Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 3

PINA EA 35 “Nepisisa Lintho Tsa Bohlokoa Haholo”

Etsa Liqeto Tse Thabisang Jehova

Etsa Liqeto Tse Thabisang Jehova

“Mohato oa pele oa ho fumana bohlale ke ho hlompha Jehova. Ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ho bolela kutloisiso.”LIPROV. 9:10.

NTLHA-KHOLO

Kamoo tsebo, kutloisiso le temoho li ka u thusang kateng ho etsa liqeto tse nepahetseng.

1. Ke ntho efe e boima eo re lokelang ho e etsa?

 RE LOKELA ho etsa liqeto letsatsi le leng le le leng. Ho batla ho le bonolo ho etsa liqeto tse ling, joaloka hore na u tla ja’ng hoseng kapa hore na u tla robala ka nako mang. Empa ho na le liqeto tse ling tseo ho batlang ho le thata ho li etsa. Li ka ama taba ea ho phela hantle ’meleng, thabo ea rona le ba malapa a rona kapa tsela eo re sebeletsang Jehova ka eona. Re batla hore liqeto tsa rona li tsoele rona le ba malapa a rona molemo. Ka holim’a tsohle, re na le tšepo ea hore liqeto tsa rona li tla thabisa Jehova.—Bar. 12:​1, 2.

2. Ke mehato efe e ka u thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng?

2 Hangata u ka khona ho etsa liqeto tse nepahetseng haeba (1) u batla lintlha ka botlalo, (2) u nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka taba eo ebile (3) u nahana ka hloko ka hore na u tla khetha ho etsa’ng. Sehlooho sena se tla re thusa ho hlahloba mehato ena haholoanyane. Se tla boela se re thuse ho bona hore na re ka ithuta ho sebelisa likelello tsa rona joang.—Liprov. 2:11.

BATLA LINTLHA KA BOTLALO

3. Fana ka mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha u lokela ho batla lintlha ka botlalo pele u etsa qeto.

3 Ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa e le hore u etse qeto e nepahetseng ke ho fumana lintlha ka botlalo. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho etsa joalo? Nahana ka mokuli ea eang ngakeng hobane a kula haholo. Na ngaka e ne e tla etsa qeto ea hore na e tla fa mokuli moriana ofe ntle le hore e mo hlahlobe pele kapa e mo botse lipotso? Le letho. Le uena u tla etsa liqeto tse nepahetseng haeba u qala pele ka ho batla lintlha ka botlalo tse amanang le bothata ba hao. U ka etsa seo joang?

4. Ho ea ka Liproverbia 18:​13, u ka etsa’ng e le hore u etse bonnete ba hore u tseba lintlha ka botlalo? (Sheba setšoantšo.)

4 Hangata u ka fumana lintlha ka botlalo ka hore u botse lipotso. Ka mohlala, a re re u memetsoe ho ea ’mokeng. Na u lokela ho ea? Haeba u sa tloaelana le motho ea u memang kapa u sa tsebe hore na ho tl’o etsoang ’mokeng oo, u lokela ho mo botsa lipotso tse kang: “’Moka oo o tl’o ba hokae, hona neng? Ho tl’o ba le batho ba bakae? Ke mang ea filoeng boikarabelo ba ho beha lintho leihlo? Ho tla be ho e-na le bo-mang? Ho tl’o etsoa’ng ’mokeng oo? Na ho tl’o nooa joala?” Likarabo tsa lipotso tsena li tla u thusa hore u etse qeto e nepahetseng.—Bala Liproverbia 18:13.

Botsa e le hore u fumane lintlha ka botlalo (Sheba serapa sa 4) a


5. U lokela ho etsa’ng ka mor’a ho fumana lintlha ka botlalo?

5 Ka mor’a ho fumana lintlha ka botlalo, nahanisisa ka hloko ka boemo ka kakaretso. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba u fumane hore ho tla be ho e-na le batho ba sa mameleng melao ea Jehova ’mokeng oo kapa ho tla be ho e-na le joala empa ho se na motho ea ikarabellang ka ho etsa bonnete ba hore batho ha ba noe joala ka tsela e feteletseng? Na u bona eka ’moka oo o ka qetella e le phathi e sa laoleheng? (1 Pet. 4:3) Ka lehlakoreng le leng, u lokela ho etsa’ng haeba ’moka oo o tla etsa hore u fetoe ke liboka kapa ke tšimo? Ha u nahana ka lintlha ka botlalo tse amang boemo bona, ho tla ba bonolo hore u etse qeto e nepahetseng. Empa ho na le ntho e ’ngoe hape eo u lokelang ho e etsa. U se u tseba hore na u ikutloa joang ka boemo bona empa ipotse: ‘Jehova eena o ikutloa joang ka bona?’—Liprov. 2:6.

NAHANA KA HORE NA JEHOVA O IKUTLOA JOANG

6. Ho ea ka Jakobo 1:​5, ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Jehova hore a re thuse?

6 Kopa Jehova hore a u thuse ho utloisisa hore na eena o ikutloa joang ka taba eo. Jehova o re tšepisa hore o tla re fa bohlale ba ho lemoha hore na qeto e itseng e tla mo thabisa kapa che. O fana ka bohlale bo joalo “ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.”—Bala Jakobo 1:5.

7. U ka etsa’ng e le hore u tsebe hore na Jehova o ikutloa joang? Etsa mohlala.

7 Ha u se u rapeletse tataiso ea Jehova, leka kahohle ho bona tsela eo a tla u araba ka eona. Ka mohlala, haeba ho na le moo u eang ebe oa lahleha, u ka ’na oa kopa motho ea lulang sebakeng seo hore a u thuse. Empa na u ne u tla tsamaea pele a u araba? Che. U ne u tla mamela ka hloko hore na o re u tsamaee ka tsela efe. Ka tsela e tšoanang, ka mor’a ho kopa bohlale ho Jehova, leka ho lemoha karabo ea hae ka hore u fumane hore na ke melao le melao-motheo efe e amang boemo ba hao. Ka mohlala, ha u lokela ho etsa qeto ea hore na u tla ea ’mokeng oo re buileng ka oona pejana kapa che, u ka ’na oa lokela ho nahana ka hore na Bibele e re’ng ka liphathi tse sa laoleheng, ho tloaelana le batho ba fosahetseng le bohlokoa ba ho etsa hore ’Muso oa Molimo ebe eona ntho e tlang pele bophelong ba hao.—Mat. 6:33; Bar. 13:13; 1 Bakor. 15:33.

8. U ka etsa’ng ha u hloka thuso ea ho fumana lintlha tseo u li hlokang? (Sheba setšoantšo.)

8 Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ’na oa hloka thuso ea ho fumana lintlha tseo u li hlokang. U ka ’na oa fumana litlhahiso ho mora kapa morali oa bo rona ea nang le boiphihlelo. Empa u ntse u ka rua molemo ha u iketsetsa lipatlisiso ka bouena. Ho na le lintho tse ngata ka har’a lithulusi tsa rona tsa ho ithuta, tse kang Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova le Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste. Hopola hore sepheo ke ho etsa liqeto tse tla thabisa Jehova.

Nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang (Sheba serapa sa 8) b


9. Re ka kholiseha joang hore qeto eo re e etsang e tla thabisa Jehova? (Baefese 5:17)

9 Re ka kholiseha joang hore qeto eo re e etsang e tla thabisa Jehova? Ntho ea pele eo re lokelang ho e etsa ke ho mo tseba haholoanyane. Bibele e re: “Ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ho bolela kutloisiso.” (Liprov. 9:10) E le hore re be le kutloisiso eo, re lokela ho tseba makhabane a Jehova, morero oa hae le hore na o rata eng kapa o hloile eng. Ipotse, ‘ho ea kamoo ke tsebang Jehova kateng, a ka thabisoa ke ha nka etsa qeto efe?’—Bala Baefese 5:17.

10. Ke hobane’ng ha melao-motheo ea Bibele e le bohlokoa haholo ho feta tsela eo lelapa le tloaetseng ho etsa lintho ka eona kapa meetlo ea sebakeng seo u lulang ho sona?

10 Ka linako tse ling, re lokela ho soetsa batho ba haufi le rona e le hore re thabise Jehova. Ka mohlala, batsoali ba ka ’na ba phehella morali oa bona hore a nyaloe ke mor’abo rona ea emeng hantle licheleteng kapa ea ka patalang mahali a mangata le hoja mor’abo rona eo e se motho oa moea. Batsoali bao ba ka ’na ba etsa joalo ka sepheo se setle. Ke ’nete hore ba tla be ba batla hore ngoana oa bona a phele hamonate. Empa morali eo o lokela ho ipotsa hore na monna eo o tla mo thusa hore a holise setsoalle sa hae le Jehova kapa che, le hore na Jehova o ikutloa joang ka taba eo. Re fumana karabo ho Matheu 6:33. Lengolong leo, Jesu o ile a phehella Bakreste hore ba etse hore ’Muso oa Molimo e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. Le hoja re hlompha batsoali ba rona le batho ba bang, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re thabise Jehova.

NAHANISISA KA HORE NA U BATLA HO KHETHA’NG

11. Ho ea ka Bafilipi 1:​9, 10, ke eng e tla u thusa ho nahanisisa ka hore na u ka khetha’ng?

11 Ka mor’a hore u hlahlobisise melao-motheo e amang qeto ea hao, u lokela ho nahanisisa ka hloko ka hore na u batla ho khetha ho etsa’ng. (Bala Bafilipi 1:​9, 10.) Ho ba le temoho ho tla u thusa hore u bone hore na qeto ka ’ngoe eo u batlang ho e etsa e tla ba le liphello life. Ka linako tse ling ho ka ba bonolo ho etsa qeto. Empa ha se liqeto tsohle tse bonolo. Temoho e tla u thusa hore u etse liqeto tse nepahetseng le ha boemo bo le thata.

12, 13. Temoho e tla u thusa ho etsa qeto e nepahetseng joang ha u khetha mosebetsi?

12 Nahana ka boemo bona. U ntse u batla mosebetsi e le hore u hlokomele lelapa la hao ’me ho na le mesebetsi e ’meli. U nahana ka lintlha tse eketsehileng tse kang hore na ke mosebetsi oa mofuta ofe, u tl’o sebetsa nako e kae, ho tl’o u nka nako e kae hore u fihle mosebetsing le lintlha tse ling. Mesebetsi ena ka bobeli ha e hanane le melao-motheo ea Bibele. Mohlomong u batla mosebetsi o mong ho feta o mong hobane e le mosebetsi oo u o ratang kapa o patalang haholo. Leha ho le joalo, ho na le lintlha tse ling hape tseo u lokelang ho nahana ka tsona pele u nka qeto.

13 Ka mohlala, na o mong oa mesebetsi eo o tla u sitisa ho ea libokeng? Na o mong oa mesebetsi eo o tla u sitisa hore u hlokomele lelapa la hao maikutlong le moeeng? Ho ipotsa lipotso tsena ho tla u thusa hore u lemohe “lintho tsa bohlokoa haholo,” e leng borapeli ba hao le litlhoko tsa lelapa la hao, ho e-na le ho batla ho etsa chelete e ngata. Joale u tla khona ho etsa qeto eo Jehova a tla e hlohonolofatsa.

14. Ho ba le temoho le ho rata batho ba bang ho tla re thusa joang hore re qobe ho ba khopisa?

14 Ho ba le temoho ho tla boela ho re thuse ho nahana hore na qeto ea rona e tla ama ba bang joang, e le hore re qobe ho “khopisa ba bang.” (Bafil. 1:10) Taba ena ke ea bohlokoa ha motho a etsa liqeto tse mo amang mabapi le hore na o tla apara’ng le hore na o tla itlhopha joang. Ka mohlala, re ka ’na ra rata ho apara liaparo tse itseng kapa ho itlhopha ka tsela e itseng. Empa ho thoe’ng haeba ho etsa joalo ho khopisa Bakreste-’moho le rona kapa batho bao eseng Bakreste? Ho ba le temoho ho tla re thusa hore re hlomphe maikutlo a bona. Lerato le tla re susumeletsa hore re etse lintho tse tla tsoela “ba bang” molemo le hore re itlhomphe. (1 Bakor. 10:​23, 24, 32; 1 Tim. 2:​9, 10) Kahoo, re tla etsa liqeto tse bontšang hore re rata batho ba bang ebile rea ba hlompha.

15. U lokela ho etsa’ng pele u etsa qeto ea bohlokoa haholo?

15 Haeba u lokela ho etsa qeto ea bohlokoa haholo, nahana ka hore na u lokela ho etsa’ng e le hore e atlehe. Jesu o re rutile hore re lokela ho “bala litšenyehelo.” (Luka 14:28) Kahoo, nahana ka hore na ho tla u hloka nako e kae, litšenyehelo tse kae le matla a makae hore qeto ea hao e atlehe. Maemong a mang, u ka ’na oa buisana le ba lelapa ka hore na ba ka kenya letsoho joang hore qeto eo e atlehe. Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa? Ho ka ’na ha etsa hore u hlokomele hore u hloka ho etsa liphetoho tse itseng kapa hore u etse qeto e fapaneng. Hape haeba u kenyeletsa ba lelapa ebile u mamela maikutlo a bona, ba tla ikemisetsa ho u thusa ho etsa hore qeto eo e atlehe.—Liprov. 15:22.

ETSA QETO E TLA ATLEHA

16. Ke mehato efe e ka u thusang hore u etse qeto e tla atleha? (Sheba lebokose le reng “ U ka Etsa Liqeto Tse Nepahetseng Joang?”)

16 Haeba u se u latetse mehato eo ho builoeng ka eona sehloohong sena, u tla khona ho etsa qeto e nepahetseng. U se u fumane lintlha ka botlalo ’me u hlahlobile melao-motheo e tla u thusa ho etsa qeto e thabisang Jehova. Joale u ka kopa Jehova hore a u thuse hore qeto ea hao e atlehe.

17. Ke eng ntho e ka sehloohong e tla u thusa hore u etse liqeto tse nepahetseng?

17 Le haeba nakong e fetileng u ile oa etsa liqeto tse ngata tse ileng tsa atleha, hopola hore ntho e ka sehloohong e tla u thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng ke ho itšetleha ka bohlale bo tsoang ho Jehova, eseng ka bohlale ba hao kapa boiphihlelo ba hao. Ke eena feela ea ka u fang tsebo ea ’nete, kutloisiso le temoho, e leng tsona lintho tsa bohlokoa tse tla etsa hore u be bohlale. (Liprov. 2:​1-5) Jehova a ka u thusa ho etsa liqeto tse mo thabisang.—Pes. 23:​2, 3.

PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova

a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Bara le barali ba bo rona ba bacha ba buisana ka memo ea ho ea phathing eo ba e fumaneng lifonong tsa bona.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: E mong oa bara ba bo rona o etsa lipatlisiso pele a etsa qeto ea ho ea phathing.