Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 31

“Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe”

“Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe”

“Bana beso bao ke ba ratang, le eme le tiile, le sa sisinyehe.”​—1 BAKOR. 15:58.

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Bakreste ba tšoana le mohaho o molelele joang? (1 Bakorinthe 15:58)

 KA SELEMO sa 1978, ho ile ha hahoa mohaho o molelele haholo Tokyo, Japane. Batho ba ne ba lula ba ipotsa hore na mohaho oo o tla lula o eme ho fihlela neng kaha ho ne ho e-ba le litšisinyeho tse ngata tsa lefatše toropong eo. Lienjiniere li ile tsa etsa’ng e le hore mohaho oo o lule o eme? Li entse hore mohaho oo o be matla le hore o lule o tsitsitse ha ho e-ba le litšisinyeho tsa lefatše. Ke ka tsela efe Bakreste ba tšoanang le mohaho oo o molelele?

2 Mokreste o lokela ho lula a tiile empa hape o lokela ho fetoha le maemo. O lokela ho lula a tiile le ho ikemisetsa ho mamela melao ea Jehova. (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) “O itokiselitse ho mamela” ebile ha a inehele hore a etse lintho tse fosahetseng. Leha ho le joalo, o fetoha le maemo ha ho hlokahala ebile “ha a manganga.” (Jak. 3:17) Mokreste ea nang le teka-tekano ha a tsitlelle hore lintho li etsoe ka tsela ea hae ebile ha a lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho akareletsa le lintho tse fosahetseng. Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na re ka etsa’ng e le hore re se ke ra sisinyeha. Re tla boela re bue ka litsela tse hlano tseo Satane a li sebelisang ho leka ho re thatafaletsa hore re lule re tiile le hore na re ka etsa’ng ha a re leka.

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE LULE RE TIILE?

3. Ho latela Liketso 15:28, 29, ke melao efe eo Jehova a re fileng eona?

3 Jehova ke eena ea re fang melao ebile haesale a fana ka melao e hlakileng. (Esa. 33:22) Ka mohlala, sehlopha se busang sa mehleng ea baapostola se ile sa bua ka lintlha tse tharo tse ka thusang Bakreste hore ba lule ba tiile: (1) Ba se ke ba rapela melimo ea litšoantšo empa ba rapele Jehova feela, (2) ba nke mali e le a bohlokoa (3) le hore ba mamele molao oa hore ba qobe boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Bala Liketso 15:28, 29.) Bakreste ba ka lula ba tiile le ho mamela melao ea Jehova joang lintlheng tsee tse tharo?

4. Re bontša joang hore re rapela Jehova feela? (Tšenolo 4:11)

4 Ha re rapele melimo ea litšoantšo empa re rapela Jehova feela. O ile a laela Baiseraele hore ba lokela ho rapela eena feela. (Deut. 5:6-10) Jesu o ile a bontša hore re lokela ho rapela Jehova feela ha Diabolose a ne a mo leka. (Mat. 4:8-10) Kahoo, ha re rapele melimo ea litšoantšo. Hape ha re rapele batho, ho sa tsotellehe hore na ke baeta-pele ba bolumeli, bo-ralipolotiki kapa batho ba tummeng lipapaling le linthong tsa boithabiso. Re bontša hore re mamela Jehova ka hore re rapele eena feela kaha o “bopile lintho tsohle.”​—Bala Tšenolo 4:11.

5. Ke hobane’ng ha re hlompha molao oa Jehova o bontšang hore bophelo le mali ke tsa bohlokoa?

5 Re hlompha molao oa Jehova o bontšang hore bophelo le mali ke tsa bohlokoa. Hobane’ng? Hobane Jehova o re mali a emela bophelo e leng mpho ea bohlokoa eo a re fileng eona. (Lev. 17:14) Ha Jehova a lumella batho hore ba ka ja nama, o ile a ba laela hore ba se ke ba ja mali. (Gen. 9:4) O ile a pheta taelo eo ha a ne a fa Baiseraele Molao oa Moshe. (Lev. 17:10) Hape o ile a re sehlopha se busang sa mehleng ea baapostola se laele Bakreste bohle hore ba “qobe . . . mali.” (Lik. 15:28, 29) Re hlompha taelo ena ha re etsa qeto ea hore na re tla amohela mofuta ofe oa phekolo. b

6. Re etsa’ng ho bontša hore re hlompha molao oa Jehova o buang ka ho qoba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano?

6 Re hlompha molao oa Jehova o reng re qobe boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Baheb. 13:4) Moapostola Pauluse o re eletsa hore re ‘bolaee’ litakatso tsa rona tse sa lokang. Taba ena e bolela hore re lokela ho leka ka matla ho felisa litakatso tse sa lokang tseo re nang le tsona. Re qoba ho shebella kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore re etse boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Bakol. 3:5; Jobo 31:1) Ha ho hlaha boemo bo ka ’nang ba etsa hore re etse ntho e fosahetseng, hang-hang re qoba ho nahana kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka senyang setsoalle sa rona le Molimo.

7. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?

7 Jehova o lebeletse hore re mo ‘mamele ka lipelo tsohle.’ (Bar. 6:17) Lintho tseo a reng re li etse li lula li le molemong oa rona ’me re ke ke ra fetola melao ea hae. (Esa. 48:17, 18; 1 Bakor. 6:9, 10) Re etsa sohle se matleng a rona ho thabisa Jehova le ho bontša boikutlo bo tšoanang le ba mopesaleme ea ileng a re: “Ke ikemiselitse ho mamela melao ea hao ka linako tsohle ho fihlela qetellong.” (Pes. 119:112) Leha ho le joalo, Satane o leka ho etsa hore re se ke ra mamela melao ea Jehova. O sebelisa litsela life?

SATANE O LEKA HO ETSA’NG E LE HORE RE SE KE RA LULA RE TIILE?

8. Satane o sebelisa mahloriso joang e le hore re se ke ra lula re tiile?

8 Mahloriso. Diabolose o re hlasela ka ho re utloisa bohloko ’meleng le maikutlong e le hore a ka etsa hore re se ke ra lula re tiile. O ikemiselitse ho re “harola” e le hore a ka senya kamano ea rona le Jehova. (1 Pet. 5:8) Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba tšosoa, ba shapuoa ebile ba bolaoa hobane ba ikemiselitse ho lula ba tiile. (Lik. 5:27, 28, 40; 7:54-60) Satane o ntse a sebelisa mahloriso le mehleng ena. Re bona sena tseleng eo bana ba bo rona ba tšoeroeng ka eona Russia le linaheng tse ling le kamoo bahanyetsi ba rona ba ba hlorisang kateng.

9. Fana ka mohlala o bontšang hore ke habohlokoa hore re ele hloko litlhaselo tse poteletseng.

9 Litlhaselo tse poteletseng. Ntle le litsela tse tobileng tseo Satane a re hlaselang ka tsona, o boetse o sebelisa le ‘maqiti.’ (Baef. 6:11) Nahana ka se ileng sa etsahalla Mor’abo rona Bob ea neng a ile sepetlele ho ea etsa opereishene. O ile a tsebisa lingaka hore ha ho mohla a tla lumela ho tšeloa mali. Ngaka e neng e tl’o mo etsa opereishene e ile ea lumela hore e tla hlompha qeto ea hae. Leha ho le joalo, bosiu pele ho opereishene, ngaka e ’ngoe e ile ea tla ho Mor’abo rona Bob ka mor’a hore lelapa la hae le ee hae. E ile ea bolella Mor’abo rona Bob hore lingaka li ke ke tsa sebelisa mali empa li tla lula li e-na le ’ona ha ho ka etsahala hore a a hloke. Mohlomong ngaka eo e ne e nahana hore Mor’abo rona Bob o tla fetohela qeto eo a e entseng haeba lelapa la hae le le sieo. Empa Mor’abo rona Bob o ile a ema a tiile, a bolella ngaka eo hore a ke ke a lumela ho tšeloa mali ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng.

10. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho nahana joaloka batho ba sa mameleng melao ea Molimo? (1 Bakorinthe 3:19, 20)

10 Ho nahana joaloka batho ba sa mameleng melao ea Jehova. Haeba re nahana joaloka batho ba sa mameleng melao ea Jehova, re ka qetella re sa hlomphe Jehova ebile re sa mamele melao ea hae. (Bala 1 Bakorinthe 3:19, 20.) Hangata “bohlale ba batho ba lefatše lena” bo etsa hore batho ba se ke ba mamela Molimo. Bakreste ba bang ba phutheho ea Pergame le ea Thiatire ba ile ba susumetsoa ke batho ba neng ba rapela melimo ea litšoantšo le ba neng ba etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano ba neng ba lula libakeng tseo. Jesu o ile a khalemela Bakreste ba liphutheho tseo tse peli hobane ba ne ba lumella batho hore ba etse boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Tšen. 2:14, 20) Le kajeno batho ba ka re susumetsa hore re lumele ho etsa lintho tse fosahetseng. Ba malapa a rona le batho bao re tloaelaneng le bona ba ka etsa hore re nahane hore re itšoere ka thata le ho re khothaletsa ho tlola melao ea Jehova. Ka mohlala, ba ka re ha ho bohlokoa ho lula u itšoere hantle le hore melao ea Molimo e buang ka boitšoaro e feletsoe ke nako.

11. Ke’ng eo re lokelang ho e qoba e le hore re lule re tiile?

11 Ka linako tse ling re ka ’na ra nahana hore litaelo tseo Jehova a re fang tsona ha lia hlaka. Re ka ba ra batla ho “fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng.” (1 Bakor. 4:6) Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ne ba tloaetse ho etsa joalo. Ba ne ba imetsa batho ka hore ba eketse Molao. (Mat. 23:4) Jehova o re fa litaelo tse hlakileng a sebelisa Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae. Ha ho hlokahale hore re eketse litaelo tseo a re fang tsona. (Liprov. 3:5-7) Kahoo, ha re fetele ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng ka Bibeleng kapa ho etsetsa Bakreste-’moho melao ka lintho tseo Bibele e sa bueng ka tsona.

12. Satane o sebelisa “leshano” joang?

12 Mashano. Satane o sebelisa “leshano” le ‘tsela eo batho ba tloaetseng ho etsa lintho ka eona’ ho khelosa batho le ho etsa hore ba se ke ba utloana. (Bakol. 2:8) Mehleng ea baapostola, mashano ana a ne a akareletsa lifilosofi tsa batho, lithuto tsa Bajuda tse sa lumellaneng le Bibele le thuto ea hore Bakreste ba lokela ho mamela Molao oa Moshe. Mashano ana a ne a thetsa batho hobane a ne a etsa hore ba se ke ba mamela Jehova e leng eena Mohloli oa bohlale. Mehleng ena Satane o sebelisa marang-rang ho phatlalatsa litaba tse se nang bopaki le mashano a buuoang ke baeta-pele ba lipolotiki. Re bone sena nakong ea seoa sa COVID-19. c Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa mamela tataiso e fanoeng ke mokhatlo ha lia ka tsa tšoenyeha joaloka batho ba neng ba mamela mashano a neng a phatlalatsoa ka nako eo.​—Mat. 24:45.

13. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella ntho leha e le efe hore e re sitise?

13 Lintho tse ka re sitisang. Re lokela ho lula re hopola hore na “lintho tsa bohlokoa haholo ke life.” (Bafil. 1:9, 10) Haeba re phathahane ka lintho tse re sitisang, re ka senya nako le matla a rona. Lintho tse tloaelehileng tse kang ho ja, ho noa, ho ithabisa le mosebetsi li ka re sitisa haeba re li lumella hore e be tsona lintho tsa bohlokoa bophelong ba rona. (Luka 21:34, 35) Letsatsi le letsatsi, re utloa le ho bala ka litaba tsa batho ba ipelaetsang le tsa lipolotiki. Re lokela ho etsa bonnete ba hore litaba tsena ha li re sitise. Ho seng joalo, re ka qetella re se re tšehetsa mokha o itseng. Satane o sebelisa litsela tsena tseo re buileng ka tsona ho leka hore re se ke ra etsa lintho tse nepahetseng. A re boneng hore na re ka mo hanyetsa joang e le hore re lule re tiile.

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE LULE RE TIILE?

E le hore u lule u tiile, nahana ka mabaka a entseng hore u inehele ho Jehova le ho kolobetsoa, bala Lentsoe la Molimo u be u nahanisise ka lona, tšepahala u be u tšepe Jehova (Sheba serapa sa 14-18)

14. Ke’ng e ka re thusang hore re lule re tiile lehlakoreng la Jehova?

14 Nahana ka mabaka a entseng hore u inehele ho Jehova le ho kolobetsoa. U ile oa etsa lintho tsena hobane u ne u batla ho ba ka lehlakoreng la Jehova. Nahana ka se ileng sa u thusa hore u kholisehe hore u fumane ’nete. U ile oa ithuta ka Jehova eaba u qala ho mo hlompha, ho mo rata le ho mo nka e le Ntate oa hao ea leholimong. U ile oa ba le tumelo, oa khaotsa ho etsa lintho tse fosahetseng ’me oa qala ho etsa lintho tse thabisang Molimo. U ile oa thaba ha u hlokomela hore Molimo o u tšoaretse. (Pes. 32:1, 2) U ile oa ea libokeng tsa Bokreste ’me oa qala ho buisana le ba bang ka lintho tse thabisang tseo u ithutileng tsona. Hona joale u tsamaea tseleng e isang bophelong u le Mokreste ea inehetseng le ea kolobelitsoeng ’me u ikemiselitse ho lula u tsamaea tseleng ena.​—Mat. 7:13, 14.

15. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re bale le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo?

15 Bala Lentsoe la Molimo u be u nahanisise ka lona. Sefate se ka ema se tiile haeba se e-na le metso e tebileng. Ka ho tšoanang, re ka lula re tiile haeba re e-na le tumelo Lentsoeng la Molimo. Ha sefate se hola, metso ea sona e teba le ho feta ebile ea nama. Ha re bala Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona, tumelo ea rona e ba matla ebile re ba le kholiseho ea hore litsela tsa Molimo li molemo. (Bakol. 2:6, 7) Nahana ka litaelo tseo Jehova a ileng a li fa bahlanka ba hae nakong e fetileng, tsela eo a ileng a ba tataisa ka eona le ho ba sireletsa le hore na lintho tsena li ile tsa ba thusa joang. Ka mohlala, Ezekiele o ile a shebisisa ha lengeloi le ne le metha tempele eo a e boneng. Pono ena e ile ea matlafatsa Ezekiele ebile e re bontša litsela tseo re ka hlomphang melao ea Jehova ea hore na re mo rapele joang. d (Ezek. 40:1-4; 43:10-12) Ka ho tšoanang, ho bala le ho nahanisisa ka lintho tse tebileng tse ka Lentsoeng la Molimo ho ka re thusa.

16. Ho tšepahala ho ile ha sireletsa Mor’abo rona Bob joang? (Pesaleme ea 112:7)

16 Tšepahala. Morena Davida o ile a bontša hore o tla lula a rata Jehova ha a ne a re: “Molimo, pelo ea ka ea tšepahala.” (Pes. 57:7) Le rona re ka tšepahala ’me ra lula re tšepile Jehova. (Bala Pesaleme ea 112:7.) Nahana ka se ileng sa thusa Mor’abo rona Bob eo re buileng ka eena. Ha ngaka e ne e mo bolella hore mali a tla ba teng ha a ka a hloka, o ile a re haeba feela ba ka leka ho mo tšela mali, o tl’o tsamaea hang-hang. Hamorao Mor’abo rona Bob o ile a re: “Ke ne ke sa qeaqee ebile ke sa tšoenyeha ho hang.”

Haeba re e-na le tumelo e matla, re ka lula re tiile ho sa tsotellehe mathata a ka re hlahelang (Sheba serapa sa 17)

17. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Bob? (Sheba setšoantšo.)

17 Mor’abo rona Bob o ile a bontša hore oa tšepahala hobane o ile a etsa qeto ea hore a ke ke a amohela mali le pele a ea sepetlele. Ntlha ea pele, o ne a batla ho thabisa Jehova. Ntlha ea bobeli, o ile a ithuta hore na Bibele le lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng li re’ng ha li bua ka hore bophelo le mali ke tsa bohlokoa. Ntlha ea boraro, o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa ka lebaka la ho mamela molao oa hae. Le rona re ka lula re tšepahala ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang.

Barake le banna bao a neng a e-na le bona ba ne ba le sebete ’me ba ile ba lelekisa masole a Sisera (Sheba serapa sa 18)

18. Mohlala oa Barake o re thusa joang hore re tšepe Jehova? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

18 Tšepa Jehova. Nahana kamoo Barake a ileng a atleha kateng hobane a ile a tšepa tataiso ea Jehova. Le hoja ho ne ho se na thebe kapa lerumo naheng, Jehova o ile a mo laela hore a e’o loantša masole a Bakanana a neng a e-na le libetsa, a neng a etelloa pele ke Sisera. (Baahl. 5:8) Moprofeta Debora o ile a bolella Barake hore a theohe e le hore a e’o loantša Sisera le masole a hae a palameng likariki tsa ntoa tse 900. Barake o ile a mamela taelo eo le hoja a ne a tseba hore ho tla ba thata ho loantša masole ao a palameng likariki sebakeng seo se tlase. Ha masole a theoha Thabeng ea Tabore, Jehova o ile a etsa hore pula e ne haholo. Likariki tsa ntoa tsa Sisera li ile tsa tšoaroa ke seretse ’me Jehova o ile a etsa hore Barake a hlole. (Baahl. 4:1-7, 10, 13-16) Ka ho tšoanang, Jehova o tla re thusa hore re hlole mathata haeba re mo tšepa ebile re tšepa le mokhatlo oa hae.​—Deut. 31:6.

IKEMISETSE HO LULA U TIILE

19. Ke hobane’ng ha u batla ho lula u tiile?

19 Re lokela ho loanela ho lula re tiile hafeela re ntse re phela matsatsing ana a ho qetela. (1 Tim. 6:11, 12; 2 Pet. 3:17) E se eka re ke ke ra tšosoa ke mahloriso, litlhaselo tse poteletseng, tsela eo batho ba sa mameleng Molimo ba nahanang ka eona, mashano le lintho tse ka re sitisang. (Baef. 4:14) Ho e-na le hoo, e se eka re ka lula re tiile, re tšepahalla Jehova le ho mamela melao ea hae. Re boetse re lokela ho fetoha le maemo. Sehloohong se latelang re tla bona kamoo Jehova le Jesu ba khonang ho fetoha le maemo.

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

a Haesale ho tloha mehleng ea Adama le Eva Satane a khothaletsa batho hore ba iketsetse qeto ea hore na lintho tse fosahetseng le tse nepahetseng ke life. Ka tsela e tšoanang, Satane o batla hore re ikhethele hore na ke melao efe ea Jehova eo re tla e mamela le hore na ke litaelo life tse tsoang mokhatlong oa hae tseo re tla li mamela. Sehlooho sena se tl’o re thusa hore re se ke ra tšoana le balateli ba Satane ba sa mameleng melao ea Jehova. Hape se tla re thusa hore re ikemisetse ho lula re mamela Jehova.

b Ho fumana lintlha tse ling tse buang ka hore na Mokreste a ka hlompha molao oa Molimo o buang ka mali joang, sheba khaolo ea 39 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

c Sheba sehlooho se reng Protect Yourself From Misinformation” ho jw.org.