Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 32

Etsisa Jehova ka Hore U Fetohe le Maemo

Etsisa Jehova ka Hore U Fetohe le Maemo

“Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.”​—BAFIL. 4:5.

PINA EA 89 Mamela ’Me U Hlohonolofatsoe

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

U batla ho ba sefate sa mofuta ofe? (Sheba serapa sa 1)

1. Ke ka tsela efe Bakreste ba lokelang ho ba joaloka sefate? (Sheba setšoantšo.)

 “MOEA o ke ke oa roba sefate se khonang ho kobeha.” Mantsoe ana a hlalosa hore lifate li lokela ho kobeha ha moea o foka ka matla e le hore li se ke tsa robeha. Ka tsela e tšoanang, le rona re lokela ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho bophelong ba rona e le hore re ka tsoela pele re sebeletsa Jehova re thabile. Joang? Re lokela ho ba batho ba fetohang le maemo ka hore re amohele ha ho e-ba le liphetoho bophelong ba rona le ka hore re hlomphe maikutlo a batho ba bang le liqeto tseo ba li etsang.

2. Ke makhabane afe a tla re thusa ho ba batho ba khonang ho fetoha le maemo ’me re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Re le bahlanka ba Jehova, re batla ho ba batho ba fetohang le maemo. Re boetse re batla ho ba le boikokobetso le ho ba mohau. Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na makhabane ana a thusitse Bakreste ba bang joang ha maemo a bona a fetoha. Hape re tla bona hore na a ka re thusa joang. Empa a re qaleng pele ka ho ithuta mohlaleng oo Jehova le Jesu ba re behetseng oona oa ho fetoha le maemo.

JEHOVA LE JESU BA KHONA HO FETOHA LE MAEMO

3. Ke bopaki bofe boo re nang le bona ba hore Jehova o fetoha le maemo?

3 Jehova o bitsoa “Lefika” hobane o lula a tiile ’me ha a sisinyehe. (Deut. 32:4) Leha ho le joalo, o khona ho fetoha le maemo. Ha lintho li ntse li fetoha lefatšeng, Molimo oa rona le eena o fetoha le maemo e le hore morero oa hae o phethahale. Jehova o re bopile re tšoana le eena. Kahoo, re na le bokhoni ba ho fetoha le maemo. O fane ka melao-motheo ka Bibeleng e re thusang ho etsa liqeto tse bohlale ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang. Mohlala oo Jehova a re behelang oona le melao-motheo eo a re fileng eona ke bopaki ba hore le hoja e le “Lefika,” o khona ho fetoha le maemo.

4. Fana ka mohlala o bontšang hore Jehova o fetoha le maemo. (Levitike 5:7, 11)

4 Jehova o etsa lintho ka tsela e phethahetseng ebile o fetoha le maemo. Ha a tšoare batho ka thata. Nahana ka mohlala oa kamoo Jehova a ileng a bontša kateng hore o fetoha le maemo ha a ne a nahanela Baiseraele. O ne a sa lebella hore batho ba ruileng le ba futsanehileng ba fane ka mahlabelo a lekanang. Ka linako tse ling, o ne a lumella hore motho e mong le e mong a fane ka mahlabelo ho latela maemo a hae.​—Bala Levitike 5:7, 11.

5. Fana ka mohlala o bontšang hore Jehova o ikokobelitse ebile o mohau.

5 Jehova o fetoha le maemo hobane a ikokobelitse ebile a le mohau. Ka mohlala, o ile a bontša hore o ikokobelitse ha a ne a tl’o felisa batho ba khopo ba Sodoma. Jehova o ile a roma mangeloi hore a e’o bolella monna ea lokileng Lota hore a balehele lithabeng. Lota o ne a tšaba ho ea moo. Kahoo, o ile a kopa Jehova hore a lumelle eena le lelapa la hae hore ba balehele Zooare e leng motse o monyenyane o neng o lokela ho timetsoa. Jehova a ka be a ile a phehella Lota hore a latele litaelo tsa hae feela joalokaha a mo file tsona. Ho e-na le hoo, o ile a mamela kopo eo ea Lota le hoja e ne e bolela hore ha a sa tla felisa Zooare. (Gen. 19:18-22) Lilemo tse ngata hamorao, Jehova o ile a bontša baahi ba Ninive mohau. O ile a romela moprofeta Jonase hore a e’o bolella batho ba khopo ba Ninive hore ba tl’o felisoa hammoho le motse oa bona. Empa ha batho ba Ninive ba tlohela liketso tsa bona tse khopo, Jehova o ile a ba utloela bohloko eaba ha a felise motse.—Jon. 3:1, 10; 4:10, 11.

6. Fana ka mehlala e bontšang hore Jesu o ile a etsisa Jehova ka hore a fetohe le maemo.

6 Jesu o ile a etsisa Jehova ka hore a fetohe le maemo. O ne a rometsoe lefatšeng hore a tl’o ruta “linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” Empa o ile a bontša hore o fetoha le maemo ha a ntse a etsa mosebetsi ona. Ka nako e ’ngoe, mosali e mong eo e seng Moiseraele o ile a mo kopa hore a folise morali oa hae ea neng a “kenoe ke modemona ea mo sotlang hampe.” Jesu o ile a hauhela mosali eo ka hore a folise morali oa hae. (Mat. 15:21-28) Nahana ka mohlala ona o mong. Qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea ntatolang . . . , le ’na ke tla mo latola.” (Mat. 10:33) Empa na o ile a latola Petrose, ea ileng a mo latola ka makhetlo a mararo? Che, ha aa ka a mo latola. Jesu o ne a tseba hore Petrose o bakile le hore ke monna ea nang le tumelo. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho Petrose ’me e ka ’na eaba o ile a mo kholisa hore o mo tšoaretse le hore oa mo rata.​—Luka 24:33, 34.

7. Ho ea ka lengolo la Bafilipi 4:5, re batla ho tsebahala re le batho ba joang?

7 Re se re ithutile hore Jehova Molimo le Jesu Kreste ba fetoha le maemo. Empa rona re batho ba joang? Jehova o lebeletse hore re be batho ba fetohang le maemo. (Bala Bafilipi 4:5.) Bibele e ’ngoe e fetoletse temana ena ka tsela ena: “Tsebahala u le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a hao.” Re ka ipotsa lipotso tse latelang: ‘Na batho ba bona ke le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a ka, ea fetohang le maemo ha ho hlokeha le ea hlomphang maikutlo a batho ba bang? Na ba bona ke le motho ea tšoarang batho ba bang ka thata kapa ea manganga? Na ke tsitlella hore batho ba bang ba etse lintho ho latela tsela eo ke nahanang hore li lokela ho etsoa ka eona? Kapa na ke mamela batho ba bang le ho lumellana le maikutlo a bona ha ho loketse?’ Haeba re sa tsitlelle maikutlo a rona ’me re khona ho fetoha le maemo, re bontša hore re etsisa Jehova le Jesu. A re hlahlobeng maemo a mabeli a hlokang hore re be batho ba fetohang le maemo e leng ha ho e-ba le liphetoho bophelong ba rona le ha maikutlo a batho ba bang le liqeto tseo ba li etsang li sa tšoane le tsa rona.

FETOHA LE MAEMO HA HO E-BA LE LIPHETOHO BOPHELONG BA HAO

8. Ke lintho life tse ka re thusang ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho? (Sheba naletsana.)

8 Re lokela ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho. Liphetoho tsena li ka etsa hore re hlaheloe ke mathata ao re neng re sa a lebella. Re ka kula ka tšohanyetso, maemo a moruo a fetoha ka tšohanyetso kapa maemo a lipolotiki a moo re lulang teng a re thatafaletsa bophelo. (Moek. 9:11; 1 Bakor. 7:31) Re ka thatafalloa ke ho amohela mosebetsi o mong oo re o fuoang ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang, re ka khona ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho, hafeela re etsa lintho tsena tse ’nè: (1) Amohela hore lintho ha li sa tšoana le pele, (2) nahana ka bokamoso, (3) nahana ka lintho tse khothatsang ’me (4) u thuse batho ba bang. b A re hlahlobeng mehlala ea batho ba ileng ba thusoa ke ho etsa lintho tsena tse ’nè.

9. Banyalani ba bang ba baromuoa ba ile ba etsa’ng ha ba hlaheloa ke mathata ao ba sa a lebellang?

9 Amohela hore lintho ha li sa tšoana le pele. Emanuele le Francesca ba ile ba fuoa mosebetsi oa ho ba baromuoa naheng e ’ngoe. Hantle ka mor’a hore ba qale ho ithuta puo ea moo le ho tloaela phutheho e ncha, ho ile ha e-ba le seoa sa COVID-19 ’me ba ile ba lokela ho tlohela ho kopana le batho ba bang. Ka mor’a moo, ’mè oa Francesca o ile a hlokahala ba sa lebella. Francesca o ne a batla ho ba le ba lelapa labo empa ka lebaka la seoa o ne a sa khone ho ea ho bona. Ke’ng e ileng ea mo thusa ho mamella mathata aa a bohloko? Ntho ea pele, Emanuele le Francesca ba ile ba rapela hammoho, ba kopa Jehova hore a ba thuse ho mamella letsatsi ka leng. Jehova o ile a arabela thapelo ea bona ka nako e nepahetseng a sebelisa mokhatlo oa hae. Ka mohlala, ba ile ba khothatsoa ke mor’abo rona ea neng a hlahile videong e ’ngoe ha a ne a re: ‘Empa ntho e ka re thabisang ke haeba re amohela maemo a macha ao re leng ho ’ona ebile re sebelisa maemo ao re leng ho ’ona hamolemo.’ c Ntho ea bobeli, ba ile ba etsa qeto ea ho ntlafatsa tsela eo ba pakang ka founo ka eona ’me ba qala ho ithuta Bibele le motho e mong. Ntho ea boraro, ba ile ba lumella hore Bakreste-’moho ba ba khothatse le ho ba thusa. Morali oa bo rona e mong ea neng a le mosa o ile a ba romella litemana tsa Bibele letsatsi le letsatsi selemo kaofela. Le rona haeba re amohela maemo a rona a macha, re tla khotsofalla lintho tseo re khonang ho li etsa.

10. Morali oa bo rona e mong o ile a etsa’ng ha ho e-ba le phetoho e kholo bophelong ba hae?

10 Nahana ka bokamoso le ka lintho tse khothatsang. Morali oa bo rona Christina ea tsoang Romania ea seng a lula Japane, o ne a utloile bohloko ha phutheho ea Senyesemane eo a neng a le ho eona e khaotsa ho ba teng. Leha ho le joalo, ha aa ka a lula a nahana ka taba eo. Ho e-na le hoo, o ile a ea phuthehong ea Sejapane ’me a etsa sohle seo a ka se khonang ho ruta batho Bibele ka Sejapane. O ile a kopa motho eo a neng a sebetsa le eena hore a mo thuse ho bua Sejapane hantle. Mosali eo o ile a lumela ho ruta Morali oa bo rona Christina Sejapane ba sebelisa Bibele le bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Kahoo, Morali oa bo rona Christina o ile a ntlafatsa tsela eo a buang Sejapane ka eona ebile mosali eo a neng a ithuta le eena o ile a batla ho tseba Bibele haholoanyane. Haeba re sa nahane ka lintho tse fetileng ha ho e-ba le liphetoho empa re nahana ka bokamoso le lintho tse khothatsang, re ka fumana litlhohonolofatso tseo re sa li lebellang.

11. Ke’ng e ileng ea thusa banyalani ba neng ba e-na le mathata a lichelete?

11 Thusa batho ba bang. Banyalani ba bang ba lulang naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng ba ile ba e-ba le mathata a lichelete ha moruo oa naha o oa. Ba ile ba fetoha le maemo joang? Ba ile ba qala ho sebelisa chelete hantle ka hore ba khaotse ho reka lintho tseo ba sa li hlokeng. Hape, ho e-na le hore ba nahane ka mathata a bona, ba ile ba etsa qeto ea ho thusa batho ba bang ka hore ba etse mosebetsi oa boboleli. (Lik. 20:35) Mor’abo rona o ile a re: “Ho qeta nako e ngata re etsa mosebetsi oa boboleli ho entse hore re nahane haholo ka lintho tseo Molimo a batlang hore re li etse ho e-na le ho nahana ka mathata a rona.” Ha maemo a rona a fetoha, re lokela ho hopola hore ke habohlokoa hore re thuse batho ba bang, haholo-holo ka ho etsa mosebetsi oa boboleli.

12. Mohlala oa moapostola Pauluse o ka re thusa joang ha re etsa mosebetsi oa boboleli?

12 Re lokela ho fetoha le maemo ha re etsa mosebetsi oa boboleli. Batho bao re ba bolellang molaetsa oa Bibele ba lumela lintho tse sa tšoaneng ebile ba tsoa litsong tse fapaneng. Moapostola Pauluse o ne a fetoha le maemo ’me re ka ithuta mohlaleng oa hae. Jesu o ile a khetha Pauluse hore e be “moapostola ea ronngoeng” lichabeng. (Bar. 11:13) Pauluse o ile a bolela litaba tse monate ho Bajuda, Bagerike, batho ba rutehileng, ba sa rutehang, ba hlaheletseng le ho marena. Pauluse e “bile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle” e le hore a khone ho bolella batho ba sa tšoaneng litaba tsena. (1 Bakor. 9:19-23) O ne a nahana ka setso sa batho bao a buang le bona, tsela eo ba holisitsoeng ka eona le lintho tseo ba li lumelang ’me a fetola tsela eo a buang le bona ka eona. Le rona re ka atleha mosebetsing oa boboleli haeba re fetoha le maemo ’me re ntlafatsa tsela eo re buisanang le batho ka eona e le hore re ka ba thusa.

HLOMPHA TSELA EO BATHO BA BANG BA ETSANG LINTHO KA EONA

Haeba re fetoha le maemo, re tla hlompha maikutlo a batho ba bang (Sheba serapa sa 13)

13. Ke kotsi efe e hlalositsoeng ho 1 Bakorinthe 8:9 eo re ka e qobang haeba re hlompha tsela eo batho ba bang ba etsang lintho ka eona?

13 Ho fetoha le maemo ho boetse ho re thusa hore re hlomphe tsela eo batho ba bang ba etsang lintho ka eona. Ka mohlala, barali ba bo rona ba bang ba rata ho itlotsa ka makeup, ha ba bang bona ba sa rate. Bakreste ba bang ba noa joala empa ba bang ba khetha ho se noe ho hang. Bakreste bohle ba batla ho phela hantle ’meleng empa ba khetha mekhoa e sa tšoaneng ea ho ba le bophelo bo botle. Haeba re nahana hore re lula re nepile ebile re khothaletsa bara le barali ba bo rona ho etsa lintho tseo re li etsang, re ka qetella re ba khopisa le ho etsa hore ho se ke ha e-ba le khotso ka hare ho phutheho. Ho hang ha re batle ho etsa joalo. (Bala 1 Bakorinthe 8:9; 10:23, 24) A re boneng mehlala e ’meli e bontšang kamoo ho sebelisa melao-motheo e tsoang ka Mangolong ho ka re thusang kateng ho ba le teka-tekano le ho boloka khotso.

Haeba re fetoha le maemo, re tla hlompha maikutlo a batho ba bang (Sheba serapa sa 14)

14. Ke melao-motheo efe ea Bibele eo re ka nahanang ka eona ha re khetha hore na re tla apara’ng le ho lokisa moriri joang?

14 Ho apara le ho itokisa. Jehova ha a re laele hore na re apare’ng empa o re file melao-motheo e re thusang hore re apare le ho itokisa hantle. Re lokela ho apara ka tsela e bontšang hore re bahlanka ba Molimo, re nahanela batho ba bang, rea itlhompha ebile ‘re na le kelello.’ (1 Tim. 2:9, 10; 1 Pet. 3:3) Kahoo, ha re batle hore tsela eo re aparang ka eona e re bitsetse mahlo a batho ho sa hlokahale. Melao-motheo ea Bibele e boetse e thusa baholo hore ba qobe ho behela batho melao ea hore na ba apare le ho lokisa moriri joang. Ka mohlala, baholo ba phutheho e ’ngoe ba ne ba batla ho thusa bara ba bo rona ba bang ba bacha ba neng ba etsisa feshene ea bacha bao e seng Lipaki ea ho kuta moriri ebe ba o siea o sa kangoa. Baholo ba ne ba ka ba thusa joang ntle le hore ba etse molao? Molebeli oa potoloho o ile a re baholo ba eletse bara ba bo rona bao tjena: “Haeba u le sethaleng ’me bamameli ba shebile tsela eo u shebahalang ka eona ho e-na le ho mamela seo u se buang, ho na le bothata ka moaparo oa hao le tsela eo u itokisitseng ka eona.” Tlhaloso eo e bonolo e ile ea rarolla bothata ’me ha hoa ka ha hlokahala hore baholo ba etse molao. d

Haeba re fetoha le maemo, re tla hlompha maikutlo a batho ba bang (Sheba serapa sa 15)

15. Ke melao le melao-motheo efe ea Bibele e ka re thusang ha re etsa qeto ea hore na re tla phekoloa ka tsela efe? (Baroma 14:5)

15 Bophelo bo botle. Mokreste e mong le e mong o lokela ho ikhethela hore na o tla itlhokomela joang. (Bagal. 6:5) Ha Bakreste ba khetha hore na ba tla phekoloa joang, ba lokela ho mamela melao ea Bibele e buang ka ho qoba mali le ho qoba ho buisana le balimo. (Lik. 15:20; Bagal. 5:19, 20) Maemong a mang ba ka ikhethela hore na ba tla phekoloa ka tsela efe. Batho ba bang ba khetha ho phekoloa ke lingaka feela, ha ba bang ba khetha mekhoa e meng ea phekolo. Ho sa tsotellehe hore na re kholisehile hakae hore mofuta o itseng oa phekolo ke oona o nepahetseng, re lokela ho hlompha tokelo eo bara le barali ba bo rona ba nang le eona ea ho khetha hore na ba tla phekoloa ka tsela efe. Kahoo, re lokela ho hopola lintlha tsena tse ’nè: (1) Ke ’Muso oa Molimo feela o tla etsa hore batho ba se ke ba hlola ba kula. (Esa. 33:24) (2) Mokreste e mong le e mong o lokela ho ‘kholiseha ka botlalo’ ha a etsa qeto ea hore na ke phekolo efe e mo tšoanetseng. (Bala Baroma 14:5.) (3) Ha re ahlole ba bang ka liqeto tseo ba li etsang ebile ha re batle ho ba khopisa. (Bar. 14:13) (4) Bakreste ba bontša lerato ebile ba nka hore khotso ea phutheho e bohlokoa ho feta maikutlo a bona. (Bar. 14:15, 19, 20) Ha re lula re nahana ka lintlha tsena, re tla utloana le bara le barali ba bo rona ebile re tla etsa hore ho be le khotso ka hare ho phutheho.

Haeba re fetoha le maemo, re tla hlompha maikutlo a batho ba bang (Sheba serapa sa 16)

16. Moholo a ka bontša joang hore o fetoha le maemo ha a sebelisana le baholo ba bang? (Sheba litšoantšo.)

16 Baholo ba lokela ho beha mohlala o motle ka hore ba fetohe le maemo. (1 Tim. 3:2, 3) Ka mohlala, moholo ha a lokela ho lebella hore maikutlo a hae a tla lula a amoheloa hobane feela a feta baholo ba bang ka lilemo. Oa hlokomela hore moea oa Jehova o ka sebelisa moholo e mong le e mong e le hore ba etse qeto e bohlale. Haeba baholo ba bangata ba lumellana ka qeto e itseng e seng khahlanong le melao-motheo ea Bibele, moholo ea fetohang le maemo o tla tšehetsa qeto eo le hoja a e-na le maikutlo a fapaneng.

RE FUMANA MELEMO EFE HA RE FETOHA LE MAEMO?

17. Ke melemo efe eo re e fumanang ha re fetoha le maemo?

17 Ho fetoha le maemo ho etsa hore re fumane melemo e mengata. Re utloana le bara le barali ba bo rona ebile ho ba le khotso ka phuthehong. Re thabela ho ba le bara le barali ba bo rona ba nang le botho bo sa tšoaneng ebile ba tsoa litsong tse sa tšoaneng. Hape re thabela ho sebeletsa Jehova le bona re momahane. Habohlokoa le ho feta, re thabisoa ke ho tseba hore re etsisa Molimo oa rona Jehova ea fetohang le maemo.

PINA EA 90 Le Khothatsane

a Jehova le Jesu ba khona ho fetoha le maemo ’me ba batla hore le rona re ba etsise. Haeba re le batho ba fetohang le maemo, ho tla ba bonolo hore re amohele ha ho e-ba le liphetoho bophelong ba rona, tse kang ho kula kapa ha maemo a rona a lichelete a fetoha. Re tla boela re etse hore ho be le khotso le kutloano ka hare ho phutheho.

b Sheba sehlooho se reng “U ka Etsa’ng ha Maemo a Bophelo a Fetoha?” ho Tsoha! ea No. 4 ea 2016.

c Shebella video ea Puisano le Mora oa bo Rona Dmitriy Mikhaylov e hlahang sehloohong se reng “Jehova o Etsa Hore Mahloriso a Fane ka Bopaki” ho Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona ea March-April 2021.

d Ho fumana lintlha tse buang ka ho apara le ho shebahala hantle, sheba thuto ea 52 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!