Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 28

Ho Hlompha Jehova ho re Tsoela Molemo

Ho Hlompha Jehova ho re Tsoela Molemo

“Motho ea litsela li lokileng o hlompha Jehova.”—LIPROV. 14:2.

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Re tobana le mathata afe a tšoanang le ao Lota a ileng a tobana le ’ona?

 RE IKUTLOA ka tsela e tšoanang le eo Lota a ileng a ikutloa ka eona ha re bona tsela eo boitšoaro ba batho bo leng bobe kateng mehleng ena. Kaha o ne a tseba hore Ntate oa rona ea leholimong o hloile boitšoaro bo bobe, o ne “a utloisitsoe bohloko ke batho ba sa mameleng ba neng ba etsa boitšoaro bo bobe ba sa soabe.” (2 Pet. 2:7, 8) Kaha Lota o ne a hlompha Jehova haholo a bile a mo rata, o ne a hloile boitšoaro bo bobe boo batho ba phelang le eena ba neng ba bo etsa. Le rona re phela le batho ba sa mameleng melao ea Jehova ea boitšoaro. Leha ho le joalo, re ka itšoara hantle haeba re ithuta ho rata Jehova le ho mo hlompha haholo.—Liprov. 14:2.

2 Jehova o re thusa ka likeletso tseo re li fumanang bukeng ea Liproverbia. Kaofela ha rona re ka rua molemo o moholo ha re bala likeletso tse fumanehang lengolong leo ho sa tsotellehe hore na re banna kapa basali, re banyenyane kapa re baholo.

HO HLOMPHA MOLIMO HOA RE SIRELETSA

Ha re le mosebetsing, re qobe ho etsa metsoalle le batho ba sa rateng Jehova ebile ba sa mo hlomphe hape re se ke ra lumela ho etsa lintho tse sa mo thabiseng (Sheba serapa sa 3)

3. Ho latela Liproverbia 17:3, ke hobane’ng ha re lokela ho sireletsa lipelo tsa rona? (Sheba setšoantšo.)

3 Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re lokelang ho sireletsa lipelo tsa rona ke hobane Jehova o hlahloba lipelo. Taba ena e bolela hore o tseba lintho tseo batho ba bang ba sa li tsebeng ka rona ebile o tseba hantle hore na re batho ba mofuta ofe. (Bala Liproverbia 17:3.) O tla re rata haeba re lula re nahana ka likeletso tsa hae tse tla re thusa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 4:14) Re ke ke ra lematsoa ke mekhoa e mebe le mashano a Satane le batho ba khopo. (1 Joh. 5:18, 19) Ha setsoalle sa rona le Jehova se ntse se hola, re tla mo rata re be re mo hlomphe le ho feta. Haeba re sa batle ho utloisa Ntate oa rona bohloko, re ke ke ra batla le ho nahana ka ho etsa sebe. Haeba u lekeha ho etsa sebe, u ke u ipotse potso ena: ‘Na kannete nka utloisa Motho ea nthatang hakaale bohloko ka boomo?’—1 Joh. 4:9, 10.

4. Ho hlompha Jehova ho ile ha sireletsa Morali oa bo rona Marta joang hore a se ke a etsa sebe?

4 Morali oa bo rona Marta ea lulang Croatia ea ileng a lekeha ho etsa boitšoaro bo bobe o re: “Ke ne ke thatafalloa ke ho nahana lintho hantle le ho hlola takatso ea ho etsa sebe seo. Empa ho hlompha Jehova ho ile ha ntšireletsa.” b Ho hlompha Molimo ho ile ha mo sireletsa joang? Morali oa bo rona Marta o re o ile a nahanisisa ka hore na liphello e ne e tla ba life ha a ne a ka etsa qeto e fosahetseng. Le rona re ka mo etsisa. Ntho e bohloko ka ho fetisisa e tla re etsahalla haeba re ka etsa lintho tse fosahetseng, ke hore re tla utloisa Jehova bohloko ebile re ka lahleheloa ke menyetla ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.—Gen. 6:5, 6.

5. Re ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla Mor’abo rona Leo?

5 Haeba re hlompha Jehova, re tla qoba ho ba le metsoalle e etsang lintho tse fosahetseng. Mor’abo rona Leo ea lulang Congo, o ile a hlokomela hore taba ena ke ’nete. Lilemo tse ’nè ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a ba le metsoalle e etsang lintho tse fosahetseng. O ne a nahana hore ha se phoso ho ba motsoalle oa batho bao hafeela eena a sa etse lintho tseo ba neng ba li etsa. Leha ho le joalo, ha hoa ka ha feta nako e kae pele metsoalle ea hae e mo susumeletsa ho tahoa le ho etsa boitšoaro bo bobe. O ile a qala ho nahana ka lintho tseo batsoali ba hae ba neng ba mo rutile tsona le kamoo a neng a thabile kateng ha a ntse a sebeletsa Jehova. Qetellong o ile a hlaphoheloa. Baholo ba ile ba mo thusa hore a boele a be le setsoalle se setle le Jehova. Hona joale o thabile ’me ke moholo le pula-maliboho e khethehileng.

6. Re tl’o bua ka eng hona joale?

6 A re ke re tšohleng Liproverbia khaolo ea borobong e buang ka basali ba babeli, e mong o tšoantšetsa bohlale ’me e mong ha a na kelello. (Bala Baroma 5:14 le Bagalata 4:24 ho bona mehlala e meng ea moo Bibele e hlalositseng lintho joalokaha eka ke batho.) Ha re ntse re hlahloba lengolo leo, lula u hopola hore batho lefatšeng lena le laoloang ke Satane ba hlanyetsa ho etsa thobalano ka ntle ho lenyalo le ho shebella pornography. (Baef. 4:19) Kahoo ho bohlokoa hore re lule re hlompha Molimo le ho furalla bobe. (Liprov. 16:6) Kaofela ha rona re ka rua molemo khaolong ena. Bobeli ba basali ba hlahang khaolong ena ba mema “ba se nang kelello.” Ho tšoana le ha eka ba re: ‘Tloo ntlong ea ka ’me u je.’ (Liprov. 9:1, 5, 6, 13, 16, 17) Empa batho ba amohelang limemo tsa basali bana ba etsahalloa ke lintho tse fapaneng.

HANA MEMO EA MOSALI EA SE NANG KELELLO

Ho amohela memo ea “mosali ea se nang kelello” ho na le litla-morao tse bohloko (Sheba serapa sa 7)

7. Ho latela Liproverbia 9:13-18, ho etsahala’ng ka batho ba fapohelang ntlong ea mosali ea se nang kelello? (Sheba setšoantšo.)

7 Bala ka memo ea “mosali ea se nang kelello.” (Bala Liproverbia 9:13-18.) Ha a soabele ho hoeletsa batho ba se nang tsebo hore ‘ba fapohele’ ha hae ’me ba je le eena. Ho etsahala’ng ka bona ha ba fapohela ha hae? Lengolo lena le re: “Ntlo ea hae e tletse bafu.” Mohlomong u hopola mekhabo-puo e tšoanang le ona e hlahang likhaolong tse qalang tsa lengolo la Liproverbia. Litemaneng tseo re lemosoa ka “mosali oa letekatse” le “mosali ea boitšoaro bo bobe.” Re bolelloa hore “ho ea ha hae ho tšoana le ho ikisa lefung.” (Liprov. 2:11-19) Ho Liproverbia 5:3-10 re lemosoa ka mosali e mong “ea boitšoaro bo bobe” eo ‘maoto a hae a theohelang lefung.’

8. U ka iphumana u lokela ho khetha ho etsa’ng?

8 Batho ba utloang ha “mosali ea se nang kelello” a ba hoeletsa ba ka khetha hore na baa fapohela kapa ha ba fapohele. Le rona re ka iphumana re lokela ho khetha hore na rea fapohela kapa ha re fapohele. U tla etsa’ng haeba motho e mong a u susumelletsa ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano kapa ha u bona setšoantšo sa pornography ka tšohanyetso?

9, 10. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano?

9 Re na le mabaka a utloahalang a ho qoba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. “Mosali ea se nang kelello” o re: “Metsi a utsoitsoeng a monate.” “Metsi a utsoitsoeng” ke eng? Bibele e bapisa thobalano pakeng tsa monna le mosali ba nyalaneng le metsi a pholileng. (Liprov. 5:15-18) Monna le mosali ba nyalaneng ka molao ba lumeletsoe ho thabela ho etsa thobalano. “Metsi a utsoitsoeng” oona ke eng? Oona ke thobalano eo Molimo a sa e lumellang e leng e etsoang ke batho ba sa nyalanang. Hangata batho ba e etsang baa ipata joalokaha lesholu le ipata ha le il’o utsoa. “Metsi a utsoitsoeng” a ka utloahala a le monate haeba batho ba nahana hore ba khonne ho pata ntho eo ba e entseng. Baa ithetsa hobane Jehova o bona lintho tsohle. Ha ho na ntho e bohloko joaloka ho lahleheloa ke setsoalle sa rona le Jehova. Kahoo, ha ho na ntho e “monate” ka taba eo. (1 Bakor. 6:9, 10) Ho na le litla-morao tse ling tse bohloko.

10 Batho ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano ba ka hlajoa ke lihlong, ba ikutloa ba se na thuso, ba ima ba sa rera le malapa a bona a ka qhalana. Kahoo, re tla be re le bohlale haeba re hana ho fapohela ‘ntlong’ ea mosali ea se nang kelello. Ntle le hore batho ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano ba lahleheloa ke setsoalle sa bona le Jehova, ba boetse ba tšoaroa ke mafu a ka ba bolaeang. (Liprov. 7:23, 26) Liproverbia khaolo ea borobong temana ea 18 e re: “Baeti ba hae ba theohetse lebitleng.” Joale ke hobane’ng ha batho ba bangata ba amohela memo ea hae e lebisang lefung?—Liprov. 9:13-18.

11. Ke hobane’ng ha ho le kotsi hakaale ho sheba pornography?

11 Leraba le tloaelehileng ke ho sheba pornography. Batho ba bang ba nahana hore pornography ha e kotsi. Leha ho le joalo, pornography e kotsi, e ka etsa hore motho a hloke tlhompho, hape motho a ka e lemalla. Ha motho a bona setšoantšo sa pornography, ho ka ba thata ho se tlosa kelellong ea hae. Ho feta moo, pornography e ke ke ea u thusa ho tlosa takatso ea ho etsa lintho tse mpe empa e etsa hore e be matla le ho feta. (Bakol. 3:5; Jak. 1:14, 15) Batho ba bangata ba shebang pornography ba qetella ba entse boitšoaro bo bobe.

12. Re ka bontša joang hore ha re batle ho sheba litšoantšo tse ka etsang hore re be le takatso ea ho etsa boitšoaro bo bobe?

12 Re lokela ho etsa’ng haeba ka tšohanyetso setšoantšo sa pornography se ka hlaha lisebelisoeng tsa rona tsa elektronike? Hang-hang feela re se tlose. Re ka nolofalloa ho etsa joalo haeba re hopola hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke setsoalle sa rona le Jehova. Litšoantšo tse ling li ka etsa hore re be le takatso ea ho etsa boitšoaro bo bobe le hoja e se pornography. Ke hobane’ng ha re lokela ho li qoba? Hobane ha re batle ho etsa letho le ka etsang hore re nahane ka ho etsa boitšoaro bo bobe. (Mat. 5:28, 29) Mor’abo rona David eo e leng moholo ea lulang naheng ea Thailand o re: “Ke ee ke ipotse hore na le hoja litšoantšo tsena e se pornography, na Jehova a ka thaba ha a mpona ke lula ke li shebile. Ho ipotsa potso ena ho nthusa hore ke etse lintho hantle.”[7]

13. Ke eng e ka re thusang ho etsa lintho ka bohlale?

13 Ho tšaba ho etsa eng kapa eng e ka utloisang Jehova bohloko ho tla re thusa hore re etse lintho ka bohlale. Ho hlompha Jehova ke “mohato oa pele” oa ho ba “bohlale.” (Liprov. 9:10) Liproverbia khaolo ea borobong e hlakisa taba ena litemaneng tse qalang moo e buang ka mosali e mong ea tšoantšetsang “bohlale.”

AMOHELA MEMO EA MOSALI EA BOHLALE

14. Liproverbia 9:1-6 e bua ka memo e tsoang ho mang?

14 Bala Liproverbia 9:1-6. Mona re bala ka memo e tsoang ho Jehova e leng ’Mopi oa rona le Mohloli oa bohlale. (Liprov. 2:6; Bar. 16:27) Re etselitsoe setšoantšo sa ntlo e kholo e nang le lipilara tse supileng. Taba ena e bontša hore Jehova o seatla se bulehileng ebile o amohela batho bohle ba batlang ho rutoa ke eena.

15. Jehova o re mema hore re etse’ng?

15 Jehova o seatla se bulehileng ebile o re fa lintho tse ngata. Re ithuta taba ena mohlaleng oa mosali ea tšoantšetsang “bohlale” eo Liproverbia khaolo ea borobong e buang ka eena. Litemana tsena li re mosali enoa o memela batho ha hae e le hore ba je lijo tse monate, nama le veine tseo a li hlophisitseng. (Liprov. 9:2) Temana ea bone le ea bohlano e re mosali eo o re ho ea se nang kelello: “Tloo, u je bohobe ba ka.” Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela memo ea hae? Jehova o batla hore bana ba hae ba be bohlale ba be ba lule ba sireletsehile. Ha a batle hore re utloe ka letlalo. Kahoo, “o bolokela ba lokileng bohlale.” (Liprov. 2:7) Ha re hlompha Jehova haholo, re tla batla ho lula re mo thabisa. Re tla mamela likeletso tsa hae re be re thabele ho etsa lintho tseo a reng re li etse.—Jak. 1:25.

16. Ho hlompha Jehova ho ile ha thusa Mor’abo rona Alain joang ho etsa qeto e bohlale, hona liphello e bile life?

16 Hlokomela hore na ho hlompha Molimo ho ile ha thusa Mor’abo rona Alain joang ho etsa qeto e bohlale. Mor’abo rona Alain ke moholo ebile ke tichere. O ile a re: “Basebetsi-’moho le ’na ba ne ba nka ho shebella lifilimi tsa pornography e le mokhoa oa ho ithuta.” Empa eena o ne a tseba hore taba eo ha se ’nete. O re: “Kaha ke rata Jehova ebile kea mo hlompha, ke ile ka hana ho shebella lifilimi tseo. Ke ile ka boela ka bolella basebetsi-’moho le ’na hore na ke hobane’ng ha ke sa li shebelle.” O ne a sebelisa keletso e tsoang ho mosali ea bohlale ea ho “tsamaea tseleng ea kutloisiso.” (Liprov. 9:6) Basebetsi-’moho le eena ba bang ba ile ba hlolloa haholo ’me ba qala ho ithuta Bibele le ho ea libokeng.

Ha re amohela memo ea mosali ea tšoantšetsang “bohlale,” re tla thaba hona joale re be re phele ka ho sa feleng (Sheba serapa sa 17 le 18)

17, 18. Batho ba amohelang memo ea mosali ea “bohlale” ba tla fumana melemo efe, hona ba ka lebella eng ka moso? (Sheba setšoantšo.)

17 Jehova o sebelisa mohlala oa mosali ea bohlale le mosali ea se nang kelello ho re bontša hore na re ka etsa’ng e le hore re be le bokamoso bo chabileng. Batho ba amohelang memo ea “mosali ea se nang kelello” ba leka ho ithabisa ka ho etsa boitšoaro bo bobe. Leha ho le joalo, ha ba hlokomele hore na lintho tseo ba li etsang hona joale li tla ba le liphello life ka moso. Lintho tseo ba li etsang li lebisa lefung.—Liprov. 9:13, 17, 18.

18 Batho ba amohelang memo ea mosali ea tšoantšetsang “bohlale” bona ba tla ba le bokamoso bo chabileng. Hape ba thabile hobane ba na le lintho tsohle tseo ba li hlokang ho ba thusa hore ba be haufi le Jehova. (Esa. 65:13) Jehova o ile a susumeletsa moprofeta Esaia hore a re: “’Mameleng ka hloko ’me le je lijo tse nang le phepo. Le tla thaba haholo ka lebaka la lijo tse matlafatsang e le kannete.” (Esa. 55:1, 2) Re ithuta ho rata lintho tseo Jehova a li ratang le ho hloea tseo a li hloileng. (Pes. 97:10) Re thabile hobane re mema batho ba bang hore ba rutoe ke Jehova. Re tšoana le basebetsi ‘ba hoeletsang ba le qhooeng ea motse ba re: “Mang kapa mang ea se nang tsebo a ke a fapohele mona.”’ Melemo eo re tla e fumana hammoho le batho ba amohelang memo ena ha se ea hona joale feela. Ke ea nako e telele e tla re thusa hore re “phele” ka ho sa feleng ha re “tsoela pele ho tsamaea tseleng ea kutloisiso.”—Liprov. 9:3, 4, 6.

19. Ho latela Moeklesia 12:13, 14, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? (Sheba lebokose le reng “ Ho Hlompha Molimo ho re Tsoela Molemo.”)

19 Bala Moeklesia 12:13, 14. Ho hlompha Jehova ho tla re sireletsa ho be ho re thuse hore re lule re itšoere hantle re bile re le haufi le eena matsatsing ana a ho qetela. Hape re tla tsoela pele ho mema batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ho batla bohlale le ho fumana melemo ea bona hobane re rata Jehova ebile re mo hlompha ka lipelo tsa rona kaofela.

PINA EA 127 Ke Lokela ho ba Motho ea Joang?

a Bakreste ba lokela ho ithuta ho hlompha Molimo. Tlhompho eo e ka sireletsa lipelo tsa rona ea ba ea re thusa ho qoba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le pornography. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba Liproverbia khaolo ea borobong e buang ka basali ba babeli, e mong o tšoantšetsa bohlale ’me e mong ha a na kelello. Likeletso tseo re li fumanang khaolong ena li tla re tsoela molemo hona joale le ka moso.

b Mabitso a mang a fetotsoe.