Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 30

PINA EA 36 Re Lebela Lipelo Tsa Rona

Re ka Ithuta’ng ho Marena a Iseraele?

Re ka Ithuta’ng ho Marena a Iseraele?

“Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ea lokileng le ea khopo le pakeng tsa motho ea sebeletsang Molimo le ea sa mo sebeletseng.”MAL. 3:18.

NTLHA-KHOLO

Ho ithuta ka marena a Iseraele ho ka re thusa hore re tsebe hore na re hloka ho etsa’ng e le hore re thabise Jehova.

1, 2. Bibele e re bolella’ng ka marena a mang a Iseraele?

 BIBELE e bua ka banna ba fetang 40 ba ileng ba busa e le marena, Iseraele. a E re bolella ’nete ka lintho tseo ba bang ba bona ba ileng ba li etsa. Ka mohlala, le marena a lokileng a ile a etsa lintho tse mpe. Nahana ka Morena Davida. Jehova o ile a re mohlanka oa hae Davida o ile a etsa lintho tse nepahetseng feela mahlong a hae ka pelo eohle ea hae (1 Mar. 14:8) Leha ho le joalo, monna eo o ile a etsa bohlola le mosali oa motho a ba a etsa hore monna oa hae a bolaoe ntoeng.—2 Sam. 11:4, 14, 15.

2 Bibele e boetse e re bolella ka lintho tse ntle tseo marena a sa kang a tšepahalla Jehova a ileng a li etsa. Nahana ka Roboame. Jehova o ile a re ha Roboame e ne e le morena, “o ile a etsa lintho tse mpe.” (2 Likron. 12:14) Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse ntle tseo Roboame a ileng a li etsa. Ka mohlala, o ile a mamela Molimo ha a re a se ke a loantša meloko e leshome ea Iseraele le hore a e lumelle hore e ikhethele morena. O ile a boela a haha metse e sirelelitsoeng ka marako e le hore batho ba Molimo ba se ke ba hlaseloa ke lira tsa bona.—1 Mar. 12:21-24; 2 Likron. 11:5-12.

3. Re lokela ho ipotsa potso efe ea bohlokoa, hona ke lintlha life tse tharo tseo re tl’o li hlahloba sehloohong see?

3 Potso ea bohlokoa ea phahama: Haeba marena a Iseraele a ile a etsa lintho tse ntle le tse mpe, Jehova o ne a etsa qeto ea hore morena oa tšepahala kapa che a ipapisitse le eng? Karabo ea potso ena e tla re thusa ho utloisisa hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re thabise Jehova. Re tl’o hlahloba lintlha tse tharo tseo Jehova a neng a li sheba ho bona hore na marena a Iseraele a ne a lokile kapa a le mabe. Ea pele, ke hore na morena o ne a rata Jehova ka pelo ea hae eohle kapa che. Ea bobeli, ke hore na morena o ne a baka e le kannete kapa che ha a entse ntho e fosahetseng. Ea boraro ke hore na morena o ne a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng kapa che.

BA NE BA SEBELETSA JEHOVA KA LIPELO TSOHLE TSA BONA

4. Phapang ke efe pakeng tsa marena a neng a tšepahala le a neng a sa tšepahale?

4 Marena a neng a thabisa Jehova a ne a mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa ’ona. b Morena Josafate ea lokileng o ile “a batla Jehova ka pelo eohle ea hae.” (2 Likron. 22:9) Ha re bua ka Josiase, tlaleho ea Bibele e bontša hore “ha ho e-s’o ka ho e-ba le morena ea tšoanang le eena ea ileng a khutlela ho Jehova ka pelo ea hae eohle.” (2 Mar. 23:25) Re ka re’ng ka Solomone, eo lilemo hamorao a ileng a etsa lintho tse fosahetseng? Bibele e re: “O ne a sa sebeletse Jehova Molimo oa hae ka pelo ea hae eohle.” (1 Mar. 11:4) Hape Bibele ha e bua ka e mong oa marena a neng a sa tšepahale, e leng Abijame, e re: “O ne a sa sebeletse Jehova Molimo oa hae ka pelo ea hae eohle.”—1 Mar. 15:3.

5. Hlalosa hore na ho bolela’ng ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle.

5 Ho bolela’ng ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle? Motho ea sebeletsang Jehova ka pelo eohle ha a mo sebeletse feela hobane a phetha molao. Ho e-na le hoo, o mo sebeletsa hobane a mo rata a bile a mo hlompha haholo. Ho feta moo, o tsoela pele ho rata Jehova le ho mo hlompha haholo bophelo bohle ba hae.

6. Re ka etsa eng e le hore re lule re rata Jehova? (Liproverbia 4:23; Matheu 5:29, 30)

6 Re ka latela mohlala oa marena a neng a tšepahala ’me a sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa ’ona joang? Re lokela ho qoba ntho leha e le efe e ka etsang hore re se ke ra tšepahalla Jehova. Ka mohlala, re lokela ho ela hloko lintho tseo re li shebellang kapa tseo re li etsang ha re ithabisa. Re boetse re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha metsoalle le hore re se ke ra qala ho nka lintho tse bonahalang kapa chelete e le lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Haeba re hlokomela hore lerato la rona ho Jehova le qala ho fokola, re lokela ho sebetsa ka thata hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona le eo re etsang lintho ka eona hang-hang, e le hore lintho tsena li se ke tsa etsa hore re qetelle re se re sa rate Jehova.—Bala Liproverbia 4:23; Matheu 5:29, 30.

7. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re qobe ntho leha e le efe e ka fokotsang lerato la rona ho Jehova?

7 Re lokela hore re rate Jehova ka pelo eohle. Haeba re se hlokolosi re ka ithetsa ka ho nahana hore tšusumetso e mpe e ke ke ea re lematsa haeba re phathahane ka ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, nahana u ntse u tsamaea ka ntle ho le moea ebile ho bata haholo. Ebe ha u fihla hae u besa mollo. U nahana hore thuso ke efe ea ho besa mollo empa u butse monyako? Kapele moea oo o batang o tla tlala ntlo. Ntlha ke efe moo? Ha se feela hore re lokela ho ja lijo tsa moea tse re thusang hore re be le kamano e mofuthu le Jehova. Empa re boetse re lokela ho hanela tšusumetso e mpe, e le hore “moea” oa lefatše lena o batang kapa boitšoaro bo se nang bomolimo bo se ke ba kena lipelong tsa rona ’me ba etsa hore re se ke ra rata Jehova ka pelo eohle.—Baef. 2:2.

BA ILE BA BAKELA LIBE TSA BONA

8, 9. Morena Davida le Morena Ezekiase ba ile ba itšoara joang ha ba khalemeloa? (Sheba setšoantšo .)

8 Joalokaha re bone serapeng sa pele, Morena Davida o ile a siteloa Jehova ka ho tebileng. Empa ha moprofeta Nathane a mo bolella hore na Jehova o ikutloa joang ka sebe seo, ka boikokobetso Davida o ile a baka. (2 Sam. 12:13) Davida o ne a sa etse eka o soabile e le hore moprofeta Nathane a ka nahana hore o fela a bakile kapa e le hore a balehe kotlo. Empa rea bona hore o ne a hlile a bakile ha re sheba mantsoe a hae a ngotsoeng ho Pesaleme ea 51.—Pes. 51:3, 4, 17, sehlooho.

9 Morena Ezekiase le eena o ile a siteloa Jehova. Bibele e re: “O ile a ikhohomosa hoo Molimo a ileng a halefela eena le baahi ba Juda le Jerusalema.” (2 Likron. 32:25) Ke hobane’ng ha Ezekiase a ile a ikhohomosa? Mohlomong ke hobane Jehova o ne a mo file maruo, hape o ile a mo thusa ho hlola Baasiria, kapa hobane o ile a mo thusa hore a fole lefung le bolaeang. Ho ka etsahala hore ebe lebaka leo a ileng a bontša Bababilona maruo a hae ka lona, ke hobane o ne a ikhohomosa. Kahoo, moprofeta Esaia o ile a tlameha ho mo joetsa hore Jehova o ne a mo halefetse. (2 Mar. 20:12-18) Empa joaloka Davida, ka boikokobetso Ezekiase o ile a baka. (2 Likron. 32:26) Kahoo, Jehova o ile a mo nka joang? O ile a mo nka e le morena ea tšepahalang ea ileng “a etsa lintho tse thabisang Jehova.”—2 Mar. 18:3.

Ka boikokobetso, Morena Davida le Morena Ezekiase ba ile ba baka ka mor’a hore ba bolelloe libe tsa bona (Sheba serapa sa 8 le 9)


10. Morena Amazia o ile a arabela joang ha a eletsoa?

10 Ho fapana le Ezekiase le Davida, Morena Amazia oa Juda o ile a etsa lintho tse nepahetseng mahlong a Jehova “empa a sa li etse ka pelo eohle.” (2 Likron. 25:2) O ile a etsa phoso kae? Ka mor’a hore Jehova a mo thuse ho hlola Baedomo, Amazia o ile a khumamela melimo ea bona. c Ha moprofeta oa Jehova a mo eletsa, ka manganga morena o ile a hana ho mamela a ba a mo tebela.—2 Likron. 25:14-16.

11. Ho ea ka 2 Bakorinthe 7:9, 11, re lokela ho etsa’ng e le hore re tšoareloe? (Sheba litšoantšo.)

11 Re ithuta’ng mehlaleng ee? Re lokela ho bakela libe tsa rona ’me re etse seo re ka se khonang hore re se ke ra li pheta. Ho thoe’ng haeba re fumana keletso ho baholo ba phutheho le litabeng tse bonahalang li se kaalo? Ha rea lokela ho ikutloa re lahliloe kherehloa ke Jehova kapa bona baholo. Esita le marena a lokileng a Iseraele a ne a fuoa likeletso le ho khalemeloa. (Baheb. 12:6) Haeba re khalemeloa, re lokela ho (1) arabela ka boikokobetso, (2) re etse liphetoho tse hlokahalang, re be (3) re tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsa rona tsohle. Haeba re bakela libe tsa rona, Jehova o tla re tšoarela.—Bala 2 Bakorinthe 7:9, 11.

Haeba re khalemeloa, re lokela ho (1) arabela ka boikokobetso, (2) re etse liphetoho tse hlokahalang, re be (3) re tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsa rona tsohle (Sheba serapa sa 11) f


A ILE A KHOMARELA BORAPELI BA ’NETE

12. Ke eng e neng e khetholla marena a tšepahalang?

12 Marena ao Jehova a neng a a nka a tšepahala a ne a khomaretse borapeli ba ’nete. A ile a khothalletsa batho ba Jehova hore ba etse se tšoanang. Ke ’nete hore a ne a e-na le mefokolo ea ’ona joalokaha re bone. Empa a ne a inehetse ka ho feletseng ho Jehova a bile a sebelitse ka thata ho tlosa borapeli ba litšoantšo naheng eo. d

13. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a ahlola Morena Akabe ka hore ha a tšepahala?

13 Ho thoe’ng ka marena ao Jehova a ileng a a ahlola a sa tšepahale? Ka sebele ha se ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa e neng e le mpe. Esita le Morena Akabe ea khopo o ile a bontša boikokobetso le ho ikoahlaela hore ebe o ile a kenya letsoho polaong ea Nabothe. (1 Mar. 21:27-29) O ile a haha metse le ho hlola lira tsa Iseraele. (1 Mar. 20:21, 29; 22:39) Empa Akabe o ne a tumme ka ho ntšetsa pele borapeli ba bohata tlas’a tšusumetso ea mosali oa hae. Ka lebaka leo, ha aa ka a baka.—1 Mar. 21:25, 26.

14. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a nka Morena Roboame a sa tšepahale? (b) Ke eng eo boholo ba marena a sa tšepahaleng a neng a tšoana ka eona?

14 Nahana ka morena e mong ea neng a sa tšepahale, e leng Roboame. Joalokaha ho bontšitsoe serapeng sa bobeli, o ile a etsa lintho tse ngata tse ntle nakong ea puso ea hae. Empa ka mor’a hore e be morena ea matla, o ile a khaotsa ho mamela Molao oa Jehova, eaba o qalella ho rapela melimo ea bohata. (2 Likron. 12:1) Ka mor’a moo, ka linako tse ling o ne a rapela Jehova ’me ka linako tse ling a rapela melimo ea bohata. (1 Mar. 14:21-24) Morena Roboame le Morena Akabe ha se ’ona feela marena a ileng a khaotsa ho rapela Jehova ka tsela e nepahetseng. Ha e le hantle, boholo ba marena a neng a sa tšepahale a ne a rapela melimo ea bohata a bile a khothaletsa le batho hore ba etse se tšoanang. Ho hlakile hore mahlong a Jehova, ho mo rapela ka tsela e nepahetseng e ne e le eona ntho e ka sehloohong e neng e khetholla marena a lokileng ho a sa lokang.

15. Ke hobane’ng ha ho khomarela borapeli ba ’nete e le habohlokoa ho Jehova?

15 Ke hobane’ng ha taba ea borapeli e ne e le ea bohlokoa hakaale ho Jehova? Lebaka le leng ke hore marena a ne a ikarabella bakeng sa ho tataisa batho ba Molimo borapeling ba ’nete. Hape borapeli ba bohata bo lebisa libeng tse ling tse tebileng le ho hloka toka. (Hos. 4:1, 2) Ho feta moo, marena le bafo ba ’ona ba ne ba inehetse ho Jehova. Kahoo, Bibele e tšoantša ho kenella ha bona borapeling ba bohata le bofebe. (Jer. 3:8, 9) Motho ea etsang bofebe o siteloa molekane oa hae ka tsela e tebileng ka ho fetisisa. Ka ho tšoanang, mohlanka ea inehetseng oa Jehova ea kopanelang borapeling ba bohata, o utloisa Jehova bohloko haholo. eDeut. 4:23, 24.

16. Mahlong a Jehova, ke’ng e khethollang batho ba lokileng ho ba khopo?

16 Re ithuta’ng? Ka sebele re lokela ho ikemisetsa ho qoba borapeli ba bohata. Empa hape re lokela ho khomarela borapeli ba ’nete ’me re lule re le mafolofolo ho bona. Moprofeta Malakia o ile a bolela ka ho hlaka hore na mahlong a Jehova ke eng e khethollang motho ea lokileng ho ea khopo. O ile a re: “Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ea lokileng le ea khopo le pakeng tsa motho ea sebeletsang Molimo le ea sa mo sebeletseng.” (Mal. 3:18) Kahoo, ha rea lokela ho lumella ho se phethahale le liphoso leha e le life esita le tsa rona, ho re nyahamisa ho isa boholeng ba hore re khaotse ho sebeletsa Molimo. Ho khaotsa ho sebeletsa Jehova ke sebe se tebileng.

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ka motho eo re khethang hore e be molekane oa rona?

17 Haeba u lesoha ’me u ntse u nahana ho nyala kapa ho nyaloa, mantsoe a Malakia a ka u thusa ho khetha molekane ea nepahetseng. Nahana ka sena: Motho a ka ’na a ba le makhabane a matle, empa haeba motho eo a sa sebeletse Molimo oa ’nete, na Jehova o mo nka a lokile? (2 Bakor. 6:14) Haeba u ka nyala kapa oa nyaloa ke motho eo, na a ka u thusa hore u lule u tšepahalla Jehova? Nahana ka mohlala oa Morena Solomone. Ho ka etsahala hore ebe basali ba hae ba ne ba ntse ba e-na le makhabane a matle. Empa kaha e ne e se barapeli ba Jehova, hanyane ka hanyane ba ile ba susumeletsa Solomone hore a rapele melimo ea bohata.—1 Mar. 11:1, 4.

18. Batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona eng?

18 Batsoali, le ka sebelisa mehlala ea marena ao ho buuoang ka ’ona ka Bibeleng ho kenya ka ho bana ba lona cheseho bakeng sa borapeli ba Jehova. Ba thuse ho utloisisa hore Jehova o ne a talima morena e le ea molemo kapa ea mobe ho itšetlehile haholo ka hore na morena eo o ne a ntšetsa borapeli ba ’nete pele kapa che. Ruta bana ba hao ka lipuo le ka mohlala hore lintho tsa moea tse kang ho ithuta Bibele, ho ea libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo li tla pele. (Mat. 6:33) Ho seng joalo, bana ba hao ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ke karolo ea “bolumeli ba lelapa” feela. Ka lebaka leo, ba ka ’na ba beha borapeli ba ’nete sebakeng sa bobeli kapa ba bo tlohela ka ho feletseng.

19. Ho na le tšepo efe bakeng sa batho ba khaolitseng ho sebeletsa Jehova? (Sheba lebokose le reng “ U ka Khutlela ho Jehova!”)

19 Na motho ea khaolitseng ho sebeletsa Jehova ha a na tšepo? Che, hobane a ka baka ’me a sebeletsa Jehova hape. E le hore a etse joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore a tlohele boikhohomoso ’me a amohele thuso ea baholo. (Jak. 5:14) Boiteko boo a bo etsang ba hore e be motsoalle oa Jehova hape ha se ba lefeela!

20. Haeba re etsisa marena a tšepahalang, Jehova o tla re talima joang?

20 Joale, re ithuta’ng ho marena a Iseraele? Re ka tšoana le marena a neng a tšepahala haeba re lula re e-na le pelo e inehetseng ho Jehova ka ho feletseng. A re ithuteng liphosong tsa rona, re bake ’me re etse liphetoho tse hlokahalang. E se eka re ka hopola bohlokoa ba ho khomarela borapeli ba Molimo a le mong oa ’nete. Haeba u khomarela Jehova, o tla u nka u le motho ea etsang se nepahetseng mahlong a hae.

PINA EA 45 Lintho Tseo ke li Nahanisisang

a Sehloohong sena, poleloana e reng “marena a Iseraele” e bua ka marena ’ohle a neng a busa batho ba Jehova, ho sa tsotellehe hore na a ne a busa ’muso oa Juda oa meloko e ’meli, ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome, kapa meloko eohle e 12.

b TLHALOSO: Hangata Bibele e sebelisa lentsoe “pelo” ha e hlalosa seo motho a leng sona ka hare, ho akarelletsa le litakatso tsa hae, menahano ea hae, maikutlo, bokhoni, sepheo sa hae sa ho etsa lintho le lipakane tsa hae.

c Mehleng eo, hangata e ne e le tloaelo har’a marena a bahetene ho rapela melimo ea sechaba seo a se hapileng.

d Morena Asa o ile a etsa libe tse tebileng. (2 Likron. 16:7, 10) Leha ho le joalo, Bibele e re Asa o ile a etsa se lokileng mahlong a Jehova. Le hoja qalong a sa ka a mamela ha moprofeta oa Jehova a mo khalemela, ho ka etsahala hore hamorao o ile a baka. Ka kakaretso, makhabane a hae a matle a ne a feta liphoso tsa hae. Taba ea bohlokoa ke hore Asa o ile a rapela Jehova feela a ba a sebetsa ka thata ho tlosa litšoantšo ’musong oa hae.—1 Mar. 15:11-13; 2 Likron. 14:2-5.

e Re ka bona hore borapeli bo bohlokoa haholo ho Jehova hobane melao e ’meli ea pele Molaong oa Moshe e ne e thibela hore ho se ka ha rapeloa motho kapa ntho leha e le efe ntle le Jehova.—Ex. 20:1-6.

f TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona e mocha oa moholo o bolella mor’abo rona e mong hore o tšoenyehile ka tsela eo a noang ka eona. Mor’abo rona o amohela keletso ka boikokobetso, o etsa liphetoho tse hlokahalang ’me o tsoela pele a sebeletsa Jehova ka botšepehi.