Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 5

“Lerato Leo Kreste a Nang le Lona Lea re Susumetsa”

“Lerato Leo Kreste a Nang le Lona Lea re Susumetsa”

‘Lerato leo Kreste a nang le lona lea re susumetsa . . . e le hore re se ke ra hlola re iphelela.’​—2 BAKOR. 5:14, 15.

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. (a) Ho nahana ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae ho ka etsa hore re ikutloe joang? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

 HA MOTHO eo re mo ratang a hlokahala, re mo hopola haholo. Qalong re ka utloa bohloko ha re nahana ka nako eo re e qetileng le eena pele a hlokahala, haholo-holo ha re hopola bohloko boo a neng a bo utloa. Ha nako e ntse e e-ea, re ka qala ho thaba ha re nahana ka ntho eo a re rutileng eona, eo a re etselitseng eona kapa tsela eo a re khothalitseng ka eona e ileng ea etsa hore re thabe.

2 Ka tsela e tšoanang, re utloa bohloko ha re bala ka bohloko boo Jesu a ileng a bo utloa le ka lefu la hae. Nakong ena ea Sehopotso, re lokela ho nahana kamoo sehlabelo sa Jesu se leng bohlokoa kateng. (1 Bakor. 11:24, 25) Leha ho le joalo, re thaba haholo ha re nahana ka lintho tsohle tseo Jesu a li buileng le tseo a li entseng ha a ne a le lefatšeng. Re boetse rea khothala ha re nahana ka lintho tseo a li etsang hona joale le tseo a tla re etsetsa tsona nakong e tlang. Ho nahanisisa ka lintho tsena le lerato leo a re ratang ka lona, ho tla re susumetsa hore re bontše ka liketso hore re ananela lintho tseo, joalokaha re tl’o ithuta sehloohong sena.

KANANELO E RE SUSUMETSA HORE RE BE BALATELI BA JESU

3. Ke mabaka afe a etsang hore re ananele topollo?

3 Ho nahanisisa ka bophelo ba Jesu le lefu la hae ho etsa hore re be le kananelo. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a ruta batho ka litlhohonolofatso tseo ’Muso oa Molimo o tl’o li tlisa. Re ananela seo Bibele e se rutang ka topollo le lintho tse ntle tse tlisoang ke eona. Re ananela topollo hobane e etsa hore re thabele ho ba metsoalle ea Jehova le Jesu. Batho bohle ba lumelang ho Jesu ba boetse ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng le ho bona baratuoa ba bona ba hlokahetseng. (Joh. 5:28, 29; Bar. 6:23) Ha ho na letho leo re le entseng hore ebe Jehova o re hlohonolofalitse ka tsela ena ebile re ke ke ra khona ho patala Molimo le Kreste ka lintho tsena tseo ba re etselitseng tsona. (Bar. 5:8, 20, 21) Empa re ka ba bontša hore rea li ananela. Re ka etsa seo joang?

Ho nahanisisa ka mohlala oa Maria Magdalena ho etsa hore u batle ho bontša kananelo joang? (Sheba serapa sa 4 le 5)

4. Maria Magdalena o ile a bontša joang hore o ananela seo Jesu a mo etselitseng sona? (Sheba setšoantšo.)

4 A re bueng ka mohlala oa mosali oa Mojuda e leng Maria Magdalena. Boemo ba hae bo ne bo le bobe haholo hobane bademona ba supileng ba ne ba mo sotla. E ka ’na eaba o ne a bona eka ha ho na motho ea ka khonang ho mo thusa. Ak’u nahane hore na o ne a thabile hakaakang ha Jesu a leleka bademona bao ho eena. Ho ananela ho ile ha mo susumeletsa hore e be molateli oa Jesu ’me o ile a sebelisa nako, matla le lintho tsa hae ho tšehetsa Jesu mosebetsing oa hae. (Luka 8:1-3) Le hoja Maria a ne a ananela seo Jesu a mo etselitseng sona, e ka ’na eaba o ne a sa tsebe hore Jesu o ne a tl’o mo etsetsa ntho e kholo ho feta moo. O ne a tl’o fana ka bophelo ba hae molemong oa batho, “e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena” a ka fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 3:16) Maria o ile a bontša hore o ananela Jesu ka hore a mo tšepahalle. Ha Jesu a ntse a utloa bohloko palong, Maria o ne a le pel’a hae, a tšelisa Jesu le ba bang. (Joh. 19:25) Ka mor’a hore Jesu a shoe, Maria le basali ba bang ba babeli ba ile ba isa lioli tse nkhang hamonate lebitleng bakeng sa lepato la Jesu. (Mar. 16:1, 2) Jehova o ile a hlohonolofatsa Maria haholo kaha o ile a tšepahalla Jesu. O ile a ba le monyetla oa ho kopana le ho bua le Jesu ka mor’a hore a tsosoe e leng monyetla oo barutuoa ba bangata ba sa kang ba e-ba le oona.​—Joh. 20:11-18.

5. Re ka bontša joang hore re ananela lintho tsohle tseo Jehova le Jesu ba re etselitseng tsona?

5 Re ka bontša hore re ananela lintho tsohle tseo Jehova le Jesu ba re etselitseng tsona ka ho sebelisa nako ea rona, matla a rona le chelete ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, re ka thusetsa ka ho haha mehaho eo re e sebelisetsang ho rapela Jehova le ho e boloka e le maemong a matle.

LERATO LEO RE RATANG JEHOVA LE JESU KA LONA LE RE SUSUMETSA HO RATA BA BANG

6. Ke hobane’ng ha re ka re topollo ke mpho eo e mong le e mong oa rona a e filoeng?

6 Ha re nahana kamoo Jehova le Jesu ba re ratang kateng, le rona re susumeletseha hore re ba rate. (1 Joh. 4:10, 19) Re ba rata le ho feta ha re hlokomela hore Jesu o shoetse e mong le e mong oa rona. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela sena ’me a bontša kananelo ha a ne a ngolla Bagalata a re: ‘Mora oa Molimo o ile a nthata a ba a fana ka bophelo ba hae molemong oa ka.’ (Bagal. 2:20) Kaha Jesu o ile a re shoela, Jehova o khona ho re hulela ho eena hore re be metsoalle ea hae. (Joh. 6:44) Hoa thabisa hore ebe Jehova o ile a bona lintho tse ntle ho uena ’me a patala theko e phahameng e le hore u ka ba e mong oa metsoalle ea hae. E tlameha ebe taba ena e etsa hore u rate Jehova le Jesu le ho feta. Re lokela ho ipotsa, ‘Lerato leo ke ratang Jehova le Jesu ka lona le lokela ho ntšusumeletsa ho etsa’ng?’

Lerato leo re ratang Molimo le Kreste ka lona le re susumeletsa hore re bue le batho bohle ka molaetsa oa ’Muso (Sheba serapa sa 7)

7. Kaofela ha rona re ka bontša joang hore re rata Jehova le Jesu joalokaha setšoantšo se bontša? (2 Bakorinthe 5:14, 15; 6:1, 2)

7 Lerato leo re ratang Molimo le Kreste ka lona le etsa hore re rate ba bang. (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15; 6:1, 2.) Tsela e ’ngoe eo re bontšang ka eona hore rea ba rata ke ka ho ruta molaetsa oa Bibele ka cheseho. Re bua le motho e mong le e mong eo re kopanang le eena. Ha re khetholle batho ka lebaka la morabe, setso, maemo a bona a lichelete le hore na ba rutehile kapa che. Ha re etsa joalo, re etsa seo Jehova a se batlang hobane thato ea hae ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.”​—1 Tim. 2:4.

8. Re ka bontša joang hore re rata Bakreste-’moho le rona?

8 Re boetse re bontša hore re rata Molimo le Kreste ka hore re rate Bakreste-’moho le rona. (1 Joh. 4:21) Re bontša hore rea ba khathalla hape rea ba thusa ha ba e-na le mathata. Rea ba tšelisa ha ba hlokahaletsoe, rea ba etela ha ba kula hape rea ba khothatsa ha ba nyahame. (2 Bakor. 1:3-7; 1 Bathes. 5:11, 14) Re lula re ba rapella hobane rea tseba hore “thapeli ea motho ea lokileng e matla haholo.”​—Jak. 5:16.

9. Re ka bontša joang hape hore re rata Bakreste-’moho le rona?

9 Re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona ka hore re sebetse ka thata hore re lule re e-na le khotso le bona. Re leka ho etsisa tsela eo Jehova a tšoarelang batho ba bang ka eona. Haeba Jehova o ne a ikemiselitse ho tela Mora oa hae e le hore a shoele libe tsa rona, na le rona re ka ikemisetsa ho tšoarela Bakreste-’moho le rona ha ba re khopisa? Ha re batle ho tšoana le lekhoba le khopo leo Jesu a buileng ka lona ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae. Le ka mor’a hore mong’a lona a hlakole sekoloto sa lona se seholo, lekhoba leo lona ha lea ka la tšoarela lekhoba-’moho le lona le neng le le kolota chelete e nyenyane. (Mat. 18:23-35) Haeba ho bile le ho se utloisisane pakeng tsa hao le Mokreste-’moho le uena, na u ka ea ho eena e le hore le bope khotso pele u ea Sehopotsong? (Mat. 5:23, 24) Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u rata Jehova le Jesu haholo.

10, 11. Baholo ba ka bontša joang hore ba rata Jehova le Jesu? (1 Petrose 5:1, 2)

10 Baholo ba ka bontša joang hore ba rata Jehova le Jesu? Tsela ea bohlokoa ke ka ho hlokomela linku tsa Jesu. (Bala 1 Petrose 5:1, 2.) Jesu o ile a hlakisetsa moapostola Petrose taba ena hantle. Ka mor’a hore Petrose a latole ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu, o ile a batla ho bontša hore o mo rata haholo. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a botsa Petrose a re: “Simone mora oa Johanne, na oa nthata?” Re ka kholiseha hore Petrose o ne a ka etsa eng kapa eng ho bontša hore o rata Mong’a hae. Jesu o ile a re ho Petrose: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.” (Joh. 21:15-17) Petrose o ile a hlokomela linku tsa Morena bophelo ba hae bohle ho bontša hore oa mo rata.

11 Baholo, libeke pele ho Sehopotso le ka mor’a sona, le ka bontša joang hore mantsoe ao Jesu a a buileng ho Petrose ke a bohlokoa ho lona? Le ka bontša hore le rata Jehova le Jesu ka hore le lule le etsa maeto a bolisa le ka ho thusa batho ba seng ba tlohetse ho sebeletsa Jehova hore ba khutlele ho eena. (Ezek. 34:11, 12) Le ka boela la khothatsa batho ba ithutang Bibele le batho ba tlileng Sehopotsong. Re batla hore ba ikutloe ba amohetsoe hobane re na le tšepo ea hore le bona e tla ba balateli ba Jesu.

LERATO LEO RE RATANG KRESTE KA LONA LE RE SUSUMETSA HORE RE BE SEBETE

12. Ke hobane’ng ha ho nahana ka mantsoe ao Jesu a a buileng bosiung ba pele a shoa ho etsa hore re be sebete? (Johanne 16:32, 33)

12 Bosiung ba pele Jesu a shoa, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Lefatšeng mona le tla hlaheloa ke mathata empa le be sebete, ke hlotse lefatše.” (Bala Johanne 16:32, 33.) Ke’ng e thusitseng Jesu hore a be sebete ha a kopana le lira tsa hae le hore a lule a tšepahala ho fihlela a shoa? O ne a tšepile Jehova. O ile a kopa hore Jehova a sireletse balateli ba hae hobane o ne a tseba hore le bona ba tla hlaheloa ke liteko tse tšoanang. (Joh. 17:11) Ke hobane’ng ha taba ee e etsa hore re be sebete? Ke hobane Jehova o matla ho feta lira tsohle tsa rona. (1 Joh. 4:4) Jehova o bona lintho tsohle. Re kholisehile hore haeba re tšepa Jehova, o tla re thusa hore re se ke ra tšoha le hore re be sebete.

13. Josefa oa Arimathea o bontšitse joang hore o sebete?

13 A re bueng ka mohlala oa Josefa oa Arimathea. Bajuda ba ne ba mo hlompha haholo. E ne e le setho sa lekhotla le phahameng la Bajuda e leng Sanhedrine. Empa ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, Josefa o ile a bontša sebete. Johanne o ile a re Josefa e ne e le “morutuoa oa Jesu ka sekhukhu hobane o ne a tšaba Bajuda.” (Joh. 19:38) Josefa o ne a rata molaetsa oa ’Muso empa o ile a patela ba bang hore o lumela ho Jesu. Mohlomong o ne a tšaba hore batho ha ba sa tla hlola ba mo hlompha ha ba ka utloa hore ke morutuoa oa Jesu. Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore ka mor’a hore Jesu a shoe, qetellong Josefa o ile “a ba sebete a ea ka pel’a Pilato ’me a kopa setopo sa Jesu.” (Mar. 15:42, 43) Ho tloha ka nako eo, Josefa ha aa ka a pata hore ke morutuoa oa Jesu.

14. U lokela ho etsa’ng haeba u na le bothata ba ho tšaba batho?

14 Na le uena u tšaba batho joaloka Josefa? Na ka linako tse ling ha u le sekolong kapa mosebetsing u soabela ho bolella batho ba bang hore u Paki ea Jehova? Na u tšaba ho ba mohoeletsi kapa ho kolobetsoa hobane u tšoenyeha ka hore na ba bang ba tla nahana’ng ka uena? U se ke oa lumella maikutlo ao hore a u thibele ho etsa ntho e nepahetseng. Rapela Jehova ka matla, mo kope hore a u fe sebete sa ho etsa thato ea hae. Ha u bona Jehova a araba lithapelo tsa hao, u tla ba sebete le ho feta.—Esa. 41:10, 13.

THABO E RE SUSUMETSA HORE RE SEBELETSE JEHOVA RE SA KHAOTSE

15. Ka mor’a hore Jesu a hlahe ho barutuoa ba hae, tsela eo ba neng ba thabile ka eona e ile ea ba susumeletsa hore ba etse’ng? (Luka 24:52, 53)

15 Ha Jesu a ne a shoa, barutuoa ba hae ba ne ba utloile bohloko haholo. Nahana feela hore na u ne u tla ikutloa joang haeba e ne e le uena ea boemong boo. Ba ne ba utloile bohloko haholo hobane ba ne ba lahlehetsoe ke motsoalle oa bona eo ba mo ratang ebile ba feletsoe le ke tšepo. (Luka 24:17-21) Leha ho le joalo, ha Jesu a hlaha ho bona o ile a ba thusa hore ba utloisise hore na o phethahalitse boprofeta ba Bibele joang. O ile a boela a ba fa mosebetsi oa bohlokoa oo ba neng ba lokela ho o etsa. (Luka 24:26, 27, 45-48) Ka mor’a matsatsi a 40 ha Jesu a nyolohela leholimong, barutuoa ba hae ba ne ba se ba sa utloa bohloko empa ba ne ba thabile. Ba ne ba thabile haholo hobane ba ne ba tseba hore Jesu oa phela ebile o ne a tl’o ba thusa hore ba etse mosebetsi oo a ba fileng oona. Ba ne ba thabile hoo ba neng ba rorisa Jehova ba sa khaotse.​—Bala Luka 24:52, 53; Lik. 5:42.

16. Re ka etsisa barutuoa ba Jesu joang?

16 Re ka etsisa barutuoa ba Jesu joang? Re ka thabela ho sebeletsa Jehova ka linako tsohle eseng feela nakong ea Sehopotso. Sena se bolela hore ’Muso oa Molimo e lokela ho ba ntho e tlang pele bophelong ba rona. Ka mohlala, batho ba bangata ba fokolitse nako eo ba sebetsang ka eona e le hore ba khone ho buisana le batho ka Bibele, ho ea libokeng le ho etsa borapeli ba lelapa kamehla. Ba bang ba entse qeto ea hore ba se ke ba ba le lintho tseo batho ba bang ba li nkang e le tsa bohlokoa e le hore ba ka khona ho etsa mesebetsi e meng ka phuthehong kapa ba ee moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi. Le hoja re hloka mamello e le hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova, o tšepisa hore o tla re hlohonolofatsa haholo ha re etsa hore ’Muso oa hae e be eona ntho e tlang pele bophelong ba rona.​—Liprov. 10:22; Mat. 6:32, 33.

Nakong ea Sehopotso, iphe nako ea ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova le Jesu ba u etselitseng tsona (Sheba serapa sa 17)

17. U ikemiselitse ho etsa’ng nakong ee ea Sehopotso? (Sheba setšoantšo.)

17 Re tla thabela ho ea Sehopotsong ka Labobeli la 4 April. Leha ho le joalo, u se ke oa emela hore letsatsi leo le fihle ebe ke hona u nahanang ka bophelo ba Jesu le ka lefu la hae le kamoo eena le Ntate oa hae ba bontšitseng hore ba re rata kateng. Lula u nahana ka lintho tsena libeke pele ho Sehopotso le ka mor’a sona. Ka mohlala, iphe nako ea ho bala le ho nahanisisa ka liketsahalo tse chateng e reng “Beke ea ho Qetela Jesu a le Lefatšeng,” ho lintlha tsa B12 Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ha u ntse u bala chate ena, sheba litemana tsa Bibele tse tla etsa hore u tsoele pele ho bontša kananelo, lerato, sebete le thabo. Ka mor’a moo, u leke ho nahana ka litsela tseo u ka bontšang kananelo ka tsona. U ka kholiseha hore Jesu o tla thabisoa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang hore u ikhopotse lefu la hae nakong ena ea Sehopotso.​—Tšen. 2:19.

PINA EA 17 “Kea Batla”

a Libeke pele ho Sehopotso le ka mor’a sona, re khothaletsoa ho nahanisisa ka bophelo ba Jesu, lefu la hae le ka lerato leo eena le Ntate oa hae ba re bontšitseng lona. Ho nahanisisa ka lintho tsena ho tla etsa hore re bontše hore re ananela seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona. Sehloohong sena re tla bua ka litsela tseo re ka bontšang hore re ananela hore ebe Jesu o re lopollotse le kamoo re ka bontšang kateng hore re rata Jehova le Jesu. Re tla boela re bone hore na re ka bontša joang hore re sebete, re rata Bakreste-’moho le rona le hore na re ka thaba joang ha re ntse re sebeletsa Jehova.