Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 2

PINA EA 132 Joale re Nama e le ’Ngoe

Monna, Hlompha Mosali oa Hao

Monna, Hlompha Mosali oa Hao

“Lona banna, . . . le ba [abele] tlhompho.”1 PET. 3:​7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.

NTLHA-KHOLO

Kamoo monna a ka hlomphang mosali oa hae kateng ka seo a se buang le seo a se etsang.

1. Ke hobane’ng ha Jehova a fane ka mpho ea lenyalo?

 JEHOVA ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore le rona re thabe. (1 Tim. 1:11) O re file limpho tse ngata tse re thusang ho thabela bophelo. (Jak. 1:17) E ’ngoe ea tsona ke lenyalo. Ha monna le mosali ba nyalana, ba ikana hore ba tla ratana, ba hlomphane, ba be ba hlokomelane. Ha monna le mosali ba tiisa maqhama a lerato lipakeng tsa bona, ba tla thaba haholo.—Liprov. 5:18.

2. Banna ba bangata ba tšoara basali ba bona joang mehleng ee?

2 Ka masoabi, mehleng ena banyalani ba bangata ha ba sa ratana le ho hlomphana joalokaha ba ne ba tšepisane ka letsatsi la bona la lenyalo. Seo se etsa hore ba se ke ba thaba. Tlaleho ea morao-rao ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e bontša hore banna ba bangata ba hlekefetsa basali ba bona ka ho ba otla, ho ba buela mantsoe a bohloko kapa ho ba tšoara hampe ka litsela tse ling tse ba utloisang bohloko maikutlong. Banna bana ba ka etsa eka ba tšoara basali ba bona ka tlhompho ha ba le bathong, empa ha ba le hae ba ba tšoara hampe. Banna ba bangata ba shebella pornography ’me sena le sona se etsa hore basali ba bona ba ikutloe ba sa ratoe ebile ba sa thaba.

3. Ke hobane’ng ha banna ba bang ba hlekefetsa basali ba bona?

3 Ke hobane’ng ha banna ba bang ba hlekefetsa basali ba bona? Ho ka etsahala hore ebe ba bone boitšoaro boo ho bo-ntate ba bona, kahoo ba ka ’na ba nahana hore bo nepahetse. Banna ba bang ba hlekefetsa basali ba bona hobane feela e le tloaelo sebakeng seo ba leng ho sona. Ba ba hlekefetsa hobane feela ba batla ho bontša hore ba na le matla a ho ba laola. Ba bang ha baa ka ba rutoa ho laola maikutlo le khalefo ea bona. Ba bang bona ba tloaetse ho shebella pornography ’me seo se etsa hore ba be le pono e fosahetseng ka basali le thobalano. Ho ekelletsa moo, litlaleho li bontša hore nakong ea seoa sa COVID-19, banna ba bangata ba ile ba qala ho hlekefetsa basali ba bona. Empa ha ho na lebaka leha e le lefe leo monna a lokelang ho hlekefetsa mosali oa hae ka lona.

4. Banna ba Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba etsa’ng, hona hobane’ng?

4 Banna ba Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba e-ba le pono e fosahetseng ka basali joalokaha lefatše lena le e-na le eona. a Hobane’ng? Lebaka ke hobane tsela eo motho a nahanang ka eona e susumetsa tsela eo a etsang lintho ka eona. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba tlotsitsoeng ba Roma hore ba “khaotse ho etsisa batho ba lefatše lena.” (Bar. 12:​1, 2) Ha a ne a ba ngolla, ba ne ba se ba e-na le lilemo tse ’maloa ba le ka phuthehong, empa mantsoe a Pauluse a bontša hore ba bang ba bona ba ne ba ntse ba susumetsoa ke litloaelo le tsela eo lefatše le nahanang ka eona. Ke kahoo a ileng a ba khothaletsa hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba itšoarang ka eona. Khothaletso eo e ntse e sebetsa le ho banna ba Bakreste mehleng ena. Ka masoabi, ba bang ba bona ba susumelitsoe ke tsela eo lefatše le nahanang ka eona, ba ba ba qetella ba hlekefelitse basali ba bona. b Jehova o lebeletse hore monna a tšoare mosali oa hae joang? Re fumana karabo lengolong la rona la sehlooho.

5. Ho ea ka 1 Petrose 3:​7, monna o lokela ho tšoara mosali oa hae joang?

5 Bala 1 Petrose 3:7. Jehova o laela monna e mong le e mong hore a hlomphe mosali oa hae. Monna ea hlomphang mosali oa hae o tla mo tšoara ka tsela e mosa le e lerato. Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na ke joang monna a ka bontšang hore o hlompha mosali oa hae. Empa a re qaleng pele ka ho hlahloba lintho tseo monna a sa lokelang ho li etsa ho mosali oa hae.

U SE KE OA ETSA LINTHO TSE TLA UTLOISA MOSALI OA HAO BOHLOKO

6. Jehova o ikutloa joang ka banna ba otlang basali ba bona? (Bakolose 3:19)

6 Monna ha aa lokela ho loantša mosali oa hae. Jehova o hloile bohle ba ratang ntoa. (Pes. 11:5) Ka ho khetheha o hloile monna e mong le e mong ea hlekefetsang mosali oa hae. (Mal. 2:16; bala Bakolose 3:19.) Ho ea ka lengolo la rona la sehlooho e leng 1 Petrose 3:​7, haeba monna a sa tšoare mosali oa hae hantle, ho etsa joalo ho ka ama kamano ea hae le Molimo. Hape Jehova a ka ’na a se ke a mamela lithapelo tsa hae.

7. Ho ea ka Baefese 4:​31, 32, banna ba lokela ho qoba lipuo tse joang? (Sheba “Tlhaloso.”)

7 Monna ha aa lokela ho hlekefetsa mosali oa hae ka mantsoe. Ha banna ba bang ba halefile, ba bua mantsoe a ka utloisang basali ba bona bohloko haholo. Empa Jehova o hloile batho ‘ba bohale, ba etsang lerata ba halefile le ba buang lipuo tse hlabang.’ c (Bala Baefese 4:​31, 32.) Jehova o utloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O tsotella tsela eo monna a buisang mosali oa hae ka eona leha ba le bang. Monna ea buisang mosali oa hae hampe o senya lenyalo la hae le setsoalle sa hae le Molimo.—Jak. 1:26.

8. Jehova o ikutloa joang ka pornography, hona hobane’ng?

8 Monna ha aa lokela ho shebella pornography. Jehova o ikutloa joang ka pornography? O e hloile. Kahoo, monna ea shebang litšoantšo tse litšila o senya kamano ea hae le Jehova ebile ha a hlomphe mosali oa hae. d Jehova o lebeletse hore monna a tšepahalle mosali oa hae ka lintho tseo a li etsang le tseo a li nahanang. Jesu o ile a re monna ea shebang mosali e mong e le hore a be le takatso ea ho etsa thobalano le eena, o se a febile le eena “ka pelong ea hae.” eMat. 5:​28, 29.

9. Ke hobane’ng ha Jehova a hloile banna ba hatellang basali ba bona hore ba etse thobalano le bona ka tsela eo ba sa e thabeleng?

9 Banna ha baa lokela ho qobella basali ba bona ho etsa thobalano le bona ka tsela e tla etsa hore basali ba bona ba ikutloe ba sa hlomphehe. Banna ba bang ba hatella basali ba bona hore ba etse thobalano le bona ka tsela e etsang hore ba ikutloe eka baa hlekefetsoa kapa e sa lumellaneng le matsoalo a bona. Jehova o hloile boitšoaro boo ba boithati le ba ho se tsotelle. O lebeletse hore monna a rate mosali oa hae, a mo tšoare ka mosa a be a hlomphe maikutlo a hae. (Baef. 5:​28, 29) Ho thoe’ng haeba monna oa Mokreste o se a ntse a otla mosali oa hae kapa a shebella pornography, kapa hona ho etsa thobalano le mosali oa hae ka tsela eo mosali oa hae a sa e thabeleng? Ebe a ka fetola tsela eo a nahanang le ho etsa lintho ka eona joang?

MONNA A KA ETSA’NG HO KHAOTSA HO ETSA BOITŠOARO BO BOBE?

10. Banna ba ka ithuta eng mohlaleng oa Jesu?

10 Ke eng e ka thusang monna ho khaotsa ho hlekefetsa mosali oa hae le ho mo theola seriti? A ka leka ka matla ho etsisa Jesu. Le hoja Jesu a sa ka a nyala, tsela eo a neng a tšoara barutuoa ba hae ka eona, ke mohlala o motle oa kamoo banna ba lokelang ho tšoara basali ba bona kateng. (Baef. 5:25) Ka mohlala, re tl’o bona hore na banna ba ka ithuta eng tseleng eo Jesu a neng a bua le baapostola ba hae ka eona le kamoo a neng a ba tšoara kateng.

11. Jesu o ile a tšoara baapostola ba hae joang?

11 Jesu o ne a tšoara baapostola ba hae ka mosa le ka tlhompho. Ha ho mohla a neng a bua le bona ka bohale kapa a iketsa ’mampoli. Le hoja a ne a le matla haholo ho ba feta, o ne a sa sebelise matla ao ho etsa hore ba ikutloe ba le basesaane kapa ba mo tšaba. Ho e-na le hoo, o ile a ba sebeletsa ka boikokobetso. (Joh. 13:​12-17) O ile a re ho barutuoa ba hae: “Le ithute ho ’na hobane ke bonolo ebile ke ikokobelitse ’me le tla khatholoha.” (Mat. 11:​28-30) Hlokomela hore Jesu o ne a le bonolo. Ha se hore ha motho a le bonolo oa fokola. Ho e-na le hoo, o matla haholo hoo a khonang ho itšoara. Leha a ka a halefisoa, o lula a khobile matšoafo le ho laola maikutlo a hae.

12. Jesu o ne a bua le batho ba bang joang?

12 Jesu o ne a bua ka tsela e tšelisang le e khothatsang ba bang. O ne a sa bue le balateli ba hae ka tsela e bohale. (Luka 8:​47, 48) Le hoja bahanyetsi ba hae ba ne ba mo rohaka le ho leka ho mo halefisa, “ha aa ka a ba rohaka.” (1 Pet. 2:​21-23) Ka linako tse ling, Jesu o ne a khetha ho itholela ho e-na le ho araba ka tsela e bohale. (Mat. 27:​12-14) O behile mohlala o motle hakaakang bakeng sa banna ba Bakreste.

13. Joalokaha ho boletsoe ho Matheu 19:​4-6, monna a ka ‘khomarela mosali oa hae’ joang? (Sheba setšoantšo.)

13 Jesu o laetse banna hore ba tšepahalle basali ba bona. O ile a qotsa mantsoe a Ntate oa hae ha a ne a re monna o lokela ho ‘khomarela mosali oa hae.’ (Bala Matheu 19:​4-6.) Leetsi la Segerike le sebelisitsoeng temaneng ena, le fetoletsoeng e le “ho khomarela” le bolela “ho manamisa ka glue.” Monna le mosali ba lokela ho momahana joalokaha eka ba khomarelitsoe ka glue. Ntho leha e le efe e ka ba arohanyang e ka ba siea ba lemetse bobeli ba bona. Haeba monna a momahane le mosali oa hae ka tsela eo, o tla qoba mefuta eohle ea pornography. O tla hana ho “sheba lintho tse se nang thuso” hang-hang. (Pes. 119:37) Ha e le hantle, o etsa selekane le mahlo a hae sa hore, ntle le mosali oa hae, a ke ke a sheba mosali leha e le ofe e le hore a be le takatso ea ho etsa thobalano le eena.—Jobo 31:1.

Monna ea tšepahalang o hana ho sheba litšoantšo tsa pornography (Sheba serapa sa 13) g


14. Ke mehato efe eo monna ea hlekefetsang mosali oa hae a lokelang ho e nka e le hore a lokise kamano ea hae le Jehova le kamano ea hae le mosali oa hae?

14 Monna ea otlang mosali oa hae le ho mo hlekefetsa ka mantsoe, o lokela ho nka mehato e ’maloa ho lokisa kamano ea hae le Jehova le kamano ea hae le mosali oa hae. Mehato eo ke efe? Oa pele, o lokela ho hlokomela hore o na le bothata bo tebileng. Ha ho na ntho e patehileng mahlong a Jehova. (Pes. 44:21; Moek. 12:14; Baheb. 4:13) Oa bobeli, o lokela ho khaotsa ho hlekefetsa mosali oa hae ’me a fetole boitšoaro ba hae. (Liprov. 28:13) Oa boraro, o lokela ho kopa tšoarelo ho mosali oa hae le ho Jehova. (Lik. 3:19) O boetse o lokela ho kopa Jehova hore a mo fe tabatabelo ea ho fetoha le ho mo thusa hore a laole tsela eo a nahanang ka eona, eo a buang ka eona le eo a etsang lintho ka eona. (Pes. 51:​10-12; 2 Bakor. 10:5; Bafil. 2:13) Oa bone, o lokela ho etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa hae, ka hore a ithute ho hloea mefuta eohle ea ntoa le mantsoe a hlabang. (Pes. 97:10) Oa bohlano, o lokela ho kopa thuso hang-hang ho baholo ba phutheho. (Jak. 5:​14-16) Oa botšelela, o lokela ho etsa moralo oa lintho tse ka mo thusang hore na o lokela ho qoba eng e le hore a se ke a iphumana a khutletse mekhoeng eo e mebe hape. Monna ea shebellang pornography le eena o lokela ho nka mehato ena e tšeletseng eo re buileng ka eona mona. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hae ba ho fetola boitšoaro ba hae. (Pes. 37:5) Empa ha hoa lekana hore monna a khaotse ho etsa lintho tse utloisang mosali oa hae bohloko. O boetse o lokela ho ithuta ho hlompha mosali oa hae. A ka etsa seo joang?

U KA HLOMPHA MOSALI OA HAO JOANG?

15. Monna a ka bontša mosali oa hae joang hore oa mo rata?

15 Mo bontše hore oa mo rata. Bara ba bo rona ba bang ba thabileng lenyalong ba etsa bonnete ba hore letsatsi le leng le le leng, ho na le ntho eo ba e etsang ho bontša kamoo ba ratang basali ba bona kateng. (1 Joh. 3:18) Monna a ka bontša hore o rata mosali oa hae ka ho mo etsetsa lintho tse nyenyane, joaloka ho mo tšoara ka letsoho kapa ho mo haka ka tsela e mofuthu. A ka mo romella molaetsa o reng “Ke u hopotse” kapa a mo botse, a re “U ntse u ea joang?” Nako le nako a ka mo romella karete e ngotsoeng mantsoe a monate a khethiloeng hantle a mo bolellang kamoo a mo ratang kateng. Ha monna a etsa lintho tsena, o hlompha mosali oa hae ebile o matlafatsa lenyalo la hae.

16. Ke hobane’ng ha monna a lokela ho rorisa mosali oa hae?

16 Mo bolelle hore ke oa bohlokoa. Monna ea hlomphang mosali oa hae oa mo bolella hore na ke hobane’ng ha a mo nka e le oa bohlokoa. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka ho hopola ho mo leboha ka lintho tsohle tseo a li etsang ho mo tšehetsa. (Bakol. 3:15) Ha monna a rorisa mosali oa hae e le kannete, o thabisa pelo ea hae. Mosali oa hae o tla ikutloa a sireletsehile, a ratoa a bile a hlomphuoa.—Liprov. 31:28.

17. Monna o lokela ho bontša mosali oa hae joang hore oa mo hlompha?

17 Mo tšoare ka mosa le ka tlhompho. Monna ea ratang mosali oa hae o mo nka e le oa bohlokoa ebile ha a batle letho ka eena. O mo nka e le letlotlo la bohlokoa le tsoang ho Jehova. (Liprov. 18:22; 31:10) Kahoo, o mo tšoara ka mosa le ka tlhompho, esita le nakong eo ba thabelang tokelo ea bona ea lenyalo. A ke ke a hatella mosali oa hae ho etsa thobalano le eena ka tsela e tla etsa hore a ikutloe a sa phutholoha, a ikutloe eka oa hlekefetsoa kapa ka tsela e sa lumellaneng le letsoalo la hae. f Monna le eena o lokela ho boloka letsoalo la hae le hloekile nakong eo ba thabelang tokelo ea bona ea lenyalo.—Lik. 24:16.

18. Monna o lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? (Sheba lebokose le reng “ Litsela Tse ’nè Tseo Monna a ka Bontšang Hore o Hlompha Mosali oa Hae ka Tsona.”)

18 Banna, le ka kholiseha hore Jehova oa bona ebile o ananela boiteko boo le bo etsang ba ho hlompha basali ba lona likarolong tsohle tsa bophelo ba lona. Ikemisetse ho mo hlompha ka hore u qobe ntho leha e le efe e ka mo utloisang bohloko, u be mosa u be u bontše ka liketso hore oa mo rata. Ha u etsa joalo oa bontša hore oa mo rata ebile u mo nka e le oa bohlokoa. Hlompha mosali oa hao e le hore u sireletse kamano ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng setsoalle sa hao le Jehova.—Pes. 25:14.

PINA EA 131 “Seo Molimo a se Kopantseng”

a Banna ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba bala sehlooho se reng “Na u Tšoara Basali ka Tsela eo Jehova a ba Tšoarang ka eona?” se Hlahang ho Molula-Qhooa oa January 2024.

b Haeba u se u kile oa hlekefetsoa ke molekane, u tla rua molemo ha u ka bala sehlooho se reng “Thuso Bakeng sa ba Hlekefetsoang ke Balekane ba Bona Malapeng” se hlahang tlas’a “Lihlooho Tse Ling” ho jw.org le ho JW Library®.

c TLHALOSO: “Lipuo tse hlabang” li akareletsa ho bua lintho tse mpe ho motho e le ho mo rohaka kapa ho etsa hore a ikutloe a le mosesaane. Li boetse li akareletsa ho lula u bolella motho lintho tseo u sa li rateng ka eena. Kahoo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo monna a e buang ho utloisa mosali oa hae bohloko kapa ho mo rohaka e nkoa e le lipuo tse hlabang.

d Sheba sehlooho se reng “Ho Shebella Pornography ho ka Senya Lenyalo” ho jw.org le ho JW Library.

e Mosali eo monna oa hae a shebellang pornography a ka thusoa ke sehlooho se reng “U ka Etsa’ng ha Molekane oa Hao a Shebella Pornography? se hlahang ho Molula-Qhooa oa August 2023.

f Bibele ha e cho hore na ke mekhoa efe e lokileng le e sa lokang ea ho etsa thobalano pakeng tsa banyalani. Banyalani ba Bakreste ba lokela ho etsa liqeto tse bontšang hore ba ikemiselitse ho hlompha Jehova, tse tla etsa hore ba thabe ka bobeli le hore ba lule ba e-na le matsoalo a hloekileng. Ha hoa tloaeleha hore banyalani ba buisane le batho ba bang ka hore na ba kopanela liphate joang, etsoe ke lekunutu la bona.

g TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Basebetsi-’moho le mor’abo rona bao eseng Lipaki ba leka ho mo bontša makasine ea pornography.