Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 31

Ananela Mpho ea Thapelo

Ananela Mpho ea Thapelo

“E se eka thapelo ea ka e ka lokisoa joaloka libano ka pel’a hao.” ​—PES. 141:2.

PINA EA 47 Rapelang Jehova Kamehla

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Re lokela ho ikutloa joang ka mpho eo Jehova a re fileng eona ea hore re mo rapele?

 MOETSI oa leholimo le lefatše o re file mpho ea bohlokoa ea hore re mo rapele. Ak’u nahane feela hore re ka khona ho bolella Jehova kamoo re ikutloang kateng ka puo e ’ngoe le e ’ngoe le ka nako eo re batlang ho bua le eena ka eona. Re kholisehile hore Ntate oa rona ea lerato o tla re utloa, ebang re bua le eena re le betheng ea sepetlele kapa re le teronkong. Re leboha haholo ka mpho ena.

2. Morena Davida o ile a bontša joang hore o nka mpho ea thapelo e le ea bohlokoa?

2 Morena Davida o ne a nka mpho ea ho rapela e le ea bohlokoa. O ile a binela Jehova a re: “E se eka thapelo ea ka e ka lokisoa joaloka libano ka pel’a hao.” (Pes. 141:​1, 2) Mehleng ea Davida libano tse halalelang tseo baprista ba neng ba li sebelisetsa borapeli ba ’nete, li ne li lokisoa hantle. (Ex. 30:​34, 35) Kahoo, Davida o ne a batla ho nahana ka seo a neng a tla se bua ha a rapela Ntate oa hae ea leholimong feela joalokaha libano le tsona li ne li lokisoa hantle. Le rona re batla ho etsa sona seo e le hore Jehova a thabisoe ke lithapelo tsa rona.

3. Re lokela ho etsa’ng ha re rapela Jehova, hona hobane’ng?

3 Ha re rapela Jehova re lokela ho bontša hore re mo hlompha haholo. Nahana ka lipono tse hlollang tseo Esaia, Ezekiele, Daniele le Johanne ba ileng ba li bona. Le hoja ba sa bona lipono tse tšoanang empa ho na le ntho eo li tšoanang ka eona. Kaofela li hlalosa Jehova e le Morena ea phahameng ka ho fetisisa. Esaia o ile a “bona Jehova, a lutse teroneng e holimo le e phahameng.” (Esa. 6:​1-3) Ezekiele o ile a bona Jehova a lutse koloing ea hae ea leholimo e pota-potiloeng ke ho “benya . . . [ho] joaloka seqha.” (Ezek. 1:​26-28) Daniele o ile a bona “Moholo-holo oa Matsatsi” a apere liaparo tse tšoeu ’me a e-na le malakabe a mollo a tsoang teroneng ea hae. (Dan. 7:​9, 10) Johanne eena o ile a bona Jehova a lutse teroneng e pota-potiloeng ke mookoli o motle o joaloka emeralde. (Tšen. 4:​2-4) Ha re nahana kamoo Jehova a phahameng kateng, re ananela tlotla eo a re fileng eona ea hore re mo rapele le hore re etse joalo ka tlhompho. Empa ke lintho life tseo re lokelang ho li rapella?

“JOALE, LE RAPELE KA TSELA ENA”

4. Re ithuta’ng mantsoeng a qalang a thapelo ea mohlala a hlahang ho Matheu 6:​9, 10?

4 Bala Matheu 6:​9, 10. Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore na ke joang ba ka rapelang ka tsela e thabisang Molimo. Ka mor’a hore Jesu a re “joale, le rapele ka tsela ena,” o ile a qala pele ka ho bua ka lintho tsa bohlokoa tse amanang le morero oa Jehova. O ile a bua ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova, ho tla ha ’Muso oa Molimo o tla felisa bahanyetsi ba Hae le ka lintho tse molemo tseo a tla li etsetsa batho lefatšeng nakong e tlang. Ha re akaretsa lintho tsena lithapelong tsa rona, rea bontša hore thato ea Molimo ke ea bohlokoa ho rona.

5. Na re lokela ho rapella lintho tsa botho?

5 Karolong e latelang ea thapelo eo, Jesu o ile a bontša hore ho loketse hore re ka rapella lintho tsa botho. Re ka kopa Jehova hore a re fe lijo tsa letsatsi, a re tšoarele libe tsa rona, a re thuse ho hlola liteko a be a re sireletse ho ea khopo. (Mat. 6:​11-13) Ha re kopa hore Jehova a re fe lintho tsena, rea bontša hore re hloka thuso ea hae ebile re batla ho mo thabisa.

Ke’ng eo mor’abo rona a ka e rapellang le mosali oa hae? (Sheba serapa sa 6) *

6. Na re lokela ho rapella lintho tse thapelong ea mohlala feela? Hlalosa.

6 Jesu o ne a sa lebella hore balateli ba hae ba bue mantsoe a hlahang thapelong ea mohlala joalokaha a le joalo. Lithapelo tse ling tseo Jesu a ileng a li etsa o ile a bua lintho tse fapaneng le tse thapelong ea mohlala, e leng lintho tsa bohlokoa tseo a neng a li hloka ka nako eo. (Mat. 26:​39, 42; Joh. 17:​1-26) Le rona re ka rapella lintho tse re tšoenyang. Nakong eo re lokelang ho etsa qeto, re ka rapella bohlale le kutloisiso. (Pes. 119:​33, 34) Ha re lokela ho etsa mosebetsi o itseng o thata, re ka rapela ’me ra kopa Jehova hore a re thuse ho utloisisa hore na re o etse joang. (Liprov. 2:6) Batsoali ba ka rapella bana ba bona, le bana ba ka rapella batsoali ba bona ’me kaofela ha rona re lokela ho rapella batho bao re ithutang Bibele le bona, le bao re ba bolellang molaetsa oa eona. Ha rea lokela ho rapela Jehova feela ha re kopa thuso.

Re ka rorisa le ho leboha Jehova ka’ng lithapelong tsa rona? (Sheba serapa sa 7-9) *

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho rorisa Jehova ha re rapela?

7 Re lokela ho hopola ho rorisa Jehova ha re rapela. Ha ho na motho ea tšoaneloang ke ho rorisoa ho feta Molimo oa rona. O “molemo ’me o itokiselitse ho tšoarela.” O boetse o mohau le mosa, o lieha ho halefa, o tletse mosa o lerato le ’nete. (Pes. 86:​5, 15) Ho loketse hore re rorise Jehova ka lebaka la makhabane a hae le ka lintho tseo a li etsang.

8. Ke lintho life tseo re ka lebohang Jehova ka tsona? (Pesaleme ea 104:​12-15, 24)

8 Re lokela ho rorisa Jehova lithapelong tsa rona hape re lokela ho mo leboha ka lintho tseo a re fang tsona. Ka mohlala, re ka mo leboha ka mebala e metle ea lipalesa tseo a li entseng, lijo tse ngata tse monate tseo re nang le tsona le ka metsoalle eo re nang le eona. Ntate oa rona ea lerato o re fa lintho tsena le tse ling tse ngata e le ho re thabisa. (Bala Pesaleme ea 104:​12-15, 24.) Habohlokoa le ho feta, re leboha Jehova ka likeletso tseo a re fang tsona e le hore re lule re e-na le tumelo e matla le ka tšepo e babatsehang eo re nang le eona ka bokamoso.

9. Ke’ng e ka re thusang hore re hopole ho leboha Jehova? (1 Bathesalonika 5:​17, 18)

9 Ho ka ba bonolo hore re lebale ho leboha Jehova ka lintho tsohle tseo a re etsetsang tsona. Ke’ng e ka u thusang hore u hopole ho mo leboha? U ka ngola fatše lintho tseo u li rapelletseng ’me ka mor’a moo u shebe hore na Jehova o li arabetse joang ebe u rapela Jehova ’me u mo lebohe ka hore o u thusitse. (Bala 1 Bathesalonika 5:​17, 18.) Nahana ka sena: Rea thaba ebile re ikutloa re ratoa ha batho ba bang ba re leboha. Le rona haeba re hopola ho leboha Jehova ha a arabetse lithapelo tsa rona, seo sea mo thabisa. (Bakol. 3:​15) Ke’ng hape ea bohlokoa eo re lokelang ho leboha Molimo oa rona ka eona?

LEBOHA JEHOVA KA HORE EBE U RE FILE MORA OA HAE EA RATOANG

10. Ho ea ka 1 Petrose 2:​21, ke hobane’ng ha re e-na le lebaka la ho leboha Jehova ka hore ebe o ile a romela Jesu lefatšeng?

10 Bala 1 Petrose 2:​21. Re lokela ho leboha Jehova ka hore ebe o ile a romela Mora oa hae ea ratoang hore a tl’o re ruta. Ha re ithuta ka Jesu, re ithuta lintho tse ngata ka Jehova le hore na re ka mo thabisa joang. Ha re bontša tumelo sehlabelong sa Kreste, re tla ba metsoalle ea Jehova Molimo ebile re tla ba le khotso le eena.​—Bar. 5:1.

11. Ke hobane’ng ha re rapela ka lebitso la Jesu?

11 Re leboha Jehova hore ebe re khona ho mo rapela ka Mora oa hae. Jehova o sebelisa Jesu ho re fa lintho tseo re mo kopileng tsona. Jehova o mamela le ho arabela lithapelo tsa rona haeba re sebelisa lebitso la Jesu. Jesu o ile a re: “Eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, e le hore Ntate a ka tlotlisoa ka Mora.”​—Joh. 14:​13, 14.

12. Ke hobane’ng ha re boetse re lokela ho leboha Jehova ka Mora oa hae?

12 Jehova o re tšoarela libe tsa rona motheong oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo. Mangolo a hlalosa Jesu e le ‘moprista ea phahameng ea lutseng ka letsohong le letona la terone ea Ea Boholo bo Hlomphehang maholimong.’ (Baheb. 8:1) Jesu ke “mothusi [oa rona] ho Ntate.” (1 Joh. 2:1) Re leboha Jehova hore ebe o re file Moprista ea Phahameng ea utloisisang hore re baetsalibe le ea re “kopelang ka tieo.” (Bar. 8:​34; Baheb. 4:​15) Re baetsalibe, kahoo kantle ho sehlabelo sa Jesu re ne re ke ke ra khona ho bua le Jehova ka thapelo. Ha ho pelaelo hore re ke ke ra khona ho leboha Jehova ka ho felletseng ka mpho ea bohlokoa eo a re fileng eona e leng Mora oa hae ea ratoang.

RAPELLA BAKRESTE-’MOHO

13. Bosiung ba pele Jesu a bolaoa o ile a bontša joang hore o rata barutuoa ba hae?

13 Bosiu ba pele Jesu a bolaoa o ile a rapella barutuoa ba hae ka nako e telele, a kopa Ntate oa hae hore a “ba lebele ka lebaka la ea khopo.” (Joh. 17:​15) Seo se ne se bontša hore Jesu o ne a ba rata haholo. O ne a tseba hore haufinyane o tl’o utloa bohloko, ho ntse ho le joalo o ne a tšoenyehile ka baapostola ba hae.

Ke lintho life tseo re ka li rapellang ka Bakreste-’moho le rona? (Sheba serapa sa 14-16) *

14. Re ka bontša joang hore re rata Bakreste-’moho le rona?

14 Re etsisa Jesu ka hore re se ke ra nahana feela ka lintho tseo re li hlokang. Ho e-na le hoo, kamehla re lokela ho rapella Bakreste-’moho le rona. Ha re etsa joalo, re mamela taelo ea Jesu ea hore re ratane ebile re bontša Jehova hore re rata Bakreste-’moho le rona haholo. (Joh. 13:​34) Ho rapella Bakreste-’moho le rona ho ka ba thusa. Lentsoe la Molimo le re “thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.”​—Jak. 5:16.

15. Ke hobane’ng ha Bakreste-’moho le rona ba hloka hore re ba rapelle?

15 Bakreste-’moho le rona ba hloka hore re ba rapelle hobane ba mamelletse mathata a mangata. Re ka kopa hore Jehova a ba thuse ho mamella ho kula, likoluoa tsa tlhaho, lintoa, ho hlorisoa le mathata a mang. Re boetse re lokela ho rapella bara le barali babo rona ba sebetsang ka thata ho thusa ba hlokang. Mohlomong o tseba batho ba bang ba nang le mathata a tšoanang le ana. U ka ba bitsa ka mabitso ha u rapela. Ha re kopa Jehova hore a thuse Bakreste-’moho hore ba mamelle, re bontša hore re ba rata haholo.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella ba re etellang pele?

16 Bara babo rona ba etellang pele ka phuthehong baa ananela ha batho ba bang ba ba rapella ’me lithapelo tseo lia ba thusa. Moapostola Pauluse le eena o ne a tseba hore ho hlokahala hore ba bang ba mo rapelle. O ile a re: “[Le rapele] le bakeng sa ka, e le hore nka fuoa bokhoni ba ho bua ka ho ahlama ha molomo oa ka, ka ho bua ka bolokolohi ho tsebahatsa sephiri se halalelang sa litaba tse molemo.” (Baef. 6:​19) Le mehleng ena, re na le bara babo rona ba bangata ba etellang pele ba sebetsang ka thata. Re bontša hore rea ba rata haeba re kopa Jehova hore a ba tšehetse ka mosebetsi oo ba o etsang.

KE’NG EO RE LOKELANG HO E ETSA HA RE RAPELLA BATHO BA BANG?

17, 18. Ke neng moo re ka koptjoang ho rapella batho ba bang, hona re lokela ho lula re hopola’ng?

17 Ka linako tse ling re ka koptjoa ho rapella batho ba bang. Ka mohlala, ha morali oabo rona a e’o ithuta Bibele le motho e mong, a ka ’na a kopa morali oabo rona ea tsamaeang le eena hore a rapele. E ka ’na eaba morali oabo rona ea menngoeng ha a tsebe motho eo ea ithutang Bibele hantle, kahoo a ka ’na a bona ho le molemo hore a rapele ha thuto e fela. Ka tsela eo ho tla ba bonolo hore a tsebe hore na a ka re’ng ha a rapella motho eo ea ithutang Bibele.

18 Mor’abo rona a ka koptjoa hore a rapele sebokeng sa tšebeletso ea tšimo kapa libokeng. Bara babo rona ba koptjoang ho rapela ba lokela ho hopola morero oa liboka tseo. Ha rea lokela ho khalemela le ho etsa litsebiso nakong eo re rapelang. Ha mor’abo rona a rapela libokeng ha aa lokela ho bua “mantsoe a mangata,” haholo-holo ha li qala, kaha pina le thapelo li lokela ho etsoa ka metsotso e mehlano.​—Mat. 6:7.

ETSA HORE THAPELO E BE NTHO EA BOHLOKOA BOPHELONG BA HAO

19. Ke’ng e tla re thusa hore re itokisetse kahlolo ea letsatsi la Jehova?

19 Re lokela ho etsa hore ho rapela e be ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba rona kaha letsatsi la kahlolo ea Jehova le haufi haholo. Ha Jesu a bua ka taba ena o ile a re: “Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale.” (Luka 21:​36) Ho lula re rapela ho tla re thusa hore tumelo ea rona e be matla ’me re tla be re itokisitse ha letsatsi la kahlolo ea Molimo le fihla.

20. Lithapelo tsa rona li ka tšoana le libano tse nkhang hamonate joang?

20 Re se re buile ka’ng? Re bone hore re lokela ho ananela mpho eo re e fuoeng ea thapelo haholo. Lintho tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li rapella ke tse amanang le morero oa Jehova. Re boetse re ananela Mora oa Molimo le ’Muso oa hae hape re rapella Bakreste-’moho le rona. Re boetse re rapella lintho tseo re li hlokang le ho kopa Jehova hore a re thuse ho ba le tumelo e matla. Ha re nahana ka hore na re tla re’ng ha re rapela, re bontša hore re ananela mpho ena e babatsehang. Mantsoe a rona a tla ba joaloka libano tse nkhang hamonate ho Jehova ebile a tla mo “khahlisa.”​—Liprov. 15:8.

PINA EA 45 Lintho Tseo ke li Nahanisisang

^ Re leboha Jehova hore ebe o re lumella hore re mo rapele. Re batla hore lithapelo tsa rona li mo thabise, li tšoane le libano tse nkhang hamonate. Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na ke lintho life tseo re ka li rapellang. Re tla boela re bue ka lintlha tseo re lokelang ho li hopola haeba re koptjoa hore re rapelle batho ba bang.

^ LITŠOANTŠO Leqephe la 21: Mor’abo rona o rapela le mosali oa hae hore ngoana oa bona a sireletsehe ha a le sekolong, ba rapella motsoali ea kulang ea seng a holile hape ba rapella motho eo ba ithutang Bibele le eena hore a etse liphetoho.

^ Leqephe la 22: Mor’abo rona e mocha o leboha Jehova ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo, ka lefatše e leng lehae la rona le letle le ka lijo tse monate.

^ Leqephe la 24: Morali oabo rona o rapella hore Jehova a hlohonolofatse Sehlopha se Busang ka moea oa hae o halalelang a be a thuse ba hlaheloang ke likoluoa tsa tlhaho le ba hlorisoang.