Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Jehova oa re Hlohonolofatsa ha re Tsotella Batho ba Bang

Jehova oa re Hlohonolofatsa ha re Tsotella Batho ba Bang

’Na le ’mè oa ka le khaitseli ea ka Pat ka 1948

“KEREKE ea Chache ha e rute ’nete. Tsoela pele u ntse u batla ’nete.” Ka mor’a hore nkhono oa ka ea kenang kereke ea Chache a bue mantsoe ana, ’mè oa ka o ile a qala ho batla bolumeli ba ’nete. Leha ho le joalo, o ne a sa batle ho bua le Lipaki Tsa Jehova, a ba a mpolella hore ke ipate ha ba tla hae ha re ntse re lula Toronto, Canada. Empa ha ’mangoane oa ka a qala ho ithuta le Lipaki ka 1950, ’mè oa ka le eena o ile a qala ho ithuta. Ba ne ba balla ha ’mangoane oa ka ’me hamorao ba ile ba kolobetsoa.

Ntate oa ka e ne e le moholo oa kereke e ’ngoe ea moo re neng re lula teng. Sontaha se seng le se seng o ne a re isa tšebeletsong ea kereke e neng e tšoareloa bana hoseng ebe ka 11:00 re ea le eena tšebeletsong ea kereke ea batho bohle. Ha re tsoa kerekeng, re ne re ea le ’mè oa rona Holong ea ’Muso. Re ne re hlile re bona phapang pakeng tsa malumeli ana a mabeli.

Ka 1958 ha re ne re le Kopanong ea Machaba e neng e e-na le sehlooho se reng “Thato ea Molimo” le lelapa la Hutcheson

’Mè oa ka o ile a bua le metsoalle ea hae e leng Bob le Marion Hutcheson ka seo a ithutileng sona Bibeleng ’me le bona ba ile ba qala ho ithuta. Ka 1958 ba ha Hutcheson ba ile ba tsamaea le ’na le bara ba bona ba bararo, ra ea Kopanong ea Machaba ea matsatsi a robeli e neng e e-na le sehlooho se reng “Thato ea Molimo” e neng e tšoaretsoe toropong ea New York. Hona joale, kea hlokomela hore e tlameha ebe ba ile ba tela lintho tse ling hore ba tsamaee le ’na empa kopano eo ke e ’ngoe ea liketsahalo tseo ke ileng ka li thabela haholo bophelong ba ka.

BAKRESTE-’MOHO BA NTHUSA HORE KE SEBELETSE JEHOVA

Ha ke ntse ke le mocha, re ne re lula polasing ’me ke thabela ho hlokomela liphoofolo. Ke ne ke batla ho ithutela ho ba ngaka ea liphoofolo. ’Mè oa ka o ile a bua le moholo e mong oa phutheho ea rona ka taba ena. O ile a nkhopotsa hore re phela “mehleng ea bofelo” a ba a mpotsa hore na ho ea univesithi ho tla ama kamano ea ka le Jehova joang. (2 Tim. 3:1) Ke ile ka etsa qeto ea hore ke se ke ka ea univesithi.

Ka mor’a hore ke qete sekolo, ke ne ke sa tsebe hore na ke batla ho etsa’ng. Le hoja ke ne ke ea tšimong beke le beke, ke ne ke sa thabele tšimo hape ke sa nahane le hore ke tla ba pula-maliboho. Ka nako e tšoanang, ntate oa ka le rangoane oa ka bao e neng e se Lipaki ba ne ba nkhothaletsa hore ke sebeletse k’hamphani e kholo ea inshorense e Toronto. Kaha rangoane oa ka e ne e le e mong oa basebetsi ba nang le maemo a phahameng k’hamphaning eo, ke ile ka amohela mosebetsi oo.

Ha ke ntse ke le Toronto, ke ne ke qeta nako e ngata ke le mosebetsing ebile ke lula ke e-na le batho bao e seng Lipaki. Ka lebaka leo, ke ne ke se na nako ea ho ea libokeng le tšimong kamehla. Ha ke ne ke qala ho sebetsa, ke ne ke lula le ntate-moholo oa ka eo e neng e se Paki empa ka mor’a hore a hlokahale, ke ile ka tlameha ho batla moo ke neng ke tla lula teng.

Mora le Morali oa bo rona Hutcheson bao ke ileng ka ea kopanong le bona ka 1958 e ne eka ke batsoali ba ka. Ba ile ba re ke tl’o lula le bona ’me ba ile ba nthusa hore ke rate Jehova haholoanyane. Ka 1960, ’na le mora oa bona John re ile ra kolobetsoa. John e ile ea e-ba pula-maliboho ka mor’a hore a kolobetsoe ’me mohlala oa hae o ile oa etsa hore ke be teng tšimong kamehla. Bara ba bo rona ka phuthehong ba ile ba hlokomela hore ke se ke e-na le kamano e ntle le Jehova ’me hamorao ke ile ka khethoa hore ke be mohlanka oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. a

KE FUMANA MOLEKANE ’ME KE BA PULA-MALIBOHO

Ha re ne re nyalana ka 1966

Ka 1966 ke ile ka nyala Randi Berge eo e neng e le pula-maliboho ea chesehang ea neng a batla ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo teng. Molebeli oa rona oa potoloho o ne a re tsotella, kahoo o ile a re khothaletsa hore re e’o thusa phutheho ea Orillia e Ontario. Re ile ra paka thoto eaba re tsamaea hang-hang.

Hang ha re fihla Orillia, ke ile ka ba pula-maliboho ’me ka sebetsa le Randi. Mohats’a ka o ne a thabetse tšebeletso ena ’me seo se ile sa etsa hore le ’na ke e thabele. Ka mor’a ho sebetsa ka thata hore ke rate mosebetsi ona oa bopula-maliboho, ke ile ka thabisoa ke ho sebelisa Bibele ha ke le tšimong le ho bona batho ba utloisisa seo re ba rutang sona. Re ile ra thaba haholo ha re ne re thusa banyalani ba bang ba Orillia hore ba etse liphetoho bophelong ba bona le hore ba fetole bophelo ba bona ’me e be bahlanka ba Jehova.

RE ITHUTA PUO E NCHA ’ME RE FETOLA MAIKUTLO A RONA

Nakong eo re neng re etetse Toronto, ke ile ka kopana le Arnold MacNamara eo e neng e le e mong oa bara ba bo rona ba neng ba etella pele mosebetsi o neng o etsoa Bethele. O ile a re botsa hore na re ka thabela ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ke ile ka araba hang-hang ka re: “Kannete re ka thabela ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng hohle moo re ka isoang teng empa eseng Quebec.” Batho ba buang Senyesemane ba Canada ba ne ba entse hore ke be le maikutlo a fosahetseng ka profinse ea Quebec moo ho lulang batho ba buang Sefora. Ka nako eo, batho ba ne ba ipelaetsa khahlanong le ’muso ’me ba ne ba batla hore profinse ea Quebec e se ke ea e-ba karolo ea Canada.

Mor’abo rona Arnold o ile a re: “Hona joale ofisi ea lekala e romela bo-pula-maliboho ba khethehileng Quebec feela.” Kahoo ke ile ka lumela ho ea teng. Ke ne ke se ntse ke tseba hore Randi o ne a batla ho sebeletsa moo. Hamorao, ke ile ka hlokomela hore qeto eo e bile e ’ngoe ea liqeto tsa bohlokoa tseo re kileng ra li etsa.

Ka mor’a libeke tse hlano re ithuta Sefora, ’na, Randi le banyalani ba bang re ile ra ea Rimouski e ka bang lik’hilomithara tse 540 ka leboea-bochabela ho Montreal. Re ne re sa ntse re e-na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho ithuta tsona ’me seo se ile sa bonahala ha ke bala litsebiso tse itseng libokeng. Ha ke bua ka kopano e tlang, ho e-na le hore ke re ho tla ba le bara ba bo rona ba bangata ba tsoang Austria, ke ile ka re ho tla ba le bara ba bo rona ba bangata ba limpshe.

“Ntlo e Tšoeu” e Rimouski

Ha re le Rimouski, barali ba bo rona ba bane ba masoha ba ile ba lula le rona hammoho le lelapa la Huberdeaus le barali ba bona ba babeli. Ba ha Huberdeaus ba ile ba hira ntlo e nang le likamore tse supileng ’me re ne re ba thusa ho e patala. Ntlo eo re ne re e bitsa Ntlo e Tšoeu hobane e ne e e-na le lipilara tse tšoeu ebile e le tšoeu ka pele. Hangata ho ne ho lula batho ba 12 ho ea ho ba 14 ntlong eo. Kaha re ne re le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’na le Randi re ne re ea tšimong hoseng, motšehare le mantsiboea. Kahoo, re ne re ananela hore ho lula ho e-na le motho eo re eang tšimong le eena esita le mantsiboea ha ho bata mariha.

Re ile ra ba metsoalle le bo-pula-maliboho bao ba tšepahalang hoo re ileng ra fetoha lelapa. Ka linako tse ling re ne re lula mollong kapa re ba le letsatsi leo re phehang hammoho. Mor’abo rona e mong o ne a tseba ho letsa seletsa sa ’mino ’me hangata ka Moqebelo mantsiboea, re ne re bina ebile re tantša.

Batho ba bangata ba Rimouski ba ne ba batla ho ithuta Bibele. Ka lilemo tse hlano feela, re ile ra thabela ho bona batho ba bangata ba neng ba ithuta Bibele ba kolobetsoa. Phutheho e ile ea eketseha ka bahoeletsi ba ka bang 35.

Ha re le Quebec, re ile ra fumana koetliso e tsoileng matsoho ea ho ba baevangeli. Re ile ra bona ha Jehova a re thusa mosebetsing oa boboleli le ka lintho tseo re neng re li hloka. Hape re ile ra rata batho ba buang Sefora, puo ea bona le setso sa bona e leng ntho e ileng ea re thusa hore re rate le litso tse ling.​—2 Bakor. 6:13.

Re ne re sa lebella ha ofisi ea lekala e re kopa hore re ee toropong ea Tracadie e lebopong le ka bochabela ho New Brunswick. Ho ne ho se bonolo ho tsamaea hobane re ne re qeta ho saena tumellano ea sebaka seo re neng re tla lula ho sona hape ke ne ke saenne tumellano ea ho ruta ka matsatsi sekolong se seng. Hape batho ba bang bao re neng re ithuta Bibele le bona e ne e qeta ho ba bahoeletsi ebile re ne re ntse re haha Holo ea ’Muso.

Re ile ra rapela mafelo-beke kaofela ka taba ena ea ho ea Tracadie eaba re chakela teng ’me ra hlokomela hore e ne e fapane haholo le Rimouski. Empa re ile ra etsa qeto ea hore re tla ea hobane Jehova o ne a batla hore re ee teng. Re ile ra leka Jehova ’me ra bona ha a tlosa litšitiso tseo kaofela. (Mal. 3:10) Kaha Randi o ne a e-na le tumelo e matla, a itetse ebile a rata ho etsa metlae ho ile ha e-ba bonolo hore re ee Tracadie.

Ho ne ho e-na le moholo a le mong feela phuthehong ea rona e ncha e leng Mor’abo rona Robert Ross. Eena le mosali oa hae Linda e ne e kile ea e-ba bo-pula-maliboho sebakeng seo ’me ba ile ba khetha ho lula moo ka mor’a hore ngoana oa bona oa pele a hlahe. Le hoja ba ne ba hlokomela mora oa bona e monyenyane, ba ile ba khothatsa ’na le Randi haholo hobane ba ne ba e-na le kamohelo ea baeti ebile ba chesehela mosebetsi oa boboleli.

JEHOVA OA RE HLOHONOLOFATSA HA RE LE TLHOKAHALONG

Ha re ne re potoloha ka lekhetlo la pele mariha

Ka mor’a hore ho fete lilemo tse peli re le bopula-maliboho Tracadie, re ile ra makala hape ha re fumana memo ea hore re etse mosebetsi oa potoloho. Re ile ra potoloha liphutheho tsa Senyesemane ka lilemo tse supileng, ka mor’a moo re ile ra potoloha liphutheho tsa Sefora Quebec. Mor’abo rona Léonce Crépeault eo e neng e le molebeli oa rona oa setereke Quebec, o ne a lula a babatsa tsela eo ke fanang ka lipuo ka eona. Empa hamorao o ne a lula a mpotsa a re: “U ka etsa’ng hore lintlha tseo u fanang ka tsona lipuong tsa hao e be tseo bamameli ba ka khonang ho li sebelisa bophelong ba bona?” b Taba ea hore ebe mor’abo rona o ne a ntsotella e nthusitse hore lipuo tsa ka e be tse tobileng le tseo ho leng bonolo ho li utloisisa.

Mosebetsi o mong oo nke keng ka o lebala oo nkileng ka o etsa ke ha re ne re le Kopanong ea Machaba e Montreal e neng e na le sehlooho se reng “Victorious Faith” ka 1978. Ke ne ke sebetsa Lefapheng la Lijo. Re ne re lebeletse batho ba 80 000 ’me re ne re tla ba fa lijo ka tsela e fapaneng le eo re neng re tloaetse ka eona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le ncha, ho tloha ho lintho tseo re neng re tla li sebelisa, lijo tseo re neng re tla li pheha le tsela eo re neng re tla lokisa ka eona. Re ne re e-na le liforiji tse ka bang 20 tse kholo ’me ka linako tse ling li ne li sa sebetse. Kaha ho ne ho bile le papali ka la maobane, re ile ra kena lebaleng la lipapali har’a mp’a bosiu pele kopano e qala e le hore re ka hlophisa lintho. Hape re ne re tlameha ho laeta lionto pele letsatsi le chaba e le hore re ka etsa lijo tsa hoseng. Re ne re khathetse empa ke ile ka ithuta lintho tse ngata ho baithaopi ba neng ba sebetsa ka thata, ba e-na le makhabane a matle ebile ba rata ho etsa metlae. Re ile ra momahana ebile re ntse re le metsoalle ho fihlela lena le holimo. E ne e le tlotla e kholo ho ba kopanong eo ea bohlokoa e neng e le Quebec, moo bara ba bo rona ba neng ba hlorisoa ka sehloho lilemong tsa bo1940 ho ea ho bo1950.

Ha re ne re lokisetsa kopano le Randi Montreal ka 1985

Ke ile ka ithuta lintho tse ngata ho balebeli ba likopano tse kholo tsa Montreal. Ka selemo se seng, Mor’abo rona David Splane eo hona joale e seng e le setho sa Sehlopha se Busang e ne e le molebeli oa kopano. Hamorao kopanong e ’ngoe ha ke ne ke kopuoa hore ke etse mosebetsi oo, Mor’abo rona David o ile a ntšehetsa.

Ka 2011 ka mor’a hore re etse mosebetsi oa potoloho ka lilemo tse 36, ke ile ka mengoa hore ke rute Sekolong sa Baholo ba Phutheho. Ka lilemo tse peli feela, re ile ra robala libetheng tse 75 tse fapaneng empa ha re ikoahlaele letho. Ha beke e ’ngoe le e ’ngoe e fela, baholo ba ne ba ananela hore ebe Sehlopha se Busang se tsotella kamano ea bona le Jehova.

Hamorao ke ile ka ruta Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. Hangata baithuti ba ne ba ikutloa ba imetsoe ebile ba khathetse ka lebaka la mosebetsi o mongata. Ba ne ba qeta lihora tse supileng ba le ka tlelaseng letsatsi le letsatsi, ba qeta lihora tse tharo bosiu bo bong le bo bong ba bala ebile ba beha lipuo tse ka bang ’nè kapa tse hlano beke e ’ngoe le e ’ngoe. ’Na le mor’abo rona e mong ea neng a ruta re ile ra ba hlalosetsa hore ke ka thuso ea Jehova feela ba ka khonang ho etsa mesebetsi eo. Ke tla lula ke hopola kamoo baithuti ba neng ba hlolloa kateng ha ba bona kamoo ho itšetleha ka Jehova ho ba thusitseng hore ba etse lintho tseo ba neng ba sa nahana hore ba tla li etsa.

JEHOVA OA RE HLOHONOLOFATSA HA RE TSOTELLA BATHO BA BANG

’Mè oa ka o ne a tsotella batho ’me seo se ile sa thusa batho bao a neng a ithuta Bibele le bona hore ba etse liphetoho le hore ntate oa ka a fetole tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka ho ithuta Bibele. Ka mor’a matsatsi a mararo ’mè oa ka a hlokahetse, re ile ra makala ha ntate oa ka a tl’o mamela puo ea phatlalatsa Holong ea ’Muso ’me o ile a tsoela pele a tla libokeng ka lilemo tse 26. Le hoja ntate oa ka a sa ka a kolobetsoa, baholo ba ile ba mpolella hore e ne e lula e le eena oa pele oa ho fihla libokeng beke e ’ngoe le e ’ngoe.

’Mè oa ka o ile a behela ’na le likhaitseli tsa ka mohlala o motle. Likhaitseli tsa ka tse tharo le banna ba bona ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Likhaitseli tsa ka tse peli li sebeletsa liofising tsa lekala, e mong o sebeletsa ofising ea lekala e Portugal, ha e mong a sebeletsa ofising ea lekala e Haiti.

’Na le Randi re se re sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng Hamilton, Ontario. Ha re ne re etsa mosebetsi oa potoloho, re ne re thabela ho tsamaea le ba bang ha ba ea maetong a bona a ho boela le lithutong tsa bona tsa Bibele. Empa hona joale re thabela ho bona batho bao re ithutang Bibele le bona ba qala ho rata Jehova. Ha re ntse re e-ba metsoalle ea bara le barali ba bo rona ba phuthehong ea rona e ncha, rea khothala ha re bona kamoo Jehova a ba tšehetsang kateng linakong tse monate le tse bohloko.

Ha re sheba morao, re ananela haholo tsela eo batho ba bang ba ileng ba bontša hore baa re tsotella. Ka ho tšoanang, le rona re lekile ho bontša hore re ‘tšoenyeha’ ka ba bang ka hore re ba khothaletse hore ba sebeletse Jehova kahohle kamoo ba ka khonang. (2 Bakor. 7:6, 7) Ka mohlala, lelapeng le leng ’mè, mora le morali ba ne ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke ile ka botsa ntate oa teng hore na o kile a nahana ka ho ba pula-maliboho. O ile a nkaraba ka ho re o hlokomela bo-pula-maliboho ba bararo. Kahoo, ke ile ka mo botsa: “Na u nahana hore u ka ba hlokomela ho feta Jehova?” Ke ile ka mo khothaletsa hore a ke a inoese ka nkho. E ile ea ba pula-maliboho ka mor’a likhoeli tse tšeletseng.

’Na le Randi re tla tsoela pele re bolella “moloko o tlang” ka ‘mesebetsi e hlollang’ ea Jehova ebile re tšepa hore moloko oo o tla thabela ho mo sebeletsa joaloka rona.​—Pes. 71:17, 18.

a Hona joale o se a bitsoa molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso.

b Sheba pale ea bophelo ea Mor’abo rona Léonce Crépeault e hlahang ho Molula-Qhooa oa February 2020 leq. 26-30.