Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 5

PINA EA 27 Ho Senoloa ha Bara ba Molimo

‘Nke ke ka u Furalla’

‘Nke ke ka u Furalla’

Molimo o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’”BAHEB. 13:5b.

NTLHA-KHOLO

Ho tiisetsa bahlanka ba Molimo ba lefatšeng hore a ke ke a ba furalla ha batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba se ba ile leholimong.

1. Batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba tla ea leholimong neng?

 LILEMO tse ngata tse fetileng, batho ba Jehova ba ’nile ba ipotsa hore na batlotsuoa ba ho qetela ba setseng lefatšeng ba tla ea leholimong neng. Pele re ne re nahana hore ba bang ba batlotsuoa ba tla phela lefatšeng Paradeiseng ka nakoana ka mor’a Armagedone. Leha ho le joalo, Molula-Qhooa oa July 15, 2013 o ile oa hlalosa hore batlotsuoa bohle ba ntseng ba le lefatšeng ba tla ea leholimong pele ho ntoa ea Armagedone.—Mat. 24:31.

2. Re ka ’na ra ipotsa potso efe, hona re tl’o ithuta eng sehloohong see?

2 Leha ho le joalo, ba bang ba rona re ka ’na ra ipotsa: Ho tla etsahala’ng ka “linku tse ling” tsa Kreste tse tla beng li ntse li sebeletsa Jehova mona lefatšeng nakong ea “mahlomola a maholo”? (Joh. 10:16; Mat. 24:21) Ba bang ba linku tse ling ba ka ’na ba tšoenyeha ka hore na ba tla etsa joang ha bara le barali ba bo rona ba ratehang ba batlotsuoa ba ea leholimong. A re hlahlobeng litlaleho tse peli tse hlahang ka Bibeleng tse ka etsang hore ba ikutloe ka tsela ena. Ka mor’a moo re tla hlahloba hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha.

KE ENG E KE KENG EA ETSAHALA?

3, 4. Ba bang ba ka ’na ba tšoenngoa ke eng, hona hobane’ng?

3 Ba bang ba ka ’na ba tšoenyeha hore linku tse ling li tla khaotsa ho sebeletsa Jehova ha bara ba bo rona ba tlotsitsoeng ba Sehlopha se Busang ba se ba le sieo hore ba ka ba tataisa. Mohlomong ba ikutloa tjena ka lebaka la litlaleho tse ling tse hlahang ka Bibeleng. A re nahaneng ka mehlala e ’meli. Mohlala oa pele ke oa Moprista ea Phahameng Jehojada. E ne e le mohlanka oa Molimo ea tšepahalang. Eena le mosali oa hae Joshabeathe, ba ile ba sireletsa moshanyana e monyenyane ea bitsoang Joase ’me ba mo thusa hore e be morena ea lokileng le ea tšepahalang. Nakong eohle eo Jehojada a neng a ntse a phela, Joase o ne a sebeletsa Jehova a bile a etsa lintho tse ntle. Empa ka mor’a hore Jehojada a shoe, Joase o ile a qalella ho etsa lintho tse mpe. O ile a mamela likhosana tse khopo ’me a khaotsa ho sebeletsa Jehova.—2 Likron. 24:​2, 15-19.

4 Mohlala oa bobeli ke oa Bakreste ba phetseng ka mor’a mehla ea baapostola. Moapostola oa ho qetela oa ho shoa ke Johanne. Ha a ntse a phela, o ile a thusa Bakreste ba bangata ho tšepahalla Jehova. (3 Joh. 4) Joaloka baapostola ba bang, o ile a sebetsa ka thata ho sireletsa liphutheho khahlanong le bokoenehi bo neng bo ata. (1 Joh. 2:18; 2 Bathes. 2:7.) Ka mor’a hore Johanne a shoe, batho ba bangata liphuthehong e ile ea e-ba bakoenehi. Ka mor’a lilemo tse ngata, bakoenehi bana ba ne ba ruta leshano ba bile ba lumella boitšoaro bo fosahetseng liphuthehong tsohle.

5. Ke lintho life tseo re sa lokelang ho li nahana ka mor’a ho ithuta ka litlaleho tseo tse peli?

5 Na litlaleho tseo tse peli li bontša hore ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba qeta ho ea leholimong, linku tse ling tsa Kreste li ka ’na tsa qalella ho etsa lintho tse mpe joaloka Joase kapa ea e-ba bakoenehi joaloka Bakreste ba neng ba phela ka mor’a hore baapostola kaofela ba shoe? Ha ho joalo. Re ka kholiseha hore ha batlotsuoa ba qeta ho ea leholimong, linku tse ling li tla tsoela pele li sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng ’me Jehova o tla tsoela pele a li hlokomela. Re ka kholisoa ke’ng?

BORAPELI BA ’NETE BO TLA LULA BO LE TENG

6. Ke linako life tse tharo tseo re tl’o li hlahloba?

6 Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore borapeli ba ’nete bo tla lula bo le teng le linakong tsa mathata tse larileng ka pele? Hobane Bibele e hlalosa hore nako eo re phelang ho eona e fapane hole le eo Baiseraele ba neng ba phela ho eona le nako eo baapostola ba neng ba qeta ho shoa kaofela. A re hlahlobeng linako tsena tse tharo: (1) Mehla ea Baiseraele, (2) nako eo baapostola ba neng ba qeta ho shoa kaofela le (3) mehla ea rona e leng “nako . . . ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle.”—Lik. 3:21.

7. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba tšepahalang ba sa ka ba felloa ke tšepo ha marena le batho ba bangata ba etsa lintho tseo Jehova a sa li batleng?

7 Mehla ea Baiseraele. Nakoana pele Moshe a shoa, o ile a re ho Baiseraele: “Ke tseba hantle hore ka mor’a lefu la ka le tla etsa bobe ’me le ke ke la mamela litaelo tseo ke le fileng tsona.” (Deut. 31:29) Moshe o ile a boela a lemosa Baiseraele hore ha ba ka khaotsa ho sebeletsa Jehova, ba ne ba tla isoa botlamuoeng. (Deut. 28:​35, 36) Na mantsoe ao a ile a phethahala? Ho joalo. Ka lilemo tse ngata, marena a mangata a ile a etsa lintho tseo Jehova a sa li batleng ’me a khelosa batho ba Molimo. Ka lebaka leo, o ile a otla sechaba sa hae ’me a etsa hore ho se ke ha hlola ho e-ba le morena ea se busang. (Ezek. 21:​25-27) Empa Baiseraele ba tšepahalang ba ile ba sebeletsa Molimo ka mor’a hore ba bone hore mantsoe ao a neng a a buile a phethahetse.—Esa. 55:​10, 11.

8. Na re lokela ho makatsoa ke taba ea hore phutheho ea Bokreste e ile ea e-ba le bakoenehi ka mor’a hore baapostola ba shoe? Hlalosa.

8 Nako eo baapostola ba neng ba qeta ho shoa kaofela. Na re lokela ho makatsoa ke taba ea hore phutheho ea Bokreste e ile ea e-ba le bakoenehi ka mor’a hore baapostola ba shoe? Le hanyenyane. Jesu o ile a profeta hore ho ne ho tla ba le bakoenehi ba bangata. (Mat. 7:​21-23; 13:​24-30, 36-43) Moapostola Pauluse, Petrose le Johanne ba ile ba netefatsa hore boprofeta ba Jesu bo qalile ho phethahala mehleng ea bona. (2 Bathes. 2:​3, 7; 2 Pet. 2:1; 1 Joh. 2:18) Ka mor’a selemo sa 100, phutheho ea Bokreste e ile ea qala ho ruta lithuto tsa bokoenehi. Bakreste ba bakoenehi e ile ea e-ba karolo e ka sehloohong ea Babilona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Boprofeta bo ne bo phethahetse hape.

9. Mehla ea rona e fapane le ea Baiseraele le mehla eo bokoenehi bo ileng ba e-ba teng ka mor’a selemo sa 100 joang?

9 “Nako . . . ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle.” Mehla ea rona e fapane le mehla ea Baiseraele le nako eo bokoenehi bo ileng ba e-ba teng ka mor’a selemo sa 100. Mehla ea rona e bitsoa’ng? Hangata re e bitsa ‘mehla ea bofelo’ ba lefatše. (2 Tim. 3:1) Empa Bibele e bontša hore ka nako eo mehla ea bofelo e qalileng ka eona, ho ile ha qala nako e ’ngoe e teletsana ho feta eo. Nako ena e tla tsoela pele ho fihlela ’Muso oa Molimo o etelloang pele ke Kreste o entse hore batho ba phethahale le ho fetola lefatše lohle paradeise. Nako ena e bitsoa “nako . . . ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle.” (Lik. 3:21) E qalile ka 1914. Ho ile ha nchafatsoa eng ka nako eo? Jesu o ile a hlomamisoa teroneng e le Morena leholimong. Kahoo, Jehova o ile a boela a ba le morena ea mo emelang, e leng mojalefa oa morena ea neng a tšepahala, Davida. Leha ho le joalo, borena ha se eona feela ntho eo Jehova a ileng a e tsosolosa. Kapele ka mor’a moo, borapeli ba ’nete bo ile ba tsosolosoa. (Esa. 2:​2-4; Ezek. 11:​17-20) Na bo tla silafatsoa hape?

10. (a) Bibele e ile ea re ho tla etsahala eng ka borapeli ba ’nete mehleng ee? (Esaia 54:17) (b) Ke hobane’ng ha boprofeta boo e le bo khothatsang?

10 Bala Esaia 54:17. Nahana ka boprofeta bona: “Ha ho na sebetsa se etselitsoeng ho u loantša se tla atleha.” Mantsoe ana aa phethahala mehleng ena. Le mantsoe a latelang a tšelisang aa phethahala: “Bana bohle ba hao ba tla rutoa ke Jehova ’me khotso ea bana ba hao e tla ba ngata. U tla tiisoa ka thata ka ho loka. . . . U ke ke oa tšaba letho kapa ha e-ba le ntho e u tšosang kaha e ke ke ea u atamela.” (Esa. 54:​13, 14) “Molimo oa lefatše lena,” e leng Satane le eena ha a khone ho emisa mosebetsi oa ho ruta batho ka Jehova. (2 Bakor. 4:4) Borapeli ba ’nete bo tsosolositsoe ’me bo ke ke ba hlola bo silafatsoa hape. Bo tla lula bo le teng ka ho sa feleng. Ha ho na sebetsa se etselitsoeng ho re loantša se tla atleha.

HO TLA ETSAHALA ENG?

11. Ke’ng e re kholisang hore bongata bo boholo bo ke ke ba sala bo se na mang-oe ha batlotsuoa ba ea leholimong?

11 Ho tla etsahala eng ka mor’a hore batlotsuoa ba ee leholimong? Re lokela ho hopola hore Jesu ke Molisa oa rona. Ke eena hlooho ea phutheho ea Bokreste. O ile a hlakisa taba eo ha a re: “Moeta-pele oa lona o mong, ke Kreste.” (Mat. 23:10) Morena oa rona ea busang a ke ke a hloleha ho re hlokomela. Ha Kreste e le eena ea etellang pele, Bakreste mona lefatšeng ha baa lokela ho tšaba letho. Ke ’nete hore ha re tsebe lintlha kaofela tsa kamoo Kreste a tla tataisa batho ba hae ka nako eo. Empa re na le mehlala ka Bibeleng e re netefaletsang hore ha rea tlameha ho tšoenyeha.

12. Jehova o ile a hlokomela batho ba hae joang ka mor’a hore (a) Moshe a shoe? (b) Elia a fuoe mosebetsi o mong sebakeng se fapaneng? (Sheba setšoantšo.)

12 Moshe o ile a shoa pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ho ile ha etsahala eng ka batho ba Molimo? Na Jehova o ile a tlohela ho thusa batho ba hae ka mor’a hore Moshe a shoe? Le letho. Hafeela ba ne ba tšepahala, Jehova o ile a ba hlokomela. Pele Moshe a shoa, Jehova o ile a mo bolella hore a khethe Joshua e le eena ea tla etella sechaba pele. Moshe o ne a koetlisitse Joshua ka lilemo tse ngata. (Ex. 33:11; Deut. 34:9) Ntle ho moo, ho ne ho e-na le banna ba bang ba bangata ba neng ba khona ho etella pele, joaloka balaoli ba ba likete, ba ba makholo, ba ba mashome a mahlano le ba ba leshome. (Deut. 1:15) Batho ba Molimo ba ne ba hlokometsoe. Mohlala o mong o tšoanang ke oa Elia. O ne a eteletse pele borapeli ba ’nete Iseraele ka lilemo tse ngata. Empa hamorao Jehova o ile a mo fa mosebetsi o mong sebakeng se fapaneng, ka boroa ho Juda. (2 Mar. 2:1; 2 Likron. 21:12) Na Baiseraele ba tšepahalang ba ’muso oa meloko e leshome ba ile ba sala ba se na motho ea ba etellang pele? Che. Elia o ne a koetlisitse Elisha ka lilemo tse ngata. Ho ne ho boetse ho e-na le “bara ba baprofeta” bao le bona ba ileng ba fumana koetliso ea mofuta o itseng. (2 Mar. 2:7) Kahoo, ho ne ho e-na le banna ba bangata ba tšepahalang ba ileng ba thusa ho etella batho ba Molimo pele. Jehova o ile a phethahatsa morero oa hae oa ho hlokomela ba mo tšepahallang.

Moshe (setšoantšong se ka letsohong le letšehali) le Elia (setšoantšong se ka letsohong le letona) ba ile ba koetlisa batho ba neng ba tla etella pele sechaba sa Molimo ka mor’a bona (Sheba serapa sa 12)


13. Jehova o re tšepisa eng ho Baheberu 13:5b? (Sheba setšoantšo.)

13 Ho latela mehlala ee eo re qetang ho bua ka eona, u nahana hore ho tla etsahala’ng ka mor’a hore batlotsuoa kaofela ba ee leholimong? Ha ho hlokahale hore re tšoenyehe. Bibele e fana ka karabo e bonolo le e khothatsang e reng: Jehova a ke ke a tlohela batho ba hae ba lefatšeng. (Bala Baheberu 13:5b.) Bara ba bo rona ba tlotsitsoeng ba etellang pele mehleng ena, ba utloisisa bohlokoa ba ho koetlisa ba bang joaloka Moshe le Elia. E se e le lilemo tse ngata joale Sehlopha se Busang se koetlisetsa banna bao e leng karolo ea linku tse ling hore ba etelle pele. Ka mohlala, se hlophisitse likolo tse ngata tse koetlisang baholo, balebeli ba tsamaeang, litho tsa Komiti ea Lekala, balebeli ba mafapha a Bethele le ba bang. Sehlopha se Busang se ntse se koetlisa bathusi likomiting tse fapa-fapaneng tsa Sehlopha se Busang. Bathusi bana ba tšepahalang ba na le boikarabelo bo boholo ka har’a mokhatlo oa Jehova. Ba koetlisitsoe hantle ho tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa ho hlokomela linku tsa Kreste.

Sehlopha se Busang se sebelitse ka thata ho koetlisa bathusi likomiting tsa Sehlopha se Busang le ho hlophisa likolo tse koetlisang baholo, balebeli ba tsamaeang, litho tsa Komiti ea Lekala, balebeli ba mafapha a Bethele le baromuoa lefatšeng lohle (Sheba serapa sa 13)


14. Ntlha ea sehlooho moo ke efe?

14 Ntlha ea sehlooho ke ena: Ka mor’a hore batlotsuoa kaofela ba ee leholimong ho elella qetellong ea mahlomola a maholo, batho ba Jehova ba lefatšeng ba tla tsoela pele ba mo sebeletsa ka botšepehi. Re leboha Jehova ka boeta-pele ba Jesu Kreste hobane barapeli ba Molimo ba tla tsoela pele ba mo rapela. Ke ’nete hore ka nako eo, re tla hlaseloa ke Gogo oa Magogo, e leng linaha tse ikopantseng. (Ezek. 38:​18-20) Empa tlhaselo eo ea nakoana, e ke ke ea atleha hobane e ke ke ea etsa hore batho ba Molimo ba khaotse ho mo rapela. Jehova o tla ba pholosa. Ponong, moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo” ba linku tse ling tsa Kreste. Johanne o ile a bolelloa hore “bongata bo boholo” bo pholohile “mahlomola a maholo.” (Tšen. 7:​9, 14) Bongata bo boholo bo tla lula bo sireletsehile.

15, 16. Ho ea ka Tšenolo 17:​14, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla be ba ntse ba etsa’ng nakong ea ntoa ea Armagedone, hona ke hobane’ng ha taba ee e le e khothatsang?

15 Leha ho le joalo, batlotsuoa ba tla etsa eng ka mor’a hore ba ee leholimong? Bibele e araba potso eo ka ho toba. E re mebuso ea lefatše lena e tla “loana le Konyana.” Ho hlakile hore mebuso e tla hloloa. Bibele e re: “Konyana e tla [e] hlola.” Ke bo-mang ba tla thusa Konyana? Temana e tšoanang e fana ka karabo. E tla thusoa ke “bao Molimo a ba bitsitseng,” “bao a ba khethileng” le “ba mo tšepahallang.” (Bala Tšenolo 17:14.) Ke bo-mang bao? Ke batlotsuoa ba tsositsoeng. Kahoo, ha batlotsuoa kaofela ba se ba ile leholimong ho elella qetellong ea mahlomola a maholo, o mong oa mesebetsi ea pele oo ba tla o fuoa ke ho loana. Oo ke mosebetsi o thahasellisang. Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba rata ntoa pele e ba Lipaki Tsa Jehova. Ba bang e ne e bile e le masole. Empa hamorao e ile ea e-ba Bakreste ba ’nete ’me ba ithuta ho ba le khotso le batho ba bang. (Bagal. 5:22; 2 Bathes. 3:16) Ba ile ba tlohela ho tšehetsa lintoa tsohle. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ba tsosetsoe leholimong, ba tla sebetsa le Kreste le mangeloi a hae a halalelang ba loantše lira tsa Molimo ntoeng ea ho qetela.

16 Nahana ka taba ena. Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng mona, ba holile ebile ba fokolloa ke bophelo. Empa ka mor’a hore ba tsosetsoe ho ea phela leholimong, e tla ba libopuoa tsa moea tse matla le tse ke keng tsa shoa ’me ba tla fuoa mosebetsi oa ho loana hammoho le Morena oa Mohlabani, e leng Jesu Kreste. Ka mor’a ntoa ea Armagedone, ba tla sebetsa le Jesu ho etsa hore batho ba phethahale. Ho hlakile hore ba tla tsoela bara le barali ba bo rona ba lefatšeng mona molemo o moholo ha ba le leholimong ho feta ha ba ne ba le mona lefatšeng ba sa phethahala.

17. Re tseba joang hore bahlanka bohle ba Molimo ba tla sireletseha nakong ea ntoa ea Armagedone?

17 Na u karolo ea linku tse ling? Haeba ho joalo, u tla hloka ho etsa’ng ha ntoa ea bohlokoa ea Armagedone e qala? U tla hloka ho etsa ntho ena e bonolo: Tšepa Jehova ’me u latele tataiso ea hae. Hoo ho akareletsa eng? Bibele ha e re khothatsa e re: “Kena likamoreng tsa hao tse ka hare, u koale mamati. Ipate ka nakoana ho fihlela khalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Bahlanka bohle ba Molimo ba tšepahalang ba tla sireletseha ka nako eo, ho sa tsotellehe hore na ba leholimong kapa ba lefatšeng. Re kholisehile joaloka moapostola Pauluse hore “mebuso, lintho tse teng hona joale, lintho tse tlang . . . li ke ke tsa re arohanya le lerato leo Molimo a re bontšitseng lona.” (Bar. 8:​38, 39) Lula u hopola hore Jehova oa u rata le hore ho hang a ke ke a u furalla.

KA MOR’A HORE BAKRESTE BOHLE BA TLOTSITSOENG BA EE LEHOLIMONG,

  • ke eng e ke keng ea etsahala?

  • ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore borapeli ba ’nete bo ke ke ba silafatsoa?

  • ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla hlokomela batho ba hae?

PINA EA 8 Jehova ke Setšabelo sa Rona