Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 30

Tsoela Pele U Rata Jehova le Batho ba Bang

Tsoela Pele U Rata Jehova le Batho ba Bang

“Re rate batho ba bang. Ka tsela eo, re tla khona ho hola ka litsela tsohle.”​—BAEF. 4:15.

PINA EA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke lintho life tseo u ileng oa li tseba ha u ne u qala ho ithuta Bibele?

 NA U sa hopola ha u ne u qala ho ithuta Bibele? E ka ’na eaba u ile oa makatsoa ke ho tseba hore Molimo o na le lebitso. Mohlomong u ile oa thabisoa ke ho tseba hore Molimo ha a hlokofatse batho mollong oa lihele. Hape e ka ’na eaba u ile oa thabisoa ke tšepiso ea hore baratuoa ba hao ba hlokahetseng ba tla boela ba tsohe, le phele hammoho paradeiseng lefatšeng.

2. Ke liphetoho life tseo u ileng oa li etsa ha u ntse u tsoela pele ho ithuta Bibele? (Baefese 5:1, 2)

2 U ile oa rata Jehova le ho feta ha u ntse u ithuta Lentsoe la hae. Lerato leo le ile la u susumeletsa ho etsa lintho tseo u ithutileng tsona. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ile ha u thusa ho etsa liqeto tse bohlale. U ile oa ithuta ho nahana le ho etsa lintho tse nepahetseng hobane u batla ho thabisa Molimo. Feela joalokaha ngoana a etsisa motsoali oa hae ea lerato, le uena u ile oa etsisa Ntate oa hao ea leholimong.​—Bala Baefese 5:1, 2.

3. Re ka ’na ra ipotsa lipotso life?

3 Ipotse: ‘Na ke rata Jehova haholo ho feta ha ke ne ke qala ho ba Mokreste? Haesale ke kolobetsoa, na ke se ke batla ke tšoana le Jehova ka ho bontša bara le barali beso hore kea ba rata?’ Haeba u hlokomela hore “ha u sa na lerato joaloka pele,” u se ke oa nyahama. Bakreste ba mehleng ea pele le bona ba ile ba etsahalloa ke ntho e tšoanang. Jesu ha aa ka a ba fella pelo ’me ka ho tšoanang le rona ha a re felle pelo. (Tšen. 2:4, 7) Oa tseba hore re ntse re ka ba le lerato leo re neng re e-na le lona ha re ne re qala ho ithuta ’nete.

4. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na re ka tsoela pele ho rata Jehova le batho ba bang haholoanyane joang. Re tla boela re ithute hore na ke litlhohonolofatso life tseo re tla li fumana haeba re rata Jehova le batho ba bang haholoanyane.

RATA JEHOVA HAHOLOANYANE

5, 6. Ke mathata afe ao moapostola Pauluse a ileng a tobana le ’ona tšebeletsong ea hae, hona o ile a thusoa ke’ng hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova?

5 Moapostola Pauluse o ne a thabela ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a kopana le mathata a mangata. Ka linako tse ling Pauluse o ne a nka maeto a malelele ’me ho ne ho se bonolo ho nka maeto ka nako eo. Ha a ntse a tsamaea, o ile a “tobana le likotsi linokeng” le “likotsi tsa masholu.” Ka linako tse ling lira tsa hae li ne li mo otla. (2 Bakor. 11:23-27) Hape ka linako tse ling Bakreste-’moho le Pauluse ba ne ba sa ananele lintho tseo a neng a ba etsetsa tsona.​—2 Bakor. 10:10; Bafil. 4:15.

6 Pauluse o ile a thusoa ke’ng hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova? O ile a ithuta ka Jehova haholoanyane ha a bala Mangolo le ho bona kamoo Jehova a mo thusitseng kateng tšebeletsong ea hae. Pauluse o ne a kholisehile hore Jehova Molimo oa mo rata. (Bar. 8:38, 39; Baef. 2:4, 5) Sena se ile sa etsa hore a rate Jehova le ho feta. Pauluse o ile a bontša hore o rata Jehova ka ho sebeletsa balumeli-’moho le eena.​—Baheb. 6:10.

7. Ke’ng e tla re thusa ho rata Jehova haholoanyane?

7 Ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko ho tla re thusa hore re mo rate haholoanyane. Ha u ntse u bala Bibele, leka ho fumana hore na u ka ithuta eng ka Jehova karolong eo. Ipotse: ‘Karolo ee e bontša joang hore Jehova oa nthata? E mpha mabaka afe a hore ke rate Jehova?’

8. Thapelo e ka re thusa joang hore re rate Jehova haholoanyane?

8 Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang e le hore re rate Jehova haholoanyane ke ho mo rapela letsatsi le leng le le leng, re mo bolelle hore na re ikutloa joang. (Pes. 25:4, 5) Jehova o tla arabela lithapelo tsa rona. (1 Joh. 3:21, 22) Morali oa bo rona Khanh ea lulang Asia o re: “Qalong ke ne ke rata Jehova ka lebaka la lintho tseo ke neng ke ithutile tsona ka eena. Empa ke ile ka mo rata le ho feta ha ke bona kamoo a arabelang lithapelo tsa ka. Sena se ile sa etsa hore ke batle ho etsa lintho tse mo thabisang.” b

RATA BATHO BA BANG HAHOLOANYANE

9. Ke’ng e bontšang hore Timothea o ne a rata bara le barali babo?

9 Lilemo tse seng kae ka mor’a hore Pauluse e be Mokreste, o ile a kopana le mohlankana ea bitsoang Timothea. Timothea o ne a rata Jehova a bile a rata le batho ba bang. Pauluse o ile a re ho Bafilipi: “Ha ke na motho e mong ea tšoanang le [Timothea] ea ka le hlokomelang ka lintho tseo le li hlokang.” (Bafil. 2:20) Pauluse o ne a sa bue ka bokhoni ba Timothea ba ho hlophisa lintho kapa ba ho fana ka lipuo empa o ne a khahliloe ke tsela eo Timothea a neng a rata bara le barali babo ka eona. Ha ho pelaelo hore liphutheho tseo Timothea a neng a li etela li ne li lula li mo lebeletse ka tjantjello.​—1 Bakor. 4:17.

10. Morali oa bo rona Anna le mohatsa oa hae ba bontšitse joang hore ba rata bara le barali ba bo rona?

10 Le rona re lokela ho batla litsela tsa ho thusa bara le barali ba bo rona. (Baheb. 13:16) Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Anna eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng. Ka mor’a lipula tse matla, eena le mohatsa oa hae ba ile ba etela lelapeng le leng la Lipaki moo ba ileng ba fumana hore marulelo a ntlo a senyehile. Kahoo, liaparo tsa lelapa leo li ne li le litšila kaofela. Morali oa bo rona Anna o re: “Re ile ra nka liaparo tsa bona, ra li hlatsoa ra ba ra li khutlisa li aennoe ebile li mennoe. E ne e se mosebetsi o mokaalo ho rona empa ho etsa joalo ho ile ha etsa hore re be metsoalle ea hlooho ea khomo ho fihlela kajeno.” Ho rata bara le barali ba bo rona ho ile ha susumeletsa Morali oa bo rona Anna le mohatsa oa hae hore ba ba thuse.​—1 Joh. 3:17, 18.

11. (a) Batho ba bang ba ikutloa joang ha re ba bontša hore rea ba rata? (b) Ho latela Liproverbia 19:17, Jehova o tla re etsetsa’ng ha re bontša batho ba bang hore rea ba rata?

11 Ha re bontša batho ba bang hore rea ba rata ebile re le mosa, ba ka bona hore re leka ho etsisa Jehova ’me ba ka ananela mosa oo re ba bontšang oona ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Morali oa bo rona Khanh eo re buileng ka eena pejana ha a lebale batho ba ileng ba mo thusa. O re: “Ke ananela haholo barali beso ba ileng ba tsamaea le ’na tšimong. Ba ne ba ntata moo ke lulang, ba ’memela lijong ba bile ba etsa bonnete ba hore ke fihla hae ke sireletsehile. Hona joale kea hlokomela hore e ne e le mosebetsi o boima ho bona. Empa ba ne ba o etsa ba thabile.” Ke ’nete hore ha se motho e mong le e mong ea tla re leboha ka lintho tse molemo tseo re mo etselitseng tsona. Morali oa bo rona Khanh ha a bua ka batho ba mo thusitseng o re: “Ekare nka ba patala ka lebaka la lintho tse ntle tseo ba ileng ba nketsetsa tsona empa joale ha ke tsebe moo kaofela ha bona ba lulang teng. Leha ho le joalo, Jehova o tseba moo ba leng teng ’me ke rapela hore a mpatalle bona.” Morali oa bo rona Khanh o nepile. Jehova o bona lintho tse ntle tseo re li etsetsang batho ba bang le hoja li ka bonahala li le nyenyane. Jehova oa bona ha re itella ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo ’me o tla re putsa.​—Bala Liproverbia 19:17.

Ha motho a ntlafatsa tsela eo a sebeletsang Jehova ka eona, o batla litsela tsa ho thusa batho ba bang (Sheba serapa sa 12)

12. Bara ba bo rona ba ka etsa’ng ho bontša hore ba rata bara le barali ba bo rona? (Sheba litšoantšo.)

12 Haeba u mor’abo rona, u ka etsa’ng ho bontša batho ba bang hore oa ba rata? Mor’abo rona e mong e mocha ea bitsoang Jordan o ile a botsa moholo hore na ke lintho life tseo a neng a ka li etsa ho thusa phutheho haholoanyane. Moholo eo o ile a mo babatsa ka lintho tse ntle tseo a neng a se a ntse a li etsa. O ile a boela a mo fa keletso ea hore na ke lintho life tse ling tseo a ka li etsang ho thusa phutheho haholoanyane. Ka mohlala, moholo eo o ile a khothaletsa Mor’abo rona Jordan hore a fihle pele liboka li qala e le hore a ka lumelisa bara le barali ba bo rona, a arabele ka libokeng, a ee tšimong kamehla le sehlopha seo a leng ho sona le hore a batle litsela tse ling tseo ka tsona a ka thusang bara le barali ba bo rona. Mor’abo rona Jordan o ile a mamela keletso ea moholo eo. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a ithute ho etsa lintho tse ling tse ncha ha ba ha etsa hore a rate bara le barali ba bo rona haholoanyane. Mor’abo rona Jordan o ithutile hore ha mor’abo rona e e-ba mohlanka ea sebeletsang, ha se hona a qalang ho thusa batho ba bang empa o tsoela pele ho ba thusa.​—1 Tim. 3:8-10, 13.

13. Ho rata Jehova le bara le barali ba bo rona ho thusitse Mor’abo rona Christian joang hore a tšoanelehe ho ba moholo hape?

13 Teng ho thoe’ng haeba u kile oa ba moholo kapa mohlanka ea sebeletsang? Jehova o hopola mosebetsi oo u ileng oa mo etsetsa oona nakong e fetileng le lerato le ileng la u susumeletsa hore u o etse. (1 Bakor. 15:58) O boetse o ela hloko lerato leo u tsoelang pele ho le bontša. Mor’abo rona Christian o ne a utloile bohloko ha a ne a tlosoa boholong. Leha ho le joalo o re: “Kaha ke rata Jehova, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tla etsa sohle ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe hore na ke moholo kapa che.” Ka mor’a nako o ile a boela a khethoa hore e be moholo. Mor’abo rona Christian o boetse o re: “Ke ne ke tšaba ho ba moholo hape. Empa ke ile ka etsa qeto ea hore haeba ke Jehova ea batlang hore ke be moholo hape, ke tla etsa joalo hobane ke mo rata ebile ke rata bara le barali ba bo rona.”

14. U ithuta’ng ho seo Morali oa bo rona Elena a se buileng?

14 Bahlanka ba Jehova ba boetse ba bontša hore ba rata batho ba bang. (Mat. 22:37-39) Ka mohlala, Morali oa bo rona Elena ea lulang Georgia o re: “Qalong ke ne ke bua le batho ka Bibele hobane feela ke rata Jehova. Empa ha ke ntse ke rata Jehova haholoanyane, ke ile ka rata le batho ba bang haholoanyane. Ke ne ke leka ho ikenya lieteng tsa bona e le ho utloisisa hore na ke mathata afe ao ba nang le ’ona le hore na ke lihlooho life tseo ba ka thabelang ha ke buisana le bona ka tsona. Ho nahana tjena ka bona, ho ile ha nthusa hore ke batle ho ba thusa haholoanyane.”​—Bar. 10:13-15.

LITLHOHONOLOFATSO TSEO RE LI FUMANANG HA RE BONTŠA BATHO BA BANG HORE REA BA RATA

Ntho e ntle eo u e etsetsang motho e mong e ka tsoela batho ba bangata molemo (Sheba serapa sa 15 le 16)

15, 16. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong, ke litlhohonolofatso life tseo re tla li fumana haeba re bontša batho ba bang hore rea ba rata?

15 Ha re bontša bara le barali ba bo rona hore rea ba rata, ha se bona feela ba ruang molemo. Ka mor’a hore seoa sa COVID-19 se qale, Mor’abo rona Paolo le mohatsa oa hae ba ile ba ruta barali ba bo rona ba holileng ho ruta batho Bibele ba sebelisa lisebelisoa tsa bona tsa elektronike. Morali oa bo rona e mong eo qalong a neng a thatafalloa ke ho sebelisa sesebelisoa sa hae sa elektronike o ile a qetella a se a tseba ho se sebelisa. O ile a khona ho se sebelisa ho memela batho bao a amanang le bona Sehopotsong ’me ba 60 ba bona ba ile ba kena ba sebelisa marang-rang. Morali oa bo rona enoa hammoho le batho bao a amanang le bona ba ile ba rua molemo ka lebaka la boiteko boo Mor’abo rona Paolo le mohatsa oa hae ba ileng ba bo etsa. Hamorao morali oa bo rona enoa o ile a ngolla Mor’abo rona Paolo a re: “Rea leboha ka ho re ruta. Nke ke ka lebala kamoo Jehova a re ratang kateng le kamoo u ileng oa sebetsa ka thata kateng ho re thusa.”

16 Mohlala ona o ile oa ruta Mor’abo rona Paolo thuto ea bohlokoa. O ile oa mo hopotsa hore ho bontša batho ba bang hore rea ba rata ho bohlokoa ho feta tsebo kapa bokhoni boo re nang le bona. O re: “Nkile ka ba mopotolohi. Hona joale kea hlokomela hore le hoja bara le barali ba bo rona ba se ba lebetse lipuo tseo nkileng ka fana ka tsona, ba ntse ba hopola lintho tseo ke ileng ka li etsa ho ba thusa.”

17. Ha re bontša batho ba bang hore rea ba rata, ke mang hape ea tla rua molemo?

17 Ha re bontša batho ba bang hore rea ba rata, re rua molemo ka litsela tse ngata tseo re sa li lebellang. Mohlala oa Mor’abo rona Jonathan ea lulang New Zealand o tiisa taba ena. Ka Moqebelo o mong, o ile a bona mor’abo rona oa pula-maliboho a ntse a bua le batho ka Bibele har’a letsatsi le chesang. Ho tloha ka nako eo, Mor’abo rona Jonathan o ile a etsa qeto ea ho sebetsa le mor’abo rona eo oa pula-maliboho ha e le Moqebelo thapama. Ka nako eo, Mor’abo rona Jonathan o ne a sa tsebe hore ho bontša mosa ka tsela ena ho ne ho tla mo tsoela molemo. Mor’abo rona Jonathan o re: “Ka nako eo, ke ne ke sa rate tšimo. Ha ke ne ke mamela mor’abo rona enoa oa pula-maliboho ha a ruta le ho bona kamoo a neng a atleha kateng tšimong, ke ile ka qala ho rata ho ea tšimong. Re ile ra ba metsoalle ea hlooho ea khomo ’me o ile a nthusa hore ke tiise setsoalle sa ka le Jehova le hore ke thabele tšimo.”

18. Jehova o batla hore re etse’ng?

18 Jehova o batla hore re mo rate le ho feta re be re rate batho ba bang haholoanyane. Joalokaha re se re ithutile, ho bala Lentsoe la Molimo, ho nahanisisa ka lona le ho mo rapela khafetsa ho ka re thusa hore re mo rate haholoanyane. Hape re tla rata bara le barali ba bo rona haholoanyane haeba re ba thusa. Ha lerato la rona le ntse le eketseha, re tla ba metsoalle e haufi-ufi ea Jehova le ea bara le barali ba bo rona ka ho sa feleng.

PINA EA 109 Ratanang ka Pelo Eohle

a Kaofela ha rona re tla lula re hloka ho etsa liphetoho ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova. Sehloohong sena re tl’o buisana ka bohlokoa ba ho tsoela pele re etsa sena. Re tl’o bua ka hore na re ka etsa’ng e le hore re rate Jehova le batho ba bang haholoanyane. Ha re ntse re hlahloba sehlooho sena, nahanisisa ka hore na ke liphetoho life tseo u seng u li entse le hore na ke joang u ka tsoelang pele u ntlafatsa.

b Mabitso a mang a fetotsoe.