Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 5

PINA EA 108 Molimo oa re Rata

Re Fumana Litlhohonolofatso Life ha re Ratoa ke Jehova?

Re Fumana Litlhohonolofatso Life ha re Ratoa ke Jehova?

“Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe.”1 TIM. 1:15.

NTLHA-KHOLO

Tefo ea topollo e re tsoela molemo joang, hona re ka bontša Jehova joang hore rea e ananela?

1. Jehova o thaba haholo ha re etsa’ng?

 NAHANA u fa motho eo u mo ratang mpho e ikhethang, e ntle le e ka mo thusang. U ne u ka ikutloa u soetsehile haeba motho eo a ne a ka e beha ka setorong ebe ka mor’a moo ha a sa na taba le eona. Empa u ne u ka thaba haeba motho eo a ne a ka e sebelisa ’me a bontša hore oa e ananela. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Jehova o fane ka Mora oa hae molemong oa rona. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha re bontša hore re ananela mpho eo ea bohlokoa le lerato la hae le entseng hore a fane ka tefo ea topollo.—Joh. 3:16; Bar. 5:​7, 8.

2. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Ha nako e ntse e ea re ka ’na ra qala ho nka mpho ea tefo ea topollo hanyane. Haeba re etsa joalo, ho tla be ho tšoana le ha re nka mpho ena e ntle e tsoang ho Molimo ebe re e beha ka setorong, moo re ke keng ra e bona le ho nahana ka eona. Ho qoba hore seo se etsahale, re lokela ho lula re nahana ka seo Molimo le Kreste ba re etselitseng sona. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho etsa joalo. Re tl’o ithuta hore na tefo ea topollo e re tsoela molemo joang hona joale le hore na e tla re tsoela molemo joang nakong e tlang. Re tla boela re bone hore na re ka bontša joang hore re ananela lerato la Jehova, haholo-holo nakong ea Sehopotso.

RE RUA MOLEMO JOANG HONA JOALE?

3. Tefo ea topollo e re tsoela molemo joang hona joale?

3 Re se re ntse re rua molemo sehlabelong sa Kreste. Ka mohlala, Jehova o re tšoarela libe ka lebaka la tefo ea topollo. Ha se setlamo hore a re tšoarele empa o re tšoarela hobane a batla. Mopesaleme o ile a bontša kananelo ea hae ha a re: “Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela.”—Pes. 86:5; 103:​3, 10-13.

4. Jehova o fane ka tefo ea topollo bakeng sa bo-mang? (Luka 5:32; 1 Timothea 1:15)

4 Ba bang ba ka utloa ba sa tšoaneloe ke hore Jehova a ba tšoarele. Ha e le hantle, kaofela ha rona ha re tšoaneloe ke hore Jehova a re tšoarele. Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ha a “tšoanelehe ho bitsoa moapostola.” Empa o ile a re: “Ka lebaka la mosa o moholo oa Molimo, ke moapostola.” (1 Bakor. 15:​9, 10) Ha re bakela libe tsa rona, Jehova o re tšoarela hobane a re rata eseng hobane re tšoaneleha. Haeba u nahana hore ha u tšoaneloe ke hore Jehova a u tšoarele, hopola hore Jehova ha aa fana ka tefo ea topollo bakeng sa batho ba lokileng. O fane ka eona bakeng sa baetsalibe ba bakelang libe tsa bona.—Bala Luka 5:32; 1 Timothea 1:15.

5. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha e se setlamo hore Jehova a re tšoarele.

5 Ha rea lokela ho nahana hore ke setlamo hore Jehova a re tšoarele hobane feela re mo sebelelitse ka lilemo tse ngata. Ke ’nete hore o hopola lintho tsohle tseo re mo etselitseng tsona. (Baheb. 6:10) Empa o re file Mora oa hae e le mpho, eseng hobane a re patalla ho mo sebeletsa. Kahoo, ho tla be ho fosahetse ho nahana hore ke setlamo hore Jehova a re tšoarele hobane feela re mo etselitse lintho tse ngata. Haeba re nahana joalo, ho tla be ho tšoana le ha re re ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a re shoele.—Bapisa le Bagalata 2:21.

6. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a sebeletsa Jehova ka thata?

6 Pauluse o ne a tseba hore ha se setlamo hore Molimo a mo tšoarele ho sa tsotellehe hore na o mo sebelelitse ka thata hakae. Joale ke hobane’ng ha a ne a sebeletsa Jehova ka thata hakaalo? Hobane o ne a batla ho bontša hore o ananela kamoo Jehova a mo bontšitseng mosa le mohau kateng. (Baef. 3:7) Joaloka Pauluse, re tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo ho bontša hore re ananela mosa oa hae.

7. Re fumana molemo ofe o mong ka lebaka la tefo ea topollo? (Baroma 5:1; Jakobo 2:23)

7 Molemo o mong oo re o fumanang hona joale ka lebaka la tefo ea topollo ke ho ba metsoalle ea Jehova. a Joalokaha re utloile sehloohong se fetileng, ha rea hlaha re se re ntse re le metsoalle ea Molimo. Empa ka lebaka la mpho ea tefo ea topollo, re ka thabela ho ba le “khotso . . . le Molimo” ’me ra ba metsoalle ea hae.—Bala Baroma 5:1; Jakobo 2:23.

8. Ho rapela ho re tsoela molemo joang?

8 Monyetla o mong o ikhethang oo re nang le oona ka lebaka la ho ba metsoalle ea Jehova ke oa ho mo rapela. Jehova o mamela lithapelo tseo re li etsang ha re bokane ’moho esita le tseo re li etsang ha re le bang. Ha re rapela, re ikutloa re imolohile empa oo ha se oona feela molemo oo re o fumanang. Ho rapela ho boetse ho matlafatsa setsoalle sa rona le Molimo. (Pes. 65:2; Jak. 4:8; 1 Joh. 5:14) Jesu o ne a rapela hangata ha a le lefatšeng hobane a tseba hore Jehova o mo mametse. Hape o ne a tseba hore thapelo e tla etsa hore a lule a e-na le setsoalle se matla le Ntate oa hae. (Luka 5:16) Re ananela haholo hore ebe re khona ho ba metsoalle ea Jehova le ho bua le eena ka thapelo ka lebaka la sehlabelo sa Jesu.

RE TLA RUA MOLEMO JOANG NAKONG E TLANG?

9. Bahlanka ba Jehova ba tla rua molemo ofe tefong ea topollo nakong e tlang?

9 Bahlanka ba Jehova ba tla rua molemo ofe tefong ea topollo nakong e tlang? Jehova o tla ba fa bophelo bo sa feleng. Batho ba bangata ba nahana hore seo se ke ke sa khoneha hobane haesale batho ba ntse ba hlokahala. Empa morero oa Jehova ho tloha qalong e ne e le hore batho ba phele ka ho sa feleng. Hoja Adama ha aa ka a etsa sebe, ho ka be ho se na motho ea nahanang hore ho phela ka ho sa feleng ke toro feela. Le hoja hona joale ho le thata ho ipona re se re phela ka ho sa feleng, re ka kholiseha hore seo se tla etsahala. Lebaka ke hobane rea tseba hore Jehova o patetse tefo e phahameng, e leng bophelo ba Mora oa hae, hore re tle re phele ka ho sa feleng.—Bar. 8:32.

10. Batlotsuoa le ba linku tse ling ba lebelletse’ng?

10 Le hoja re tla fumana bophelo bo sa feleng nakong e tlang, Jehova o batla hore re nahane ka bona hona joale. Batlotsuoa ba lebelletse ka tjantjello ho e’o phela hamonate leholimong ba busa lefatše le Kreste. (Tšen. 20:6) Ba linku tse ling bona ba tatetse ho phela paradeiseng lefatšeng moo ho tla beng ho se na bohloko le masoabi. (Tšen. 21:​3, 4) Na u karolo ea linku tse ling tse nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng? U se ke oa utloa eka moputso oa ho phela lefatšeng ha se letho ha o bapisoa le oa ho phela leholimong. Jehova o bopetse batho hore ba phele lefatšeng, kahoo re tla thaba haholo ha re phela ka ho sa feleng lefatšeng.

11, 12. Ke litlhohonolofatso life tseo re tatetseng ho li fumana Paradeiseng? (Sheba litšoantšo.)

11 Nahana hore na u tla phela joang Paradeiseng lefatšeng. U ke ke oa hlola u tšoenyeha ka ho kula kapa ho shoa. (Esa. 25:8; 33:24) Jehova o tla u fa lintho tsohle tse molemo tseo u li batlang. U batla ho ithuta’ng? Na u ka thabela ho ithuta ka liphoofolo, ho bapala liletsa kapa ho toroea? Ha ho pelaelo hore paradeiseng re tl’o hloka lihoai, batho ba tsebang ho etsa meralo ea matlo le lihahi. Hape ho tla hlokeha batho ba phehang, ba etsang lisebelisoa, ba lemang lirapa le ba li hlokomelang. (Esa. 35:1; 65:21) Ha u se u phela ka ho sa feleng u tla ba le nako ea ho etsa lintho tsena kaofela le tse ling tse ngata.

12 E tla ba ntho e thabisang hakaakang ho amohela ba tla tsosoa. (Lik. 24:15) Hape nahana kamoo u tla thabela ho ithuta ka Jehova kateng linthong tse ngata tseo a li bopileng. (Pes. 104:24; Esa. 11:9) Ho thabisang le ho feta ke hore u ke ke oa hlola u etsa sebe. Kahoo, u tla khona ho sebeletsa Jehova ’me ho ke ke ha hlokahala hore u kope tšoarelo. Na u ka tela litlhohonolofatso tsee hore feela u “thabele ho etsa sebe ka nakoana”? (Baheb. 11:25) Ho hang. Lintho tseo re lokelang ho li tela hona joale, ha se letho ha li bapisoa le bophelo boo re tla bo phela ka nako eo. Hopola hore Paradeise e ke ke ea lula e le ntho feela eo re e letetseng. Qetellong e tla ba sebaka seo re phelang ho sona letsatsi le letsatsi. Lintho tsena kaofela li tla etsahala hobane Jehova o re ratile haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae hore a re shoele.

U tatetse litlhohonolofatso life Paradeiseng? (Sheba serapa sa 11 le 12)


BONTŠA HORE U ANANELA LERATO LA JEHOVA

13. Re ka bontša joang hore re ananela tefo ea topollo? (2 Bakorinthe 6:1)

13 Re ka bontša joang hore re ananela tefo ea topollo eo Jehova a faneng ka eona? Ka ho etsa bonnete ba hore ho mo sebeletsa ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. (Mat. 6:33) Ha e le hantle, Jesu o ile a shoa ‘e le hore re se ke ra hlola re iphelela empa re phelele ea ileng a re shoela ’me a tsosoa.’ (2 Bakor. 5:15) Kahoo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho bontša hore re ananela mosa oa Jehova.—Bala 2 Bakorinthe 6:1.

14. Re ka bontša joang hore re tšepa tataiso ea Jehova?

14 Re ka boela ra bontša hore re ananela lerato la Jehova ka ho mo tšepa le ho latela tataiso ea hae. Joang? Ha re lokela ho etsa qeto mabapi le lintho tse kang thuto e phahameng kapa mosebetsi, re nahane ka hore na Jehova o ne a ka batla hore re etse’ng. (1 Bakor. 10:31; 2 Bakor. 5:7) Ha re etsa liqeto tse bontšang hore re tšepa Jehova, tumelo ea rona le setsoalle sa rona le eena li tla matlafala. Hape re ka kholiseha hore re tla phela ka ho sa feleng.—Bar. 5:​3-5; Jak. 2:​21, 22.

15. Nakong ea Sehopotso, re ka bontša joang hore re ananela lerato la Jehova?

15 Ho na le tsela e ’ngoe hape eo re ka bontšang ka eona hore re ananela lerato la Jehova. Ke ka hore re etse sohle seo re ka se khonang nakong ena ea Sehopotso ho bontša hore re ananela tefo ea topollo eo Jehova a faneng ka eona. Re ka etsa joalo ka hore re ee Sehopotsong le ho memela batho ba bang ho sona. (1 Tim. 2:4) Hlalosetsa batho bao u ba memang hore na ho tl’o etsahala’ng Sehopotsong. U ka ba bontša video ea Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Shoa? le ea Ikhopotse Lefu la Jesu tse hlahang ho jw.org/st. Baholo le bona ba lokela ho mema batho ba seng ba sa kopanele. Nahana ka thabo e bang teng leholimong le lefatšeng ha linku tsa Jehova tse neng li lahlehile li khutlela mohlapeng. (Luka 15:​4-7) Ka Sehopotso, a re etseng bonnete ba hore ha re lumelise Bakreste-’moho feela empa re lumelise haholo-holo batho ba qalang ho tla kapa bao e leng khale ba sa tle. Re batla hore ba ikutloe ba amohelehile.—Bar. 12:13.

16. Ke hobane’ng ha ho ka ba hotle hore u eketse tšebeletso ea hao nakong ea Sehopotso?

16 Ho ka ba hotle haholo hore u eketse tšebeletso ea hao nakong ea Sehopotso. Ho etsa joalo ke tsela e molemo haholo ea ho bontša hore u ananela lintho tsohle tseo Molimo le Kreste ba u etselitseng tsona. Ha re ntse re sebeletsa Jehova ka matla haholoanyane, re tla bona kamoo a re tšehetsang kateng ’me re tla mo tšepa le ho feta. (1 Bakor. 3:9) Hape, etsa bonnete ba hore u bala ’malo oa Bibele oa Sehopotso o hlahang bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla kapa chateng e hlahang kemisong ea liboka tsa har’a beke. U ka boela oa etsa lipatlisiso ka ’malo oo oa Bibele.

17. Jehova o thabisoa ke’ng? (Sheba lebokose le reng “ U ka Bontša Joang Hore u Ananela Lerato la Jehova?”)

17 Ka lebaka la maemo a hao, u ka ’na oa se ke oa khona ho etsa lintho tsohle tse boletsoeng sehloohong sena. Hopola hore Jehova ha a bapise bokhoni ba hao le ba batho ba bang. O ananela lerato leo u mo ratang ka lona. Oa thaba ha a bona hore u ananela mpho ea bohlokoa eo a faneng ka eona, e leng tefo ea topollo.—1 Sam. 16:7; Mar. 12:​41-44.

18. Ke mabaka afe a etsang hore re ananele lerato la Jehova Molimo le la Jesu Kreste?

18 Tefo ea topollo ke eona feela e etsang hore re tšoareloe libe, re be metsoalle ea Jehova le hore re be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. E se eka re ka lula re bontša hore re ananela lerato la Jehova le mo susumelitseng hore a re fe litlhohonolofatso tsena. (1 Joh. 4:19) Hape e se eka re ka boela ra bontša hore re ananela Jesu, ea re bontšitseng lerato ka ho re shoela.—Joh. 15:13.

PINA EA 154 Lerato la ’Nete

a Jehova o ile a tšoarela bahlanka ba hae ba phetseng pele Jesu a shoa hobane a kholisehile hore Jesu o tla tšepahala ho fihlela a shoa. Kahoo, ho Jehova ho ne ho tšoana le ha eka tefo ea topollo e se e patetsoe le pele Jesu a shoa.—Bar. 3:25.