Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 4

Jehova oa re Hlohonolofatsa ha re Leka Kahohle ho Ikhopotsa Lefu la Jesu

Jehova oa re Hlohonolofatsa ha re Leka Kahohle ho Ikhopotsa Lefu la Jesu

“Le ’ne le etse tjena ho nkhopola.”​—LUKA 22:19.

PINA EA 19 Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Ke hobane’ng ha re e-ea Sehopotsong selemo le selemo?

 HOO e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, Jesu o ile a re shoela e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Bosiung ba pele Jesu a shoa, o ile a laela balateli ba hae hore ba hopole lerato leo a ileng a ba bontša lona ka hore ba etse mokete ka bohobe le veine.​—1 Bakor. 11:23-26.

2 Re mamela taelo ea Jesu hobane re mo rata haholo. (Joh. 14:15) Selemo le selemo pele ho Sehopotso le ka mor’a sona, re bontša hore re ananela seo Jesu a re etselitseng sona ka hore re iphe nako ea ho rapela le ho nahanisisa ka hore na lefu la hae le re tsoela molemo joang. Re boetse re leka kahohle ho mema batho ba bangata hore ba be le rona moketeng ona oa bohlokoa. Re ikemiselitse hore re se ke ra lumella ntho leha e le efe ho re sitisa ho ea Sehopotsong.

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tl’o bua ka lintho tse tharo tseo bahlanka ba Jehova ba ileng ba leka kahohle ho li etsa ho ikhopotsa lefu la Jesu: (1) ka hore ba keteke Sehopotso ka tsela eo Jesu a ba rutileng, (2) ka hore ba memele batho ba bang Sehopotsong le (3) ka hore ba keteke Sehopotso ho sa tsotellehe mathata ao ba bang le ’ona.

RE KETEKA SEHOPOTSO KA TSELA EO JESU A RE RUTILENG

4. Selemo le selemo ho arajoa lipotso life Sehopotsong, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tsebe likarabo tsa tsona? (Luka 22:19, 20)

4 Selemo le selemo ha re le Sehopotsong, re mamela puo e thehiloeng Bibeleng e arabang lipotso tse ngata ka tsela e hlakileng. Re ithuta hore na ke hobane’ng ha batho ba hloka ho lopolloa le hore na ke joang lefu la motho a le mong le ka lokollang batho ba bangata libeng. Re hopotsoa hore na bohobe le veine li tšoantšetsa’ng le hore na ke bo-mang ba tšoanelang ho noa veine le ho ja bohobe. (Bala Luka 22:19, 20.) Hape re nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ba tla li fumana lefatšeng le lecha. (Esa. 35:5, 6; 65:17, 21-23) Ha rea lokela ho nka taba ena hanyane. Batho ba bangata ha ba tsebe lintho tsena ebile ha ba utloisise hore na sehlabelo sa Jesu ke sa bohlokoa hakae. Ha ba ikhopotse lefu la Jesu ka tsela eo a rutileng balateli ba hae ka eona. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

5. Ka mor’a hore baapostola ba bangata ba hlokahale, batho ba ile ba qala ho ikhopotsa lefu la Jesu joang?

5 Hang-hang ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba bangata ba hlokahale, Bakreste ba bohata ba ile ba kena ka phuthehong. (Mat. 13:24-27, 37-39) Ba ile ba “sotha ’nete ho khelosa barutuoa hore ba ba sale morao.” (Lik. 20:29, 30) Ba ile ba “sotha ’nete” ea hore Jesu o ile a fana ka ’mele oa hae “hanngoe ebile e le la ho qetela hore a jare libe tsa ba bangata” joalokaha Bibele e boletse. Ba ile ba re sehlabelo sa hae se lokela ho phetoa ka makhetlo a mangata. (Baheb. 9:27, 28) Kajeno batho ba bangata ba kholoa leshano lena. Ba ea likerekeng beke le beke kapa letsatsi le leng le le leng ho etsa mokete oo ba o bitsang “’Misa.” b Malumeli a mang ha se hangata a ketekang lefu la Jesu ebile litho tsa ’ona ha li utloisise hantle hore na sehlabelo sa Jesu se bohlokoa hakae. Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na kannete lefu la Jesu le ka etsa hore libe tsa rona li tšoareloe?’ Ke hobane’ng ha ba ipotsa potso ee? Ba thetsitsoe ke batho ba belaellang taba ea hore re ka tšoareloa libe tsa rona ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. Balateli ba Jesu ba ’nete ba thusitse batho joang ho utloisisa taba ee ka tsela e nepahetseng?

6. Ka 1872, sehlopha sa Liithuti Tsa Bibele se ile sa utloisisa eng?

6 Ka 1870, sehlopha sa Liithuti Tsa Bibele se neng se eteletsoe pele ke Charles Taze Russell se ile sa qalella ho ithuta Bibele. Se ne se batla ho tseba ’nete mabapi le sehlabelo sa Jesu le hore na lefu la hae le lokela ho hopoloa ka tsela efe. Ka 1872, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa utloisisa hore Jesu o ile a fana ka topollo bakeng sa batho bohle. Ha lia ka tsa thola ka seo li ithutileng sona. Ho e-na le hoo, li ile tsa tsebisa batho taba ena li sebelisa libuka, likoranta le limakasine. Hang-hang ka mor’a moo, li ile tsa qala ho etsisa Bakreste ba mehleng ea baapostola ka hore li keteke Sehopotso hanngoe ka selemo.

7. Lintho tseo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa ithuta tsona li re tsoela molemo joang?

7 Lintho tseo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa ithuta tsona lilemo tse ngata tse fetileng li re tsoela molemo le mehleng ena. Li re tsoela molemo joang? Jehova o ile a re thusa ho utloisisa ’nete ka sehlabelo sa Jesu le hore na se tla tsoela batho bohle molemo joang. (1 Joh. 2:1, 2) Re boetse re ithutile kamoo Bibele e hlalosang tšepo eo batho ba thabisang Molimo ba nang le eona. Ba bangata ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng ’me ba bang ba tla phela ka ho sa feleng leholimong ba sa shoe. Re ba metsoalle ea Jehova ha re hlokomela hore na o re rata hakae le hore na sehlabelo sa Jesu se re tsoela molemo joang. (1 Pet. 3:18; 1 Joh. 4:9) Re etsisa Bakreste ba nakong e fetileng ka hore re meme batho ba bang hore ba tl’o ikhopotsa le rona lefu la Jesu ka tsela eo a ileng a ruta balateli ba hae hore ba etse ka eona.

RE MEMELA BATHO BA BANG SEHOPOTSONG

U ka etsa’ng hore u itokisetse ho ba teng mosebetsing oa ho memela batho Sehopotsong? (Sheba serapa sa 8-10) e

8. Bahlanka ba Jehova ba ile ba etsa’ng ho memela batho ba bang Sehopotsong? (Sheba setšoantšo.)

8 Haesale bahlanka ba Jehova ba ntse ba memela batho Sehopotsong ka lilemo tse ngata. Ka 1881, bara le barali ba bo rona ba Amerika ba ile ba memeloa ho ea keteka ketsahalo eo ea bohlokoa ntlong ea mor’abo rona e mong e Allegheny, Pennsylvania. Hamorao, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea itšoarela Sehopotso. Ka March 1940, litho tsa phutheho li ile tsa bolelloa hore li ka mema motho e mong le e mong ea thabelang ho ea Sehopotsong. Ka 1960, Bethele e ile ea romella liphutheho limemo tse hatisitsoeng ka lekhetlo la pele. Ho tloha ka nako eo, ho ile ha fanoa ka limemo tse ngata tsa Sehopotso. Ke hobane’ng ha re sebetsa ka thata hakana ho mema batho ba bang?

9, 10. Ha re memela batho Sehopotsong, seo se tsoela bo-mang molemo? (Johanne 3:16)

9 Lebaka leo ka lona re memelang batho hore ba tle Sehopotsong ke hore ba qalang ho tla ka lekhetlo la pele ba tsebe lintho tseo Jehova le Jesu ba re etselitseng tsona. (Bala Johanne 3:16.) Re na le tšepo ea hore seo ba se bonang le ho se utloa Sehopotsong se tla etsa hore ba batle ho ithuta lintho tse ling ’me e be bahlanka ba Jehova. Ho na le batho ba bang bao Sehopotso se ba tsoelang molemo.

10 Re boetse re mema batho ba seng ba tlohetse ho sebeletsa Jehova. Re etsa joalo ho ba hopotsa hore Molimo o ntse a ba rata. Ba bangata ba khona ho tla ’me re thabela ho ba bona. Ha ba tlile Sehopotsong, sena se ba hopotsa kamoo ba neng ba thabela ho sebeletsa Jehova kateng nakong e fetileng. Nahana ka pale ea Monica. c E ile ea e-ba mohoeletsi hape nakong ea seoa sa COVID-19. Ka mor’a hore a ee Sehopotsong ka 2021, o ile a re: “Sehopotso sena e ne e le sa bohlokoa haholo ho ’na. Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 20, ke ile ka khona ho bolella batho molaetsa oa Bibele le ho ba memela Sehopotsong. Ke ile ka leka kahohle hore ke meme batho hobane ke ananela seo Jehova le Jesu ba nketselitseng sona.” (Pes. 103:1-4) Ho sa tsotellehe hore na batho ba amohela memo kapa che, re etsa sohle seo re ka se khonang ho ba memela Sehopotsong hobane rea tseba hore Jehova o ananela lintho tseo re li etsang.

11. Jehova o re hlohonolofatsa joang ha re leka kahohle ho memela batho Sehopotsong? (Hagai 2:7)

11 Jehova o hlohonolofalitse sohle seo re se entseng ho memela batho Sehopotsong. Ho sa tsotellehe lithibelo tse ileng tsa e-ba teng ka lebaka la seoa sa COVID-19, batho ba 21 367 603 ba ile ba ea Sehopotsong ka 2021. Palo ena e feta ea Lipaki Tsa Jehova tse teng lefatšeng lohle ka makhetlo a mabeli le halofo. Jehova ha a shebe feela palo ea batho ba tlileng Sehopotsong empa o ela hloko motho e mong le e mong ea tlileng. (Luka 15:7; 1 Tim. 2:3, 4) Re ka kholiseha hore ha re mema batho ke tsela eo Jehova a re thusang ka eona hore re fumane batho ba thabelang ho ithuta Bibele.—Bala Hagai 2:7.

RE THABELA HO EA SEHOPOTSONG LEHA RE E-NA LE MATHATA

Jehova oa re hlohonolofatsa ha re leka kahohle hore re tšoare Sehopotso (Sheba serapa sa 12) f

12. Ke’ng e ka etsang hore ho be thata hore re ee Sehopotsong? (Sheba setšoantšo.)

12 Jesu o ile a re matsatsing a ho qetela ho tla ba le mathata a mangata a kang ho hanyetsoa ke ba lelapa, ho hlorisoa, lintoa le tlala. (Mat. 10:36; Mar. 13:9; Luka 21:10, 11) Ka linako tse ling, maemo ao a ka etsa hore ho be thata hore re ikhopotse lefu la Jesu. Bakreste-’moho le rona ba thusitsoe ke’ng ho hlola maemo ao a thata, hona Jehova o ba thusitse joang?

13. Jehova o ile a hlohonolofatsa Artem joang ka mor’a hore a tšoare Sehopotso a le teronkong?

13 Bakreste ba teronkong. Bakreste-’moho ba koalletsoeng ka lebaka la tumelo ea bona ba leka kahohle hore ba ikhopotse lefu la Jesu. Nahana ka pale ea Artem. Nakong ea Sehopotso sa 2020, o ile a koalloa ka seleng e nyenyane e bolelele ba limithara tse ’nè le bophara ba limithara tse ’nè eo ho neng ho ka fella batho ba ka bang bahlano ho eona. Ho sa tsotellehe hore o ne a tšoeroe, o ile a khona ho fumana bohobe ba Sehopotso le veine ’me a itšoarela puo ea Sehopotso. Ba neng ba koalletsoe le eena ka seleng ba ne ba itsubela ebile ba ntse ba rohakana. O ile a etsa’ng? O ile a ba kopa hore ba mpe ba emise ho tsuba le ho rohakana hora e le ’ngoe feela. Artem o ile a makala ha batšoaruoa bao ba khaotsa ho tsuba le ho rohakana nakong ea Sehopotso. Artem o re: “Ke ile ka ba hlalosetsa ka Sehopotso.” Le hoja ba ne ba itse ha ba batle ho utloa letho ka ketsahalo eo, ka mor’a hore ba bone le ho utloa Artem a tšoara Sehopotso, ba ile ba mo botsa ka sona.

14. Ke litlhophiso life tse ileng tsa etsoa hore ho tšoaroe Sehopotso ho sa tsotellehe seoa sa COVID-19?

14 Seoa sa COVID-19. Ha seoa sena se qala, Lipaki Tsa Jehova li ne li sa khone ho tšoarela Sehopotso liholong. Taba eo ha ea ka ea ba sitisa ho tšoara Sehopotso. d Liphutheho tse ling li ile tsa tšoara Sehopotso li sebelisa marangrang. Batho ba bang ba neng ba se na Inthanete ba ile ba etsa joang? Linaheng tse ling liofisi tsa makala li ile tsa hlophisa hore lenaneo la Sehopotso le hasoe thelevisheneng le radiong. Liofisi tsa makala li ile tsa boela tsa rekota puo ea Sehopotso ka lipuo tse fetang 500 molemong oa liphutheho tse se nang Inthanete hore le tsona li ka mamela puo eo. Bara ba bo rona ba ile ba isa lipuo tse rekotiloeng liphuthehong tse neng li li hloka.

15. Ke’ng eo u ithutileng eona paleng ea Sue?

15 Ha ba lelapa ba re hanela ho sebeletsa Jehova. Batho ba bang ha ba khone ho ea Sehopotsong hobane ba malapa a habo bona ha ba batle ha ba sebeletsa Jehova. A re ke re bueng ka pale ea moithuti e mong oa Bibele e leng Sue. Ka 2021 letsatsi pele ho Sehopotso, Sue o ile a bolella motho ea ithutang Bibele le eena hore a ke ke a khona ho ea Sehopotsong hobane ba lelapa labo ba mo hanela ha a ea. Motho eo a ithutang Bibele le eena o ile a mo balla Luka 22:44. Ka mor’a moo, o ile a mo hlalosetsa hore ha re e-ba le mathata re lokela ho etsisa mohlala oa Jesu ka hore re rapele Jehova le ho mo tšepa. Letsatsi le latelang, Sue o ile a fumana bohobe le veine ’me a shebella lenaneo la Temana ea Letsatsi le khethehileng ho jw.org. Mantsiboeeng ao, Sue o ile a ea kamoreng ea hae eaba o mamela lenaneo la Sehopotso ka founo. Ka mor’a Sehopotso, Sue o ile a ngolla motho ea ithutang Bibele le eena a re: “U nkhothalitse haholo maobane. Ke lekile kahohle hore ke be teng Sehopotsong ’me Jehova o ile a nthusa. Ke thabile hona hoo ke sa tsebeng le hore na nka u leboha ke re’ng.” Na u nahana hore le uena Jehova a ka u thusa ha u le boemong bo tšoanang le ba Sue?

16. Ke hobane’ng ha re kholisehile hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re e-ba teng Sehopotsong? (Baroma 8:31, 32)

16 Jehova oa ananela ha re leka kahohle hore re ikhopotse lefu la Jesu. Re kholisehile hore o tla re hlohonolofatsa haeba re bontša hore re ananela seo a re etselitseng sona. (Bala Baroma 8:31, 32.) E se eka re ka ikemisetsa ho ba teng Sehopotsong sa selemong sena le ho eketsa nako eo re e qetang re sebeletsa Jehova.

PINA EA 18 Rea U Leboha ka Mora oa Hao

a Ka Labobeli la 4 April 2023, batho ba bangata lefatšeng lohle ba tla be ba ikhopotsa lefu la Kreste. Batho ba bang ba tla be ba qala ho ea Sehopotsong. Ba bang ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova le ho ea Sehopotsong ka lilemo tse ngata le bona ba tla be ba le teng. Maemo a batho ba bang a etsa hore ho be thata hore ba ee Sehopotsong, ho ntse ho le joalo ba khona ho ba teng. Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao ke afe, u ka kholiseha hore Jehova o tla thabisoa ke hore u ba teng Sehopotsong.

b Nakong eo likereke li etsang mokete ona, li lumela hore bohobe bo fetoha ’mele oa Kreste ’me veine e fetoha mali a hae. Nako le nako ha li etsa mokete ona, li nahana hore li etsa sehlabelo ka ’mele le mali a Jesu.

c Mabitso a mang a fetotsoe.

d U ka boela oa bala lihlooho tse reng, “Sehopotso sa 2021” ho jw.org.

e LITŠOANTŠO: Haesale ho tloha ka 1960 limemo tsa Sehopotso li ntse li ntlafatsoa ’me hona joale li se li fumaneha li hatisitsoe le Inthaneteng.

f LITŠOANTŠO: Lipaki Tsa Jehova li tšoere Sehopotso nakong eo ho nang le lintoa sebakeng seo li lulang ho sona.