Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 23

PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova

Jehova o re Mema Hore re be Baeti ba Hae

Jehova o re Mema Hore re be Baeti ba Hae

“Tente ea ka e tla ba moo ba lulang teng . . . ’me ’na ke tla ba Molimo oa bona.”EZEK. 37:27.

NTLHA-KHOLO

Ho re thusa hore re ananele memo eo Jehova a re fang eona le ho feta ea hore re be baeti tenteng ea hae le ho re bontša kamoo Jehova a re khathallang kateng joaloka baeti ba hae.

1, 2. Jehova o fa barapeli ba hae ba tšepahalang memo efe?

 U NE u ka re’ng haeba motho e mong a ne a ka u botsa a re: ‘Ho ea ka uena Jehova ke mang?’ Mohlomong u ne u ka mo araba ka ho re, ‘Jehova ke Ntate oa ka, ke Molimo oa ka le Motsoalle oa ka.’ Ho na le mantsoe a mang ao u ka a sebelisang ho hlalosa hore na Jehova ke mang. Empa na u kile oa nahana ka ho ba e mong oa baeti ba Jehova?

2 Morena Davida o ile a bapisa setsoalle sa Jehova le barapeli ba hae ba tšepahalang le kamano e teng pakeng tsa motho le baeti ba hae. O ile a botsa a re: “Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao? Ke mang ea ka lulang thabeng ea hao e halalelang?” (Pes. 15:1) Mantsoeng ana re ithuta hore re ka ba baeti ba Jehova e leng metsoalle ea hae. Ena ke memo e thabisang e tsoang ho Jehova.

JEHOVA O BATLA HORE RE BE BAETI BA HAE

3. Ke mang eo e bileng moeti oa pele oa Jehova, hona Jehova le moeti oa hae ba ne ba ikutloa joang?

3 Pele Jehova a bopa lintho tsohle o ne a le mong. Empa ha nako e ntse e ea o ile a bopa Mora oa hae oa letsibolo. Jehova o ne a le joaloka motho ea memmeng moeti oa hae oa pele tenteng ea hae ’me o ne a thabile haholo. Bibele e re Jehova o ne a rata Mora oa hae haholo ’me Mora oa hae le eena o ne a thabile “ka nako eohle . . . ka pel’a [Jehova.]”—Liprov. 8:30.

4. Ke bo-mang hape bao e ileng ea e-ba baeti ba Jehova?

4 Jehova o ile a bopa mangeloi ’me le ’ona e ile ea e-ba baeti ba hae. Bibele e re mangeloi ke ‘bara ba Molimo’ ’me e bontša kamoo a thabileng kateng hore ebe a lula a e-na le eena. (Jobo 38:7; Dan. 7:10) Ka lilemo tse ngata-ngata, baeti ba Molimo e ne e le feela mangeloi a neng a lula le eena leholimong. Ka mor’a moo, o ile a bopa batho ’me le bona e ile ea e-ba baeti ba hae. Ba bang ba baeti bao ba hae e ne e le Enoke, Noe, Abrahama le Jobo. Bibele e re e ne e le metsoalle ea Jehova hobane ba ne ba mo mamela.—Gen. 5:24; 6:9; Jobo 29:4; Esa. 41:8.

5. Re ka ithuta’ng boprofeteng bo hlahang lengolong la Ezekiele 37:​26, 27?

5 Ho theosa le lilemo tse ngata Jehova haesale a ntse a mema metsoalle ea hae hore e be baeti ba hae. (Bala Ezekiele 37:​26, 27.) Ka mohlala, boprofeteng ba Ezekiele re ithuta hore Molimo o batla hore barapeli ba hae ba tšepahalang ba be le kamano e haufi-ufi le eena. O tšepisa hore o tla etsa “selekane sa khotso le bona.” Boprofeta bona bo bua ka nako eo ka eona ba nang le tšepo ea ho phela leholimong le ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla momahana tenteng ea Jehova e le ‘mohlape o le mong.’ (Joh. 10:16) Nako eo e se e fihlile.

MOLIMO OA RE HLOKOMELA HO SA TSOTELLEHE HORE NA RE HOKAE

6. Ke joang motho e bang moeti tenteng ea Jehova, hona tente ea hae e fumaneha hokae?

6 Mehleng ea Bibele tente e ne e le sebaka seo motho a ka phomolang ho sona le ho itšireletsa maemong a leholimo. Moeti ea ileng tenteng ea motho e mong o ne a lebeletse hore motho ea mo memmeng a mo hlokomele. Ha re inehela ho Jehova re ba baeti tenteng ea hae. (Pes. 61:4) Re na le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re lule re e-na le setsoalle se matla le Jehova ebile re metsoalle ea baeti ba Jehova. Empa tente ea hae ha e sebakeng se itseng. Mohlomong u kile oa ea naheng e ’ngoe eaba u ea kopanong e kholo ’me oa kopana le batho ba bang ba thabelang ho ba tenteng ea Molimo. Tente ea Jehova e hohle moo barapeli ba hae ba tšepahalang ba leng teng.—Tšen. 21:3.

7. Ke hobane’ng ha re ka re batho ba ileng ba shoa ba tšepahala e ntse e le baeti tenteng ea Jehova? (Sheba setšoantšo.)

7 Ho thoe’ng ka batho ba ileng ba shoa ba tšepahala? Na e ka ba ntho e utloahalang ha re ka re le bona e ntse e le baeti tenteng ea Jehova? Ho joalo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane Jehova o ntse a ba hopola hantle. Jesu o ile a re: “Taba ea hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a bua ka eona ha a bua ka sehlahla se meutloa. O ile a re Jehova ke Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo. Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu hobane ho eena baa phela kaofela.”—Luka 20:​37, 38.

Batho ba ileng ba hlokahala ba tšepahala le bona e ka ba baeti tenteng ea Molimo (Sheba serapa sa 7)


MELEMO EO RE E FUMANANG LE BOIKARABELO BOO RE NANG LE BONA

8. Ke melemo efe eo baeti ba Jehova ba e fumanang tenteng ea hae?

8 Feela joalokaha tente ea sebele e ka ba sebaka sa ho phomola le ho itšireletsa maemong a leholimo, tente ea Jehova le eona e sireletsa baeti ba hae e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senyang kamano ea bona le eena ebile e ba fa tšepo ka bokamoso. Ha re lula re le metsoalle e haufi ea Jehova, ha ho letho leo Satane a ka le etsang le ka re lematsang ka ho sa feleng. (Pes. 31:23; 1 Joh. 3:8) Lefatšeng le lecha Jehova o tla tsoela pele a sireletsa metsoalle ea hae e tšepahalang linthong tse ka senyang kamano ea bona le eena. O tla boela a ba sireletse e le hore ba se ke ba shoa.—Tšen. 21:4.

9. Jehova o lebeletse hore baeti ba hae ba itšoare joang?

9 Ke tlotla e kholo ho ba moeti tenteng ea Jehova le ho ba le kamano e ntle le eena e ka lulang e le teng ka ho sa feleng. Re lokela ho itšoara joang haeba re batla ho tsoela pele re le baeti ba Jehova? Haeba u ne u ka memeloa ha motho e mong, u ne u ka batla ho tseba hore na o lebeletse hore u etse’ng. Ka mohlala, a ka batla hore u role lieta tsa hao pele u ka kena ka tlung ’me u ka etsa sona seo. Ka ho tšoanang, re batla ho tseba hore na Jehova o lebeletse’ng ho batho ba batlang ho tsoela pele e le baeti tenteng ea hae. Lerato la rona ho Jehova le re susumeletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thabisa. (Bakol. 1:10) Ke ’nete hore Jehova ke Motsoalle oa rona empa re boetse rea hlokomela hore ke Molimo le Ntate oa rona ea tšoaneloang ke tlhompho ea rona. (Pes. 25:14) Re ntse re hopola seo, re lokela ho lula re mo hlompha re sa lebale hore na ke mang ’me tlhompho e joalo e tla re thusa hore re qobe ho itšoara ka tsela e ke keng ea mo thabisa. Kannete re batla ho ‘tsamaea le Molimo oa rona re ikokobelitse.’—Mik. 6:8.

JEHOVA O ILE A TŠOARA BAISERAELE KA TOKA

10, 11. Tsela eo Jehova a ileng a tšoara Baiseraele ka eona ha ba ne ba le lefeelleng la Sinai e bontša joang hore o na le toka?

10 Jehova o tšoara baeti ba hae ka toka. (Bar. 2:11) Re ka ithuta sena ha re sheba tsela eo a ileng a tšoara Baiseraele ka eona ha ba ne ba le lefeelleng la Sinai.

11 Ka mor’a hore Jehova a lokolle batho ba hae botlamuoeng Egepeta, o ile a khetha baprista hore ba sebetse tabernakeleng. O ile a fa Balevi boikarabelo ba hore ba hlokomele mesebetsi e meng e neng e etsoa tenteng e halalelang. Na Jehova o ne a hlokomela batho ba neng ba sebetsa tabernakeleng kapa ba neng ba lula pel’a eona ho feta tsela eo a neng a hlokomela batho ba bang ka eona? Che, ha ho joalo, Jehova ha a leeme.

12. Tsela eo Jehova a ileng a tšoara Baiseraele ka eona lefeelleng e bontšitse joang hore ha a leeme? (Exoda 40:38) (Sheba setšoantšo.)

12 Motho e mong le e mong ea neng a lula likampong, o ne a e-na le monyetla o tšoanang oa ho thabela kamano eo a nang le eona le Jehova ho sa tsotellehe hore na o fuoe mosebetsi o khethehileng kapa hore na o lula haufi le tabernakele. Ka mohlala, Jehova o ne a entse bonnete ba hore sechaba kaofela se khona ho bona pilara ea leru le pilara ea mollo ha li le ka holim’a tabernakele. (Bala Exoda 40:38.) Ha leru le qala ho phahama, batho bohle ho akareletsa le ba neng ba lula hole le tabernakele, ba ne ba khona ho le bona ’me ba paka lithoto tsa bona le ho qhaqha litente tsa bona ebe ba tsamaisana hammoho e le sechaba. (Num. 9:​15-23) Bohle ba ne ba khona ho utloa molumo o ikhethang oa literompeta tse peli tsa silevera o neng o bolela hore bohle ba lokela ho tsamaea. (Num. 10:2) Ho hlakile hore ho lula pel’a tabernakele e ne e se bopaki ba hore motho o na le setsoalle se haufi le Jehova. Empa Baiseraele bohle e ne e ka ba baeti ba Jehova ’me ba khona ho fumana tataiso le tšireletso ea hae. Ka ho tšoanang, le kajeno Jehova o ntse a re rata, a re hlokomela hape a re sireletsa ho sa tsotellehe hore na re lula hokae.

Tokisetso ea Molimo ea tabernakele e ne e bontša hore Jehova o na le toka (Sheba serapa sa 12)


MEHLALA EA KAJENO E BONTŠANG HORE JEHOVA O NA LE TOKA

13. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova o na le toka le kajeno?

13 Bahlanka ba bang ba Molimo kajeno ba lula pel’a ntlo-kholo kapa ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Ba bang ba sebetsa mehahong ena. Kahoo, ba khona ho thusa ho etsa mesebetsi e mengata e etsoang libakeng tsena ebile ba khona ho tseba bara ba bo rona ba etellang pele. Ba bang ke balebeli ba tsamaeang ’me ba bang ba etsa mesebetsi e meng tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng. Le hoja e ka ’na eaba ha u e mong oa batho bana, u ka kholiseha hore u ntse u le moeti oa Jehova ’me oa u rata. Hape o u tseba hantle ebile o u fa lintho tseo u li hlokang. (1 Pet. 5:7) Jehova o fa bahlanka bohle ba hae lintho tse ba thusang hore ba be le kamano e ntle le eena ebile oa ba tataisa le ho ba sireletsa.

14. Joaloka motho ea amohelang baeti, Jehova o bontša joang hore ha a leeme?

14 Joaloka motho ea amohelang baeti, Jehova le eena ha a leeme hobane o entse hore Bibele e fumanehe bakeng sa batho bohle lefatšeng kajeno. Mangolo a Halalelang a ne a ngotsoe ka lipuo tse tharo e leng Seheberu, Searame le Segerike. Na ebe batho ba khonang ho bala Bibele ka lipuo tsee ke bona feela ba nang le kamano e haufi le Jehova ho feta ba sa khoneng? Che, ha ho joalo.—Mat. 11:25.

15. Ke’ng e bontšang hore Jehova ha a leeme? (Sheba setšoantšo.)

15 Jehova ha a re meme hore re be metsoalle ea hae hobane feela re rutehile haholo kapa re tseba lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona pele. Ho e-na le hoo, Jehova ha a etsa hore bohlale ba hae bo tsejoe feela ke batho ba rutehileng empa o entse hore bo tsejoe ke batho bohle lefatšeng ho sa tsotellehe hore na ba rutehile kapa ha baa ruteha. Lentsoe la hae Bibele le fetoletsoe ka lipuo tse makholo. Kahoo, batho bohle lefatšeng ba ka fumana molemo ho lona ’me ba ithuta hore na ba ka etsa’ng e le hore e be metsoalle ea hae.—2 Tim. 3:​16, 17.

Taba ea hore Bibele e fumaneha ka lipuo tse ngata e bontša joang hore Jehova ha a leeme? (Sheba serapa sa 15)


LULA U ‘AMOHELOA’ KE JEHOVA

16. Ho ea ka Liketso 10:​34, 35, re ka etsa’ng hore re lule re amoheloa ke Jehova?

16 Ho thabisa haholo ho amoheloa ke Jehova joaloka baeti tenteng ea hae. O mosa haholo, o lerato haholo ebile o amohela baeti ka mofuthu ho feta motho leha e le ofe. Hape Jehova ha a leeme. O re amohela kaofela ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, re holisitsoe joang, re rutehile hakae, re tsoa morabeng ofe, re tsoa setsong sefe, re lilemo li kae, kapa re batho ba bong bofe. Leha ho le joalo, Jehova o amohela feela batho ba mamelang melao ea hae hore e be baeti ba hae.—Bala Liketso 10:​34, 35.

17. Ke hokae moo re ka fumanang boitsebiso bo eketsehileng ka ho ba baeti tenteng ea Jehova?

17 Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 15:​1, Davida o ile a botsa lipotso tsena: “Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao? Ke mang ea ka lulang thabeng ea hao e halalelang?” Jehova o ile a sebelisa Davida ho araba lipotso tsena. Sehloohong se latelang re tl’o bua ka lintho tseo re hlokang ho li etsa e le hore re lule re amoheleha ho Jehova.

PINA EA 32 Emang le Jehova