Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 27

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Jehova?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Jehova?

“Jehova ke motsoalle oa ba mo tšabang.”—PES. 25:14.

PINA EA 8 Jehova ke Setšabelo sa Rona

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Pesaleme ea 25:14 e re re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho ba metsoalle ea Jehova?

 U NAHANA hore ke makhabane afe a bohlokoa a hlokahalang e le hore batho e lule e le metsoalle ea hlooho ea khomo? Mohlomong u ka re metsoalle e joalo e lokela ho ratana le ho tšehetsana. E ka ’na eaba ha u nahane hore ho tšaba motsoalle oa hao ho ka etsa hore setsoalle sa lona se tiee. Leha ho le joalo, joalokaha lengolo la sehlooho le bontša, batho ba batlang ho ba metsoalle ea Jehova ba lokela ho mo tšaba kapa ho mo hlompha.—Bala Pesaleme ea 25:14.

2 Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re lule re hlompha Jehova haholo ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re mo sebeletsa. Ha e le hantle ho hlompha Molimo ho bolela’ng? Re ka etsa’ng e le hore re ithute ho hlompha Jehova? Re ka ithuta’ng ka ho hlompha Jehova ho Obadia, Moprista ea Phahameng Jehojada le Morena Joase?

HO HLOMPHA MOLIMO HO BOLELA’NG?

3. Hlalosa hore na ho tšoha ho ka re sireletsa joang.

3 Re ka tšoha haeba re nahana hore ntho e itseng e ka re ntša kotsi. Ke ntho e ntle ho tšoha ka linako tse ling hobane ho ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng. Re ke ke ra tsamaea haufi le selomo hobane re tšaba ho oela ho sona. Ho tšaba ho tsoa kotsi ho ka etsa hore re qobe maemo a kotsi. Ho tšaba ho senya setsoalle sa rona le motho ea itseng eo re mo ratang ho ka etsa hore re qobe ho bua kapa ho etsa lintho tse ka mo utloisang bohloko.

4. Satane o batla hore re ikutloe joang ka Jehova?

4 Satane o batla hore re otloe ke letsoalo ha re nahana ka Jehova. O batla hore re nahane hore Jehova o lula a koatile a bile a ikemiselitse ho re otla. O boetse o batla hore re lumele hore le ka mohla re ke ke ra thabisa Jehova. (Jobo 4:18, 19) Satane o batla hore re tšabe Jehova hoo re ka bang ra tlohela ho mo sebeletsa. Empa ha rea lokela ho ikutloa joalo, ho e-na le hoo re lokela ho ithuta ho mo hlompha le ho tšaba ho mo utloisa bohloko.

5. Ho hlompha Molimo ho bolela’ng?

5 Motho ea ratang Jehova o mo hlompha haholo ebile a ke ke a etsa letho le ka senyang setsoalle sa hae le eena. Jesu “o ne a hlompha Molimo.” (Baheb. 5:7) O ne a sa tšabe Jehova ka tsela e feteletseng. (Esa. 11:2, 3) Ho e-na le hoo, o ne a mo rata haholo a bile a batla ho mo mamela. (Joh. 14:21, 31) Le rona re batla ho tšoana le Jesu ka hore re hlomphe Jehova haholo hobane o lerato, o bohlale, o na le toka ebile o matla. Jehova o re rata haholo ebile tsela eo re itšoarang ka eona ha a re ruta ea mo ama. Ha re mamela Jehova, oa thaba empa ha re sa mo mamele o utloa bohloko.—Pes. 78:41; Liprov. 27:11.

ITHUTE HO HLOMPHA MOLIMO

6. Tsela e ’ngoe eo re ka ithutang ho hlompha Jehova ka eona ke efe? (Pesaleme ea 34:11)

6 Ha rea hlaha re se re ntse re tšaba Jehova. Kahoo, re lokela ho ithuta ho mo tšaba kapa ho mo hlompha. (Bala Pesaleme ea 34:11.) Tsela e ’ngoe eo re ka ithutang ho mo hlompha ka eona ke ka hore re hlahlobisise popo. Ha re bona bohlale ba Molimo, matla a hae le lerato la hae “linthong tseo a li bopileng,” re tla mo hlompha le ho mo rata le ho feta. (Bar. 1:20) Morali oa bo rona Adrienne o re: “Ha ke sheba lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng ’me ke bona kamoo a leng bohlale kateng, kea hlolloa ebile kea hlokomela hore Jehova o tseba lintho tse molemo bakeng sa ka.” O ne a lula a nahana ka taba ena ’me o ile a re: “Ha ke batle ho etsa letho le tla senya setsoalle sa ka le Jehova hobane o mphile bophelo.” Na u ka ipha nako bekeng ee ho nahana ka ntho e itseng eo Jehova a e bopileng? Ha u etsa joalo, u tla hlompha le ho rata Jehova haholoanyane.—Pes. 111:2, 3.

7. Ho rapela ho ka re thusa joang hore re hlomphe Jehova?

7 Tsela e ’ngoe eo re ka ithutang ho hlompha Molimo ka eona ke ka ho lula re rapela. Re tseba Jehova haholoanyane nako le nako ha re mo rapela. Nako le nako ha re mo kopa matla a ho mamella mathata, re hopola kamoo a leng matla kateng. Ha re mo leboha hobane a fane ka Mora oa hae bakeng sa rona, re hopola kamoo a re ratang kateng. Ha re kopa Jehova hore a re thuse ho sebetsana le bothata bo itseng, re hopola kamoo a leng bohlale kateng. Lithapelo tse joalo li etsa hore re hlomphe Jehova le ho feta. Ebile li etsa hore re ikemisetse le ho feta ho qoba eng kapa eng e ka senyang setsoalle sa rona le eena.

8. Re ka etsa’ng e le hore re lule re hlompha Jehova?

8 Ho bala Bibele ka sepheo sa ho ithuta mehlaleng e metle le e mebe ho ka re thusa ho lula re hlompha Molimo. A re ke re bueng ka mehlala e ’meli ea bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, e leng Obadia eo e neng e le mohlokomeli phaleising ea Morena Akabe le Moprista ea Phahameng Jehojada. Ka mor’a moo, re tla bua ka Morena Joase oa Juda. O ile a qala hantle a sebeletsa Jehova empa hamorao o ile a emisa.

E-BA SEBETE JOALOKA OBADIA

9. Ho hlompha Jehova ho ile ha tsoela Obadia molemo joang? (1 Marena 18:3, 12)

9 Ha Bibele e qala ho bua ka Obadia b e re: “O ne a hlompha Jehova haholo.” (Bala 1 Marena 18:3, 12.) Ho hlompha Jehova ho ile ha mo tsoela molemo joang? Ho ile ha mo etsa motho ea tšepahalang. Ka lebaka leo, morena o ile a mo khetha hore a hlokomele lelapa la hae. (Bapisa le Nehemia 7:2.) Hape ho hlompha Jehova ho ile ha etsa hore Obadia a be sebete haholo. O ne a hloka sebete seo haholo hobane o phetse nakong eo ho neng ho busa Morena Akabe ea neng “a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ho feta marena ’ohle a busitseng pele ho eena.” (1 Mar. 16:30) Hape mosali oa Akabe e leng Jezebele ea neng a rapela Baale, o ne a hloile Jehova haholo hoo a ileng a leka ho felisa borapeli ba ’nete pusong ea maloko a leshome a Iseraele. O ile a ba a bolaea baprofeta ba bangata ba Molimo. (1 Mar. 18:4) Ha ho pelaelo hore Obadia o sebelelitse Jehova linakong tse thata.

10. Obadia o ile a bontša joang hore o sebete haholo?

10 Obadia o ile a bontša joang hore o sebete haholo? Ha Jezebele a qala ho batla baprofeta ba Molimo e le hore a ka ba bolaea, Obadia o ile a pata ba lekholo ‘ka lehaheng ka lihlopha tsa ba 50 ’me a ’na a ba fa bohobe le metsi.’ (1 Mar. 18:13, 14) Ha Jezebele a ne a ka tseba, joang kapa joang o ne a tl’o bolaea Obadia. Ho ka etsahala hore ebe Obadia o ne a tšohile ebile a sa batle ho shoa. Empa Obadia o ne a rata Jehova hammoho le batho ba mo sebeletsang ho feta kamoo a neng a ithata kateng.

Mor’abo rona o bontša sebete ka hore a isetse Bakreste-’moho le eena lingoloa tse thehiloeng Bibeleng le hoja mosebetsi oa rona o thibetsoe (Sheba serapa sa 11) c

11. Mehleng ee, bahlanka ba Jehova ba bontša joang hore ba hlompha Jehova joaloka Obadia? (Sheba setšoantšo.)

11 Mehleng ena, bahlanka ba bangata ba Jehova ba phela linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoeng. Bana bana ba bo rona ba hlompha ba boholong pusong empa joaloka Obadia, ba bontša hore ba inehetse ho Jehova feela ka hore ba hane ho khaotsa ho mo sebeletsa. (Mat. 22:21) Ba bontša hore ba hlompha Molimo ka hore ba mamele eena eseng batho. (Lik. 5:29) Ba etsa joalo ka hore ba tšoare liboka ka lekunutu le hore ba tsoele pele ba bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 10:16, 28) Ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore bana ba bo rona ba be le lintho tsohle tse ba thusang hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Henri ea lulang naheng e ’ngoe Afrika moo mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ileng oa thibeloa ka nako e telele. Ka nako eo, o ile a ithaopela ho isetsa Bakreste-’moho le eena lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. O re: “Ke motho ea lihlong ka tlhaho. Kahoo, ke kholisehile hore ke ile ka ba sebete hobane ke hlompha Jehova haholo.”[5] Na u bona eka u ka ba sebete joaloka Mor’abo rona Henri? U ka khona haeba u ithuta ho hlompha Molimo.

TŠEPAHALA JOALOKA MOPRISTA EA PHAHAMENG JEHOJADA

12. Moprista ea Phahameng Jehojada le mosali oa hae ba ile ba etsa’ng ho bontša hore ba tšepahalla Jehova haholo?

12 Moprista ea Phahameng Jehojada o ne a hlompha Jehova ’me tlhompho eo e ile ea mo thusa hore a lule a mo tšepahalla le hore a ntšetse pele borapeli ba ’nete. Taba ena e ile ea totobala ha Athalia morali oa Jezebele a inkela puso Juda ka mahahapa. Batho ba ne ba tšaba Athalia. O ne a le pelo e mpe ebile a le meharo hore a fumane puso hoo a ileng a leka ho bolaea litloholo tsohle tsa hae tseo e neng e le majalefa a puso. (2 Likron. 22:10, 11) E mong oa litloholo tsa hae e leng Joase o ile a pholosoa ke Joshabeathe mosali oa Jehojada. Eena le monna oa hae ba ile ba mo pata le ho mo hlokomela. Ketso eo ea bona e ile ea etsa hore litloholo tsa Davida e be tsona tse lulang li busa. Jehojada o ile a tšepahalla Jehova ’me ha aa ka a thothometsoa ke Athalia.—Liprov. 29:25.

13. Ha Joase a se a le lilemo li supileng, Jehojada o ile a boela a bontša joang hore o tšepahalla Jehova?

13 Ha Joase a se a le lilemo li supileng, Jehojada o ile a boela a bontša hore o tšepahalla Jehova. O ile a etsa leqheka. Ha leqheka leo le ne le ka atleha, Joase setloholo sa Davida eo e neng e bile e le mojalefa ka molao, e ne e tla ba morena. Empa ha le ne le ke ke la atleha, menyetla ea hore Jehojada a bolaoe e ne e le mengata. Jehova o ile a hlohonolofatsa leqheka leo ’me le ile la atleha. Jehojada o ile a tšehetsoa ke balaoli le Balevi ho hlomamisa Joase hore e be morena eaba o laela hore Athalia a bolaoe. (2 Likron. 23:1-5, 11, 12, 15; 24:1) Ka mor’a moo, Jehojada “a etsa selekane pakeng tsa Jehova, morena le batho sa hore e tla lula e le batho ba Jehova.” (2 Mar. 11:17) “Hape a beha balebeli likeiting tsa ntlo ea Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea sa hloekang ka tsela leha e le efe ea ka kenang.”—2 Likron. 23:19.

14. Jehova o ile a putsa Jehojada joang hobane a ile a mo hlompha?

14 Pele ho moo Jehova o ile a re: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.” Kannete o ile a putsa Jehojada. (1 Sam. 2:30) Ka mohlala, o kenyelelitse pale ea Jehojada ka Bibeleng e le hore re ka ithuta ho eona. (Bar. 15:4) Hape ha Jehojada a shoa, o ile a fuoa tlotla e ikhethang ea ho patoa “le marena Motseng oa Davida ka lebaka la lintho tse ntle tseo a neng a li etselitse batho ba Iseraele, Molimo oa ’nete le ntlo ea Molimo.”—2 Likron. 24:15, 16.

Ho hlompha Jehova haholo ho ka re susumelletsa ho thusa bara le barali ba bo rona ka botšepehi joaloka Moprista ea Phahameng Jehojada (Sheba serapa sa 15) d

15. Re ka ithuta’ng paleng ea Jehojada? (Sheba setšoantšo.)

15 Pale ea Jehojada e ka re thusa hore kaofela ha rona re ithute ho hlompha Molimo. Baholo ba ka etsisa Jehojada ka hore ba etse sohle seo ba ka se khonang ho sireletsa phutheho. (Lik. 20:28) Mohlala oa Jehojada o ka ruta ba holileng lilemong hore haeba ba lula ba hlompha Jehova ebile ba mo tšepahalla, a ka ba sebelisa ho phethahatsa merero ea hae. Ha a ba qhelele ka thoko. Bacha ba ka ela hloko tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Jehojada ka eona le ho mo etsisa ka hore ba hlomphe bara le barali ba bo rona ba holileng, haholo-holo ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata. (Liprov. 16:31) Kaofela ha rona re ka ithuta ho balaoli le Balevi ba ileng ba tšehetsa Jehojada. A re tšehetseng ba re “etellang pele” ka hore re ba mamele.—Baheb. 13:17.

U SE KE OA TŠOANA LE MORENA JOASE

16. Morena Joase o ile a etsa’ng e bontšang hore o ne a fokola?

16 Jehojada o ile a thusa Morena Joase hore e be motho ea molemo. (2 Mar. 12:2) Kahoo, ha morena enoa a sa le monyenyane, o ne a batla ho thabisa Jehova. Empa ka mor’a hore Jehojada a shoe, Joase o ile a mamela likhosana tsa bakoenehi. Litla-morao e bile life? Eena hammoho le sechaba sa hae ba ile “ba sebeletsa lipalo tse halalelang le litšoantšo tse rapeloang.” (2 Likron. 24:4, 17, 18) Jehova o ile a utloa bohloko haholo ’me “a ’na a romela baprofeta ho bona hore ba khutlele ho eena . . . , empa ha baa ka ba mamela.” Ba ile ba boela ba hana ho mamela mora oa Jehojada e leng Zakaria eo e neng e le moprofeta oa Jehova le moprista hape e le motsoala oa Joase.[12] Morena Joase o ile a ba a bolaea Zakaria le hoja batsoali ba Zakaria ba ne ba ile ba mo thusa hakana.—2 Likron. 22:11; 24:19-22.

17. Joase o ile a etsahalloa ke eng?

17 Kaha Joase ha aa ka a lula a hlompha Jehova, lintho li ile tsa mo tsamaela hampe. Jehova o ne a ile a re: “Ba ’nyatsang ba tla nyatsuoa.” (1 Sam. 2:30) Masole a fokolang ka palo a Siria a ile a hlola “masole a mangata” a Joase ’me a mo ‘lematsa haholo.’ Ka mor’a hore masole a Siria a tsamaee, Joase o ile a bolaoa ke bahlanka ba hae hobane a ile a bolaea Zakaria. O ne a le khopo hoo a ileng a nkoa a sa tšoanelehe ho patoa “mabitleng a marena.”—2 Likron. 24:23-25.

18. Ho latela Jeremia 17:7, 8, re ka qoba ho tšoana le Joase joang?

18 Re ka ithuta’ng paleng ea Joase? O ne a tšoana le sefate se nang le metso e sa tebang se tšehelitsoeng ka palo. Ha motho ea neng a mo tšehelitse e leng Jehojada a shoa, Joase o ile a qala ho mamela bakoenehi ba ileng ba etsa hore a se ke a tšepahalla Jehova. Mohlala ona oa bontša hore ha rea lokela ho mamela Molimo hobane feela litho tsa lelapa kapa Bakreste-’moho le rona ba re behela mohlala o motle. E le hore re lule re le metsoalle ea Jehova, re lokela ho mo rata le ho mo hlompha haholoanyane ka hore letsatsi le letsatsi re ithute Bibele, re nahanisise ka eona re be re rapele.—Bala Jeremia 17:7, 8; Bakol. 2:6, 7.

19. Jehova o hloka eng ho rona?

19 Lintho tseo Jehova a hlokang hore re li etse ha li ngata haholo. Li akarelitsoe hantle lengolong la Moeklesia 12:13 le reng: “Hlompha Molimo oa ’nete ’me u mamele litaelo tsa hae etsoe ke eona ntho eo motho a lokelang ho e etsa.” Ha re hlompha Molimo, re tla khona ho lula re mo tšepahalla joaloka Obadia le Jehojada ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng ka moso. Ha ho letho le tla senya setsoalle sa rona le Jehova.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

a Ka Bibeleng, lentsoe “tšabo” le ka bolela lintho tse ngata. Maemong a mang le ka bolela ho tšoha haholo kapa ho hlompha. Sehlooho sena se tl’o re thusa hore re hlomphe Ntate oa rona ea leholimong e leng ntho e tla etsa hore re be sebete le hore re lule re mo tšepahalla.

b Obadia eo re buang ka eena ha se moprofeta Obadia ea phetseng lilemo tse makholo hamorao, ea ileng a ngola buka e ileng ea rehelloa ka eena.

c LITŠOANTŠO Leqephe: Pontšong ena ea se kileng sa etsahala, mor’abo rona o isa lingoloa moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng.

d LITŠOANTŠO Leqephe: Morali oa bo rona e mocha o ithuta ho paka ka thelefono ho morali oa bo rona ea holileng. Mor’abo rona ea holileng o bontša sebete ka ho paka phatlalatsa. Mor’abo rona ea nang le boiphihlelo o koetlisetsa ba bang ho hlokomela Holo ea ’Muso.