Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Jehova o re Makalitse a ba a re Ruta Lintho Tse Ngata

Jehova o re Makalitse a ba a re Ruta Lintho Tse Ngata

Ha ke ntse ke le moshanyana, neng kapa neng ha ke bona sefofane se feta, ke ne ke labalabela ho ea naheng e ’ngoe ka sona. E ne eka ke toro e ke keng ea phethahala.

Nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, batsoali ba ka ba ile ba tloha Estonia ba fallela Jeremane e leng moo ke hlahetseng teng. Ka mor’a hore ke hlahe, ba ile ba itokisetsa ho fallela Canada. Ha re ne re qala ho fihla Canada, re ne re lula pel’a Ottawa ntlong e nyenyane eo re neng re lula ho eona le likhoho. Re ne re le mafutsana ana a haesale empa bonyane re ne re ja mahe hoseng ho hong le ho hong.

Ka letsatsi le leng, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa balla ’mè oa ka lengolo la Tšenolo 21:3, 4. O ile a thaba hoo a ileng a lla. ’Mè oa ka le ntate oa ka ba ile ba tsoela pele ho ithuta Bibele ’me ka mor’a nako e khutšoanyane ba ile ba tšoaneleha ho kolobetsoa.

Le hoja batsoali ba ka ba ne ba sa tsebe Senyesemane hantle, ba ne ba chesehela ho sebeletsa Jehova. Hoo e ka bang Moqebelo o mong le o mong, ntate oa ka o ne a ea le ’na le khaitseli ea ka Sylvia tšimong. O ne a ea le hoja a ne a qetile bosiu bohle a sebetsa ka thata Sudbury, Ontario femeng e qhibilihisang mofuta oa tšepe o bitsoang nickel. Beke e ’ngoe le e ’ngoe re ne re ithuta Molula-Qhooa re le lelapa. ’Mè le Ntate ba ile ba etsa hore ke rate Molimo. Kahoo, ke ile ka inehela ho Jehova ka 1956 ke le lilemo li leshome. Ha ke nahana kamoo batsoali ba ka ba neng ba rata Jehova kateng, ke susumeletseha ho lula ke mo sebeletsa.

Ka mor’a ho qeta sekolo, ke ile ka khoehlisa tabeng ea ho sebeletsa Jehova. Ke ne ke nahana hore ha nka ba pula-maliboho, nke ke ka ba le chelete e lekaneng hore ke phele bophelo boo ke bo batlang ba ho etela libaka tse ngata ka sefofane. Ke ile ka fumana mosebetsi oo ke neng ke o rata oa ho letsa lipina se-ea-le-moeeng. Empa ke ne ke sebetsa mantsiboea. Kahoo, hangata ke ne ke lofa liboka ke bile ke qeta nako ke e-na le batho ba sa rateng Molimo. Qetellong letsoalo la ka le ile la ntšetšetha eaba ke etsa liphetoho.

Ke ile ka fallela Oshawa e profinseng ea Ontario. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Ray Norman, khaitseli ea hae Lesli le bo-pula-maliboho ba bang. Kaofela ba ile ba nkamohela ka mofuthu. Ha ke bona kamoo ba thabileng kateng, ke ile ka sheba bophelo ba ka ka leihlo le leng. Ba ile ba nkhothaletsa hore ke be pula-maliboho ’me ka September 1966 ke ile ka etsa joalo. Bophelo ba ka bo ne bo le monate. Leha ho le joalo, bo ne bo tl’o fetoha ka litsela tseo ke neng ke sa li lebella.

HA JEHOVA A RE U ETSE NTHO, LEKA HO E ETSA

Ha ke ntse ke kena sekolo ke ile ka tlatsa kopo ea ho ea Bethele e Toronto, Canada. Hamorao ha ke se ke le pula-maliboho, ke ile ka mengoa hore ke e’o sebetsa Bethele ka lilemo tse ’nè. Empa ke ne ke rata Lesli haholo. Ke ne ke tšohile hore ha nka lumela ho ea Bethele, ke ne nke ke ka hlola ke mo bona hape. Ka mor’a ho qeta nako e telele ke rapela ka matla, ke ile ka ea Bethele eaba ke salisa Lesli hantle ka pelo e bohloko.

Ha ke le Bethele ke ne ke sebetsa lefapheng le hlatsoang liaparo eaba hamorao ke ba mongoli. Lesli eena e ile ea e-ba pula-maliboho e khethehileng motseng oa Gatineau o profinseng ea Quebec. Ke ne ke lula ke ipotsa hore na ebe moo a leng teng o ntse a etsa’ng le hore na ebe ke entse qeto e nepahetseng. Eaba ho etsahala ntho e ’ngoe e nthabisang ka ho fetisisa eo ke neng ke sa e lebella. Abuti oa hae Ray o ile a mengoa hore a tl’o sebetsa Bethele eaba ke lula le eena. E ile eaba ke se ke khona ho buisana le Lesli hape. Re ile ra nyalana ka la 27 February 1971. E ne e bile e le letsatsi la ka la ho qetela la tšebeletso ea ka ea lilemo tse ’nè ke le Bethele.

Ha re qala mosebetsi oa potoloho ka 1975

’Na le Lesli re ile ra kopuoa ho ea phuthehong ea Sefora e Quebec. Ka mor’a lilemo tse seng kae ha ke le lilemo li 28, ke ile ka makala ha ho thoe ke be molebeli oa potoloho. Ke ne ke utloa ke le monyane haholo ebile ke se na boiphihlelo bo lekaneng empa ke ile ka khothatsoa ke mantsoe a Jeremia 1:7, 8. Lesli o ne a kile a hlaheloa ke likotsi tsa koloi ka makhetlo a ’maloa hape o ne a thatafalloa ke ho robala. Kahoo re ne re ipotsa hore na ebe re tla o khona mosebetsi oa potoloho. Leha ho le joalo, Lesli o ile a re: “Ha Jehova a re re etse ntho, re lokela ho leka ho e etsa.” Re ile ra lumela ho ea mosebetsing oa ho potoloha ’me ra thabela ho o etsa ka lilemo tse 17.

Ha ke ne ke le mopotolohi ke ne ke phathahane haholo ’me ke ne ke sa khone ho ba le nako e lekaneng le Lesli. Ke ne ke lokela ho ithuta thuto ea bohlokoa. Ka letsatsi le leng ’Mantaha hoseng, motho o ile a kokota monyako. Ha re bula, re ile ra fumana ho se na motho empa ho ne ho e-na le baskete e tšetseng lesela la tafole, litholoana, chisi, bohobe, botlolo ea veine le likhalase. Hape ho ne ho e-na le molaetsa oo re sa tsebeng hore na o tsoa ho mang o reng: “Isa mosali oa hao pikiniking.” Letsatsi le ne le chabile hamonate. Empa ke ile ka bolella Lesli hore re ke ke ra khona ho ea hobane ke tlameha ho lokisetsa lipuo. O ne a utloile bohloko empa o ile a utloisisa. Ha ke ntse ke re kea lokisetsa, letsoalo la ka le ile la qala ho ntšetšetha. Ke ile ka nahana ka Baefese 5:25, 28. Ke ile ka ipotsa hore na ebe temana ee ha se tsela eo Jehova a nkhopotsang hore ke lokela ho nahanela maikutlo a mosali oa ka. Ke ile ka rapela eaba ke re ho Lesli: “A re ee.” O ile a thaba haholo. Re ile ra kena koloing ra ea sebakeng se setle pel’a noka, ra fihla ra ala lesela la tafole ’me ra ba le nako e monate haholo. Ke ile ka ’na ka khona ho lokisetsa lipuo tsa ka.

Re ne re potoloha libakeng tse ngata ho tloha British Columbia ho ea ho Newfoundland ebile ho ne ho le monate. Toro ea ka ea ho hahlaula e ne e phethahala. Ke ne ke ee ke nahane ho kenya kopo ea ho ea sekolong sa Gileade empa ke ne ke sa batle ho e’o ba moromuoa naheng e ’ngoe. Ke ne ke nka hore baromuoa ke batho ba khethehileng ’me ’na ke ikutloa ke sa tšoanelehe. Hape ke ne ke tšohile hore re ka tloha ra isoa naheng e ’ngoe ea Afrika moo ho nang le mafu le lintoa. Ke ne ke ikhotsofaletse ha ke ntse ke le Canada.

RE MEMELOA HO EA ESTONIA, LATVIA LE LITHUANIA RE SA LEBELLA

Ha re le ho e ’ngoe ea linaha tse haufi le leoatle la Baltic

Ka 1992 Lipaki Tsa Jehova li ne li se li khona ho etsa mosebetsi oa boboleli ka bolokolohi linaheng tseo e neng e kile ea e-ba karolo ea Soviet Union. Kahoo mokhatlo o ile oa re botsa hore na re ka rata ho e’o ba baromuoa naheng ea Estonia. Taba ena e ile ea re makatsa empa re ile ra e rapella. Joaloka pele, re ile ra re: ‘Ha Jehova a re re etse ntho, re lokela ho leka ho e etsa.’ Re ile ra lumela ho ea Estonia ’me ka re: ‘Bonyane ha re ee Afrika.’

Hang-hang re ile ra qala ho ithuta Seestonia. Ka mor’a ho qeta likhoeli re le Estonia, re ile ra kopuoa ho qala mosebetsi oa potoloho. Re ne re lokela ho etela liphutheho tse 46 le lihlopha Estonia, Latvia, Lithuania le Kaliningrad e Russia. Ka lebaka leo, re ne re tlameha ho ithuta Selatvia, Selithuania le Serussia. Ho ne ho se bonolo. Feela bana ba bo rona ba ne ba thabetse hore ebe re leka ho ithuta puo ea bona ’me ba re thusa. Ka 1999 ho ile ha ba le ofisi ea lekala Estonia ’me ’na, Toomas Edur, Lembit Reile le Tommi Kauko re ile ra abeloa ho sebetsa komiting ea lekala.

Ka ho le Letšehali: Ke fana ka puo kopanong e Lithuania

Ka ho le Letona: Komiti ea Lekala ea Estonia e thehiloeng ka 1999

Re ile ra tseba Bakreste-’moho le rona ba bangata ba neng ba ile ba ahloleloa ho ea Siberia. Le hoja ba ne ba tšoaroa hampe ha ba ne ba koaletsoe ebile ba arohantsoe le malapa a bona, ha ho mohla ba ileng ba halefa. Ba ile ba lula ba sebeletsa Jehova ba thabile ba bile ba cheseha. Mohlala oa bona o ile oa re ruta hore re ka khona ho mamella mathata re thabile.

Re ile ra sebetsa ka thata ka lilemo tse ngata re phomola seoelo. Kahoo, Lesli o ile a qala ho ba le mokhathala o feteletseng. Re ile ra lieha ho hlokomela hore ke hobane a e-na le lefu le bitsoang fibromyalgia. Re ile ra nahana hore re mpe re khutlele Canada. Ha re ne re mengoa hore re ee Patterson, New York, USA sekolong sa Bara ba bo Rona ba Komiti ea Lekala le Basali ba Bona, ke ne ke nahana hore re ke ke ra khona. Empa ka mor’a hore re rapelle taba ena ka matla, re ile ra lumela ho ea. Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto eo. Ha re le moo sekolong, Lesli o ile a qetella a fumane kalafo eo a neng a e hloka. Ka lebaka leo, ra khona ho tsoela pele ka mosebetsi oa rona.

RE ISOA NAHENG E ’NGOE RE SA LEBELLA

Mantsiboeeng a mang ka 2008 ha re ntse re le Estonia, ke ile ka letsetsoa ke ba ntlo-kholo ke botsoa hore na re ka thabela ho fuoa mosebetsi o mocha naheng ea Congo. Ke ne ke maketse hoo ke ileng ka ema hlooho, haholo hobane ke ne ke tlameha ho araba ka la hosane. Qalong ha kea ka ka re letho ho Lesli hobane ke ne ke tseba hore a ke ke a bo hlotha bosiung boo. Leha ho le joalo, ke ’na ea sa kang a robala bosiung boo hobane ke ne ke ntse ke rapela Jehova, ke mo bolella lintho tse ntšoenyang ka Afrika.

Ka le hlahlamang ke ile ka bua le Lesli ka taba eo eaba re re: “Jehova o re re ee Afrika. Re ka se re re ke ke ra khona ho ea moo le ho thabela ho sebeletsa Jehova re le moo empa re e-s’o ee.” Kahoo re ile ra ea Kinshasa e Congo ka mor’a ho qeta lilemo tse 16 re le Estonia. Ofisi ea lekala ea Congo e ne e e-na le jarete e ntle ebile ho thotse hamonate. E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo Lesli a ileng a li beha ka kamoreng ea rona ke karete eo a neng a e bolokile ho tloha ha re ne re tsamaea Canada. E ne e ngotsoe mantsoe ana: “U thabe hohle moo u leng teng.” Re ile ra thabela ho sebeletsa Jehova le ho feta ka mor’a hore re kopane le bana ba bo rona moo, re khanne lithuto tsa Bibele le ho utloa kamoo ho leng monate kateng ho ba baromuoa. Ha nako e ntse e e-ea, re ile ra ba le monyetla o ikhethang oa ho etela liofisi tsa makala linaheng tse ling tse 13 tsa Afrika. Re ile ra ba le monyetla oa ho tseba batho ba bangata ba fapaneng le ho ithuta lintho tse ngata tse ncha ka bona. Letsoalo leo ke neng ke e-na le lona qalong le ile la nyamela ’me re ile ra leboha Jehova ka ho re roma Afrika.

Ha re le Congo re ile ra fuoa lijo tse kang likokoanyana tseo ke neng ke nahana hore re ke ke ra khona ho li ja. Empa ha re bona hore bana ba bo rona ba thabela ho li ja, ra leka ho li ja ’me tsa re natefela.

Ka bochabela ho Congo ho ne ho e-na le lihlopha tsa marabele tse neng li hlasela metse ebile li hlokofatsa basali le bana. Re ile ra ea moo ho khothatsa bana ba bo rona le ho ba fa lintho tseo ba li hlokang. Boholo ba bana ba bo rona ba ne ba futsanehile. Empa ntho e ileng ea re ama maikutlo ke hore ba ne ba e-na le tšepo e matla ea hore bafu ba tla tsoha, ba rata Jehova ebile ba tšepahalla mokhatlo oa hae. Mohlala oa bona o ile oa etsa hore re itlhahlobe re be re matlafatse tumelo eo re nang le eona ho Jehova. Ba bang ba bona ba ne ba lahlehetsoe ke mahae a bona le lijo tseo ba neng ba li lemme. Taba eo e ile ea nkhopotsa hore re ka lahleheloa ke lintho tseo re nang le tsona kapele feela le hore setsoalle sa rona le Jehova ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Le hoja bana ba bo rona ba ne ba hlaheloa ke mathata a boima, e ne e se batho ba tloaetseng ho tletleba. Tsela eo ba neng ba sheba lintho ka eona e ile ea re thusa hore re be sebete ha re sebetsana le mathata a rona le bokulo ba rona.

Ka ho le Letšehali: Ke khothatsa sehlopha sa baphaphathehi

Ka ho le Letona: Re isa meriana le lintho tse ling tse hlokahalang Dungu e Congo

RE FUOA MOSEBETSI O MOCHA ASIA

Re ile ra fumana mosebetsi o mong oo re neng re sa o lebella. Re ile ra kopuoa ho fallela Bethele e Hong Kong. Re ne re sa nahana hore re tla ke re phele Asia. Empa kaha re ne re ile ra bona lerato la Jehova le tsela eo a re thusitseng ka eona mesebetsing e meng eohle, re ile ra lumela ho ea Hong Kong. Ka 2013 re ile ra tsamaea re utloile bohloko hoo re neng re bile re lla, ra siea metsoalle ea rona le libaka tse ntle tsa Afrika. Re ne re sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng pele moo re eang.

Bophelo ba rona bo ile ba fetoha haholo ha re fihla Hong Kong hobane e ne e le motse o nang le batho ba bangata ba tsoang hohle lefatšeng. Sechaena se ne se le thata. Leha ho le joalo, bana ba bo rona ba ile ba re amohela ka mofuthu hape re ne re utloa lijo tsa moo li le monate. Mosebetsi o neng o etsoa ofising ea lekala o ne o eketseha ka sekhahla empa le teng litheko tsa mehaho li ne li nyoloha ka lebelo le tšabehang. Kahoo, Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto e bohlale ea ho rekisa mehaho e mengata ea mokhatlo. Nakoana ka mor’a moo, ka 2015 re ile ra isoa South Korea, moo re ntseng re sebeletsa Jehova re le hona teng. Puo ea mona le eona e thata. Le hoja re ntse re e-s’o khone ho e bua hantle, rea khothala ha bana ba bo rona ba re bolella hore re se re ntlafalitse haholo tseleng eo re buang Sekorea ka eona.

Ka ho le Letšehali: Ha re se re le Hong Kong

Ka ho le Letona: Ofisi ea lekala ea Korea

LINTHO TSEO RE ITHUTILENG TSONA

Ka linako tse ling ha ho bonolo ho etsa metsoalle. Empa re bone hore ha re memela batho ha rona, re ka khona ho ba tseba kapele. Re bone hore bana ba bo rona baa tšoana ka litsela tse ngata le hore Jehova o entse hore re khone ho rata batho ba bangata.—2 Bakor. 6:11.

Re bone hore ho bohlokoa ho rata batho ba bang feela joalokaha Jehova a etsa le ho batla lintho tse re bontšang hore Jehova oa re rata le hore oa re tataisa. Neng kapa neng ha re ne re nyahame kapa re ipotsa hore na bana ba bo rona baa re rata, re ne re bala likarete le mangolo a khothatsang a tsoang ho metsoalle ea rona. Kannete re bone hore Jehova o arabetse lithapelo tsa rona, a re bontša hore oa re rata a ba a re matlafatsa.

Ka lilemo tse ngata ’na le Lesli re ithutile hore ho bohlokoa ho ipha nako ea ho ba ’moho ho sa tsotellehe hore na re phathahane hakae. Hape re ithutile hore ho bohlokoa hore re itšehe ha re entse liphoso, haholo ha re leka ho ithuta puo e ’ngoe. Bosiu bo bong le bo bong re leka ho nahana ka ntho eo re e thabetseng letsatsing leo ebe re leboha Jehova bakeng sa eona.

Ha ke se ke ipuela ’nete feela, ke ne ke nahana hore nke ke ka khona ho ba moromuoa kapa ho phela linaheng tse ling. Leha ho le joalo, ke thabetse ho ithuta hore lintho tsohle lia khoneha ka thuso ea Jehova. Ke hopola mantsoe a moprofeta Jeremia a reng: “U ’makalitse, Jehova.” (Jer. 20:7) Kannete Jehova o re makalitse ka litsela tse ngata ebile o re hlohonolofalitse ka litsela tseo re neng re sa li nahana. O ile a ba a phethahatsa takatso ea ka ea ho ea linaheng tse ling ka sefofane. Re ile ra ea linaheng tse ngata le ho feta tseo ke neng ke nahanne hore ke tla fihla ho tsona ha ke ntse ke le moshanyana. Re ile ra etela liofisi tsa makala lik’honthinenteng tse hlano tsa lefatše. Ke ananela haholo hore ebe Lesli o ne a lula a ikemiselitse ho ntšehetsa mesebetsing ena kaofela.

Ka linako tsohle re leka ho hopola hore mosebetsi ona re o etsetsa Jehova le hore re o etsa hobane re mo rata. Litlhohonolofatso tseo re li fumanang hona joale lia re bontša hore na ho tla ba monate hakae ha re se re phela ka ho sa feleng, ha Jehova a ‘bula letsoho la hae ebe o khotsofatsa lintho tsohle tse phelang.’—Pes. 145:16.