Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 1

PINA EA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

Rorisang Jehova

Rorisang Jehova

TEMANA EA RONA EA SELEMO EA 2025: “Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso.”PES. 96:8.

NTLHA-KHOLO

Ithute hore na re ka rorisa Jehova joang ka tsela e mo tšoanelang.

1. Batho ba bangata mehleng ee ba amehile ka eng?

 NA U kile oa hlokomela kamoo batho ba bangata mehleng ee ba inkang ba le betere ho feta batho ba bang kateng? Ka mohlala, ba bang ba ea boholeng ba ho sebelisa mecha ea puisano ho ipitsetsa mahlo le ho ithorisa ka lintho tseo ba li finyeletseng. Leha ho le joalo, ke batho ba seng bakae feela mehleng ena ba rorisang Jehova Molimo. Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na ho bolela’ng ho rorisa Jehova le hore na ke’ng e lokelang ho re susumeletsa ho etsa joalo. Re tla boela re ithute hore na re ka rorisa Molimo joang ka tsela e mo tšoanelang le hore na eena o tla halaletsa lebitso la hae joang haufinyane.

HO RORISA JEHOVA HO BOLELA’NG?

2. Jehova o ile a bontša khanya ea hae joang Thabeng ea Sinai? (Sheba setšoantšo.)

2 Thoriso ke eng? Ka Bibeleng, lentsoe “thoriso” le ka bolela ntho leha e le efe e etsang hore motho a tsotehe. Jehova o ile a bontša khanya ea hae e tsotehang matsatsi a seng makae feela ka mor’a hore a lopolle Baiseraele naheng ea Egepeta. Nahana ka ketsahalo ena: Baiseraele ba limilione ba bokane botlaseng ba Thaba ea Sinai ho ea kopana le Molimo oa bona. Leru le leholo, le letšo-letšo le koahetse thaba. Hang-hang, thaba eo e kubella mosi kahohle. Lefatše le reketla ka matla ’me ha le ntse le reketla joalo, ho ba le lialuma le mahalima le molumo o lerata haholo oa lenaka. (Ex. 19:​16-18; 24:17; Pes. 68:8) U se u ka inahanela feela hore na Baiseraele ba ile ba hlolloa hakaakang ha ba bona kamoo Jehova a leng matla kateng.

Thabeng ea Sinai, Jehova o ile a bontša matla a hae ho Baiseraele (Sheba serapa sa 2)


3. Re ka rorisa Jehova joang?

3 Ho thoe’ng ka rona batho? Na re ka khona ho rorisa Jehova? E, re ka khona. Tsela e ’ngoe eo re ka rorisang Jehova ka eona ke ka ho bolella batho ba bang ka makhabane a hae le ka lintho tse hlollang tseo a li entseng. Re boetse re rorisa Molimo ka ho mo tlotlisa ka lintho tseo re li finyeletseng ka matla a hae. (Esa. 26:12) Morena Davida ke mohlala o motle oa motho ea ileng a rorisa Jehova. Ha Davida a ne a rapela Molimo ka pel’a phutheho ea Baiseraele, o ile a re: “Uena Jehova, u moholo, u na le matla le bokhabane ebile oa hlompheha hobane lintho tsohle tse maholimong le tse lefatšeng ke tsa hao.” Ka mor’a hore Davida a rapele, “Baiseraele ba rorisa Jehova.”—1 Likron. 29:​11, 20.

4. Jesu o ile a rorisa Jehova joang?

4 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a rorisa Ntate oa hae ka ho bolella batho hore Jehova ke eena ea mo fileng matla a ho etsa mehlolo. (Mar. 5:​18-20) Jesu o ile a boela a tlotlisa Jehova ka tsela eo a neng a bua ka Ntate oa hae ka eona le ka tsela eo a neng a tšoara batho ka eona. Ka letsatsi le leng, Jesu o ne a ntse a ruta ka tlung ea thapelo. Har’a bamameli ba hae ho ne ho e-na le mosali ea neng a qetile lilemo tse 18 a holofalitsoe ke modemona. Modemona o ne a entse hore a kotlobane haholo hoo a neng a sa khone ho inamoloha ho hang. Kannete taba ena e ne e utloisa bohloko. Jesu o ile a utloela mosali eo bohloko eaba oa mo atamela, o bua le eena ka mosa, o re: “Ngoan’eso, u tl’o fola.” Ka mor’a moo a mo beha matsoho ’me hang-hang mosali eo a otloloha “eaba o rorisa Molimo.” O ne a thabile haholo hore ebe Jehova o ile a mo folisa. (Luka 13:​10-13) Mosali eo o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho rorisa Jehova, joaloka rona.

KE ENG E RE SUSUMELETSANG HO RORISA JEHOVA?

5. Re na le mabaka afe a ho hlompha Jehova?

5 Re rorisa Jehova hobane re mo hlompha haholo. Re na le mabaka a mangata a ho mo hlompha. Jehova o matla ’ohle ’me ha a khathale. (Pes. 96:​4-7) Bohlale ba hae bo babatsehang, bo bonahala ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng. O re file bophelo le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re phele. (Tšen. 4:11) Oa tšepahala. (Tšen. 15:4) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang ea atleha, hape o lula a phethahatsa litšepiso tsa hae. (Josh. 23:14) Ha se feela moprofeta Jeremia a ileng a re ka Jehova: “Har’a batho bohle ba bohlale ba lichaba le har’a mebuso eohle ea bona, ho hang ha ho ea tšoanang le uena.” (Jer. 10:​6, 7) Kannete re na le mabaka a utloahalang a ho hlompha Ntate oa rona oa leholimo. Ke ’nete hore re hlompha Jehova empa ha ho felle moo, re boetse rea mo rata.

6. Ke hobane’ng ha re rata Jehova?

6 Re rorisa Jehova hobane re mo rata haholo. Re rata Jehova ka lebaka la makhabane a hae. O mohau ebile o re utloela bohloko. (Pes. 103:13; Esa. 49:15) Ha re utloa bohloko le eena o utloa bohloko. (Zak. 2:8) O re thusa hore re mo tsebe le hore re be metsoalle ea hae. (Pes. 25:14; Lik. 17:27) Hape o ikokobelitse hobane “o inamela tlase hore a shebe leholimo le lefatše. O phahamisa ea tlase leroleng.” (Pes. 113:​6, 7) Ke mang ea ke keng a batla ho rorisa Molimo ea moholo hakaalo?—Pes. 86:12.

7. Re na le monyetla ofe o ikhethang?

7 Re rorisa Jehova hobane re batla hore ba bang ba mo tsebe. Batho ba bangata ha ba tsebe ’nete ka Jehova. Hobane’ng? Hobane Satane o foufalitse likelello tsa bona ka ho hasa mashano ka Jehova. (2 Bakor. 4:4) Satane o entse hore batho ba lumele hore Jehova o khopo, ha a re tsotelle ebile ke eena ea re bakelang mathata. Empa re tseba ’nete ka Molimo oa rona. Re na le monyetla oa ho bolella batho ba bang ’nete ka Molimo e le hore le bona ba mo rorise. (Esa. 43:10) Pesaleme ea 96 e bua haholo ka ho rorisa Jehova. Pesalemeng ena re tl’o ithuta hore na re ka fa Jehova thoriso e mo tšoanelang joang.

RE KA FA JEHOVA THORISO E MO TŠOANELANG JOANG?

8. Re ka rorisa Jehova joang? (Pesaleme ea 96:​1-3)

8 Bala Pesaleme ea 96:​1-3. Re ka rorisa Jehova ka lintho tseo re li buang ka eena. Litemaneng tsena, batho ba Jehova ba memeloa ho ‘binela Jehova,’ ho ‘rorisa lebitso la hae,’ ho ‘bolela litaba tse monate tsa kamoo a pholosang kateng’ le ho ‘bolella lichaba ka khanya ea hae.’ Tsena ke litsela tseo re ka rorisang Ntate oa rona oa leholimo ka tsona. Bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng, ba ne ba chesehela ho bolella ba bang ka makhabane le lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a ba etselitseng tsona. (Dan. 3:​16-18; Lik. 4:29) Re ka ba etsisa joang?

9, 10. U ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Angelena? (Sheba setšoantšo.)

9 Nahana ka se ileng sa etsahalla morali oa bo rona oa Amerika ea bitsoang Angelena. a O ile a emela lebitso la Jehova ka sebete ha a le mosebetsing. Joalokaha Angelena a ne a sa tsoa hiroa mosebetsing, o ile a memeloa kopanong moo basebetsi ba sa tsoa hiroa ba neng ba fuoa monyetla oa hore ba itsebahatse. Angelena o ile a lokisetsa ho ba bontša lifoto tsa kamoo a thabileng kateng joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, monna e mong ea sebetsang le eena o ile a bua pele, a re o holiselitsoe ka phuthehong, eaba o qala ho bua hampe ka Lipaki Tsa Jehova le ka seo li se lumelang. Angelena o re: “Ke ne ke tšohile haholo. Empa ke ile ka re ka pelong: ‘Na nka thola feela motho a ntse a bua lintho tse tjee ka Jehova? Che, batho bana ba tlameha ho tseba seo e leng ’nete ka Jehova.’”

10 Ka mor’a hore mosebetsi-’moho le eena eo a qete ho bua, Angelena o ile a etsa thapelo e khutšoanyane ka pelong. Ka mor’a moo, o ile a bua ka mosa, a re: “Le ’na ke holisitsoe joaloka uena. Le ’na ke holiselitsoe ka phuthehong ’me ke ntse ke le Paki ea Jehova le lena le holimo.” Le hoja a ne a le tlas’a khatello, o ile a lula a khobile matšoafo, a emela tumelo ea hae ’me a bontša basebetsi-’moho le eena lifoto tsa ha a ne a e-na le metsoalle ea hae ea Lipaki. (1 Pet. 3:15) Ho ile ha etsahala’ng? Ha Angelena a qeta ho bua, monna eo o ne a se a kokobetse. Monna eo o ile a ba a bua ka linako tse monate tseo a bileng le tsona ha a ntse a hola nakong eo a ntseng a kopanela. Angelena o re: “Ke habohlokoa ho emela lebitso la Jehova ebile ke tlotla ho bolella ba bang ’nete ka eena.” Le rona re na le monyetla o ikhethang oa ho rorisa Jehova ha batho ba bang ba mo bua hampe.

Re ka rorisa Jehova ka lintho tseo re li buang, ka lintho tsa rona tsa bohlokoa le ka boitšoaro ba rona (Sheba serapa sa 9, 10) b


11. Ho theosa le lilemo barapeli ba ’nete ba ile ba latela molao-motheo o hlahang ho Pesaleme ea 96:8 joang?

11 Bala Pesaleme ea 96:8. Re ka rorisa Jehova ka lintho tsa bohlokoa tseo re nang le tsona. Haesale barapeli ba Jehova ba rorisa Jehova ka lintho tseo ba nang le tsona. (Liprov. 3:9) Ka mohlala, Baiseraele ba ile ba fana ka chelete le lintho tsa bohlokoa tseo ba nang le tsona e le hore tempele e hahoe ebe e hlokomeloe. (2 Mar. 12:​4, 5; 1 Likron. 29:​3-9) Barutuoa ba Kreste ba ne ba sebelisa “lintho tseo ba nang le tsona” ho thusa Jesu le baapostola ba hae. (Luka 8:​1-3) Hape, Bibele e bontša hore Bakreste ba lulang libakeng tse ling ba ile ba romela chelete ea liphallelo ho Bakreste-’moho le bona. (Lik. 11:​27-29) Le rona re ka rorisa Jehova ka hore re ithaopele ho ntša menehelo.

12. Menehelo eo re e ntšang e ka tlotlisa Jehova joang? (Sheba setšoantšo.)

12 A re ke re bueng ka mohlala oa kamoo menehelo ea rona e ileng ea tlotlisa Jehova kateng. Ka 2020, naha ea Zimbabwe e ile ea angoa ke komello e ileng ea nka nako e telele. Batho ba limilione ba ne ba le kotsing ea ho shoa hobane ba ne ba se na lijo, ho akareletsa le morali oa bo rona ea bitsoang Prisca. Le maemong ao a thata, Prisca o ne a lula a ea tšimong Laboraro le Labohlano le nakong ea ha ho ne ho lengoa. Baahisani ba hae ba ne ba mo soma ha a ne a khetha ho bolela litaba tse monate ho e-na le hore a sebetse masimong a hae. Ba ne ba re: “U tl’o shoa ke tlala.” Prisca o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo hlokomela. O ne a lula a ba araba ka ho re: “Jehova ha a e-s’o ka a lahla bahlanka ba hae le ka mohla.” Nakoana ka mor’a moo, o ile a fuoa liphallelo tse tsoang mokhatlong oa rona. Kahoo, menehelo eo re e ntšang e ka sebelisetsoa ho thusa batho ba tšoanang le Prisca hore ba fumane lijo le lintho tseo ba li hlokang. Baahisani ba Prisca ba ne ba hloletsoe hoo ba ileng ba re: “Molimo ha a e-s’o ka a u lahla le ka mohla, re ka thabela ho ithuta haholoanyane ka eena.” Ba supileng ba bona ba ile ba qalella ho ea libokeng.

Re ka rorisa Jehova ka lintho tsa rona tsa bohlokoa (Sheba serapa sa 12) c


13. Boitšoaro ba rona bo ka rorisa Jehova joang? (Pesaleme ea 96:9)

13 Bala Pesaleme ea 96:9. Re ka rorisa Jehova ka tsela eo re itšoarang ka eona. Baprista ba neng ba sebeletsa tempeleng ea Jehova ba ne ba lokela ho hlapa le ho hloeka. (Ex. 40:​30-32) Le rona re lokela ho lula re hloekile ’meleng, empa ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore re qobe ho etsa ntho leha e le efe eo Jehova a e hloileng ’me re hloeke boitšoarong. (Pes. 24:​3, 4; 1 Pet. 1:​15, 16) Re lokela ho sebetsa ka thata ho ‘hlobola botho ba khale’ le liketso tsa bona ’me re “apare botho bo bocha,” bo re thusang hore re nahane le ho etsa lintho tse tla thabisa Jehova le ho bonahatsa makhabane a hae. (Bakol. 3:​9, 10) Ka thuso ea Jehova, le batho ba entseng lintho tse mpe ka ho fetisisa ba ka fetoha ’me ba apara botho bo bocha.

14. U ithuta eng phihlelong ea Jack? (Sheba setšoantšo.)

14 Ka mohlala, Jack e ne e le setlokotsebe se kotsi, o ne a bile a bitsoa Modemona. Jack o ile a ahloleloa lefu ka lebaka la litlolo tsa molao tseo a neng a li entse. Leha ho le joalo, ha Jack a ntse a emetse ho bolaoa, o ile a lumela ho ithuta Bibele le mor’abo rona e mong ea neng a tloaetse ho etela teronkong eo a neng a le ho eona. Ho sa tsotellehe lintho tse ngata tse mpe tseo a li entseng, o ile a hlobola botho ba hae ba khale a ba a tšoaneleha ho kolobetsoa. Jack o ile a fetola bophelo ba hae haholo hoo ka letsatsi la hae la ho bolaoa, bahlokomeli ba bang ba teronko ba ne ba tletse likhapha ka mahlong ha ba mo lumelisa. Sajene e neng e sebetsa hona teronkong eo, e ile ea re: “Jack e kile ea e-ba motšoaruoa ea kotsi ka ho fetisisa sebakeng sena. Empa hona joale e se e le e mong oa batho ba molemo.” Beke ka mor’a hore Jack a bolaoe, bara ba bo rona ba ileng ba khutlela teronkong ho e’o tšoara liboka, ba ile ba kopana le motšoaruoa e mong ea neng a tlile libokeng tseo ka lekhetlo la pele. Ke hobane’ng ha a ile a etsa qeto ea ho tla libokeng? O ne a khahliloe ke tsela eo Jack a ileng a fetola bophelo ba hae ka eona ’me le eena o ne a batla ho tseba hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a rorise Jehova. Kannete tsela eo re itšoarang ka eona e ka etsa hore Ntate oa rona oa leholimo a rorisoe.—1 Pet. 2:12.

Re ka rorisa Jehova ka boitšoaro ba rona (Sheba serapa sa 14) d


JEHOVA O TLA HALALETSA LEBITSO LA HAE JOANG HAUFINYANE?

15. Jehova o tla halaletsa lebitso la hae joang haufinyane? (Pesaleme ea 96:​10-13)

15 Bala Pesaleme ea 96:​10-13. Litemana tsena tse qetellang tsa Pesaleme ea 96, li hlalosa Jehova e le Moahloli le Morena ea lokileng. Jehova o tla halaletsa lebitso la hae joang haufinyane? Ka ho tlisa toka. Haufinyane o tla ahlola bolumeli ba bohata hobane bo entse lintho tse mpe le ho ruta batho mashano ka eena. (Tšen. 17:​5, 16; 19:​1, 2) Ha bolumeli ba bohata bo se bo felisitsoe, batho ba bang ba ka ’na ba khetha ho ba barapeli ba Jehova. Qetellong ka ntoa ea Armagedone, Jehova o tla felisa Satane le lefatše la hae, a felise bohle ba mo hanyetsang, ba mo hloileng le ba buang leshano ka eena. Empa o tla pholosa bohle ba mo ratang, ba mo mamelang le ba motlotlo ho mo rorisa. (Mar. 8:38; 2 Bathes. 1:​6-10) Ka mor’a teko ea ho qetela e tlang ho ba ka mor’a Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, Jehova o tla be a halalelitse lebitso la hae ka ho feletseng. (Tšen. 20:​7-10) Ka nako eo, “batho bohle ba tla tseba matla a Jehova. Tsebo eo e tla ba ngata joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Hab. 2:14.

16. U ikemiselitse ho etsa’ng? (Sheba setšoantšo.)

16 Re tla thaba haholo ha batho bohle lefatšeng ba se ba rorisa Jehova ka tsela e mo tšoanelang. Le hona joale, re ka etsa sohle se matleng a rona ho bua le ho etsa lintho tse isang thoriso ho Molimo. Ho hatisa bohlokoa ba taba ena, Sehlopha se Busang se khethile Pesaleme ea 96:8 e le temana ea selemo ea 2025, e reng: “Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso.”

Qetellong, batho bohle lefatšeng ba tla rorisa Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso (Sheba serapa sa 16)

PINA EA 12 Jehova ke Molimo e Moholo

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Tšoantšetso ea ntho e etsahaletseng Angelena.

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Tšoantšetso ea ntho e etsahaletseng Prisca.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Tšoantšetso ea ntho e etsahaletseng Jack.