Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 30

Boprofeta ba Pele bo Hlahang ka Bibeleng bo ka U Tsoela Molemo Joang?

Boprofeta ba Pele bo Hlahang ka Bibeleng bo ka U Tsoela Molemo Joang?

“Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali.”​—GEN. 3:15.

PINA EA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova!

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Jehova o ile a etsa’ng hang ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe? (Genese 3:15)

 HANG feela ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Jehova o ile a bua ka boprofeta ba bohlokoa bo neng bo tla fa bana ba bona tšepo. Boprofeta boo bo hlaha ho Genese 3:​15.​—E bale.

2. Ke hobane’ng ha boprofeta bona e le ba bohlokoa?

2 Boprofeta bona bo hlaha bukeng ea pele ea Bibele. Libuka tse ling tsa Bibele li amana le boprofeta bona ka tsela e itseng. Feela joalokaha re sebelisa khareng ho kopanya masela hore e be seaparo, ka ho tšoanang boprofeta bo ho Genese 3:​15 bo kopanya seo ho buuoang ka sona bukeng e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele hore e be molaetsa o le mong. Molaetsa oo ke o bontšang hore Jehova o ne a tla romela Mopholosi ea tla felisa Diabolose le batho bohle ba khopo ba mo tšehetsang. * Ena e tla ba ntho e thabisang haholo ho batho ba ratang Jehova.

3. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tsena tse tharo tse mabapi le boprofeta bo hlahang ho Genese 3:​15: Boprofeta boo bo bua ka bo-mang? Bo phethahala joang? Hona bo re tsoela molemo joang?

BOPROFETA BOO BO BUA KA BO-MANG?

4. “Noha” ke mang, hona re tseba seo joang?

4 Genese 3:​14, 15 e bua ka “noha,” “peo” ea noha, “mosali” le “peo” ea mosali. Bibele e re thusa ho utloisisa hore na lintho tsena li tšoantšetsa bo-mang. * A re qaleng pele ka ho bua ka “noha.” Noha ea sebele e ne e ke ke ea utloisisa seo Jehova a neng a se bua serapeng sa Edene. Kahoo, e tlameha ebe Jehova o ne a ahlola sebopuoa se bohlale. Jehova o ne a bua le mang? Tšenolo 12:9 e re hlalosetsa hantle hore na noha ke mang. Temana ena e hlalosa hore “noha ea pele” ke Satane Diabolose. Empa peo ea noha e tšoantšetsa bo-mang?

NOHA

Satane Diabolose, eo Tšenolo 12:9 e mo hlalosang e le “noha ea pele” (Sheba serapa sa 4)

5. Peo ea noha e tšoantšetsa bo-mang?

5 Ka linako tse ling ha Bibele e bua ka peo ka tsela ea tšoantšetso, e bolela batho ba nahanang le ho etsa lintho joaloka ntate oa bona. Kahoo, peo ea noha e tšoantšetsa mangeloi a sa tšepahaleng le batho bao joaloka Satane ba leng khahlanong le Jehova Molimo le bahlanka ba Hae. Peo ea noha e akareletsa mangeloi a ileng a tloha leholimong mehleng ea Noe le batho ba khopo ba itšoereng hampe joaloka ntate oa bona Diabolose.​—Gen. 6:​1, 2; Joh. 8:​44; 1 Joh. 5:​19; Juda 6.

PEO EA NOHA

Mangeloi a sa tšepahaleng le batho ba hanyetsang Jehova Molimo le bahlanka ba hae (Sheba serapa sa 5)

6. Ke hobane’ng ha “mosali” eo ho buuoeng ka eena e ne e ke ke ea e-ba Eva?

6 A re ke re bueng ka hore na “mosali” ke mang. E ne e ke ke ea e-ba Eva. Hobane’ng? Nahana ka lebaka lena. Boprofeta bona bo ile ba re peo ea mosali e ne e tla “khoba” hlooho ea noha. Joalokaha re se re bone, noha ke Satane, e leng lengeloi le khopo ’me bana ba Eva ba ke ke ba khona ho khoba Satane hlooho hobane ha baa phethahala. Joale ke mang ea neng a tla felisa Satane?

7. Tšenolo 12:​1, 2, 5 le 10 e bontša hore mosali eo ho buuoang ka eena ho Genese 3:​15 o tšoantšetsa’ng?

7 Buka ea ho qetela ea Bibele ea re bolella hore na mosali eo ho buuoeng ka eena ho Genese 3:​15 ke mang. (Bala Tšenolo 12:​1, 2, 5, 10.) Mosali eo ho buuoang ka eena mona ke mosali oa tšoantšetso. Bibele e re o na le khoeli ka tlas’a maoto a hae ebile o roetse moqhaka oa linaleli tse 12 hloohong ea hae. O tsoala ngoana ea sa tloaelehang, e leng ’Muso oa Molimo. E tlameha ebe mosali enoa o leholimong kaha ’Muso ona o leholimong. Mosali enoa o tšoantšetsa karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova e entsoeng ka mangeloi a tšepahalang.​—Bagal. 4:26.

MOSALI

Karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova e entsoeng ka mangeloi a hae a tšepahalang (Sheba serapa sa 7)

8. Ke mang eo e leng karolo e ka sehloohong ea peo ea mosali, hona e bile eona neng? (Genese 22:​15-18)

8 Lentsoe la Molimo le boetse le re thusa ho tseba hantle hore na karolo e ka sehloohong ea peo ea mosali ke mang. Peo eo e ne e lokela ho ba setloholo sa Abrahama. (Bala Genese 22:​15-18.) Jesu e ne e le eena setloholo sa mopatriareka eo ea tšepahalang, joalokaha boprofeta bo bontšitse. (Luka 3:​23, 34) Peo eo e ne e ke ke ea e-ba motho hobane e ne e tl’o felisa Satane Diabolose. Kahoo, ha Jesu a ne a le lilemo tse ka bang 30, Molimo o ile a mo tlotsa ka moea o halalelang. Ha Jesu a tlotsoa, e ile ea e-ba karolo e ka sehloohong ea peo ea mosali. (Bagal. 3:​16) Ka mor’a hore Jesu a shoe ’me a tsosoe, Molimo o ile a mo “roesa moqhaka oa khanya le tlhompho” ’me a mo fa “matla ’ohle leholimong le lefatšeng,” ho akarelletsa le matla a “ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.”​—Baheb. 2:7; Mat. 28:​18; 1 Joh. 3:8.

PEO EA MOSALI

Jesu Kreste le ba 144 000 ba tla busa le eena (Sheba serapa sa 8 le 9)

9, 10. (a) Ke bo-mang hape bao e leng karolo ea peo ea mosali, hona seo se etsahala neng? (b) Re tl’o bua ka’ng?

9 Ho na le batho bao e neng e tla ba karolo ea bobeli ea peo ea mosali. Moapostola Pauluse o ile a bua ka karolo ena ea peo ha a ne a bua le Bakreste ba tlotsitsoeng ba Bajuda le ba Balichaba, a re: “Haeba le ba Kreste, ka sebele le peo ea Abrahama, majalefa mabapi le tšepiso.” (Bagal. 3:​28, 29) Ha Jehova a tlotsa Mokreste ka moea o halalelang, Mokreste eo e ba karolo ea peo ea mosali. Kahoo, peo ea mosali ke Jesu Kreste le batho ba 144 000 ba tla busa le eena. (Tšen. 14:1) Kaofela ha bona ba leka ho nahana le ho etsa lintho joaloka Ntate oa bona, Jehova Molimo.

10 Hona joale re se re tseba hore na Genese 3:​15 e bua ka bo-mang, kahoo a re ke re boneng hore na Jehova o se a entse’ng ho phethahatsa boprofeta bona le hore bo re tsoela molemo joang.

JEHOVA O SE A ENTSE’NG HO PHETHAHATSA BOPROFETA BONA?

11. Boprofeta bona bo ne bo bolela’ng ha bo re peo ea mosali e ne e tla longoa “serethe”?

11 Ho ea ka boprofeta bo ho Genese 3:​15, noha e ne e tla loma “serethe” sa peo ea mosali. Seo se ile sa phethahala ha Satane a ne a susumetsa Bajuda le Baroma hore ba bolaee Mora oa Molimo. (Luka 23:​13, 20-24) Ha Jesu a ne a shoele, ka nakoana o ne a sa khone ho etsa letho feela joalokaha motho a sa khone ho tsamaea ka nakoana ha serethe sa hae se lemetse.​—Mat. 16:21.

12. Hlooho ea noha e tla khojoa neng, hona joang?

12 Boprofeta bo ho Genese 3:​15 bo bontša hore Jesu o ne a ke ke a lula a shoele. Hobane’ng? Hobane ho ea ka boprofeta boo, peo ea mosali e ne e tla khoba hlooho ea noha. Sena se bolela hore Jesu o ne a lokela ho tsosoa ’me o ile a fela a tsosoa. Jesu o ile a tsosoa ka mor’a matsatsi a mararo ’me o ile a ea leholimong moo a ke keng a hlola a shoa le ka mohla. Jesu o tla felisa Satane ka nako eo Molimo a e behileng. (Baheb. 2:​14) Kreste hammoho le ba tla busa le eena ba tla felisa lira tsa Molimo e leng peo ea noha.​—Tšen. 17:​14; 20:​4, 10. *

BOPROFETA BONA BO RE TSOELA MOLEMO JOANG?

13. Ho phethahala ha boprofeta bona ho re tsoela molemo joang?

13 Ho phethahala ha boprofeta bona ho u tsoela molemo haeba u inehetse ho Molimo. Jesu o ile a tla lefatšeng e le motho ’me o ne a etsisa botho ba Ntate oa hae ka ho phethahetseng. (Joh. 14:9) Kahoo, ho ithuta ka Jesu ho entse hore re tsebe Jehova Molimo le ho mo rata. Hape lintho tseo Jesu a neng a li ruta le tsela eo a tataisang phutheho ka eona mehleng ena ho re tsoela molemo. O re rutile hore re phele ka tsela e tla thabisa Jehova. Taba ea hore Jesu o ile a longoa serethe kapa a shoa, e re tsoela molemo. Ka tsela efe? Ha Jesu a tsosoa, o ile a fana ka mali a hae e le sehlabelo se phethahetseng se re ‘hloekisang sebeng sohle.’​—1 Joh. 1:7.

14. Re tseba joang hore mantsoe a boprofeta ao Jehova a ileng a a bua serapeng sa Edene ha aa ka a phethahala ka eona nako eo? Hlalosa.

14 Mantsoe a boprofeta ao Jehova a ileng a a bua serapeng sa Edene a bontša hore ho ne ho tla hlokahala nako pele a ka phethahala ka ho felletseng. Ho ne ho tla nka nako pele mosali a hlahisa peo e tšepisitsoeng le hore Diabolose a bokelle balateli ba hae le hore ho be le lehloeo pakeng tsa bona. Ho utloisisa boprofeta bona hoa re thusa hobane hoa re lemosa hore batho ba busoang ke Satane ba tla hloea barapeli ba Jehova. Hamorao, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka eona taba ena. (Mar. 13:​13; Joh. 17:​14) Re se re bone ha karolo ea boprofeta bona e phethahala, haholo-holo lilemong tse lekholo tse fetileng. Boprofeta boo bo phethahetse joang?

15. Ke hobane’ng ha batho ba busoang ke Satane ba hloile bahlanka ba Molimo hakana, hona ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba Satane?

15 Satane o ile a lelekoa leholimong nakoana ka mor’a hore Jesu e be Morena ka 1914. Hona joale o lefatšeng ’me o emetse ho felisoa. (Tšen. 12:​9, 12) Empa ha a phutha matsoho feela, o halefile haholo ebile o hlasela bahlanka ba Molimo. (Tšen. 12:​13, 17) Ke kahoo batho ba busoang ke Satane ba hloileng bahlanka ba Molimo hakana. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšaba Satane le balateli ba hae. Ho e-na le hoo, re ka kholiseha joaloka moapostola Pauluse ea ileng a re: “Haeba Molimo a eme le rona, ke mang ea tla ba khahlanong le rona?” (Bar. 8:​31) Re ka tšepa Jehova ka ho felletseng hobane re ithutile hore boholo ba boprofeta bo ho Genese 3:​15 bo se bo phethahetse.

16-18. Ho utloisisa Genese 3:​15 ho ile ha thusa Mor’abo rona Curtis, Ursula le Jessica joang?

16 Tšepiso ea Jehova e ho Genese 3:​15 e ka re thusa ho mamella mathata ao re nang le ’ona. Mor’abo rona Curtis eo e leng moromuoa Guam, o re: “Ka linako tse ling ke ne ke e-ba le mathata a neng a nthatafalletsa hore ke lule ke tšepahalla Jehova. Empa ho nahanisisa ka boprofeta bo ho Genese 3:​15 ho ile ha nthusa hore ke lule ke tšepa Ntate oa ka ea leholimong.” Mor’abo rona Curtis o lebelletse nako eo ka eona Jehova a tla felisa mathata ’ohle a rona.

17 Morali oabo rona Ursula ea lulang Bavaria o re ho utloisisa Genese 3:​15 ho mo thusitse ho kholiseha hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. O ile a bona kamoo boprofeta bo bong kaofela bo amanang le boprofeta bona ’me seo se ile sa mo khahla haholo. O boetse o re: “Ha ke ne ke ithuta hore ho na le ntho eo Jehova a ileng a e etsa hang-hang ho re fa tšepo, seo se ile sa etsa hore ke mo rate le ho feta.”

18 Morali oabo rona Jessica ea lulang Micronesia, o re: “Ke ntse ke hopola tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona ha ke ne ke hlokomela hore lintho tseo ke ithutang tsona ke ’nete. Boprofeta bo ho Genese 3:​15 bo ne bo ntse bo phethahala. Bo nthusitse ho hopola hore Jehova o ne a sa rera hore re etsahalloe ke lintho tse bohloko. Boprofeta bona bo boetse bo nthusitse hore ke kholisehe hore ke tla thabela bophelo ha ke sebeletsa Jehova hona joale ’me ke tla thaba le ho feta nakong e tlang.”

19. Ke’ng e re kholisang hore karolo e qetellang ea boprofeta bona e tla phethahala?

19 Re se re bone hore hona joale boprofeta bo ho Genese 3:​15 bo ntse bo phethahala. Re ithutile hore na peo ea mosali le ea noha e tšoantšetsa bo-mang. Jesu e leng karolo e ka sehloohong ea peo ea mosali o se a folile leqebeng la hae la serethe ’me hona joale ke Morena ea matla ea ke keng a hlola a shoa. Haufinyane palo ea batho ba khethiloeng hore e be karolo ea bobeli ea peo e tla fella. Kaha karolo e qalang ea boprofeta bona e se e phethahetse, re kholisehile hore karolo e qetellang ea bona ea hore hlooho ea noha e khojoe le eona e tla phethahala. Bahlanka ba Molimo ba tla thaba haholo ha Satane a felisoa. Ha u ntse u emetse nako eo, u se ke oa nyahama hobane Molimo oa rona oa tšepahala. O tla sebelisa peo ea mosali ho etsetsa “lichaba tsohle tsa lefatše” lintho tse ngata tse molemo.​—Gen. 22:​18.

PINA EA 23 Jehova o Qala ho Busa

^ Re ke ke ra utloisisa Bibele hantle haeba re sa utloisise boprofeta bo hlahang ho Genese 3:​15. Ho ithuta boprofeta bona ho tla matlafatsa tumelo ea rona ho be ho re kholise hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae.

^ Sheba sehlooho se reng, “Molaetsa oa Bibele” bukaneng ea Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo.

^ Sheba lebokose le reng, “Genese 3:​14, 15 e Bua ka Bo-mang?”