SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 25
Baholo, le ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Gideone?
“Ke tla felloa ke nako haeba nka bua ka Gideone.”—BAHEB. 11:32.
PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla
SEO RE TL’O ITHUTA SONA a
1. Ho latela 1 Petrose 5:2, ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo baholo ba nang le oona?
JEHOVA o file baholo ba Bakreste boikarabelo ba hore ba hlokomele linku tsa hae. Bara bana ba bo rona ba tšepahalang, ba ananela mosebetsi oa bohlokoa oo Jehova a ba fileng oona oa hore ba hlokomele bara le barali ba bo rona ’me ba sebetsa ka thata hore e be “balisa ba sebele.” (Jer. 23:4; bala 1 Petrose 5:2.) Re ananela haholo hore ebe re na le baholo ka phuthehong.
2. Ke mathata afe ao baholo ba ka tobanang le ’ona?
2 Baholo ba tobana le mathata a mangata ha ba phetha boikarabelo ba bona. Ka mohlala, baholo ba sebetsa ka thata e le hore ba hlokomele phutheho. Mor’abo rona Tony eo e leng moholo naheng ea Amerika o ile a hlokomela hore o lokela ho ikokobetsa ha a etsa mesebetsi e itseng. O re: “Ha seoa sa COVID-19 se qala, ke ile ka etsa mesebetsi e mengata ho hlophisa hore ho be le liboka le tšebeletso ea tšimo. Le hoja ke ne ke sebetsa ka thata, ho ne ho ntse ho e-na le lintho tse ngata tse lokelang ho etsoa. Ha nako e ntse e e-ea, ke ile ka qetella ke se na nako ea ho rapela, ho bala le ho ithuta Bibele.” Mor’abo rona Ilir eo e leng moholo naheng ea Kosovo eena o ne a e-na le bothata bo fapaneng. Ha ho ne ho e-na le ntoa, ho ne ho le thata hore a mamele tataiso e tsoang mokhatlong. O re: “Ke ile ka tlameha ho ba sebete ha ofisi ea lekala e mpha mosebetsi oa hore ke thuse bara le barali ba bo rona ba neng ba le sebakeng se kotsi. Ke ne ke tšohile ebile ke bona eka tataiso eo ha e utloahale.” Mor’abo rona Tim eo e leng moromuoa Asia o ne a thatafalloa ke ho etsa lintho tseo a neng a hloka ho li etsa letsatsi le letsatsi. O re: “Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke khathetse haholo ke bile ke tepeletse.” Baholo ba ka thusoa ke’ng ha ba tobana le mathata a tšoanang le ao?
3. Mohlala oa Moahloli Gideone o ka re tsoela molemo joang?
3 Baholo ba ka ithuta mohlaleng oa Moahloli Gideone. (Baheb. 6:12; 11:32) O ne a etella pele bahlanka ba Molimo a bile a ba sireletsa. (Baahl. 2:16; 1 Likron. 17:6) Feela joalokaha Molimo a ne a khethile Gideone, o khethile baholo hore ba hlokomele bahlanka ba hae nakong ena e thata. (Lik. 20:28; 2 Tim. 3:1) Re ka ithuta mohlaleng oa Gideone oa ho ikokobetsa le ho mamela. O ile a mamella ha a ntse a etsa mosebetsi oa hae. Ho sa tsotellehe hore na re sebeletsa re le baholo kapa che, re ka bontša hore rea ba ananela. Re ka tšehetsa bara bana ba bo rona ba sebetsang ka thata.—Baheb. 13:17.
U KA ETSA’NG HA U THATAFALLOA KE HO IKOKOBETSA?
4. Gideone o ile a bontša joang hore o ikokobelitse?
4 Gideone e ne e le motho ea ikokobelitseng. b Ha lengeloi la Jehova le bolella Gideone hore o tla pholosa Baiseraele ho Bamidiane ba matla, ka boikokobetso o ile a re: “Lelapa leso ke lona le lenyenyane lelokong la Manase ebile ’na ke e monyenyane ntlong ea Ntate.” (Baahl. 6:15) O ne a ikutloa a sa tšoanelehe ho etsa mosebetsi oo empa Jehova o ne a tseba hore a ka khona ho o etsa. Jehova o ile a thusa Gideone hore a khone ho etsa mosebetsi oa hae ka katleho.
5. Ke maemong afe ao moholo a ka thatafalloang ke ho ikokobetsa?
5 Baholo ba leka kahohle hore ba ikokobetse linthong tsohle. (Mik. 6:8; Lik. 20:18, 19) Ha ba ikhohomose ka lintho tseo ba khonang ho li etsa kapa tseo ba li entseng. Hape ha ba nahane hore ha ba na thuso ka lebaka la liphoso tseo ba li entseng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling moholo a ka thatafalloa ke ho ikokobetsa. Ka mohlala, a ka lumela ho etsa mesebetsi e mengata ebe o thatafalloa ke ho e phetha. A ka boela a thatafalloa ke ho ikokobetsa ha batho ba mo tšoaea phoso kapa ba mo babatsa ka lebaka la tsela eo a entseng mosebetsi o itseng ka eona. Ke’ng eo baholo ba ka ithutang eona mohlaleng oa Gideone e ka ba thusang ha ba hlaheloa ke maemo a kang aa?
6. Baholo ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Gideone oa ho ikokobetsa? (Sheba setšoantšo.)
6 Kopa thuso. Motho ea ikokobelitseng oa tseba hore ho na le lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa. Gideone o ile a bontša hore o ikokobelitse ka hore a kope batho ba bang hore ba mo thuse. (Baahl. 6:27, 35; 7:24) Baholo le bona ba etsa se tšoanang. Mor’abo rona Tony eo re buileng ka eena qalong o re: “Tsela eo ke holisitsoeng ka eona e entse hore ke batle ho etsa mesebetsi e mengata le hoja ke ne ke sa khone ho e etsa kaofela. Ke ile ka etsa qeto ea hore ’na le mosali oa ka re bue ka taba ena borapeling ba lelapa ’me ka mo botsa hore na o nahana eng ka eona. Ke ile ka boela ka shebella video ea Etsisa Jesu ka Hore u Koetlise ba Bang, u ba Tšepe ’Me u ba fe Boikarabelo ho jw.org/st.” Mor’abo rona Tony o ile a kopa batho ba bang hore ba mo thuse ka mosebetsi oa hae. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Mor’abo rona Tony o re: “Mosebetsi o lokelang ho etsoa ka phuthehong o ntse o etsoa ebile ke se ke e-na le nako e ngata ea ho matlafatsa tumelo ea ka.”
7. Baholo ba ka etsisa Gideone joang ha ba tšoauoa liphoso? (Jakobo 3:13)
7 U se ke oa halefa ha ba bang ba u tšoaea liphoso. Ho ka ba thata hore baholo ba ikokobetse ha batho ba bang ba ba tšoaea liphoso. Mohlala oa Gideone o ka ba thusa le tabeng ena. O ne a tseba hore ha a phethahala, kahoo o ile a lula a khobile matšoafo ha Baefraime ba ne ba mo tšoaea liphoso. (Baahl. 8:1-3) Gideone ha aa ka a ba halefela. O ile a bontša hore o ikokobelitse ka hore a mamele taba eo ba neng ba tšoenyehile ka eona le ho bua le bona ka mosa ’me seo se ile sa etsa hore ba theole moea. Baholo ba ka etsisa mohlala oa Gideone ka hore ba mamele ka hloko le ho arabela ka mosa ha ba tšoauoa liphoso. (Bala Jakobo 3:13.) Ha ba etsa joalo, ba tla etsa hore ho be le khotso ka phuthehong.
8. Ke’ng eo baholo ba lokelang ho e etsa ha ba rorisoa? Fana ka mohlala.
8 Rorisa Jehova. Ha Gideone a hlola Bamidiane, batho ba ile ba mo rorisa empa eena o ile a rorisa Jehova. (Baahl. 8:22, 23) Baholo ba ka etsisa Gideone joang? Ba lokela ho rorisa Jehova ka lintho tseo ba khonang ho li etsa. (1 Bakor. 4:6, 7) Ka mohlala, ha moholo a rorisoa ka lebaka la bokhoni ba hae ba ho ruta, a ka bontša hore Lentsoe la Molimo ke lona le re rutang le hore mokhatlo oa Jehova oa re koetlisa. Baholo ba ka nahana ka hore na tsela eo ba rutang ka eona e rorisa Jehova kapa e khahlisa batho. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Timothy eo e leng moholo. Ha Mor’abo rona Timothy a ne a qala ho sebeletsa e le moholo, o ne a rata ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa. O re: “Ke ne ke bua lintho tse ngata haholo ha ke qala puo ke bile ke etsa mehlala e rarahaneng. Sena se ne se etsa hore batho ba nthorise ho e-na le hore ba rorise Jehova le ho ameha ka seo Bibele e se rutang.” Mor’abo rona Timothy o ile a bona ho le bohlokoa hore a fetole tsela eo a rutang ka eona e le hore batho ba se ke ba rorisa eena. (Liprov. 27:21) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? O re: “Hona joale ha ke fana ka puo, bara le barali ba bo rona ba mpolella kamoo puo eo e ba thusitseng ho hlola bothata bo itseng, ho mamella mathata le ho lula e le metsoalle ea Jehova. Ke thaba haholo ha ke utloa seo ho feta tsela eo ke neng ke thaba ka eona lilemong tse fetileng ha ba ne ba nthorisa.”
U KA ETSA’NG HA U THATAFALLOA KE HO MAMELA LE HO BA SEBETE?
9. Ke hobane’ng ha Gideone a ne a hloka ho mamela le ho ba sebete? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)
9 Ka mor’a hore Gideone a khethoe hore a tataise sechaba sa Iseraele, o ne a hloka ho mamela le ho ba sebete. O ne a lokela ho etsa mosebetsi o kotsi oa hore a senye aletare ea ntate oa hae ea borapeli ba Baale. (Baahl. 6:25, 26) Hamorao ha Gideone a se a e-na le masole, Jehova o ile a mo bolella ka makhetlo a mabeli hore a fokotse palo ea ’ona. (Baahl. 7:2-7) Jehova o ile a boela a mo bolella hore a hlasele lira tsa Baiseraele har’a mp’a bosiu.—Baahl. 7:9-11.
10. Ke maemong afe ao moholo a ka thatafalloang ke ho mamela?
10 Baholo ba lokela ho lula ba “itokiselitse ho mamela.” (Jak. 3:17) Ha moholo a latela seo Bibele e se rutang le tataiso e fanoang ke mokhatlo oa Molimo, o bontša hore oa mamela. Ha a etsa joalo, o behela ba bang mohlala o motle. Leha ho le joalo, a ka thatafalloa ke ho mamela. Ka mohlala, a ka ’na a thatafalloa ke ho mamela litaelo tse fetohang nako le nako. Maemong a mang a ka ’na a ipotsa hore na tataiso eo a e fuoang ea utloahala le hore na e tla sebetsa. A ka boela a kopuoa hore a etse mosebetsi o ka ’nang oa etsa hore a tšoaroe. Baholo ba ka etsisa Gideone joang ka hore ba mamele maemong a tšoanang le aa?
11. Baholo ba ka thusoa ke’ng hore ba mamele?
11 Mamela tataiso u be u e sebelise. Jehova o ile a bolella Gideone hore na a senye aletare ea ntate oa hae joang, a hahele Jehova aletare e ncha hokae le hore a nyehele ka phoofolo efe. Gideone ha aa ka a belaella taelo eo ea Jehova empa o ile a e mamela. Mehleng ena, mokhatlo oa Jehova o fa baholo litaelo ka mangolo, litsebiso le tataiso e re thusang hore re lule re sireletsehile ebile re le metsoalle ea Jehova. Re rata baholo hobane ba mamela tataiso e tsoang mokhatlong ’me seo se thusa phutheho.—Pes. 119:112.
12. Baholo ba ka sebelisa keletso e hlahang ho Baheberu 13:17 joang ha ba fumana tataiso e ncha e tsoang mokhatlong oa Molimo?
12 Ikemisetse ho fetoha le maemo. Hopola hore Jehova o ile a re Gideone a khutlisetse masole a mangata morao. (Baahl. 7:8) E ka ’na eaba o ile a ipotsa: ‘Na kannete hoa hlokahala? Na re tla atleha?’ Leha ho le joalo, Gideone o ile a mamela. Mehleng ena baholo ba etsisa Gideone ka hore ba mamele ha mokhatlo o ba fa tataiso e ncha. (Bala Baheberu 13:17.) Ka mohlala, ka 2014 Sehlopha se Busang se ile sa fetola tsela eo liprojeke tsa ho haha Liholo Tsa ’Muso le Tsa Likopano li lefelloang ka eona. (2 Bakor. 8:12-14) Liphutheho li ne li tla khaotsa ho lefella mokitlane hobane mokhatlo o ne o tla sebelisa menehelo e tsoang liphuthehong tsohle ho haha Liholo Tsa ’Muso le tsa Likopano hohle moo li neng li hlokeha teng le hoja liphutheho tse ling li fana ka monehelo o monyenyane. Ha Mor’abo rona José a utloa ka phetoho ena o ne a nahana hore e ke ke ea sebetsa. O ne a nahana hore ha ho na Holo ea ’Muso e neng e tla hahoa hobane lintho li ne li sa etsoe joalo naheng ea habo. Ke’ng e ileng ea thusa Mor’abo rona José hore a tšehetse qeto eo? O re: “Mantsoe a hlahang lengolong la Liproverbia 3:5, 6 a ile a nkhopotsa hore ke lokela ho tšepa Jehova ’me seo se nthusitse haholo. Hona joale ho se ho hahoa Liholo Tsa ’Muso tse ngata ebile re ithutile ho nehela ka tsela e thusang ba hlokang.”
13. (a) Gideone o ne a kholisehile ka eng? (b) Baholo ba ka etsisa Gideone joang? (Sheba setšoantšo.)
13 E-ba sebete ’me u etse thato ea Jehova. Gideone o ile a mamela Jehova le hoja a ne a tšohile a bile a etsa mosebetsi o kotsi. (Baahl. 9:17) Gideone o ne a kholisehile hore o tla khona ho sireletsa bahlanka ba Jehova hobane Jehova o ile a mo tiisetsa hore o tla mo thusa. Baholo ba lulang libakeng tseo mosebetsi oa rona o thibetsoeng ho tsona ba ka etsisa Gideone. Ba etella pele liboka le tšebeletso ea tšimo ka sebete le hoja ba ka ’na ba tšoaroa, ba hlongoa lipotso, ba lahleheloa ke mesebetsi kapa ba loantšoa. c Nakong ea mahlomola a maholo, baholo ba tla lokela ho bontša sebete ka hore ba mamele litaelo tseo ba tla li fuoa le hoja ho ka ba kotsi. Ba ka ’na ba fumana litaelo tsa hore na molaetsa oa kahlolo o lokela ho boleloa joang le hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re pholohe tlhaselo ea Gogo oa Magogo.—Ezek. 38:18; Tšen. 16:21.
U KA ETSA’NG HA U THATAFALLOA KE HO MAMELLA?
14. Ke hobane’ng ha Gideone a ne a ka thatafalloa ke ho mamella?
14 Mosebetsi oa Gideone oa ho ba moahloli o ne o hloka hore a sebetse ka thata. Ha Gideone a ne a loantša Bamidiane bosiu, ba ile ba baleha eaba oa ba lelekisa ho tloha Khohlong ea Jezriele ho ea fihla Nokeng ea Jordane eo ho ka etsahalang hore e ne e pota-potiloe ke lifate tse ngata. (Baahl. 7:22) Na Gideone o ile a tlohela ho ba lelekisa ha a fihla Nokeng ea Jordane? Che, le hoja a ne a khathetse, eena le banna bao a neng a e-na le bona ba 300 ba ile ba tšela ’me ba tsoela pele ho ba lelekisa. Qetellong ba ile ba tšoara Bamidiane ’me ba ba hlola.—Baahl. 8:4-12.
15. Ke’ng e ka etsang hore moholo a thatafalloe ke ho mamella?
15 Ka linako tse ling, moholo a ka ’na a ikutloa a khathetse haholo ka lebaka la ho etsa mesebetsi ea phutheho le ho hlokomela lelapa la hae. Baholo ba ka etsisa Gideone joang ha ba le boemong boo?
16, 17. Ke’ng e ileng ea thusa Gideone hore a mamelle, hona baholo ba ka kholiseha ka eng? (Esaia 40:28-31) (Sheba setšoantšo.)
16 Kholiseha hore Jehova o tla u fa matla. Gideone o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo fa matla ’me ha aa ka a soetseha. (Baahl. 6:14, 34) Ho na le nako eo ka eona Gideone le banna bao a neng a e-na le bona ba neng ba lelekisa marena a mabeli a Bamidiane, ao ho ka etsahalang hore ebe a ne a baleha a palame likamele. (Baahl. 8:12, 21) Leha ho le joalo, Molimo o ile a ba thusa hore ba a tšoare ’me ba a hlole. Baholo le bona ba ka tšepa Jehova eo ho seng “mohla a khathalang kapa hona ho tepella.” O tla ba fa matla ao ba a hlokang.—Bala Esaia 40:28-31.
17 Nahana ka se ileng sa etsahalla Mor’abo rona Matthew ea sebetsang le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele. Ke’ng e mo thusang hore a mamelle? Mor’abo rona Matthew o re: “Ke bone ha Jehova a mpha matla ao Bafilipi 4:13 e bontšang hore o fana ka ’ona. Hangata ha ke ne ke utloa ke khathetse, ke ne ke rapela Molimo hangata, ke mo kopa hore a mphe matla e le hore ke thuse bara le barali ba bo rona. Ka nako eo ke ne ke utloa ha Jehova a mpha matla a hore ke mamelle a sebelisa moea oa hae.” Baholo ba sebetsa ka thata ho hlokomela batho ba Jehova joaloka Gideone le hoja ho se bonolo. Baholo ba lokela ho ikokobetsa le ho hopola hore ha se kamehla ba ka khonang ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba batlang ho e etsa. Ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba utloa ha ba kopa thuso le ho ba fa matla a ho mamella.—Pes. 116:1; Bafil. 2:13.
18. Baholo ba ka etsisa Gideone joang?
18 Baholo ba ka ithuta lintho tse ngata mohlaleng oa Gideone. Ba lokela ho ikokobetsa ha ba khetha hore ba tla etsa mosebetsi o mongata hakae, le ha ba bang ba ba tšoaea liphoso kapa ba ba rorisa. Ba lokela ho mamela le ho ba sebete, haholo-holo ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela. Ba lokela ho tšepa hore Molimo o tla ba matlafatsa ho sa tsotellehe mathata ao ba tobanang le ’ona. Re ananela banna bana ba sebetsang ka thata ebile re lula re bontša hore rea ba rata.—Bafil. 2:29.
PINA EA 120 E-bang Bonolo Joaloka Kreste
a Jehova o ile a khetha Gideone hore a etelle pele le ho sireletsa sechaba sa Iseraele nakong eo se neng se e-na le mathata a mangata. Gideone o ile a etsa mosebetsi oo ka lilemo tse 40. Leha ho le joalo, o ile a kopana le mathata a mangata. Re tl’o bua ka hore na mohlala oa hae o ka thusa baholo joang mehleng ena ha ba thatafalloa ke ho etsa lintho tse itseng.
b Ha re ikokobelitse re ke ke ra nahana hore re bohlokoa ho feta batho ba bang ebile rea tseba hore ho na le lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa. Hape re hlompha batho ba bang le ho ba nka e le ba bohlokoa ho re feta.—Bafil. 2:3.
c Sheba sehlooho se reng “Lula U Sebeletsa Jehova Leha Mosebetsi oa Rona o Thibetsoe Naheng ea Heno” se ho Molula-Qhooa oa July 2019, leq. 10-11, ser. 10-13.