba setšoantšo.)

14 Mehleng ena bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang ba ntse ba tsoela pele ho batla tataiso ho Kreste. Ba batla hore litaelo tseo ba li fang bara ba bo rona li bontše hore li tsoa ho Jehova. Hape ba sebelisa balebeli ba potoloho le baholo hore ba fane ka tataiso liphuthehong. c Baholo ba khethiloeng ba ka “letsohong le letona” la Kreste. (Bala Tšenolo 2:1.) Ke ’nete hore baholo ba etsa liphoso. Moshe, Joshua le baapostola le bona ba ne ba etsa liphoso ka linako tse ling. (Num. 20:12; Josh. 9:​14, 15; Bar. 3:23) Leha ho le joalo, Kreste o ntse a tataisa mohlanka ea tšepahalang le baholo ba khethiloeng ’me o tla tsoela pele ho ba tataisa “ka matsatsi ’ohle ho fihlela lefatše le fela.” (Mat. 28:20) Kahoo, re na le mabaka a hore re ka tšepa tataiso eo a fanang ka eona a sebelisa bara bana ba bo rona ba khethiloeng hore ba re etelle pele.

Sehlopha se Busang sa mehleng ena (Sheba serapa sa 14)


RE FUMANA MELEMO HA RE LULA RE MAMELA TATAISO EA JEHOVA

15, 16. Ke’ng eo u ithutang eona ho batho ba ileng ba latela tataiso ea Jehova?

15 Ha re lula re mamela tataiso eo Jehova a re fang eona, ho na le melemo eo re e fumanang hona joale. Ka mohlala, Mor’abo rona Andy le Morali oa bo rona Robyn ba ile ba mamela keletso e reng ba fokotse lintho tseo ba nang le tsona. (Baheb. 13:5) Kahoo, ba ile ba khona ho ithaopela ho sebetsa liprojekeng tsa kaho. Morali oa bo rona Robyn o re: “Ka linako tse ling re ne re lula matlong a manyenyane ebile a se na le kichine. Ke ile ka lokela ho rekisa lik’hamera tsa ka tse ngata le lintho tseo ke neng ke li sebelisa ho nka linepe le hoja ho nka linepe e ne e le ntho eo ke e ratang haholo. Ke ile ka lla haholo ha ke ne ke li rekisa. Empa joaloka Sara e leng mosali oa Abrahama, ke ne ke ikemiselitse ho tela lintho tseo ke nang le tsona ’me ke thabele ho sebeletsa Jehova.” (Baheb. 11:15) Ke melemo efe eo banyalani baa ba ileng ba e fumana? Morali oa bo rona Robyn o re: “Re thabile haholo hobane rea tseba hore re fa Jehova ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona. Ha re etsa mosebetsi oo Jehova a re fileng oona, re khona ho bona hanyane hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha.” Mor’abo bona Andy le eena o re: “Re thabile haholo hobane re fa Jehova nako ea rona le matla a rona ho etsa mosebetsi oa hae.”

16 Re ka fumana melemo efe ha re lula re latela tataiso ea Jehova? Ka mor’a hore Morali oa bo rona Marcia a qete sekolo, o ile a mamela keletso ea hore a sebeletse Jehova ka hore e be pula-maliboho. (Mat. 6:33; Bar. 12:11) O re: “Ke ne ke e-na le monyetla oa hore ke ee univesithi ka lilemo tse ’nè ke sa lefe letho. Empa ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova. Kahoo, ke ile ka khetha hore ke ee sekolong ho ithuta hore ke etse mosebetsi oa matsoho e le hore nka khona ho fumana mosebetsi o neng o tla nthusa hore ke be le chelete e lekaneng ha ntse ke le pula-maliboho. Ena ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa. Hona joale ke thabela ho ba pula-maliboho ea kamehla ebile mosebetsi oa ka o ntumella hore ke thusetse Bethele ka matsatsi a itseng hape ke thabela ho sebeletsa Jehova ka litsela tse ling.”

17. Ke melemo efe e meng eo re e fumanang ha re lula re latela tataiso ea Jehova? (Esaia 48:​17, 18)

17 Ka linako tse ling, re fuoa keletso e re sireletsang linthong tse kang ho rata chelete le ho etsa lintho tse ka etsang hore re tlole melao ea Molimo. Re fumana melemo haeba re mamela tataiso eo Jehova a re fang eona linthong tsena. Re ba le letsoalo le khutsitseng ebile re qoba mathata a mangata a ka re hlahelang. (1 Tim. 6:​9, 10) Ka lebaka leo, re khona ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsa rona tsohle ’me ho etsa joalo ho etsa hore re thabe, re be le khotso ’me re khotsofale.—Bala Esaia 48:​17, 18.

18. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho lula u latela tataiso ea Jehova?

18 Ha ho pelaelo hore Jehova o tla tsoela pele a ntse a sebelisa batho ho re fa tataiso nakong ea mahlomola a maholo ho fihlela nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. (Pes. 45:16) Na re tla lula re latela tataiso eo re e fuoang le hoja re ka batla ho etsa ntho e ’ngoe e fapaneng? Re tla nolofalloa ke ho etsa joalo haeba re latela tataiso ea Jehova hona joale. Kahoo, a re luleng re latela tataiso ea Jehova ho akareletsa le eo re e fuoang ke bara ba bo rona ba behiloeng hore ba re hlokomele. (Esa. 32:​1, 2; Baheb. 13:17) Ha re etsa joalo, re ba le mabaka a mangata a ho tšepa Jehova ea re tataisang hobane o re thusa hore re se ke ra etsa lintho tse tla senya kamano ea rona le eena le ho re sitisa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha.

U KA RE’NG?

  • Jehova o ile a tataisa sechaba sa Iseraele joang?

  • Jehova o ile a tataisa Bakreste ba pele joang?

  • Mehleng ee, re fumana melemo efe ha re latela tataiso ea Jehova?

PINA EA 48 Re Sebeletsa Jehova Kamehla

a Jehova o ile a boela a khetha lengeloi le neng le ‘etella sechaba pele’ le ho se tataisa hore se fihle Naheng e Tšepisitsoeng. Ho hlakile hore lengeloi lena ke Mikaele e leng lebitso la Jesu ha a etella pele mangeloi kaofela.—Ex. 14:19; 32:34.

b Hamorao se ile sa bitsoa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Kajeno re fumana koetliso ena libokeng tsa rona tsa har’a beke.

c Sheba lebokose le reng “Mosebetsi oa Sehlopha se Busang” ho Molula-Qhooa oa February 2021, leq. 18.