Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintho Tse ka U Thusang ha U Ithuta

Lintho Tse ka U Thusang ha U Ithuta

U Lokela ho Qala ka Eng ha U Ithuta?

Kaofela ha rona ha re na nako e lekaneng ea ho ithuta. Re ka etsa’ng e le hore re sebelise nako eo re nang le eona hantle? Re ka qala pele ka hore re iketle ha re bala. Ho bala ho tla u tsoela molemo haholo haeba u bala karolo e nyenyane ka hloko ho feta ha u bala lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe.

Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang ke ho khetha hore na ke lintho life tsa bohlokoa tseo u lokelang ho qala ka tsona. (Baef. 5:15, 16) U ka sebelisa litlhahiso tsena:

  • Bala Bibele letsatsi le letsatsi. (Pes. 1:2) Ho ka ba molemo ho qala ka ho bala likhaolo tse hlahang ’malong oa Bibele oa beke le beke o hlahang bukaneng ea seboka sa har’a beke.

  • Lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa le liboka tsa har’a beke u be u itokisetse ho araba.​—Pes. 22:22.

  • Ha u na le nako, bala lintho tse ling tse thehiloeng Bibeleng tse kang limakasine tsa batho bohle, lihlooho tse hlahang ho jw.org/st u be u shebelle livideo.

  • Khetha ntho eo u ka etsang lipatlisiso tse eketsehileng ka eona. U ka etsa lipatlisiso ka bothata bo itseng boo u nang le bona, potso eo u nang le eona kapa thuto ea Bibele eo u ka ratang ho e utloisisa haholoanyane. E le ho bona hore na u ka khetha eng, sheba karolo ea “Tsa Bacha” e hlahang ho jw.org/st.