Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 17

PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

U se ke oa Tlohela ho Sebeletsa Jehova

U se ke oa Tlohela ho Sebeletsa Jehova

“Thabang ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bopang.”ESA. 65:18.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore ho sebeletsa Jehova le Bakreste-’moho ho re tsoela molemo le hore na re ka thusa batho ba bang joang hore le bona ba mo sebeletse.

1. Batho ba sebeletsang Jehova ba ikemiselitse ho etsa’ng?

 HO NA LE batho ba sebeletsang Jehova ka khotso le ka kutloano mehleng ena ebile ba phathahane ka ho etsa lintho tse ngata tse ntle. Batho bana ba baloa ka limilione ’me ke karolo ea mokhatlo oa Jehova o nang le khotso. Ba ikemiselitse hore le ka mohla ba ke ke ba tlohela ho sebeletsa Jehova ebile ba batla ho thusa batho ba bangata hore le bona e be metsoalle ea Jehova.

2. Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re ikutloe joang?

2 Jehova o thusa batho ba batlang ho lula ba ntse ba mo sebeletsa hore ba be le khotso le kutloano le hoja ba lula lefatšeng la Satane le khopo le le kotsi, moo batho ba nang le lehloeo. (1 Joh. 5:19; Tšen. 12:12) Molimo o bona lintho tsohle tse utloisang batho bohloko empa o etsa hore bahlanka ba hae ba ikutloe ba sireletsehile e le hore ba ka tsoela pele ba ntse ba mo sebeletsa ba thabile. Lentsoe la hae le bontša hore ha re mo sebeletsa re fumana “setšabelo” ’me re tšoana le “serapa se nosetsoang hantle.” (Esa. 4:6; 58:11) Batho ba sebeletsang Jehova ba lula ba thabile ebile ba ikutloa ba sireletsehile matsatsing ana a ho qetela.—Esa. 54:14; 2 Tim. 3:1.

3. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea 65 bo phethahetse joang mehleng ea khale?

3 Jehova o ile a sebelisa moprofeta Esaia ho hlalosa hore na batho ba mo sebeletsang ba ne ba tla phela joang. U ka fumana tlaleho eo ho Esaia khaolo ea 65, e ileng ea phethahala ka lekhetlo la pele ka selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu. Ka nako eo Bajuda ba ne ba lokolotsoe botlamuoeng Babilona ’me ba ile ba khutlela naheng ea bona. Jehova o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ’me a ba thusa hore ba lokise motse oa Jerusalema o neng o senyehile, ba o etse hore o boele o be motle le hore tempele e boele e be sebaka seo ho rapeloang Jehova ho sona Iseraele.—Esa. 51:11; Zak. 8:3.

4. Esaia khaolo ea 65 e phethahala joang mehleng ee?

4 Boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala ka lekhetlo la bobeli ka selemo sa 1919 ha bahlanka ba Jehova ba ne ba lopolloa Babilona e Moholo. Ho tloha ka nako eo bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle ba ile ba qala ho mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. Baboleli ba ’Muso ba chesehang ba ile ba theha liphutheho tse ngata ’me ba qala ho ba le makhabane a Bokreste. Banna le basali ba neng ba le mabifi ’me ba itšoere hampe ba ile ba ‘apara botho bo bocha boo Molimo a bo entseng ho ea ka thato ea hae.’ (Baef. 4:24) Le hoja litlhohonolofatso tse ngata tseo Esaia a buang ka tsona li tla phethahala lefatšeng le lecha, le hona joale re ntse re thabela tse ling tsa tsona hobane re sebeletsa Jehova. A re boneng hore na ho sebeletsa Jehova ho re tsoela molemo joang le hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho khaotsa ho mo sebeletsa.

BATHO BA SEBELETSANG JEHOVA BA IKUTLOA JOANG?

5. Esaia 65:13 e re batho ba sebeletsang Jehova ba thabela lintho life?

5 Ba phetse hantle ebile ba khatholohile. Boprofeta ba Esaia bo bontša phapang e teng pakeng tsa batho ba sebeletsang Jehova le ba sa mo sebeletseng. (Bala Esaia 65:13.) Jehova o fa bahlanka ba hae ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e hlokang e le hore ba lule ba e-na le tumelo e matla. O re fa moea oa hae o halalelang, Lentsoe la hae Bibele, lingoloa le livideo e le hore re ka ‘ja, ra noa ’me ra thaba.’ (Bapisa le Tšenolo 22:17.) Empa batho ba sa sebeletseng Jehova bona baa ‘lapa, baa nyoroa ebile baa soaba.’ Ha ba na kamano e ntle le Molimo.—Amose 8:11.

6. Joele 2:​21-24 e bontša hore ke limpho life tseo Jehova a re fang tsona, hona li ka re tsoela molemo joang?

6 Joele o sebelisitse lintho tsa bohlokoa boprofeteng ba hae tse kang lijo, veine le oli ea mohloaare ho bontša hore Jehova o fa batho ba hae lintho tseo ba li hlokang e le hore ba ka lula ba e-na le tumelo e matla. Lintho tsena li akareletsa litaelo tse tsoang ka Bibeleng. (Joele 2:​21-24) O sebelisa Bibele le lingoloa tsa rona, websaete ea rona, liboka, likopano tse nyenyane le tse kholo. Ha re sebelisa lintho tsena kamehla, re tla phela hantle re be re khatholohe le ho feta.

7. Ke’ng e etsang hore ‘lipelo tsa rona li thabe’? (Esaia 65:14)

7 Ba thabile hape ba khotsofetse. Bahlanka ba Molimo ba ka “hoeletsa ba thabile” hobane ba bontša kananelo ho Jehova. (Bala Esaia 65:14.) Lithuto tse matlafatsang tumelo le litšepiso tse ka Lentsoeng la Molimo hammoho le tšepo eo re nang le eona ka bokamoso ka lebaka la sehlabelo sa Kreste li etsa hore ‘lipelo tsa rona li thabe.’ Ha re bua ka lintho tsena le bara le barali ba bo rona re thaba e le kannete.—Pes. 34:8; 133:​1-3.

8. Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tse khethollang batho ba sebeletsang Jehova?

8 Lerato le kutloano ke lintho tse peli tsa bohlokoa tse khethollang batho ba sebeletsang Jehova. Taba ea hore rea ‘utloana’ e re thusa hore re bone hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha moo bahlanka ba Jehova ba tla thabela ho bontšana lerato le ho utloana ho feta mehleng ena. (Bakol. 3:14) Morali e mong oa bo rona o hlalosa hore na ke’ng eo a ileng a e bona ha a ne a qala ho kopana le batho ba Jehova. O re: “Ke ne ke se motho ea thabileng, ke ne ke sa khone ho thaba le ka lelapeng la ka. Ke ile ka bona batho ba ratanang e le kannete ka lekhetlo la pele ha ke ne ke kopana le Lipaki Tsa Jehova.” Motho e mong le e mong ea batlang ho lula a thabile o lokela ho sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba nahana’ng ka bahlanka ba Jehova, ba na le kamano e ntle le Molimo le Bakreste-’moho le bona.—Esa. 65:15.

9. Esaia 65:​16, 17 e re tšepisa hore ho tla etsahala’ng ka mathata ao re nang le ’ona?

9 Ba khobile matšoafo. Esaia 65:14 e re batho ba khethang ho tlohela ho sebeletsa Jehova baa ‘lla ka lebaka la lipelo tse bohloko ebile baa bokolla hobane ba oele moea.’ Ho tla etsahala’ng ka lintho tse utloisang bahlanka ba Molimo bohloko le mathata a ba hlahelang? Lintho tseo li tla be li “lebetsoe [’me li] tla tlosoa ka pel’a mahlo a [Molimo].” (Bala Esaia 65:​16, 17.) Jehova o tla felisa mathata a rona ’me o tla etsa hore re lebale lintho tse re utloisang bohloko ka ho feletseng.

10. Ke hobane’ng ha u ananela ho ba le Bakreste-’moho le uena? (Sheba setšoantšo.)

10 Re ikutloa re khatholohile ha re le libokeng hobane ho ba libokeng ho re thusa hore re se ke ra nahana ka lintho tse re tšoenyang tse etsahalang lefatšeng lena le khopo. Hape re thusa bara le barali ba bo rona hore ba lule ba khobile matšoafo ka hore re be le lerato, thabo, khotso, mosa le bonolo e leng litholoana tse behoang ke moea o halalelang. (Bagal. 5:​22, 23) Ke tlhohonolofatso e kholo hore ebe re karolo ea mokhatlo oa Molimo. Batho bohle ba tsoelang pele ho sebeletsa Jehova ba tla bona ha tšepiso ea Molimo ea hore ho tla ba le “maholimo a macha le lefatše le lecha” e phethahala.

Re thabela ho ba karolo ea lelapa la Molimo (Sheba serapa sa 10) b


11. Ho ea ka Esaia 65:​18, 19, ho ba ka mokhatlong oa Jehova ho etsa hore re ikutloe joang?

11 Ba na le kananelo ebile ba thabile. Esaia o tsoela pele ho fana ka lebaka la hore na ke hobane’ng ha re ‘thabile ebile re nyakalletse’ ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Mokhatlo ona o thehiloe ke Jehova. (Bala Esaia 65:​18, 19.) Ke kahoo a sebelisang rona ho thusa batho hore ba tsoe mekhatlong ea lefatše lena e sa ruteng ’nete ka eena le ho ba thusa hore ba tle ka mokhatlong oa hae. Rea thaba ka lebaka la litlhohonolofatso tseo re li fumanang hobane re le ka mokhatlong oa Jehova ebile re ikemiselitse ho bolella batho ba bang ka tsona.—Jer. 31:12.

12. Litšepiso tse lengolong la Esaia 65:​20-24 li etsa hore u ikutloe joang, hona hobane’ng?

12 Re boetse re ananela le ho thabisoa ke tšepo eo re nang le eona ka lebaka la kamano eo re nang le eona le Jehova. Nahana ka lintho tseo re tla li bona le ho li etsa lefatšeng le lecha leo Molimo a re tšepisitseng lona. Bibele e re: “Ha ho sa tla hlola ho e-ba le lesea le phelang matsatsi a seng makae feela, kapa motho ea holileng ea tla phela nako e khutšoanyane.” Re tla ‘haha matlo ’me re lule ho ’ona ebile re tla lema lirapa tsa morara ’me re je litholoana tsa tsona.’ Re ‘ke ke ra sebeletsa lefeela hobane re tla ba “ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova.” Molimo o re tšepisa hore re tla lula re sireletsehile ’me re thabele bophelo. ‘Le pele re hoeletsa,’ o tla tseba hore na re hloka eng ebile o tla “khotsofatsa lintho tsohle tse phelang.”—Esa. 65:​20-24; Pes. 145:16.

13. Lengolo la Esaia 65:25 le hlalosa liphetoho tseo batho ba li entseng bophelong ba bona e le hore ba sebeletse Jehova joang?

13 Ba na le khotso ebile ba sireletsehile. Ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, batho ba bangata ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse mpe ba entse liphetoho tse kholo bophelong ba bona. (Bala Esaia 65:25.) Ba sebelitse ka thata hore ba tlohele ho etsa lintho tse mpe tseo ba neng ba tloaetse ho li etsa. (Bar. 12:2; Baef. 4:​22-24) Kaha re baetsalibe, re tla lula re ntse re etsa liphoso. Leha ho le joalo, Jehova o entse hore “batho ba mefuta eohle” ba momahane ka hore ba bontšane lerato le hore ba phele ka khotso. (Tite 2:11) Ke Molimo ea matla ’ohle feela ea ka etsang ntho ena.

14. Mantsoe a ho Esaia 65:25 a ile a phethahala joang ho mor’abo rona e mong?

14 Na motho a ka khona ho fetola botho ba hae? Nahana ka mohlala ona. Mohlankana e mong ea neng a kena a tsoa teronkong le pele a e-ba lilemo li 20, o ne a itšoere hampe a bile a rata ntoa. O ile a tšoaroa hobane a ne a utsoitse koloi, a utsoelitse batho matlung a bona ebile a tlotse molao ka litsela tse ling. E ne e le ntoa lumela. Ha a ne a qala ho utloa ’nete e tsoang ka Bibeleng ’me a qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, o ne a kholisehile hore o fumane morero oa bophelo e leng ho sebeletsa Jehova. Ka mor’a hore a kolobetsoe, o ne a lula a nahana ka hore Esaia 65:25 e bua ka eena. O ne a tšoana le tau hobane o ne a le mabifi empa o ile a fetoha ’me a tšoana le konyana hobane o ne a se a le bonolo.

15. Ke hobane’ng ha re batla ho mema batho ba bang hore le bona e be karolo ea mokhatlo oa Jehova, hona re ka etsa seo joang?

15 Lengolo la Esaia 65:13 le qala ka mantsoe a reng: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re.” Temana ea 25 e qetella ka mantsoe a reng “ke Jehova ea chong.” Mantsoe ana a re tiisetsa hore litšepiso tsa Jehova li lula li phethahala. (Esa. 55:​10, 11) Hona joale re se re ntse re phela ka khotso le ka kutloano le Bakreste-’moho le rona. Jehova o entse lelapa le ikhethang la bara le barali ba bo rona. Ka lebaka la hore re karolo ea lelapa lena le leholo, re na le khotso hona joale ebile re ikutloa re sireletsehile le hoja re phela lefatšeng le khopo. (Pes. 72:7) Ka lebaka lena, re batla ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng hore le bona e be karolo ea lelapa la Jehova. Re ka khona ho etsa joalo ha re tsoela pele re etsa mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa.—Mat. 28:​19, 20.

THUSA BATHO BA BANG HORE E BE KAROLO EA MOKHATLO OA JEHOVA

16. Ke’ng e ka thusang batho ba bang hore ba batle ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova?

16 Kaofela ha rona re na le boikarabelo ba ho thusa batho ba bang hore e be karolo ea mokhatlo oa Jehova. Re ka khona ho etsa sena ka hore re etsise Jehova. Jehova ha a qobelle batho hore e be karolo ea mokhatlo oa hae empa o ba “hulela” ho eena ka tsela e bonolo. (Joh. 6:44; Jer. 31:3) Ha batho ba lokileng ba ithuta ka Jehova le ka makhabane a hae, ho ba bonolo hore ba atamele ho eena. Botho ba rona le tsela eo re itšoarang ka eona e ka thusa batho ba bang joang hore e be karolo ea mokhatlo oa Jehova?

17. Re ka etsa’ng hore batho ba bang ba batle ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova?

17 Tsela e ’ngoe eo re ka etsang hore batho ba bang ba batle ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova ke ka hore re bontše Bakreste-’moho le rona lerato ’me re ba tšoare ka mosa. Ha motho a qala ho tla libokeng, re batla hore a ikutloe ka tsela e tšoanang le eo batho ba neng ba ile libokeng mehleng ea Bakreste ba Korinthe ba neng ba ikutloa ka eona. Ba ile ba re: “Kannete Molimo o na le lona.” (1 Bakor. 14:​24, 25; Zak. 8:23) Kahoo, re lokela ho tsoela pele re mamela keletso e reng “le phelisane ka khotso.”—1 Bathes. 5:13.

18. Ke’ng e ka etsang hore batho ba batle ho tla ka mokhatlong oa Jehova?

18 Re lokela ho leka ho ba le boikutlo boo Jehova a nang le bona ka Bakreste-’moho le rona. Re ka thusoa ke hore re se ke ra sheba liphoso tsa bona empa re shebe lintho tse ntle tseo ba li etsang. Re ka leka ho lokisa litaba pakeng tsa rona ka tsela e lerato ka hore re ‘bontšane mosa, re be le qenehelo re be re tšoarelane ka bolokolohi.’ (Baef. 4:32) Ha re etsa joalo, batho ba bang ba tla batla ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova hobane ba batla ho bontšoa lerato le ho tšoaroa ka mosa. a

LULA U LE KAROLO EA MOKHATLO OA JEHOVA

19. (a) Joalokaha ho bontšitsoe lebokoseng le reng “ Ba ne ba Tsoile ka Phuthehong ’Me ba Khutlile,” ke’ng eo batho ba bang ba ileng ba e bua ka mor’a hore ba khutlele ka phuthehong? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? (Sheba setšoantšo.)

19 Re ananela haholo hore ebe re karolo ea mokhatlo oa Jehova. Hoa thabisa hore ebe mokhatlo oa Jehova o na le batho ba bangata ba mo sebeletsang ho feta nakong e fetileng. Re tla lula re ananela hore Jehova o entse hore re be karolo ea mokhatlo oa hae. Motho e mong le e mong ea batlang ho lula a khatholohile, a thabile a bile a ikutloa a sireletsehile, o lokela ho lula e le karolo ea mokhatlo oa Jehova. Empa re lokela ho ba seli hobane Satane o etsa sohle seo a ka se khonang hore a re ntše ka hare ho mokhatlo oa Jehova. (1 Pet. 5:8; Tšen. 12:9) Ha rea lokela ho mo lumella hore a atlehe. A re sebetseng ka thata e le hore re sireletse khotso eo re nang le eona ka hare ho mokhatlo oa Jehova.

Batho ba lulang ba sebeletsa Jehova ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang paradeiseng (Sheba serapa sa 19)


U KA RE’NG?

  • Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re ikutloe joang?

  • Ke litlhohonolofatso life tseo re li fumanang ka hare ho mokhatlo oa Jehova?

  • Re ka etsa’ng e le hore batho ba batle ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova?

PINA EA 144 A re Luleng re E-na le Tšepo

a Shebella video e reng Ba Hokae Hona Joale? Alena Žitníková: Qetellong ke Ile ka ba le Khotso ho jw.org/st ’me u bone hore na morali oa bo rona o ile a fumana litlhohonolofatso life ha a ntse a sebeletsa Jehova.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ha bara le barali ba bo rona ba thabetse ho ba hammoho libokeng, mor’abo rona e mong o ikarotse ’me o lutse a le mong.