Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 4

PINA EA 18 Rea U Leboha ka Mora oa Hao

Tefo ea Topollo e re Ruta’ng?

Tefo ea Topollo e re Ruta’ng?

“Molimo o ile a re bontša hore oa re rata.”1 JOH. 4:9.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore na tefo ea topollo e bontša makhabane a Jehova Molimo le a Jesu Kreste joang.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikhopotsa lefu la Jesu selemo le selemo?

 TEFO ea topollo ke mpho e kholo haholo eo Jehova a re fileng eona. (2 Bakor. 9:15) Kaha Jesu o ile a re shoela, re ka khona ho ba metsoalle ea Jehova. Hape re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. O bontšitse hore o re rata haholo ka ho fana ka bophelo ba Mora oa hae e le tefo ea topollo. (Bar. 5:8) Jesu o ile a re re ikhopotse lefu la hae selemo le selemo e le hore re lule re ananela seo eena le Ntate oa hae ba re etselitseng sona.—Luka 22:​19, 20.

2. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Jesu se tla tšoaroa ka Moqebelo oa la 12 April 2025. Ha ho pelaelo hore kaofela ha rona re ikemiselitse ho ba teng. Libeke pele ho Sehopotso le ka mor’a sona, re tla rua molemo haholo haeba re ipha nako ea ho nahanisisa ka seo Jehova le Mora oa hae ba re etselitseng sona. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na tefo ea topollo e re ruta’ng ka Jehova le ka Mora oa hae. Sehloohong se latelang re tla ithuta hore na re ka rua molemo joang tefong ea topollo le hore na re ka bontša joang hore rea e ananela.

TEFO EA TOPOLLO E RE RUTA’NG KA JEHOVA?

3. Ke joang lefu la motho a le mong le ka lopollang batho ba limilione sebeng le lefung? (Sheba setšoantšo.)

3 Tefo ea topollo e re ruta ka toka ea Jehova. (Deut. 32:4) Joang? Ka lebaka la ho se mamele ha Adama, re futsitse sebe ’me rea shoa. (Bar. 5:12) E le hore re lopolloe sebeng le lefung, Jehova o ile a romela Jesu hore a tl’o re shoela. Empa ho tla joang hore lefu la motho a le mong ea phethahetseng le lopolle batho ba limilione sebeng le lefung? Moapostola Pauluse o re: “Joalokaha ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ho ile ha etsa hore ba bangata e be baetsalibe, ka ho tšoanang ho mamela ha motho a le mong [Jesu] ho tla etsa hore ba bangata e be ba lokileng.” (Bar. 5:19; 1 Tim. 2:6) E leng hore batho bohle ke baetsalibe ebile baa shoa hobane motho a le mong ea neng a phethahetse ha aa ka a mamela Molimo. Kahoo, ho ne ho hlokahala motho e mong ea phethahetseng ea neng a tla mamela Molimo e le hore re lopolloe sebeng le lefung.

Ka lebaka la motho a le mong, re baetsalibe ’me rea shoa. Ka ho tšoanang, ka lebaka la motho a le mong, re lokolotsoe sebeng le lefung (Sheba serapa sa 3)


4. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a tlohela bana ba Adama ba mo mamelang hore ba phele ka ho sa feleng?

4 Na ehlile ho ne ho hlokahala hore Jesu a re shoele? Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a tlohela bana ba Adama ba mo mamelang hore ba phele ka ho sa feleng? Ho batho ho ne ho ka bonahala eka ena ke eona tsela e nepahetseng ea ho rarolla bothata. Empa ho Jehova ho etsa joalo e ne e tla be e le ho hloka toka, hobane ho ne ho ka bonahala eka Adama ha a etsa sebe se tebileng le hore bana ba hae ba phethahetse empa bonneteng ho se joalo.

5. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla lula a etsa se nepahetseng?

5 Ho ne ho ka etsahala’ng haeba Jehova a ne a sa ka a fana ka tefo ea topollo eaba o tlohela bana ba Adama hore ba phele ka ho sa feleng? Kaha o ne a tla be a sa sebetsa litaba ka toka boemong boo, batho ba ne ba ka nahana hore a ke ke a sebetsa litaba ka toka hape nakong e tlang. Ka mohlala, ba ne ba ka nahana hore o tla hloleha ho phethahatsa tse ling tsa litšepiso tsa hae. Empa ha rea lokela ho tšoenyeha ka hore ntho e joalo e ka etsahala. Taba ea hore Jehova o ile a sebetsa litaba ka toka ka hore a fane ka Mora oa hae le hoja seo se ile sa mo utloisa bohloko, ea re kholisa hore o tla lula a etsa se nepahetseng.

6. Ke’ng e susumelitseng Jehova hore a romele Mora oa hae? (1 Johanne 4:​9, 10)

6 Ntho e ’ngoe e ileng ea susumetsa Jehova hore a romele Mora oa hae ho tl’o re shoela ke lerato. (Joh. 3:16; bala 1 Johanne 4:​9, 10.) Jehova o rometse Mora oa hae ho tl’o re shoela hobane a batla hore re phele ka ho sa feleng le hore re be karolo ea lelapa la hae. Nahana ka sena: Ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a mo leleka lelapeng la Hae. Kahoo, kaofela ha rona re tsoaletsoe ka ntle ho lelapa la Molimo. Empa ka lebaka la tefo ea topollo, Jehova o re tšoarela libe ’me bohle ba bontšang tumelo ho eena le ho mo mamela e tla ba karolo ea lelapa la hae. Le hona joale re thabela ho ba metsoalle ea Jehova le ea Bakreste-’moho. Kannete Jehova oa re rata.—Bar. 5:​10, 11.

7. Taba ea hore Jehova ha aa ka a pholosa Jesu e bontša joang hore oa re rata?

7 Re ka utloisisa haholoanyane lerato leo Jehova a re ratang ka lona ha re nahana ka seo a ileng a se tela e le hore re lopolloe. Satane o re ha ho mohlanka oa Molimo ea tla lula a tšepahala tlas’a maemo a boima. Ho tiisa hore Satane o leshano, Jehova o ile a lumella Jesu hore a utloisoe bohloko pele a shoa. (Jobo 2:​1-5; 1 Pet. 2:21) Jehova o ne a shebile ha Jesu a ntse a rohakoa ke batho, a otloa ke masole, a khokhotheloa palong a bile a shoa ka sehloho. (Mat. 27:​28-31, 39) O ne a e-na le matla a ho thibela lintho tseo kaofela ho etsahala. Batho ba ile ba re: “Haeba Molimo oa mo rata, ha a mo pholose.” Jehova a ka be a ile a etsa joalo. (Mat. 27:​42, 43) Empa ha a ne a ka mo pholosa, Jesu a ka be a sa fana ka bophelo ba hae e le tefo ea topollo ’me re ne re tla sala re se na tšepo. Kahoo, Jehova o ile a lumella Mora oa hae ho mamella bohloko boo ho fihlela a shoa.

8. Hlalosa hore na ke’ng e bontšang hore Jehova o ile a utloa bohloko ha Mora oa hae a hlokofatsoa. (Sheba setšoantšo.)

8 Ha rea lokela ho nahana hore Jehova ha a na maikutlo hobane feela e le ea matla ’ohle. Kaha Jehova o re bopile re tšoana le eena ’me re e-na le maikutlo, ho hlakile hore le eena o na le maikutlo. Bibele e re o ‘utloa bohloko.’ (Pes. 78:​40, 41) Nahana ka tlaleho ea Abrahama le Isaka. Jehova o ile a laela Abrahama hore a etse sehlabelo ka mora oa hae. (Gen. 22:​9-12; Baheb. 11:​17-19) Re se re ka inahanela feela hore na Abrahama o ne a ferekane hakae ha a tšoere thipa a le mothating oa ho bolaea mora oa hae. E tlameha ebe Jehova eena o ile a utloa bohloko bo fetang ha a shebile batho ba bolaea Mora oa hae ka sehloho.—Shebella video ea Etsisa Tumelo ea Bona—Abrahama, Karolo ea Bobeli e hlahang ho jw.org/st.

Jehova o ile a utloa bohloko ha a bona Mora oa hae a hlokofatsoa (Sheba serapa sa 8)


9. Baroma 8:​32, 38, 39 e bontša joang hore Jehova oa re rata?

9 Tefo ea topollo e re ruta hore Jehova o re rata ho feta mang kapa mang, esita le ho feta beng ka rona kapa metsoalle ea rona. (Bala Baroma 8:​32, 38, 39.) Re ka kholiseha hore Jehova o re rata ho feta kamoo re ithatang kateng. O batla ho re tšoarela libe le hore re phele ka ho sa feleng ho feta kamoo rona re batlang kateng. Ntho eo a ikopelang eona feela ke hore re bontše tumelo mphong ena le hore re mo mamele. Tefo ea topollo ke mpho ea bohlokoa e bontšang hore Jehova o re rata haholo. Lefatšeng le lecha, re tl’o ithuta haholoanyane ka lerato la Jehova.—Moek. 3:11.

TEFO EA TOPOLLO E RE RUTA’NG KA JESU?

10. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a tšoenyehile ka tsela eo a tl’o shoa ka eona? (b) Jesu o ile a halaletsa lebitso la Ntate oa hae joang? (Sheba lebokose le reng “ Ho Tšepahala ha Jesu ho Halalelitse Lebitso la Jehova.”)

10 Jesu o amehile ka ho teba ka botumo ba Ntate oa hae. (Joh. 14:31) Jesu o ne a tšoenyehile ka hore ha a qosoa ka ho se hlomphe Molimo le ho ba setlokotsebe, lebitso la Ntate oa hae le ne le tl’o senyeha. Ke kahoo a ileng a rapela a re: “Ntate, haeba ho khoneha, senoelo sena se ke se mphete.” (Mat. 26:39) Kaha Jesu o ile a tšepahalla Jehova ho isa lefung, o ile a halaletsa lebitso la Ntate oa hae.

11. Jesu o bontšitse joang hore o rata batho haholo? (Johanne 13:1)

11 Tefo ea topollo e boetse e re ruta hore Jesu o rata batho e le kannete, haholo-holo balateli ba hae. (Liprov. 8:31; bala Johanne 13:1.) Ka mohlala, Jesu o ne a tseba hore tse ling tsa lintho tseo a neng a tla li etsa ha a le lefatšeng li ne li tla ba thata, haholo-holo tsela e bohloko eo a neng a tla shoa ka eona. Empa o ne a ikemiselitse ho li etsa hobane a rata batho haholo eseng hobane feela a laetsoe. Jesu o ile a bontša hore o rata batho ka hore a ba bolelle litaba tse monate, a ba rute le ho ba thusa. Le letsatsing leo a neng a tl’o bolaoa ka lona, o ile a ipha nako ea ho hlatsoa maoto a baapostola ba hae, a ba khothatsa le ho ba fa litaelo. (Joh. 13:​12-15) Leha a se a khokhothetsoe palong, o ile a khothatsa setlokotsebe se neng se khokhothetsoe haufi le eena a ba a kopa Johanne hore a hlokomele ’mè oa hae. (Luka 23:​42, 43; Joh. 19:​26, 27) O ile a bontša hore o rata batho ka tsela eo a neng a ba tšoara ka eona le ka hore a ba shoele.

12. Jesu o tsoela pele ho itella rona joang?

12 Ke ’nete hore Jesu o ile a shoa “hanngoe ebile e le la ho qetela” empa o tsoela pele ho itella rona. (Bar. 6:10) Ka tsela efe? O tsoela pele ho sebelisa nako le matla a hae ho re etsetsa lintho tse molemo tseo re li fumanang ka lebaka la sehlabelo sa hae. Nahana ka lintho tseo a ntseng a li etsa hona joale. Ke Morena oa rona, Moprista ea Phahameng le hlooho ea phutheho. (1 Bakor. 15:25; Baef. 5:23; Baheb. 2:17) Ke eena ea ikarabellang ka mosebetsi oa ho bokella batlotsuoa le bongata bo boholo, e leng mosebetsi o lokelang ho phethoa pele mahlomola a maholo a fela. a (Mat. 25:32; Mar. 13:27) O boetse o sebelisa mohlanka ea tšepahalang ho etsa bonnete ba hore re fumana lintho tseo re li hlokang hore re sebeletse Jehova ka botšepehi matsatsing ana a ho qetela. (Mat. 24:45) Le nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla ’ne a tsoele pele ho re etsetsa lintho tse molemo. Kannete Jesu o iteletse rona. Ke mpho ea bohlokoa eo Jehova a re fileng eona.

LULA U ITHUTA LINTHO TSE NCHA

13. U ka etsa’ng e le hore u tsoele pele ho ithuta ka lerato la Molimo le la Kreste?

13 U ka tsoela pele ho ithuta ka lerato la Jehova Molimo le la Kreste Jesu haeba u lula u thuisa ka lona. Mohlomong libeke pele kapa ka mor’a Sehopotso selemong sena, u ka bala Kosepele e le ’ngoe kapa tse ’maloa ka hloko. U se ke oa leka ho bala likhaolo tse ngata ka nako e le ’ngoe. Ho e-na le hoo, nka nako ea hao ’me u nahanisise ka mabaka a eketsehileng a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho rata Jehova le Jesu. Ka holim’a tsohle, bolella ba bang lintho tseo u ithutileng tsona.

14. Ho ea ka Pesaleme ea 119:​97, ho etsa lipatlisiso ho ka re thusa joang hore re tsoele pele re ithuta ka tefo ea topollo le lintho tse ling? (Sheba setšoantšo.)

14 Haeba u se u e-na le lilemo tse ngata u kolobelitsoe, u ka ’na oa ipotsa hore na ho na le lintho tse ncha tseo u ka ithutang tsona ka toka ea Molimo, lerato la hae le tefo ea topollo. ’Nete ke hore ha ho mohla re tla re re qetile ho ithuta ka lintho tsena le tse ling. Joale u ka etsa’ng? Etsa sohle seo u ka se khonang ho ithuta lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. Etsa lipatlisiso ha ho e-na le seo u sa se utloisiseng ka Bibeleng. Ha letsatsi le ntse le ea, nahana ka seo u se fumaneng ha u ne u etsa lipatlisiso le hore na se u ruta’ng ka Jehova, Mora oa hae le lerato leo ba u ratang ka lona.—Bala Pesaleme ea 119:97.

Le haeba re e-na le lilemo tse ngata re kolobelitsoe, re ntse re ka ithuta lintho tse ncha ka tefo ea topollo tse tla etsa hore re ananele le ho feta seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona (Sheba serapa sa 14)


15. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re ithuta lintho tse ncha ka Bibeleng?

15 U se ke oa nyahama haeba ka linako tse ling u sa fumane ntho e ncha kapa e monate ha u ntse u ithuta kapa u etsa lipatlisiso. Boemong bona, u ka itšoantša le motho ea batlang khauta. Ha batho ba batla khauta, ba qeta lihora kapa matsatsi a mangata pele ba ka fumana leha e le lejoe le lenyenyane la khauta. Ho ntse ho le joalo, ha ba khathalloe ke pere hobane ho sa tsotellehe hore na khauta eo e nyenyane hakae, ho bona ke ea bohlokoa haholo. Linnete tsa Bibele tsona li bohlokoa le ho feta khauta. (Pes. 119:127; Liprov. 8:10) Kahoo, tsoela pele ho bala Bibele le ho batlisisa lintho tse ncha tseo u ka ithutang tsona ho eona.—Pes. 1:2.

16. Re ka etsisa Jehova le Jesu joang?

16 Ha u ntse u ithuta, nahana hore na u ka sebelisa lintho tseo u ithutang tsona joang. Ka mohlala, tšoara batho ba bang ka toka joaloka Jehova. Etsisa tsela eo Jesu a neng a rata Ntate oa hae le batho ka eona. Ikemisetse ho etsa sohle seo Jehova a reng u se etse le hore u itelle Bakreste-’moho le hoja ka linako tse ling ho ka ba boima. Hape, etsisa Jesu ka hore u rute batho ka Jehova e le hore le bona ba ka ba le monyetla oa ho bontša tumelo mphong ena e babatsehang e tsoang ho Jehova.

17. Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

17 Ha re tsoela pele ho ithuta haholoanyane ka tefo ea topollo, re tla rata Jehova le Jesu le ho feta ’me le bona ba tla re rata haholo. (Joh. 14:21; Jak. 4:8) Kahoo, a re tsoeleng pele ho sebelisa lintho tseo Jehova a re fileng tsona ho ithuta ka tefo ea topollo. Sehloohong se latelang re tl’o ithuta litsela tse ling tsa kamoo re ka fumanang molemo kateng tefong ea topollo. Re tla boela re ithute hore na re ka bontša joang hore re ananela lerato la Jehova.

PINA EA 107 E-bang Lerato Joaloka Jehova

a Ho bokelloa ha “lintho tsohle tse maholimong” hoo Pauluse a buileng ka hona ho Baefese 1:​10, ho fapane le ho bokelloa ha “bakhethoa” bao Jesu a buileng ka bona ho Matheu 24:31 le ho Mareka 13:27. Pauluse o ne a bua ka nako eo Jehova a tla beng a khetha bara ba hae ka hore a ba tlotse ka moea o halalelang e le hore ba e’o busa le Jesu. Jesu eena o ne a bua ka nako eo batlotsuoa ba setseng lefatšeng ba tla bokelloa ho ea leholimong nakong ea mahlomola a maholo.