Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 29

Na U Itokiselitse Mahlomola a Maholo?

Na U Itokiselitse Mahlomola a Maholo?

“Le itokise.”​—MAT. 24:44.

PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ho itokisetsa likoluoa ho tla re thusa joang?

 HO ITOKISA ho ka pholosa bophelo ba rona. Ka mohlala, ha koluoa e hlaha, batho ba ileng ba itokisetsa eona ba na le menyetla e mengata ea ho pholoha ebile ba ka khona le ho thusa batho ba bang. Mokhatlo o mong oa liphallelo oa Europe o ile oa re: “Batho ba ka pholoha haeba ba itokisitse hantle.”

2. Ho itokisetsa mahlomola a maholo ho tla re thusa joang? (Matheu 24:44)

2 “Mahlomola a maholo” a tla fihla ka tšohanyetso. (Mat. 24:21) Empa a fapana le likoluoa tse ling ka hore a ke ke a tsometsa motho e mong le e mong. Lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu o ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba itokisetse nako eo. (Bala Matheu 24:44.) Haeba re itokisitse, ho tla ba bonolo hore re mamelle nako eo e boima le hore re thuse batho ba bang hore ba mamelle.​—Luka 21:36.

3. Ho ba le mamello, qenehelo le lerato ho tla re thusa joang hore re itokisetse mahlomola a maholo?

3 Hlokomela makhabane a mararo a ka re thusang hore re itokisetse mahlomola a maholo. Re tla etsa’ng mohla re koptjoang ho bolella batho molaetsa o boima oa kahlolo ebe baa re hanyetsa? (Tšen. 16:21) Re tla hloka ho ba le mamello e le hore re mamele Jehova ’me re tšepe hore o tla re sireletsa. Re tla etsa’ng ha bana ba bo rona ba lahleheloa ke tse ling tsa lintho tsa bona kapa ba lahleheloa ke thepa ea bona kaofela? (Hab. 3:17, 18) Ho ba le qenehelo ho tla re susumeletsa ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Nakong eo lichaba tse ikopantseng li re hlaselang, re tla etsa’ng haeba re ka tlameha ho qeta nako re lula sebakeng se le seng le bana ba bo rona? (Ezek. 38:10-12) Haeba re ba rata haholo, re tla khona ho mamella nakong eo e boima.

4. Ke likeletso life tse hlahang ka Bibeleng tse bontšang hore re lokela ho lula re loanela ho ba le mamello, qenehelo le lerato?

4 Lentsoe la Molimo le re khothaletsa hore re lule re loanela ho ba le mamello, qenehelo le lerato. Luka 21:19 e re: “Ha le ka mamella le tla pholoha.” Bakolose 3:12 e re: “E-bang le qenehelo.” 1 Bathesalonika 4:9, 10 eona e re: “Molimo ke eena ea le rutang hore le ratane. . . . Leha ho le joalo, rea le kopa bana beso hore le tsoele pele ho rata bana ba bo lona le ho feta.” Litemana tsena kaofela li ne li ngoletsoe Bakreste ba neng ba se ba ntse ba bontšitse hore ba na le mamello, qenehelo le lerato. Leha ho le joalo, ba ne ba lokela ho lula ba loanela ho ba le makhabane ao. Le rona re lokela ho etsa joalo. E le hore re khone ho etsa joalo, a re hlahlobeng hore na Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba bontša joang hore ba na le makhabane ao. Ka mor’a moo, re tla bona hore na re ka ba etsisa joang ’me ra bontša hore re itokiselitse mahlomola a maholo.

LOANELA HO LULA U E-NA LE MAMELLO

5. Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba thusoa ke’ng ho mamella mathata a bona?

5 Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba hloka ho ba le mamello. (Baheb. 10:36) Ba ne ba hlaheloa ke mathata a tšoanang le a hlahelang batho bohle empa ka holim’a ’ona ho ne ho boetse ho e-na le a mang. Boholo ba bona ba ne ba hlorisoa ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda, ba boholong pusong ea Roma ebile ba hlorisoa ke ba malapa a bona. (Mat. 10:21) Hape ka linako tse ling ba ne ba lokela ho itšireletsa khahlanong le tšusumetso e mpe ea bakoenehi le lithuto tsa bona tse neng li arola phutheho. (Lik. 20:29, 30) Ho ntse ho le joalo, ba ile ba khona ho mamella mathata ao. (Tšen. 2:3) Ba thusitsoe ke’ng? Ba ile ba nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Mangolong ea batho ba ileng ba mamella ba kang Jobo. (Jak. 5:10, 11) Ba ile ba kopa Jehova hore a ba fe matla. (Lik. 4:29-31) Hape ba ile ba lula ba hopola litholoana tse ntle tse tlisoang ke ho mamella.​—Lik. 5:41.

6. Pale ea Morali oa bo rona Merita e u ruta hore ke’ng e ka re thusang ho mamella ha re hlorisoa?

6 Le rona re ka khona ho mamella haeba re itloaetsa ho bala le ho nahanisisa ka mehlala ea batho ba ileng ba mamella ba hlahang ka Lentsoeng la Molimo le lingoloeng tsa rona tse thehiloeng Bibeleng. Ho etsa joalo ho ile ha thusa Morali oa bo rona Merita ea lulang Albania hore a mamelle ha ba lelapa ba mo hlorisa. O re: “Ha ke ntse ke bala pale ea Jobo, e ile ea nkama maikutlo haholo. O ile a hlaheloa ke mathata a mangata a bile a sa tsebe le ho tseba hore na ke mang ea ntseng a mo bakela ’ona, feela o ile a re: ‘Ke tla lula ke tšepahala ho fihlela ke shoa.’ (Jobo 27:5) Ke ile ka bona hore mathata a ka ha se letho ha a bapisoa le a Jobo. Hape ’na ke ne ke tseba hore na ke mang ea mpakelang mathata ana.”

7. Ke eng eo re lokelang ho itloaetsa ho e etsa esale hona joale le haeba re se na mathata a boima haholo?

7 Ntho e ’ngoe e ka re thusang ho mamella ke ho itloaetsa ho phetlela Jehova sefuba, re mo bolelle lintho tse re tšoenyang. (Bafil. 4:6; 1 Bathes. 5:17) Mohlomong uena ha u na mathata a boima haholo hona joale. Leha ho le joalo, na u kopa thuso ho Jehova neng kapa neng ha u koatile, u ferekane kapa u imetsoe? Haeba u itloaetsa esale hona joale ho kopa Jehova hore a u thuse ka mathata a manyenyane a u hlahelang, u tla nolofalloa ho etsa joalo nakong e tlang ha u lokela ho sebetsana le mathata a boima. U tla kholiseha hore o tseba hantle hore na nako le tsela e nepahetseng ea ho u thusa ke efe.​—Pes. 27:1, 3.

MAMELLO

Ho mamella bothata bo itseng ho re thusa hore re khone ho mamella bo latelang (Sheba serapa sa 8)

8. Mohlala oa Morali oa bo rona Mira o bontša joang hore ho mamella mathata hona joale ho ka re thusa ho a mamella le ka moso? (Jakobo 1:2-4) (Sheba setšoantšo.)

8 Haeba re mamella mathata a re hlahelang hona joale, re ka atleha ho mamella mahlomola a maholo. (Bar. 5:3) Ke hobane’ng ha re cho joalo? Bana ba bo rona ba bangata ba hlokometse hore ho mamella bothata bo itseng ho ba thusitse hore ba khone ho mamella bo latelang. Ho mamella ho ile ha matlafatsa tumelo eo ba nang le eona ea hore Jehova o ikemiselitse ho ba thusa. Tumelo eo e ile ea ba thusa hore ba mamelle mathata a latelang. (Bala Jakobo 1:2-4.) Morali oa bo rona Mira oa Albania eo e leng pula-maliboho, o ile a hlokomela hore ho mamella mathata nakong e fetileng ho ile ha mo thusa hore a tsoele pele ho mamella. O re ka linako tse ling o bona eka ke eena feela ea nang le mathata a mangata. Leha ho le joalo, oa hopola hore na Jehova o mo thusitse hakaakang lilemong tse 20 tse fetileng, ebe o re ka pelong: ‘U se ke oa tela. Na kannete u ka khaotsa ho tšepahalla Jehova ka mor’a hore a u thuse hakaale ka mathata a mangata a u hlahetseng lilemo-lemo tsee?’ Le uena u ka nahanisisa ka hore na Jehova o u thusitse joang hore u mamelle. U kholisehe hore nako eohle ha u mamella, oa hlokomela ebile o tla u putsa. (Mat. 5:10-12) Etlare ha mahlomola a maholo a qala, u tla ikemisetsa ho lula u mameletse hobane u tla be u ile oa ithuta ho mamella.

BONTŠA HORE U NA LE QENEHELO

9. Bakreste ba phutheho ea Antioke e Siria ba ile ba etsa’ng ho bontša hore ba na le qenehelo?

9 A re hlahlobeng hore na ho ile ha etsahala’ng ha ho e-ba le tlala e kholo Judea e ileng ea ama Bakreste. Ka mor’a hore Bakreste ba phutheho ea Antioke e Siria ba utloe ka tlala eo, e tlameha ebe ba ile ba qenehela bana ba bo bona ba Judea. Empa ba ile ba bontša qenehelo eo ka liketso. Ba ile “ba lumellana hore ba romele liphallelo ho barutuoa ba Judea ho ea kamoo e mong le e mong a ka khonang.” (Lik. 11:27-30) Le hoja Bakreste ba anngoeng ke tlala ba ne ba lula hole, phutheho ea Antioke e ne e ikemiselitse ho ba thusa.​—1 Joh. 3:17, 18.

QENEHELO

Likoluoa tsa tlhaho li re fa monyetla oa ho bontša hore re qenehela bana ba bo rona (Sheba serapa sa 10)

10. Re ka bontša joang hore re qenehela bana ba bo rona ha ba hlahetsoe ke koluoa? (Sheba setšoantšo.)

10 Le rona re ka bontša hore re na le qenehelo ha re utloa hore ho na le bana ba bo rona ba anngoeng ke koluoa. Re ka ba thusa hang-hang, mohlomong ka ho botsa baholo hore na ho na le mosebetsi o hlokang ho etsoa oo re ka thusang ka oona, ka ho ntša monehelo oa mosebetsi oa lefatše lohle kapa ka ho rapella bana ba bo rona ba anngoeng ke koluoa eo. b (Liprov. 17:17) Mohlala, ka 2020 ho ile ha thehoa Likomiti Tsa Liphallelo tse fetang 950 lefatšeng lohle e le hore ho thusoe bana ba bo rona ba anngoeng ke seoa sa COVID-19. Re ananela bohle ba sebetsang le likomiti tseo tsa liphallelo. Ba ile ba fa bana ba bo rona lintho tsohle tseo ba li hlokang hore ba ’ne ba phele le hore ba ’ne ba sebeletse Jehova. Maemong a mang ba ile ba lokisa kapa ba haha bocha mahae a bana ba bo rona le libaka tsa borapeli. Ba entse lintho tsena tsohle hobane ba qenehela bana ba bo rona.​—Bapisa le 2 Bakorinthe 8:1-4.

11. Lintho tseo re li etsang tse bontšang hore re na le qenehelo li ka susumeletsa batho ho etsa’ng?

11 Ha re bontša bana ba bo rona hore rea ba qenehela ha ba qeta ho hlaheloa ke koluoa, batho ba bang ba hlokomela boitelo ba rona. Mohlala, ka 2019 leholiotsoana le bitsoang Dorian le ile la senya Holo ea ’Muso naheng ea Bahamas. Ha bana ba bo rona ba ntse ba haha holo eo bocha, ba ile ba botsa mokonteraka e mong eo e seng Paki hore na o tla batla ho pataloa bokae bakeng sa mosebetsi o hlokang ho etsoa. O ile a re ho bona: “Ke kopa ho le fa . . . thepa, batho ba tla etsa mosebetsi le lintho tseo le tla li hloka ke sa le patalise letho. . . . Ke etsa tjena hobane ke batla ho thusa mokhatlo oa lona. Ke khahloa ke tsela eo [le] ratang metsoalle ea lona ka eona.” Batho ba bangata lefatšeng ha ba tsebe Jehova. Empa boholo ba bona ba shebile tsela eo Lipaki Tsa Jehova li itšoarang ka eona. Ke tlotla e kholo ho tseba hore lintho tseo re li etsang tse bontšang hore re na le qenehelo li ka etsa hore batho ba rate Molimo ea “mohau haholo.”​—Baef. 2:4.

12. Ho bontša bana ba bo rona hore rea ba qenehela hona joale ho tla re thusa joang nakong ea mahlomola a maholo? (Tšenolo 13:16, 17)

12 Nakong ea mahlomola a maholo, re tla lokela ho bontša hore re qenehela bana ba bo rona. Hobane’ng? Bibele e bontša hore batho ba sa tšehetseng lipolotiki ba tla hlaheloa ke mathata hona joale le nakong ea mahlomola a maholo. (Bala Tšenolo 13:16, 17.) Bana ba bo rona ba ka ’na ba hloka hore re ba thuse ka litlhoko tsa bona tsa mantlha. Ha Morena oa rona Kreste Jesu a tla ho tla ahlola batho, e se eka a ka fumana re ntse re bontša qenehelo ebe o re memela hore re “je lefa la ’Muso.”​—Mat. 25:34-40.

LULA U LOANELA HO BA LE LERATO

13. Ho ea ka Baroma 15:7, Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba etsa’ng e le hore ba lule ba ratana?

13 Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba tsebahala ka lerato. Empa na ho ne ho le bonolo hore ba ratane? Ka mohlala, phutheho ea Roma e ne e e-na le batho ba fapaneng haholo. E ne e e-na le Bajuda ba neng ba hotse ba rutoa ho mamela Molao oa Moshe e bile e e-na le Balichaba ba neng ba holisitsoe ka tsela e fapaneng hole le ea Bajuda. E ka ’na eaba Bakreste ba bang e ne e le makhoba, ba bang e se makhoba athe ba bang e ka ’na eaba e ne e le beng ba makhoba. Bakreste bao ba ne ba ka khona joang ho lula ba ratana le hoja ba fapane hakaalo? Moapostola Pauluse o ile a ba eletsa hore ba ‘amohelane.’ (Bala Baroma 15:7.) O ne a bolela’ng? Ka Segerike ho ‘amohelana’ ho bolela ho ba mosa ho motho kapa ho mo amohela ka mofuthu, joaloka ho mo amohela lelapeng la hao kapa ho mo etsa motsoalle oa hao. Ka mohlala, ha Pauluse a ne a bolella Filemone hore a amohele Onesimase e leng lekhoba la hae le neng le balehile, o ile a re: “U mo amohele ka mosa.” (Filem. 17) Prisilla le Akuila ba ile ba amohela Apolose ka hore ‘ba tsamaee le eena’ le hoja e ne e se Mokreste ea nang le boiphihlelo joaloka bona. (Lik. 18:26) Bakreste bao ha baa ka ba lumella lintho tseo ba fapanang ka tsona ho etsa hore ba se ke ba utloana empa ba ile ba amohelana ba ntse ba sa tšoane joalo.

LERATO

Re hloka lerato la bana ba bo rona kaofela (Sheba serapa sa 15)

14. Morali oa bo rona Anna le mohatsa oa hae ba ile ba bontša joang hore ba rata Bakreste-’moho le bona?

14 Le rona re ka bontša bana ba bo rona hore rea ba rata ka hore re ba etse metsoalle ea rona. Ha re etsa joalo, le bona ba tla re bontša hore baa re rata. (2 Bakor. 6:11-13) Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Anna le mohatsa oa hae. Nakoana ka mor’a hore ba fihle Afrika e ka bophirimela moo ba neng ba il’o sebeletsa e le baromuoa, seoa sa COVID-19 se ile sa qala. Ba ne ba sa khone ho kopana le bana ba bo bona phuthehong ea bona e ncha. Morali oa bo rona Anna le mohatsa oa hae ba ne ba tla ba bontša joang hore baa ba rata? Ba ile ba ba etsetsa li-videocall ’me ba ba bolella hore ba batla ho ba tseba haholoanyane. Ntho ena e ile ea ama bana ba bo rona maikutlo haholo eaba ba qala ho letsetsa Morali oa bo rona Anna le mohatsa oa hae le ho ba etsetsa melaetsa hangata. Ke hobane’ng ha Morali oa bo rona Anna le mohatsa oa hae ba ile ba etsa boiteko boo? Morali oa bo rona Anna o re: “Nke ke ka lebala lintho tseo Bakreste-’moho le ’na ba nketselitseng tsona ha ho ne ho le monate le ha ho ne ho le bohloko, tse bontšang hore baa nthata le hore ba rata lelapa la ka. Lintho tseo li ile tsa ntšusumeletsa ho bontša batho ba bang hore kea ba rata.”

15. U ithuta’ng mohlaleng oa Morali oa bo rona Vanessa ka ho rata bana ba bo rona kaofela? (Sheba setšoantšo.)

15 Boholo ba rona re liphuthehong tse nang le bara le barali ba bo rona ba fapaneng le rona ka litsela tse ngata ebile ba e-na le botho bo sa tšoaneng. Ntho e tla re thusa hore re lule re ba rata kaofela ke hore re shebe makhabane a bona. Morali oa bo rona Vanessa ea lulang New Zealand, o ne a utloa ho le thata hore a utloane le ba bang ba Bakreste-’moho le eena ka phuthehong. Empa o ile a etsa qeto ea hore o tla qeta nako e ngata a e-na le ba bang ba bana ba bo rona bao a neng a utloa ba mo tena ka lebaka la botho ba bona ho e-na le hore a ba qobe. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a bone hore na ke hobane’ng ha Jehova a ba rata. O re: “Haesale mohatsa oa ka e e-ba molebeli oa potoloho, re se re lula re e-na le bana ba bo rona ba bangata le ho feta ba nang le botho bo sa tšoaneng ’me ke utloa ho se ho le bonolo hore ke tloaelane le bona. Ke se ke rata hore ebe ha re tšoane. Jehova le eena oa rata ha ho le joalo hobane o re huletse ho eena re ntse re sa tšoane joalo.” Re bontša hore re rata bana ba bo rona haeba re ithuta ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona.​—2 Bakor. 8:24.

Nakong ea mahlomola a maholo, haeba re lula re momahane le Bakreste-’moho le rona, re tla sireletseha feela joalokaha Jehova a tšepisitse (Sheba serapa sa 16)

16. Ho rata bana ba bo rona ho tla re thusa joang nakong ea mahlomola a maholo? (Sheba setšoantšo.)

16 Re tla hloka ho ratana nakong ea mahlomola a maholo. Ha mahlomola ao a qala, re tla balehela hokae e le hore re sireletsehe? Ha Babilona ea mehleng ea khale e ne e hlaseloa, hlokomela hore na Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba etse’ng: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, u koale mamati. Ipate ka nakoana ho fihlela khalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho bonahala eka mantsoe ao a lebisitsoe le ho rona ba tla tobana le mahlomola a maholo. E ka ’na eaba ‘likamore tse ka hare’ ke liphutheho tsa habo rona. Nakong ea mahlomola a maholo, haeba re lula re momahane le Bakreste-’moho le rona, re tla sireletseha feela joalokaha Jehova a tšepisitse. Kahoo, re lokela ho sebetsa ka thata hona joale ho rata bana ba bo rona ho e-na le ho ba mamella feela. Ntho eo e ka pholosa bophelo ba rona.

ITOKISE HONA JOALE

17. Haeba re itokisa hona joale, re tla khona ho etsa’ng nakong ea mahlomola a maholo?

17 “Letsatsi le leholo la Jehova” le tla tlisetsa batho mahlomola. (Sof. 1:14, 15) Batho ba Jehova le bona e ke ke ea e-ba mekhelo. Empa haeba re itokisa hona joale, re tla khona ho lula re khobile matšoafo re be re thuse batho ba bang. Re tla khona ho mamella mathata afe kapa afe ao re tla kopana le ’ona. Ha bana ba bo rona ba le maqakabetsing, re tla etsa sohle se matleng a rona ho bontša hore rea ba qenehela ka ho ba thusa le ka ho ba fa lintho tseo ba li hlokang. Hape haeba re ithuta ho rata bana ba bo rona hona joale, re tla khona ho ba rata le ka moso. Ha re etsa lintho tsena, Jehova o tla re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng leo ho lona mathata le mahlomola ’ohle a tla be a lebetsoe.​—Esa. 65:17.

PINA EA 144 A re Luleng re E-na le Tšepo

a Mahlomola a maholo a tla qala haufinyane. Ho ba le mamello, qenehelo le lerato ho tla re thusa hore re itokisetse liketsahalo tse e-s’o bonoe tse tla etsahala ka nako eo. Re tl’o bona hore na Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba etsa’ng hore ba be le makhabane ao, hore na re ka ba etsisa joang le hore na makhabane ao a tla re thusa joang hore re itokisetse mahlomola a maholo.

b Batho ba batlang ho thusetsa mosebetsing oa ho thusa bana ba bo rona ba hlahetsoeng ke koluoa ba lokela ho tlatsa foromo ea Local Design/Construction Volunteer Application (DC-50) kapa ea Application for Volunteer Program (A-19) ebe ba emela ho bitsoa.