Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 27

PINA EA 73 U re fe Sebete

E-ba Sebete Joaloka Tsadoke

E-ba Sebete Joaloka Tsadoke

“Tsadoke [e ne e le] mohlankana ea matla le ea sebete.”1 LIKRON. 12:28.

NTLHA-KHOLO

Mohlala oa Tsadoke o ka re thusa hore re be sebete.

1, 2. Tsadoke e ne e le mang? (1 Likronike 12:22, 26-28)

 AK’U nahane feela banna ba fetang 340 000 ba kopane e le hore ba ka etsa Davida morena oa Iseraele eohle. Ka matsatsi a mararo, banna bao ba ne ba lutse libakeng tse maralla haufi le Hebrone. Ba ne ba tšeha, ba qoqa ebile ba binela Jehova lipina tsa thoriso. (1 Likron. 12:39) Har’a letšoele leo ho ne ho e-na le mohlankana e mong ea bitsoang Tsadoke. Batho ba bangata ba ne ba ke ke ba mo hlokomela. Leha ho le joalo, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore rea tseba hore Tsadoke o ne a le teng moo. (Bala 1 Likronike 12:22, 26-28.) Tsadoke e ne e le mang?

2 Tsadoke e ne e le moprista ea neng a sebetsa haufi le Moprista ea Phahameng Abiathare. Molimo o ne a boetse a file Tsadoke bohlale le bokhoni ba ho utloisisa thato ea hae. (2 Sam. 15:27) Batho ba ne ba batla likeletso tse molemo ho Tsadoke ha ba ne ba hloka thuso. E ne e boetse e le monna ea sebete. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ke joang re ka bontšang sebete joaloka Tsadoke.

3. (a) Ke hobane’ng ha barapeli ba Jehova ba hloka ho ba sebete? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Matsatsing ana a ho qetela, Satane o leka ho senya tumelo ea rona ho Jehova ho feta leha e le neng pele. (1 Pet. 5:8) Re hloka ho ba sebete ha re ntse re emetse hore Jehova a felise Satane le lefatše la hae le khopo. (Pes. 31:24) Sehloohong sena re tl’o ithuta litsela tse tharo tse ka re thusang ho ba sebete joaloka Tsadoke.

TŠEHETSA ’MUSO OA MOLIMO

4. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba hloka ho ba sebete e le hore ba tšehetse ’Muso oa Molimo? (Sheba setšoantšo.)

4 Kaha re batho ba Jehova, re tšehetsa ’Muso oa Molimo ka lipelo tsohle tsa rona empa re lokela hore re be sebete e le hore re ka etsa joalo. (Mat. 6:33) Ka mohlala, lefatšeng lena le khopo leo re phelang ho lona, re hloka ho ba sebete e le hore re phele ka tsela eo Jehova a batlang hore re phele ka eona le hore re bolele litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. (1 Bathes. 2:2) Hape lefatše le ntse le tsoela pele ho ba le likarohano ka lebaka la lipolotiki, ke kahoo re hlokang ho ba sebete hore re se ke ra nka lehlakore le ho ngangisana ka litaba tse amanang le lipolotiki. (Joh. 18:36) Batho ba bangata ba Jehova ba ba le mathata a lichelete, baa hlekefetsoa kapa ba koalloa literonkong ka lebaka la ho hana ho nka lehlakore lipolotiking le ho kenela sesole.

U tla etsa’ng ha batho ba bang ba nka lehlakore lipolotiking? (Sheba serapa sa 4)


5. Ke hobane’ng ha Tsadoke a ne a hloka ho ba sebete e le hore a tšehetse Davida?

5 Tsadoke o ne a sa ea Hebrone ho ea keteka borena ba Davida feela. Empa o ne a hlometse ebile a ikemiselitse ho loana. (1 Likron. 12:38) O ne a ikemiselitse ho ea le Davida ntoeng le ho sireletsa Iseraele ho lira tsa eona. Ho ka etsahala hore ebe Tsadoke o ne a se na boiphihlelo bo bokaalo ntoeng empa e ne e le monna ea sebete.

6. Davida o ile a behela Tsadoke mohlala o motle oa hore a be sebete joang? (Pesaleme ea 138:3)

6 Ho tlile joang hore moprista ea tšoanang le Tsadoke a be sebete? O ne a tseba banna ba neng ba le matla ebile ba le sebete. Ha ho pelaelo hore o ile a ithuta mohlaleng oa bona. Ka mohlala, Davida o ile a bontša hore o sebete ka hore ‘a etelle Baiseraele pele ha ba il’o loana’ ’me seo se ile sa susumeletsa Baiseraele hore ba mo tšehetse ka lipelo tsohle tsa bona. (1 Likron. 11:1, 2) Davida o ne a lula a itšetlehile ka Jehova hore a mo thuse ha a loantša lira tsa hae. (Pes. 28:7; bala Pesaleme ea 138:3.) Tsadoke o ne a boetse a ithuta mehlaleng ea banna ba bang ba neng ba le sebete, e leng Jehojada le mora oa hae oa mohlabani Benaia esita le ho balaoli ba 22 ba neng ba tšehetsa Davida. (1 Likron. 11:22-25; 12:26-28) Banna bana kaofela ha bona ba ne ba ikemiselitse ho etsa Davida morena oa bona le ho mo sireletsa.

7. (a) Ke mehlala efe ea mehleng ee e ka re thusang hore re be sebete? (b) U ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Nsilu ea hlahang videong?

7 Ha re nahana ka tsela eo ba bang ba bontšitseng sebete ka eona e le hore ba lule ba tšepahalla Jehova le ’Muso oa hae, re susumeletseha hore le rona re be sebete. Morena oa rona Kreste Jesu, o ile a hana ho ba karolo ea lipolotiki lefatšeng la Satane. (Mat. 4:8-11; Joh. 6:14, 15) Kamehla o ne a lula a itšetlehile ka Jehova hore a mo fe matla. Mehleng ena le rona re ntse re e-na le mehlala e mengata eo re ka e latelang ea bahlankana ba ileng ba hana ho kenela sesole kapa ho nka karolo lipolotiking. Re le khothaletsa hore le bale lipale tsa bona ho jw.org. a

THUSA BANA BENO

8. Ke neng baholo ba ka hlokang ho bontša sebete e le hore ba thuse bara le barali ba bo rona?

8 Batho ba Jehova ba rata ho thusana. (2 Bakor. 8:4) Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a etse joalo. Ka mohlala, ha ho e-ba le ntoa, baholo baa hlokomela hore bara le barali ba bo rona ba hloka ho khothatsoa le ho tšehetsoa. Hape baa hlokomela hore ba hloka lingoloa, Bibele, lijo, liaparo le moo ba ka lulang teng. Ka lebaka la ho rata linku, baholo ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba ka fana ka thuso e hlokahalang ho bara le barali ba bo rona. (Joh. 15:12, 13) Ha ba etsa joalo, ba latela mohlala oa Tsadoke oa ho ba sebete.

9. Ho latela 2 Samuele 15:27-29, Davida o ile a bolella Tsadoke hore a etse’ng? (Sheba setšoantšo.)

9 Bophelo ba Davida bo ne bo le kotsing. Mora oa hae Absalome o ne a ikemiselitse ho mo bolaea e le hore e ka ba morena. (2 Sam. 15:12, 13) Davida o ne a hloka ho tloha Jerusalema hang-hang! O ile a re ho bahlanka ba hae: “Emang ’me re baleheng hobane ha ho na le ea mong oa rona ea tla phonyoha ho Absalome.” (2 Sam. 15:14) Leha ho le joalo, Davida o ile a hlokomela hore ho lokela hore ho be le motho ea salang motseng moo e le hore a ka mo joetsa ka merero ea Absalome. Kahoo, o ile a romela Tsadoke le baprista ba bang hore ba khutlele Jerusalema e le hore e ka ba lihloela. (Bala 2 Samuele 15:27-29.) Ba ne ba lokela ho ba hlokolosi haholo. Seo Davida a ileng a re baprista bana ba se etse se ne se le kotsi ebile se ne se ka beha bophelo ba bona kotsing. Kaha Absalome o ne a ikhohomosa, a le mano a bile a tletse boiphetetso, nahana feela hore na o ne a ka ba etsa’ng ha a ne a ka tseba hore e ne e le lihloela e le hore ba sireletse Davida!

Davida o ile a roma Tsadoke mosebetsing o kotsi (Sheba serapa sa 9)


10. Ke joang Tsadoke le bao a neng a e-na le bona ba ileng ba sireletsa bophelo ba Davida?

10 Davida o ile a kopa Tsadoke le motsoalle e mong oa hae ea tšepahalang e leng Hushai hore ba mo thuse hore ba etse leano. (2 Sam. 15:32-37) Hushai o ile a tlameha hore a etse eka o tšehetsa Absalome ’me a mo eletse ka hore na a ka hlasela Davida joang. Empa ho etsa joalo ho ile ha fa Davida nako ea hore a itokisetse hore a hlasele Absalome. Ha Absalome a mamela keletso ea Hushai, Hushai o ile a bolella Tsadoke le Abiathare hore na ke’ng se etsahetseng. (2 Sam. 17:8-16) Ka mor’a moo, ba ile ba etsa bonnete ba hore ba bolella Davida merero eohle ea Absalome. (2 Sam. 17:17) Ka thuso ea Jehova, Tsadoke le baprista-’moho le eena ba ile ba phetha karolo ea bohlokoa ea hore ba sireletse bophelo ba Davida.—2 Sam. 17:21, 22.

11. Ke joang re ka etsisang Tsadoke ka hore re be sebete ha re thusa bana ba bo rona?

11 Ke joang re ka bang sebete joaloka Tsadoke ha bana ba bo rona ba le kotsing ’me ba hloka thuso ea rona? (1) Latela tataiso. Maemong a joalo, ho bohlokoa hore re mamele tataiso e le hore re ka lula re momahane. Re lokela ho mamela tataiso e tsoang ofising ea lekala. (Baheb. 13:17) Baholo ba lokela hore khafetsa ba ikhopotse litaelo tsa hore na ba lokela ho itokisa joang bakeng sa likoluoa le hore na ba etse’ng ha likoluoa li hlaha. (1 Bakor. 14:33, 40) (2) E-ba sebete empa u be hlokolosi. (Liprov. 22:3) Nahana pele u nka qeto. U lokela ho etsa bonnete ba hore u bolokehile. (3) Itšetlehe ka Jehova. Hopola hore Jehova o batla hore uena le bana beno le bolokehe. Kahoo, a ka u thusa hore u ba thuse ka tsela e bolokehileng.

12, 13. U ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla Mor’abo rona Viktor le Mor’abo rona Vitalii? (Sheba setšoantšo.)

12 Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Viktor le Mor’abo rona Vitalii, e leng baholo ba babeli ba neng ba isetsa bara le barali ba bo rona metsi le lijo Ukraine. Mor’abo rona Viktor o re: “Re ile ra batlana le lijo hohle. Re ne re lula re utloa lithunya hangata. Mor’abo rona e mong o ile a ithaopela ho fana ka lijo tse tsoang lebenkeleng la hae. Lijo tsena li ile tsa thusa bahoeletsi ba bangata hore ba ’ne ba phele ka nako e itseng. Ha re ntse re laela teraka, bomo e ile ea otla sebaka sa limithara tse 20 ho tloha moo re neng re le teng. Letsatsi leo kaofela, ke ile ka kopa Jehova ka matla hore a mphe sebete seo ke neng ke se hloka e le hore ke tsoele pele ho thusa bahoeletsi.”

13 Mor’abo rona Vitalii o re: “Re ne re hloka ho ba sebete haholo. Leeto la ka la pele le ile la nka lihora tse 12. Ke ile ka rapela Jehova tsela eo kaofela.” Mor’abo rona Vitalii o ne a le sebete, a boetse a le hlokolosi. O re: “Ke ile ka tsoela pele ho kopa Jehova hore a mphe bohlale le boikokobetso. Ke ne ke khanna litseleng tse neng li lumeletsoe ke ba boholong feela. Tumelo ea ka e ile ea matlafala ha ke bona kamoo bara le barali ba bo rona ba sebetsang hammoho kateng. Ba ne ba tlosa lintho tse sitisang ka tseleng, ba bokella liphallelo le ho li laela ka terakeng hape ba re fa lijo le libaka tsa ho phomola ha re ntse re le leetong.”

E-ba sebete empa u le hlokolosi ha u thusa bana beno linakong tse kotsi (Sheba serapa sa 12 le 13)


LULA U TŠEPAHALLA JEHOVA

14. Re ka ikutloa joang ha motho eo re mo ratang a tlohela ho sebeletsa Jehova?

14 E ’ngoe ea liteko tse thata ka ho fetisisa tseo re ka tobanang le tsona ke ha setho sa lelapa kapa motsoalle ea haufi a tlohela Jehova. (Pes. 78:40; Liprov. 24:10) Ha u rata motho eo haholo, u tla thatafalloa le ho feta ho amohela boemo bona. Haeba u kile oa hlaheloa ke ntho ena e bohloko, mohlala oa Tsadoke oa botšepehi o ka u matlafatsa.

15. Ke hobane’ng ha Tsadoke a ne a hloka sebete e le hore a lule a tšepahalla Jehova? (1 Marena 1:5-8)

15 Tsadoke o ile a lula a tšepahalla Jehova ha motsoalle oa hae ea haufi Abiathare a khetha ho se tšepahale. Sena se ile sa etsahala qetellong ea puso ea Davida. Ha Davida a le makhatheng a lefu, mora oa hae Adonija o ile a leka ho inkela ka mahahapa borena boo Jehova a neng a bo tšepisitse Solomone. (1 Likron. 22:9, 10) Abiathare o ile a khetha ho tšehetsa Adonija. (Bala 1 Marena 1:5-8.) Ka ho etsa joalo, Abiathare o ne a sa tšepahalle Davida le Jehova. U se u ka inahanela kamoo Tsadoke a ileng a utloa bohloko le ho soaba kateng. Eena le Abiathare ba ne ba sebelitse haufi-ufi e le baprista ka lilemo tse ka bang 40. (2 Sam. 8:17) Ba ne ba ile ba hlokomela “Areka ea Molimo oa ’nete” hammoho. (2 Sam. 15:29) Ho tloha qalong, haesale ba etsa lintho tse ngata tse amanang le tšebeletso ea Jehova ho akareletsa ho tšehetsa borena ba Davida.—2 Sam. 19:11-14.

16. E ka ’na eaba ke eng e ileng ea thusa Tsadoke hore a lule a tšepahala?

16 Le hoja Abiathare a sa ka a tšepahalla Jehova ka hore a hlanohele Davida, Tsadoke eena o ile a lula mo tšepahalla. Ha ho mohla Davida a ileng a belaella botšepehi ba Tsadoke. Eitse ha ’mommori oa Adonija o hlahella, Davida a khetha Tsadoke, Nathane le Benaia hore ba tlotse Solomone e le hore e be morena. (1 Mar. 1:32-34) E tlameha ebe Tsadoke o ile a matlafatsoa le ho khothatsoa ke ho ba le barapeli ba Jehova ba tšepahalang joaloka Nathane le ba bang ba neng ba tšehetsa Morena Davida. (1 Mar. 1:38, 39) Ka mor’a hore Solomone e be morena, o ile “a khetha moprista Tsadoke sebakeng sa Abiathare.”—1 Mar. 2:35.

17. U ka etsisa Tsadoke joang ha motho ea haufi le uena a khetha ho se tšepahalle Jehova?

17 U ka etsisa Tsadoke joang? Haeba motho ea haufi le uena a khetha ho tlohela Jehova, bontša Jehova hore uena u khetha ho mo tšepahalla. (Josh. 24:15) Jehova o tla u matlafatsa a be a u fe le sebete seo u se hlokang. Itšetlehe ka eena ka hore u mo rapele le ka hore u be haufi le barapeli-’moho le uena ba tšepahalang. Jehova o ananela botšepehi ba hao ’me o tla u putsa.—2 Sam. 22:26.

18. U ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Marco le Morali oa bo rona Sidse?

18 Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Marco le mosali oa hae, Sidse, bao barali ba bona ba babeli ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Mor’abo rona Marco o re: “Ho tloha ha bana ba hao ba hlaha, u ba rata haholo. U ka etsa eng kapa eng ho ba sireletsa kotsing. Kahoo, ke ntho e bohloko haholo ha ba khetha ho tlohela ho sebeletsa Jehova.” O tsoela pele o re: “Empa Jehova o ’nile a re thusa ho mamella. O entse bonnete ba hore nakong eo ke fokolang, mosali oa ka o matla le hore ha e le eena ea fokolang, ke ’na ea matla.” Morali oa bo rona Sidse o re: “Re ka be re sa khona ho mamella ha e ne e ba Jehova ha aa ka a re fa matla ao re neng re a hloka. Ke ne ke utloile bohloko haholo ebile ke utloa eka ke molato oa ka hore ebe barali ba ka ba khaolitse ho sebeletsa Jehova. Kahoo, ke ile ka bolella Jehova hore na ke ikutloa joang. Ka mor’a nakoana, morali oa bo rona eo ke neng ke qetetse ho mo bona khale o ile a tla ho ’na, a ntšoara mahetleng eaba o ncheba ka mahlong o re: ‘Sidse, hopola hore ha se molato oa hao!’ Jehova o nthusitse hore ke khone ho lula ke thabile ha ke ntse ke mo sebeletsa.”

19. U ikemiselitse ho etsa’ng?

19 Jehova o batla hore barapeli ba hae kaofela ba be sebete joaloka Tsadoke. (2 Tim. 1:7) Leha ho le joalo, ha a batle hore re itšetlehe ka matla a rona. O batla hore re itšetlehe ka eena. Kahoo, ha u iphumana u le boemong boo ho bona u hlokang sebete, rapela Jehova. U ka kholiseha hore o tla etsa hore u be sebete joaloka Tsadoke.—1 Pet. 5:10.

PINA EA 126 Falimehang, E-bang Sebete, Matlafalang