Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Jehova o Ile a Araba Lithapelo Tsa Ka

Jehova o Ile a Araba Lithapelo Tsa Ka

HA KE le lilemo li leshome, bosiung bo bong ke ile ka sheba linaleli tse phatsimang sepakapakeng. Hang-hang ke ile ka khumama eaba kea rapela. Ke ne ke sa tsoa ithuta ka Jehova empa ke ile ka mo bolella lintho tsohle tse neng li ntšoenya. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka qala ho ba le setsoalle se sa feleng se haufi le Jehova Molimo “Ea Utloang thapelo.” (Pes. 65:2) Ke rata ho le bolella hore na ho tlile joang hore ke rapele Molimo eo ke neng ke sa tsoa ithuta ka eena.

BAETI BA ILENG BA FETOLA BOPHELO BA RONA

Ke hlahile ka la 22 December 1929, ke hlahela Noville e leng o mong oa metsana e robong ea mapolasi o haufi le Bastogne e Ardennes ea Belgian. Ke na le lintho tse thabisang tseo ke li hopolang tse etsahetseng ha ke sa le ngoana re lula polasing le batsoali ba ka. ’Na le ngoan’eso Raymond re ne re hama likhomo letsatsi le leng le le leng hape re thusa ka mosebetsi oa ho kotula. Motseng oa heso kaofela ha rona re ne re thusana.

’Na le lelapa leso re sebetsa polasing ea rona

Batsoali ba ka e leng Ntate Emile le ’Mè Alice e ne e le Mak’hatholike a chesehang. Ba ne ba ea ’Miseng Sontaha se seng le se seng. Leha ho le joalo, ka 1939 bo-pula-maliboho ba tsoang Engelane ba ile ba tla motseng oa heso eaba ba fa ntate oa ka monyetla oa ho fumana makasine oa Consolation ka poso khoeli e ’ngoe le e ’ngoe (hona joale e se e bitsoa Tsoha!). Kapele feela ntate oa ka o ile a hlokomela hore limakasine tseo li bua ’nete eaba o qalella ho bala Bibele. Ha a emisa ho ea ’Miseng, baahisani ba rona ba neng ba le botsoalle ba ile ba qala ho mo hanyetsa ka matla. Ba ile ba hatella ntate oa ka hore e lule e le Mok’hatholike ’me ba ile ba ba le lipuisano tse ngata le eena tseo ho tsona maikutlo a neng a phahame haholo.

Ke ne ke utloa bohloko haholo ha ke bona ntate oa ka a le tlas’a khatello eo e matla. Seo se ile sa etsa hore ke kope thuso ea Molimo ka thapelo e tsoang botebong ba pelo, eo ke buileng ka eona qalong ea sehlooho sena. Ke ile ka thaba haholo ha baahisani ba rona butle-butle ba khaotsa ho hanyetsa ntate oa ka. Ke ile ka kholiseha hore Jehova o ‘utloa thapelo.’

BOPHELO NAKONG EA NTOA EA BOBELI EA LEFATŠE

Jeremane ea Bonazi e ile ea hlasela naha ea Belgium ka la 10 May 1940 ’me ka lebaka leo batho ba bangata ba ile ba baleha naheng eo. Lelapa la heso le ile la balehela karolong e ka boroa ea Fora. Ha re le tseleng, ka linako tse ling re ne re iphumana re le libakeng tse kotsi moo masole a Jeremane le a Fora a neng a hlaselana.

Hamorao re ile ra khona ho khutlela polasing ea rona empa ra fumana thepa ea rona e ngata e utsoitsoe. Ke ntja ea rona e neng e bitsoa Bobbie feela e ileng ea re amohela ha re fihla. Lintho tsena tse re etsahaletseng li ile tsa etsa hore ke ipotse hore na ke hobane’ng ha ho e-na le lintoa le mahlomola.

Ke ile ka qala ho ba le setsoalle se matla le Jehova ha ke ne ke le lilemong tsa bocha

Ka nako eo, re ile ra khothala haholo ha re ne re eteloa ke Mor’abo rona Emile Schrantz, a eo e neng e le pula-maliboho le moholo ea tšepahalang. O ile a hlalosa ka ho hlaka a sebelisa Bibele hore na ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko a ba a araba lipotso tse ling tseo ke neng ke e-na le tsona ka bophelo. Ke ile ka ba le setsoalle se haufi le Jehova ’me ka kholiseha hore ke Molimo ea lerato.

Le pele ntoa e fela, lelapa leso le ile la khona ho buisana hangata le bara ba bo rona. Ka August 1943, Mor’abo rona José-Nicolas Minet o ile a etela polasi ea rona ho tla fana ka puo. O ile a re: “Ke mang ea batlang ho kolobetsoa?” ’Na le ntate oa ka re ile ra phahamisa matsoho. Re ile ra kolobeletsoa nokeng e nyenyane e haufi le polasi ea rona.

Ka December 1944, lebotho la Jeremane le ile la qala tlhaselo e kholo ebile e le ea ho qetela ntoeng ea bobeli ea lefatše ka bophirimela ho Europe. Ntoa ena e boetse e tsejoa e le Battle of the Bulge. Re ne re lula haufi le moo ntoa e neng e loaneloa teng ’me re ile ra tlameha ho lula mokatong o ka tlase oa ntlo ea rona nako e ka etsang khoeli kaofela. Ka letsatsi le leng ha ke tsoela ka ntle ke e’o fepa liphoofolo, bomo e ile ea oela polasing ’me ea phatloha hoo e ileng ea fefola marulelo a ntlo ea lijo tsa liphoofolo. Lesole la Moamerika le neng le le ka setaleng se pel’a ka le ile la hoeletsa la re: “Paqama!” Ke ile ka mathela ho eena ka fihla ka paqama pel’a hae eaba o nthoesa helmete hloohong ho ntšireletsa.

KHOLO EA KA KE LE MOKRESTE

Ka letsatsi la rona la lenyalo

Ka mor’a ntoa, re ile ra buisana hangata le phutheho ea Liège e bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 90 ka leboea ho moo re neng re le hona teng. Ha nako e ntse e ea, re ile ra khona ho theha sehlopha se senyenyane sa thuto ea Bibele Bastogne. Ke ile ka sebetsa khoebong e sebetsang ka lekhetho ’me ka ba le monyetla oa ho ithuta molao. Hamorao ke ile ka sebetsa ofising ea ’muso ea puso ea libaka. Ka 1951 re ile ra hlophisa kopano e nyenyane ea potoloho Bastogne. Ho ile ha tla batho ba ka bang lekholo ho akareletsa le morali oa bo rona oa pula-maliboho ea chesehang haholo ea bitsoang Elly Reuter. O ne a tsamaile lik’hilomithara tse 50 ka baesekele ho tla kopanong. Kapele feela re ile ra ratana eaba re tšepisana ho nyalana. Elly o ne a fumane memo ea ho ea Sekolong sa Gileade United States. O ile a ngolla ntlo-kholo a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ne a ke ke a khona ho amohela memo eo. Mor’abo rona Knorr eo ka nako eo a neng a etella pele batho ba Jehova, o ile a araba ka hore mohlomong ka letsatsi le leng o tla ea Gileade le monna oa hae. Re ile ra nyalana ka February 1953.

Elly le mora oa rona Serge

Selemong sona seo, ’na le Elly re ile ra ea Kopanong ea New World Society e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium, New York. Ha re le moo, ke ile ka kopana le mor’abo rona ea ileng a ntšepisa mosebetsi o motle ha nka fallela United States. Ka mor’a hore re rapele Jehova ka taba ena, ’na le Elly re ile ra etsa qeto ea ho hana mosebetsi oo le ho khutlela Belgium e le ho ea tšehetsa sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba leshome Bastogne. Selemong se latelang re ile ra hlohonolofatsoa ka ngoana oa moshanyana ea bitsoang Serge. Ka masoabi, likhoeli tse supileng hamorao, Serge o ile a kula a ba a hlokahala. Re ile ra bua le Jehova ka thapelo, re mo bolella hore na re utloile bohloko hakae ’me re ile ra matlafatsoa ke tšepo ea hore joang kapa joang bafu ba tla tsoha.

TŠEBELETSO EA NAKO E TLETSENG

Ka October 1961, ke ile ka fumana mosebetsi o neng o tla ntumella ho sebetsa ka matsatsi a mang a beke le hore ke be pula-maliboho. Leha ho le joalo, letsatsing lona leo ke ile ka letsetsoa ke mohlanka oa lekala la Belgium. O ile a mpotsa hore na kea fumaneha e le hore nka qala ho sebetsa ke le mohlanka oa potoloho (eo hona joale a bitsoang molebeli oa potoloho). Ke ile ka re: “Na re ka khona ho ba bo-pula-maliboho pele re amohela mosebetsi oo?” Re ile ra lumelloa ho etsa joalo. Ka mor’a ho ba bo-pula-maliboho ka likhoeli tse robeli, re ile ra qala mosebetsi oa potoloho ka September 1962.

Ka mor’a ho etsa mosebetsi oa potoloho ka lilemo tse peli, re ile ra memeloa ho ea sebeletsa Bethele e Brussels. Re ile ra qala ho sebeletsa teng ka October 1964. Re ile ra fumana litlhohonolofatso tse ngata mosebetsing ona o mocha. Nakoana ka mor’a hore Mor’abo rona Knorr a etele Bethele ea rona ka 1965, ke ile ka makala ha ke khethoa hore ke be mohlanka oa lekala. Hamorao ’na le Elly re ile ra memeloa ho ba teng tlelaseng ea bo41 ea Sekolo sa Gileade. Mantsoe ao Mor’abo rona Knorr a ileng a a bua lilemo tse 13 tse fetileng a ile a phethahala. Ka mor’a ho fumana mangolo a rona re ile ra khutlela Bethele e Belgium.

HO LOANELA LITOKELO TSA RONA TSA MOLAO

Ke ile ka ba le monyetla oa ho sebelisa tsebo ea ka ea molao ho thusa ho sireletsa tokelo ea batho ba Jehova ea ho rapela ka bolokolohi Europe le libakeng tse ling. (Bafil. 1:7) Ka lebaka leo, ke ile ka buisana le liofisiri tse tsoang linaheng tse fetang 55 tseo ho tsona mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe. Ho e-na le hore ke bue ka hore na ke na le tsebo kapa boiphihlelo bo bokae ba molao, ke ne ke itsebahatsa ke le “mohlanka oa Molimo.” Ke ne ke lula ke kopa tataiso ho Jehova ka thapelo hobane ke tseba hore “pelo ea morena [kapa ea moahloli] e tšoana le melapo ea metsi e ka letsohong la Jehova. O e isa hohle moo a ratang.”—Liprov. 21:1.

Ke sa ntse ke hopola puisano eo ke ileng ka ba le eona le setho se seng sa Paramente ea Europe. Ke ne ke ile ka kopa ho bua le eena ka makhetlo a ’maloa eaba qetellong o lumela ho kopana le ’na. O ile a re: “Ke tla u fa metsotso e mehlano feela, eseng ho feta moo.” Ke ile ka inamisa hlooho eaba ke qala ho rapela. O ile a mpotsa a tšohile hore na ke etsa’ng. Ke ile ka phahamisa hlooho eaba ke re: “Ke ne ke leboha Molimo hobane u e mong oa basebeletsi ba hae.” O ile a re: “U bolela’ng?” Ke ile ka mo bontša Baroma 13:4. E ne e le Moprostanta, kahoo temana ena ea Bibele e ile ea hapa thahasello ea hae. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Re ile ra bua metsotso e 30 ’me puisano ea rona e ile ea tsamaea hantle haholo. O ile a ba a re o hlompha mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova.

Batho ba Jehova ba loanne lintoa tse ngata makhotleng a Europe ka lilemo tse ngata. Linyeoe tsena li ne li amana le ho se nke lehlakore, ho loanela tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana, lekhetho le tse ling tse ngata. Ke bile le tokelo e kholo ea ho bona ha Jehova a re thusa ho atleha ho hlola linyeoe tse ngata. Lipaki Tsa Jehova li hlotse linyeoe tse fetang 140 Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho.

MOSEBETSI OA ’MUSO OA EKETSEHA CUBA

Lilemong tsa bo-1990 ke ile ka sebetsa le Mor’abo rona Philip Brumley ea tsoang ntlo-kholo le Mor’abo rona Valter Farneti ea tsoang Italy. Re ne re thusa bara le barali ba bo rona ba Cuba hore ba fumane bolokolohi ba ho rapela Jehova hobane mosebetsi oa rona o ne o thibetsoe moo. Ke ile ka ngolla ofisi ea boemeli ea Cuba e Belgium eaba ke kopana le ofisiri e neng e khethetsoe hore e sebetse kopo ea rona. Lipuisanong tsa pele tseo re bileng le tsona ha rea ka ra khona ho rarolla ho se utloisisane ho neng ho entse hore mosebetsi oa rona o thibeloe.

Ke na le Philip Brumley le Valter Farneti ha re ne re etetse Cuba ka lekhetlo le leng lilemong tsa bo-1990

Ka mor’a ho rapella tataiso ea Jehova, re ile ra kopa tumello ea ho romela Libibele tse 5 000 Cuba ka sekepe eaba rea e fuoa. Libibele li ile tsa fihla hantle tsa ba tsa fuoa bara ba bo rona, kahoo re ile ra etsa qeto ea hore Jehova o ne a hlohonolofatsa boiteko ba rona. Re ile ra boela ra kopa tumello ea ho romela Libibele tse ling tse 27 500. Le eona re ile ra e fuoa. Ho thusa bara le barali ba bo rona ba Cuba hore ba be le Libibele tsa bona ho ile ha nthabisa haholo.

Ke etetse Cuba ka makhetlo a mangata ke ntse ke thusa hore mosebetsi oa rona o lumelloe ka molao. Maeto ana a thusitse hore ke khone ho ba le kamano e ntle le liofisiri tse ngata tsa ’muso.

RE THUSA BARA BA BO RONA BA RWANDA

Ka 1994, batho ba fetang 1 000 000 ba ile ba bolaoa ka sehloho ntoeng ea merabe ha ho ne ho loantšoa Matutsi Rwanda. Ka bomalimabe, bara le barali ba bo rona ba bang le bona ba ile ba bolaoa. Kapele sehlopha sa bara ba bo rona se ile sa koptjoa hore se thuse bara le barali ba bo rona ba moo ka liphallelo.

Ha sehlopha sa rona se fihla motse-moholo Kigali, re ile ra fumana ofisi ea phetolelo le moo lingoloa tsa rona li fihlelang teng li ranthantsoe ka likulo. Re ile ra utloa lipale tse ngata tse tšosang haholo tsa bara le barali ba bo rona ba bolailoeng ka lithipa tse kholo. Empa re ile ra boela ra utloa litlaleho tsa kamoo bara le barali ba bo rona ba ileng ba bontšana lerato kateng. Ka mohlala, re ile ra kopana le mor’abo rona oa Motutsi ea neng a ile a ipata ka mokoting ka matsatsi a 28, a sirelelitsoe ke lelapa la Lipaki la Mahutu. Ha re le sebokeng Kigali, re ile ra khothatsa bara le barali ba bo rona ba ka holimo ho 900.

Ka lehlakoreng le letšehali: Buka e ileng ea thunngoa ke kulo ofising ea rona ea phetolelo

Ka lehlakoreng le letona: Ha ke ntse ke etsa mosebetsi oa ho fana ka liphallelo

Ka mor’a moo, re ile ra tšela leliboho ra kena naheng ea Zaire (hona joale e bitsoa Democratic Republic of the Congo) re e’o batla sehlopha se seholo sa Lipaki tsa Rwanda tse neng li balehetse likampong tsa baphaphathehi haufi le toropo ea Goma. Ha rea ka ra ba fumana, kahoo re ile ra kopa Jehova hore a re thuse ho ba fumana. Re ile ra bona motho ea neng a tsamaea eka o tla ho rona eaba rea mo botsa hore na ho na le Lipaki Tsa Jehova tseo a li tsebang. O ile a re: “E, ke Paki. Nka thabela ho le isa komiting ea liphallelo.” Ka mor’a hore re be le seboka se khothatsang le komiti ea liphallelo, re ile ra kopana le baphaphathehi ba ka bang 1 600 e le hore re ba khothatse le ho ba tšelisa ka Mangolo. Re ile ra boela ra ba balla lengolo le tsoang ho Sehlopha se Busang. Bara le barali ba bo rona ba ne ba thabile haholo ha ba utloa mantsoe a reng: “Re lula re le rapella. Rea tseba hore Jehova a ke ke a le lahla.” Mantsoe ao a Sehlopha se Busang e ne e le ’nete. Hona joale, Rwanda ho na le Lipaki tse fetang 30 000 tse sebeletsang Jehova hammoho li thabile.

KE IKEMISELITSE HO LULA KE TŠEPAHALA

Moratuoa oa ka Elly o ile a hlokahala ka 2011, re e-na le lilemo tse ka bang 58 re nyalane. Ke ile ka bolella Jehova kamoo ke utloileng bohloko kateng ’me o ile a ntšelisa. Ke ile ka boela ka tšelisoa ke ho bolella baahisani ba ka litaba tse monate tsa ’Muso.

Le hoja ke e-na le lilemo tse ka holimo ho 90, ke ntse ke ea tšimong beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ke boetse ke thabela ho thusa Lefapheng la Tsa Molao mona lekaleng la Belgium, ho thusa ba bang ka phihlelo ea ka le ho khothatsa ba bacha ba lelapa la Bethele.

Lilemo tse ka bang 84 tse fetileng, ke ile ka rapela Jehova ka lekhetlo la pele. Eo e bile qaleho ea leeto le hlollang le entseng hore ke atamele haufi-ufi le eena. Ke ananela haholo hore ebe Jehova o ile a arabela lithapelo tsa ka bophelo bohle ba ka.—Pes. 66:19. b

a Pale ea bophelo ea Mor’abo rona Schrantz e hlaha ho Molula-Qhooa oa Senyesemane oa September 15, 1973, leq. 570-574.

b Ha sehlooho sena se ntse se ngoloa, Mor’abo rona Marcel Gillet o ile a hlokahala ka la 4 February 2023.