Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 25

PINA EA 7 Jehova ke Matla a Rona

Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”

Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”

“Jehova oa phela.”PES. 18:46.

NTLHA-KHOLO

Re rua molemo haholo ha re hopola hore Molimo eo re mo sebeletsang ke “Molimo ea phelang.”

1. Ke’ng e thusang bahlanka ba Jehova hore ba lule ba mo sebeletsa ho sa tsotellehe mathata ao ba nang le ’ona?

 BIBELE e re re phela nakong eo bophelo bo neng “bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Tim. 3:1) Bahlanka ba Jehova ba na le mathata ao batho bohle ba nang le ’ona lefatšeng lena le busoang ke Satane ebile baa hanyetsoa le ho hlorisoa. Ke’ng e re thusang hore re ’ne re sebeletse Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ’ona? Ntho e ’ngoe e re thusang ke ho tseba hore Jehova “ke Molimo ea phelang.”—Jer. 10:10; 2 Tim. 1:12.

2. Ke ka tsela efe Jehova e leng Molimo ea phelang?

2 Jehova ke Molimo oa sebele, o bona mathata ao re kopanang le ’ona ebile o batla ho re thusa. (2 Likron. 16:9; Pes. 23:4) Ho mo nka e le Molimo ea phelang ho tla re thusa ho sebetsana le mathata a rona ka katleho. Ke sona se ileng sa etsahalla Morena Davida.

3. Davida o ne a bolela’ng ha a ne a re “Jehova oa phela”?

3 Davida o ne a tseba Jehova hantle ebile o ne a mo tšepa. Ha Morena Saule le lira tse ling tsa Davida ba ne ba batla ho bolaea Davida, Davida o ile a rapela Jehova ’me a mo kopa hore a mo thuse. (Pes. 18:6) Ka mor’a hore Molimo a arabe thapelo ea hae ’me a mo pholose, Davida o ile a re: “Jehova oa phela.” (Pes. 18:46) Davida ha aa ka a bua mantsoe ao ho bontša feela hore Molimo o teng. Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re Davida o ne a kholisehile hore Jehova ke “Molimo ea phelang ea lulang a thusa bahlanka ba hae.” Lintho tse ileng tsa etsahalla Davida li ile tsa etsa hore a tsebe hore Molimo oa hae oa phela ’me li ile tsa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova le ho mo rorisa.—Pes. 18:​28, 29, 49.

4. Re fumana melemo efe ha re nka Jehova e le Molimo ea phelang?

4 Ha re kholisehile hore Jehova ke Molimo ea phelang, seo se ka re thusa hore re mo sebeletse ka cheseho. Re tla ba le matla a ho mamella mathata hape re tla ikemisetsa ho tsoela pele re sebetsa ka thata tšebeletsong ea hae. Re tla boela re ikemisetse ho lula re le haufi le Jehova.

MOLIMO EA PHELANG O TLA U MATLAFATSA

5. Ke’ng e ka re kholisang hore re ka khona ho sebetsana le mathata a rona? (Bafilipi 4:13)

5 Haeba re hopola hore Jehova oa phela le hore o lula a re thusa, re tla khona ho mamella mathata leha e le afe a re hlahelang. Ha ho na bothata bo ka hlolang Molimo oa rona. Ke ea Matla ’Ohle, kahoo a ka re fa matla a hore re mamelle. (Bala Bafilipi 4:13.) Ho tseba taba ena ho ka re thusa hore re kholisehe hore re ka khona ho sebetsana le mathata a rona. Hape ha re bona kamoo Jehova a re thusang kateng ha re e-na le mathata a manyenyane, rea kholiseha hore o tla re thusa le ha re e-na le mathata a maholo.

6. Ha Davida a le monyenyane ho ile ha etsahala’ng e ileng ea etsa hore a tšepe Jehova haholoanyane?

6 Nahana ka liketsahalo tse peli tse ileng tsa etsa hore Davida a tšepe Jehova haholoanyane. Ha Davida e sa le molisana, bere le tau li ile tsa nka e ’ngoe ea linku tsa ntate oa hae. Maemong ao a mabeli, ka sebete Davida o ile a lelekisa liphoofolo tseo ’me a pholosa linku. Leha ho le joalo, Davida ha aa ka a nahana hore o entse seo ka matla a hae. O ne a tseba hore Jehova ke eena ea mo thusitseng. (1 Sam. 17:​34-37) Ha ho mohla Davida a ileng a lebala liketsahalo tseo. Ha a ne a nahana ka tsona, o ne a kholiseha hore Molimo ea phelang o tla mo fa matla le nakong e tlang.

7. Davida o ne a amehile ka eng, hona seo se ile sa mo thusa joang hore a loantše Goliathe?

7 Ha Davida a ntse a le lilemong tsa bocha, o ile a ea litenteng tsa masole a Baiseraele. O ile a fumana masole ao a tšohile hobane Goliathe, e leng seqhenqha sa Mofilista, o ne a ‘batla ho bona hore na masoleng a Iseraele ke mang ea nang le sebete sa mo loantša.’ (1 Sam. 17:​10, 11) Masole ao a ne a tšohile hobane a ne a shebile tsela eo Goliathe a neng a shebahala ka eona le lintho tseo a neng a ba bolella tsona. (1 Sam. 17:​24, 25) Leha ho le joalo, Davida o ne a amehile ka ntho e ’ngoe e fapaneng. Davida o ne a tseba hore Goliathe o ne a sa loantše masole a Iseraele feela empa ha e le hantle, o ne a loantša “lebotho la sesole la Molimo ea phelang.” (1 Sam. 17:26) Davida o ne a nahana ka Jehova. O ne a kholisehile hore Molimo ea ileng a mo thusa ha e ne e le molisa o ne a tla boela a mo thuse le boemong bona. Kahoo, Davida o ile a loantša Goliathe ’me o ile a mo hlola kaha o ne a kholisehile hore Molimo o tla mo thusa.—1 Sam. 17:​45-51.

8. Ke joang re ka kholisehang hore Jehova o tla re thusa ha re e-na le mathata? (Sheba setšoantšo.)

8 Ka ho tšoanang, le rona re ka sebetsana ka katleho le mathata a rona ha re hopola hore Molimo ea phelang o ikemiselitse ho re thusa. (Pes. 118:6) Re ka kholiseha le ho feta hore o tla re thusa ha re nahana ka lintho tseo a li entseng nakong e fetileng. Bala litlaleho tsa Bibele tse u hopotsang kamoo Jehova a ileng a pholosa barapeli ba hae kateng. (Esa. 37:​17, 33-37) Hape, bala kapa u shebelle litlaleho tse hlahang websaeteng ea rona ea jw.org tse bontšang kamoo Jehova a tšehelitseng bara le barali ba bo rona mehleng ena ea rona. Ho feta moo, hopola linako tseo Jehova a ileng a u thusa. Mohlomong u ka ’na oa utloa eka Jehova ha a e-s’o ka a u etsetsa ntho e itseng e ikhethang joaloka ho u thusa ho loantša bere kapa tau. Leha ho le joalo, ’nete ke hore Jehova o u etselitse lintho tse ngata haholo bophelong ba hao. O ile a u mema hore u be motsoalle oa hae. (Joh. 6:44) Le hona joale u ntse u khona ho mo sebeletsa hobane a u thusa. Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse ho hopola maemo ao ka ’ona a ileng a araba lithapelo tsa hao ’me a u fa seo u se hlokang ka nako e nepahetseng kapa a u thusa ha u ne u le boemong bo thata. Ho nahanisisa ka liketsahalo tse kang tsena, ho tla u matlafatsa le ho u kholisa hore Jehova o tla tsoela pele a u thusa.

Tsela eo re itšoarang ka eona ha re e-na le mathata e ama tsela eo Jehova a ikutloang ka eona (Sheba serapa sa 8 le 9)


9. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola ha re e-na le mathata? (Liproverbia 27:11)

9 Ha re e-na le mathata re lokela ho nahana ka ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Satane o re ha re e-na le mathata re tla lahla Jehova. Kahoo, tsela eo re itšoarang ka eona ha re e-na le mathata e ama tsela eo Jehova a ikutloang ka eona. (Jobo 1:​10, 11; bala Liproverbia 27:11.) Empa haeba re tšepahalla Jehova le hoja re e-na le mathata, re bontša hore re rata Jehova ebile re paka hore Diabolose o leshano. Na hona joale u lula sebakeng seo mebuso e hanyetsang Lipaki Tsa Jehova? Na u na le mathata a lichelete kapa batho ha ba batle ho mamela molaetsa oa Bibele? Kapa na u na le bothata bo bong? Haeba ho joalo, hopola hore boemo boo u leng ho bona bo u fa monyetla oa hore u thabise pelo ea Jehova. Hape hopola hore a ke ke a lumella hore u hlaheloe ke liteko tseo u ke keng oa khona ho li mamella. (1 Bakor. 10:13) O tla u fa matla ao u a hlokang e le hore u mamelle.

MOLIMO EA PHELANG O TLA U PUTSA

10. Molimo ea phelang o tla etsetsa batho ba mo sebeletsang eng?

10 Jehova o lula a putsa batho ba mo sebeletsang. (Baheb. 11:6) O re fa khotso ebile o re thusa hore re khotsofale hona joale, hape o tla re fa bophelo bo sa feleng nakong e tlang. Re ka tšepa ka ho feletseng hore Jehova o tla re putsa le hore o na le matla a ho etsa joalo. Ka lebaka leo, re tsoela pele re mo fa sohle se matleng a rona ha re mo sebeletsa feela joalokaha bahlanka ba hae ba tšepahalang ba nakong e fetileng ba ne ba etsa joalo. Sena ke seo Timothea a ileng a se etsa.—Baheb. 6:​10-12.

11. Ke hobane’ng ha Timothea a ne a sebetsa ka thata ka phuthehong? (1 Timothea 4:10)

11 Bala 1 Timothea 4:10. Timothea o ne a e-na le tšepo ea hore Molimo ea phelang o ne a tla mo putsa, ke kahoo a ileng a sebetsa ka thata le ho ikitlaetsa. O ile a etsa seo joang? Moapostola Pauluse o ile a mo khothaletsa hore a ntlafatse tsela eo a rutang ka eona mosebetsing oa boboleli le ka phuthehong. O ile a boela a mo khothaletsa hore a behele balumeli-’moho le eena mohlala o motle ebang ba baholo kapa ba banyenyane. Hape Timothea o ile a fuoa mesebetsi e boima eo a neng a lokela ho e etsa e akareletsang ho fana ka khalemelo e matla ho ba e hlokang empa a etsa joalo ka tsela e lerato. (1 Tim. 4:​11-16; 2 Tim. 4:​1-5) Timothea o ne a ka kholiseha hore le hoja ka linako tse ling batho ba bang ba ne ba ke ke ba hlokomela mesebetsi eo a e etsang kapa ba ne ba ke ke ba e ananela, Jehova o ne a tla mo putsa.—Bar. 2:​6, 7.

12. Ke hobane’ng ha baholo ba sebetsa ka thata ka phuthehong? (Sheba setšoantšo.)

12 Mehleng ena baholo le bona ba ka kholiseha hore Jehova o bona mesebetsi e metle eo ba e etsang ebile oa e ananela. Baholo ba etsa maeto a bolisa, baa ruta ebile ba etsa le mosebetsi oa boboleli ’me ba bangata ba bona ba thusa liprojekeng tsa kaho le ha ho hlahile likoluoa. Baholo ba bang ba thusa Likomiting Tsa Bohokahanyi le Lipetlele kapa ba Lihlopheng Tse Etelang Bakuli. Baholo baa tseba hore phutheho ke ea Jehova, ha se ea motho leha e le ofe. Kahoo, ba sebetsa ka thata ka phuthehong ebile ba na le tumelo e matla ea hore Molimo o tla ba putsa ka lebaka la mesebetsi eo ba e etsang.—Bakol. 3:​23, 24.

Molimo ea phelang o tla u putsa ha u sebetsa ka thata ka phuthehong (Sheba serapa sa 12 le 13)


13. Jehova o ikutloa joang ka lintho tseo re mo etsetsang tsona?

13 Ha se motho e mong le e mong eo e ka bang moholo. Leha ho le joalo, kaofela ha rona ho na le seo re ka se etsetsang Jehova. Molimo oa rona o thaba haholo ha re etsa sohle se matleng a rona ho mo sebeletsa. Oa bona ha re fana ka menehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle le haeba re sa khone ho fana ka o mongata. O boetse o thaba haholo ha re phahamisa matsoho a rona e le hore re ka araba ka libokeng, haholo-holo haeba re le lihlong. Hape oa thaba ha re tšoarela batho ba re utloisang bohloko. Le haeba u utloa hore u ke ke oa khona ho etsetsa Jehova lintho tseo u batlang ho mo etsetsa tsona, u ka tšepa hore Jehova o ananela seo u ka khonang ho mo etsetsa sona. Boiteko boo u bo etsang bo etsa hore a u rate ebile o tla u putsa.—Luka 21:​1-4.

LULA U LE HAUFI LE MOLIMO EA PHELANG

14. Ho ba metsoalle ea Jehova ho ka re thusa joang hore re lule re mo tšepahalla? (Sheba setšoantšo.)

14 Haeba re nka Jehova e le Molimo oa sebele, ho tla ba bonolo hore re mo tšepahalle. Ke sona seo Josefa a ileng a se etsa. Kaha Molimo e ne e le oa sebele ho eena, o ile a hana ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano hobane o ne a sa batle ho mo utloisa bohloko. (Gen. 39:9) E le hore Jehova e be oa sebele ho rona, re lokela ho ipha nako ea ho rapela le ho bala Lentsoe la hae. Ha re etsa joalo, setsoalle sa rona le eena se tla ba matla. Joaloka Josefa, ha re e-na le setsoalle se matla le Jehova re ke ke ra batla ho etsa ntho leha e le efe e tla mo utloisa bohloko.—Jak. 4:8.

Ho ba haufi le Molimo ea phelang ho tla u thusa hore u mo tšepahalle (Sheba serapa sa 14 le 15)


15. Ke thuto efe eo re ithutang eona ho se ileng sa etsahalla Baiseraele lefeelleng? (Baheberu 3:12)

15 Ho bonolo ho batho ba lebalang hore Jehova ke Molimo ea phelang hore ba khaotse ho mo tšepahalla. Nahana ka se ileng sa etsahalla Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng. Ba ne ba tseba hore Jehova o teng empa ba ile ba qala ho belaela hore o ne a tla ba hlokomela ka lintho tseo ba li hlokang. Ba ile ba ba ba botsa hore “na Jehova o na le bona kapa che.” (Ex. 17:​2, 7) Kahoo, ba ile ba fetohela Molimo. Ho hlakile hore ha re batle ho etsisa mohlala oa bona o mobe.—Bala Baheberu 3:12.

16. Ke’ng e ka lekang tumelo ea rona?

16 Ho ka ba thata hore re lule re le haufi le Jehova lefatšeng lena leo re phelang ho lona. Batho ba bangata ha ba lumele hore Molimo o teng. Hangata batho ba sa mameleng melao ea Molimo ba bonahala ba phela hamonate. Ha re bona tsela eo ba phelang ka eona, tumelo ea rona e ka lekeha. Le hoja re lumela hore Molimo o teng, re ka ’na ra ipotsa hore na o tla re thusa. Mongoli oa Pesaleme ea 73 le eena o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang. O ile a bona batho bao a phelang le bona ba sa mameleng melao ea Molimo ba phela hamonate. Kahoo, o ile a qala ho ipotsa hore na ho sebeletsa Molimo ho na le molemo.—Pes. 73:​11-13.

17. Ke’ng e tla re thusa hore re lule re le haufi le Jehova?

17 Ke’ng e ileng ea thusa mopesaleme hore a fetole tsela eo a neng a nahana ka eona? O ile a nahanisisa ka hore na ho tla etsahala’ng ka batho ba lebalang Jehova. (Pes. 73:​18, 19, 27) O ile a boela a nahana ka melemo ea ho sebeletsa Molimo. (Pes. 73:24) Le rona re ka nahana ka litlhohonolofatso tseo Jehova a re fileng tsona. Re lokela ho nahana ka hore na bophelo ba rona bo ne bo tla ba joang haeba re ne re sa sebeletse Jehova. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re lule re tšepahalla Jehova ’me joaloka mopesaleme re tla re: “Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho ntsoela molemo.”—Pes. 73:28.

18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha bokamoso?

18 Re ka sebetsana le mathata leha e le afe ao re ka kopanang le ’ona matsatsing ana a ho qetela hobane re ‘sebeletsa Molimo ea phelang le oa ’nete.’ (1 Bathes. 1:9) Molimo oa rona ke oa sebele ebile o thusa batho bohle ba mo sebeletsang. O ile a ba le bahlanka ba hae nakong e fetileng ’me o ntse a tsoela pele a e-na le rona le kajeno. Haufinyane re tla kopana le mahlomola a maholo a e-s’o kang a e-ba teng lefatšeng. Empa re tla be re se bang hobane Jehova o tla re thusa. (Esa. 41:10) E se eka kaofela ha rona re ka ba sebete ’me ra re: “Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka.”—Baheb. 13:​5, 6.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo