Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA

Ho Toroea ho Tla u Thusa ho Hopola

Ho Toroea ho Tla u Thusa ho Hopola

Mohlomong le uena joaloka batho ba bangata u thatafalloa ke ho hopola lintho tseo u ithutileng tsona. Empa na u kile oa hlokomela kamoo lipapiso tsa Jesu li hopolehang habonolo kateng? Re khona ho iketsetsa setšoantšo sa tsona ka hloohong ’me ho etsa joalo ho re thusa hore re lule re hopola lintho tseo Jesu a neng a li ruta. Ka tsela e tšoanang, u ka hopola lintho tse ngata tseo u ithutang tsona ka hore u iketsetse litšoantšo tsa ntho eo u ntseng u e bala. U ka etsa seo joang? Ka hore u toroee litšoantšo ha u ntse u ithuta.

Hangata batho ba toroeang litšoantšo ha ba ntse ba ithuta, ba hopola lintho tseo ba ntseng ba ithuta tsona habonolo. Ho etsa joalo ho ba thusa hore ba se ke ba hopola mantsoe feela empa ba hopole le lintlha tsa bohlokoa tseo ba ithutileng tsona ha ba ntse ba bala. Ha ba toroele bokhabane empa ba toroea litšoantšo tse bonolo feela tse ba thusang ho hopola. Lipatlisiso li bontša hore ho toroea litšoantšo ho ka thusa haholo-holo batho ba holileng hore ba hopole lintho tseo ba ithutileng tsona.

Nakong e tlang ha u ithuta u ka ’na oa leka ho toroea tse ling tsa litšoantšo tsa ntho eo u ntseng u ithuta eona. U ka ’na oa makatsoa ke ho bona kamoo u tla hopola lintho tse ngata kateng.