Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 14

“Bohle ba Tla Tseba Hore le Barutuoa ba Ka”

“Bohle ba Tla Tseba Hore le Barutuoa ba Ka”

“Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.”—JOH. 13:35.

PINA EA 106 A re Beng le Lerato

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

Batho bao e seng Lipaki Tsa Jehova ba ikutloa joang ha ba bona tsela eo bahlanka ba Jehova ba ratanang ka eona? (Sheba serapa sa 1)

1. Batho ba khahloa ke’ng ha ba tlile Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ka lekhetlo la pele? (Sheba setšoantšo.)

 AK’U nahane ka banyalani ba eang Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ka lekhetlo la pele. Baa khahloa ha ba bona bara le barali ba bo rona ba le botsoalle ebile ba bontša hore baa ratana. Ha ba ntse ba le tseleng e eang hae, mosali o re ho monna oa hae: ‘Lipaki Tsa Jehova li fapane hole le batho bao re kileng ra kopana le bona ’me ke thabetse ho ba le tsona.’

2. Ke hobane’ng ha ba bang ba tlohetse ho sebeletsa Jehova?

2 Tsela eo bahlanka ba Molimo ba ratanang ka eona ea ikhetha. Lipaki Tsa Jehova ha lia phethahala. (1 Joh. 1:8) Kahoo, ha re ntse re tseba Bakreste-’moho haholoanyane, re tla bona tse ling tsa liphoso tsa bona. (Bar. 3:23) Ka masoabi, ba bang ba lumeletse hore liphoso tsa batho ba bang li etse hore ba tlohele ho sebeletsa Jehova.

3. Batho ba ka tseba Bakreste ba ’nete joang? (Johanne 13:34, 35)

3 Ak’u shebe lengolo la sehlooho hape. (Bala Johanne 13:34, 35.) Batho ba ka tseba Bakreste ba ’nete joang? Bakreste ba ’nete baa ratana le hoja ba sa phethahala. Hlokomela hore Jesu haa ka a re: ‘Le tla tseba hore le barutuoa ba ka.’ Empa o ile a re: “Bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.” Jesu o ile a bontša hore ha se balateli ba hae feela ba neng ba tla tseba hore ke Bakreste ba ’nete empa le batho ba bang ba ne ba tla tseba ha ba bona kamoo ba ratanang kateng.

4. Ke’ng eo batho ba bang ba ka batlang ho e tseba ka Bakreste ba ’nete?

4 Batho ba bang bao e seng Lipaki Tsa Jehova ba ka ’na ba ipotsa: ‘Lerato le ka re thusa joang hore re tsebe Bakreste ba ’nete? Jesu o ile a bontša joang hore o rata baapostola ba hae? Hona re ka etsisa mohlala oa Jesu joang mehleng ee?’ Lipaki Tsa Jehova le tsona li tla be li etsa hantle haeba li nahana ka likarabo tsa lipotso tsena. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re rate batho ba bang haholoanyane, haholo-holo ha ba etsa liphoso.—Baef. 5:2.

KE HOBANE’NG HA LERATO LE KHETHOLLA BAKRESTE BA ’NETE?

5. Hlalosa mantsoe a Jesu a ho Johanne 15:12, 13.

5 Jesu o ile a re balateli ba hae ba ne ba tla ratana ka tsela e ikhethang. (Bala Johanne 15:12, 13.) Jesu o ile a ba fa taelo ena: “Le ratane joalokaha ke le ratile.” O ne a bolela’ng? Jesu o ile a re lerato lena le bolela hore Mokreste o lokela ho rata batho ba bang ho feta kamoo a ithatang kateng, hoo a ka ba shoelang haeba ho hlokahala. b

6. Lentsoe la Molimo le bontša joang hore ke habohlokoa hore re ratane?

6 Lentsoe la Molimo le re lerato ke la bohlokoa haholo. Ka mohlala, batho ba bangata ba rata litemana tsena: “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) “U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.” (Mat. 22:39) “Motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.” (1 Pet. 4:8) “Lerato ha le fele.” (1 Bakor. 13:8) Litemana tsena le tse ling li bontša ka ho hlaka hore ke habohlokoa ho ratana.

7. Ke hobane’ng ha Satane a ke ke a khona ho etsa hore batho ba momahane le ho ratana e le kannete?

7 Batho ba bangata baa ipotsa hore na ba ka tseba bolumeli ba ’nete joang hobane malumeli ’ohle a re a ruta ’nete empa kaofela ha ’ona a ruta lintho tse fapaneng ka Molimo. Satane o entse hore ho be le malumeli a mangata a bohata ’me seo se entse hore batho ba bangata ba se ke ba tseba hore na bolumeli ba ’nete ke bofe. Empa a ke ke a kopanya batho lefatšeng lohle hore ba ratane. Ke Jehova feela ea ka etsang joalo. Re tseba sena hobane Jehova ke Mohloli oa lerato ’me batho ba hae ba khona ho ratana e le kannete hobane o ba fa moea oa hae o halalelang ’me oa ba hlohonolofatsa. (1 Joh. 4:7) Ke kahoo Jesu a ileng a re ke balateli ba hae feela ba ka ratanang e le kannete.

8, 9. Batho ba bangata ba ile ba ikutloa joang ha ba bona tsela eo Lipaki Tsa Jehova li ratanang ka eona?

8 Batho ba bangata ba khona ho tseba balateli ba Jesu hobane ba ratana e le kannete joalokaha a boletse. Ka mohlala, Mor’abo rona Ian o hopola ka lekhetlo la pele ha a ne a ile kopanong e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali le haufi le moo a lulang teng. Ian o ile a ea lebaleng leo likhoeli tse ’maloa pele ho moo a il’o shebella papali e itseng. O re: “Kopanong ena ke ile ka bona phapang e kholo. Lipaki li ne li le mosa li bile li apere hantle ’me bana ba ne ba itšoere hantle.” O boetse o re: “Ka holim’a tsohle, batho bana ba ne ba bonahala ba khotsofetse ebile ba e-na le khotso—e leng ntho eo ke neng ke e labalabela. Ha ke hopole lipuo tse neng li fanoa letsatsing leo empa ke ile ka lula ke hopola kamoo Lipaki li neng li itšoere kateng.” c Lebaka leo re itšoarang ka tsela ena ke hobane re ratana e le kannete. Ke kahoo re hlomphanang le ho tšoarana ka mosa.

9 Mor’abo rona John le eena o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang ha a ne a qala ho ea libokeng. O re: “Ke ile ka khahloa ke kamohelo e mofuthu le boitšoaro bo botle ba batho bohle moo—e ne eka ke bahalaleli. Lerato la bona la sebele le ile la nkholisa hore joale ke fumane bolumeli ba ’nete.” d Lipale tsena le tse ling li bontša hore bahlanka ba Jehova ke Bakreste ba ’nete.

10. Ke neng moo ka ho khetheha re lokelang ho bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona? (Sheba naletsana.)

10 Re se re ithutile hore kaofela ha rona ha rea phethahala. Ka linako tse ling, bara le barali ba bo rona ba ka bua kapa ba etsa lintho tse re utloisang bohloko. e (Jak. 3:2) Lintho tseo re li buang le tseo re li etsang li tla bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona, haholo-holo ha ba re utloisitse bohloko. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu tabeng ee?—Joh. 13:15.

JESU O ILE A BONTŠA JOANG HORE O RATA BAAPOSTOLA BA HAE?

Jesu o ile a lula a rata baapostola ba hae le hoja ba ne ba etsa liphoso tse ngata (Sheba serapa sa 11-13)

11. Jakobo le Johanne ba ile ba bontša hore ba na le bofokoli bofe? (Sheba setšoantšo.)

11 Jesu o ne a sa lebella hore balateli ba hae e be batho ba phethahetseng. Ho e-na le hoo, o ile a ba thusa hore ba sebetsane le mefokolo ea bona e le hore ba ka thabisa Jehova. Ka letsatsi le leng, baapostola ba babeli e leng Jakobo le Johanne ba ile ba re ’mè oa bona a kope Jesu hore a ba fe boemo bo phahameng ’Musong. (Mat. 20:20, 21) Seo Jakobo le Johanne ba ileng ba se etsa se ile sa bontša hore baa ikhohomosa le hore ba batla ho ba bohlokoa ho feta ba bang.—Liprov. 16:18.

12. Na ke Jakobo le Johanne feela ba ileng ba ikhohomosa le ho nahana hore ba bohlokoa ho feta ba bang? Hlalosa.

12 Letsatsing leo, Jakobo le Johanne ha se bona feela ba ileng ba ikhohomosa le ho nahana hore ba bohlokoa ho feta ba bang. Hlokomela hore na baapostola ba bang ba ile ba etsa’ng: “Ha barutuoa ba bang ba leshome ba utloa taba ena, ba halefela Jakobo le Johanne.” (Mat. 20:24) Ho ka etsahala hore Jakobo, Johanne le baapostola ba bang ba ile ba loantšana ka mantsoe. Mohlomong ba bang ba ile ba re: ‘Le nahana hore le bo-mang hore le batle boemo bo phahameng? Ha se lona feela ba ileng ba sebetsa ka thata le Jesu. Le rona re tšoaneloa ke boemo bo phahameng joaloka lona.’ Ho sa tsotellehe hore na ba ile ba re’ng kapa ba nahana’ng, ba ile ba lebala ho bontšana lerato le mosa boemong boo.

13. Jesu o ile a re’ng ha baapostola ba hae ba etsa liphoso? (Matheu 20:25-28)

13 Jesu o ile a etsa’ng boemong boo? Ha aa ka a ba halefela kapa a re o tla ipatlela baapostola ba bang ba ikokobelitseng le ba tla lula ba ratana. Empa Jesu o ile a bua le bona a sa ba felle pelo hobane o ne a tseba hore ba batla ho etsa se nepahetseng. (Bala Matheu 20:25-28.) Jesu o ne a lula a bua le bona ka mosa le hoja ba ne ba lula ba phehisana khang ka hore na ke mang e moholo har’a bona.—Mar. 9:34; Luka 22:24.

14. Baapostola ba Jesu ba holetse sebakeng se joang?

14 Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a nahana ka sebaka seo baapostola ba holetseng ho sona. (Joh. 2:24, 25) Ba holetse sebakeng seo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba khothaletsa batho ho rata maemo a phahameng. (Mat. 23:6) Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba nka hore ba bohlokoa ho feta batho ba bang. f (Luka 18:9-12) Jesu o ne a utloisisa hore sebaka seo baapostola ba holetseng ho sona se ne se ka ama tsela eo ba tšoarang batho ka eona le kamoo ba neng ba etsa lintho kateng. (Liprov. 19:11) O ne a tseba hore barutuoa ba hae ba tla etsa liphoso ebile o ne a ba mamella ha ba li etsa. O ne a boetse a tseba hore ba batla ho etsa se nepahetseng. Kahoo, ka mamello o ile a ba ruta ho ikokobetsa le ho rata batho ba bang ho e-na le ho batla ho ba phahamela.

RE KA ETSISA MOHLALA OA JESU JOANG?

15. Re ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahala pakeng tsa Jakobo, Johanne le baapostola ba bang?

15 Re ka ithuta ho hongata ho se ileng sa etsahala pakeng tsa Jakobo, Johanne le baapostola ba bang. Ho ne ho fosahetse hore ba kope Jesu hore a ba fe boemo bo phahameng ’Musong. Empa baapostola ba bang le bona ba ne ba le phoso hore ba lumelle boemo bona bo etse hore ba se ke ba momahana. Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsoela pele ho ba mosa ho baapostola bohle ba 12 le ho ba rata. Re ithuta’ng? Taba ea bohlokoa ha se feela hore na batho ba bang ba etsa’ng empa ke hore na le rona re etsa’ng ha ba re fosetsa. Re ka thusoa ke’ng? Haeba re koatetse Mokreste-’moho le rona, re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha seo a se entseng se nkoatisitse hakana? Na boemo boo bo bontša bofokoli boo ke lokelang ho ntlafatsa ho bona? Na ho ka etsahala hore ebe motho ea nkutloisitseng bohloko o na le mathata? Le hoja ke e-na le lebaka la hore ke koate, na nka mo bontša lerato ka hore ke mo tšoarele?’ Ha re ratana, rea bontša hore re Bakreste ba ’nete.

16. Ke’ng hape eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Jesu?

16 Mohlala oa Jesu oa re ruta hore re lokela ho leka ho utloisisa Bakreste-’moho le rona. (Liprov. 20:5) Jesu o khona ho bona se ka lipelong empa rona re ke ke ra khona. Ho e-na le hoo, re ka khona ho mamella bara le barali ba bo rona ha ba etsa lintho tse etsang hore re tenehe. (Baef. 4:1, 2; 1 Pet. 3:8) Re ka etsa joalo haeba re ithuta haholoanyane ka tsela eo ba holisitsoeng ka eona. A re bueng ka mohlala ona.

17. Molebeli e mong oa potoloho o ile a rua molemo joang ka mor’a hore a iphe nako ea hore a tsebe mor’abo rona hantle?

17 Molebeli oa potoloho e mong ea neng a potoloha Afrika Bochabela o hopola mor’abo rona e mong ea neng a sa tsebe ho buisana le batho hantle. Molebeli eo oa potoloho o ile a etsa’ng? O re: “Ho e-na le hore ke tlohele mor’eso, ke ile ka etsa qeto ea hore ke mo tsebe haholoanyane.” Ha molebeli oa potoloho a qeta nako a e-na le mor’abo rona, o ile a ithuta kamoo a holisitsoeng kateng le hore na seo se amme tsela eo a tšoarang batho ba bang ka eona joang. Molebeli oa potoloho o boetse o re: “Eitse hoba ke utloisise kamoo mora eo oa bo rona a sokotseng kateng ho hlola tsela eo a holisitsoeng ka eona le kamoo a hatetseng pele kateng, ke ile ka mo ananela. Re ile ra ba metsoalle e meholo.” Le rona haeba re leka ho utloisisa bara le barali ba bo rona, ho tla ba bonolo hore re ba rate.

18. Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona haeba Mokreste-’moho le rona a re khopisitse? (Liproverbia 26:20)

18 Ka linako tse ling, re ka ’na ra batla ho e’o bua le Mokreste-’moho ea re khopisitseng. Pele re ea ho eena re lokela ho ipotsa: ‘Na ke utloisisa hantle hore na ho etsahetse’ng?’ (Liprov. 18:13) ‘Na ehlile o ne a batla ho nkutloisa bohloko?’ (Moek. 7:20) ‘Na le ’na nkile ka etsa phoso e tšoanang?’ (Moek. 7:21, 22) ‘Haeba ke bua le eena ka taba ena, na seo ha se tl’o etsa hore boemo bo mpefale le ho feta?’ (Bala Liproverbia 26:20.) Ha re ipha nako ea ho nahanisisa ka lipotso tsena, li ka re thusa hore re nahane kamoo re ratang Bakreste-’moho le rona kateng ’me re khaotse ho nahana ka ntho e etsahetseng.

19. U ikemiselitse ho etsa’ng?

19 Lipaki Tsa Jehova li bontša hore ke barutuoa ba Jesu ba ’nete ka hore li ratane. E mong le e mong oa rona o bontša hore ke Mokreste oa ’nete haeba a rata bara le barali ba bo rona ho sa tsotellehe liphoso tsa bona. Ha re etsa joalo, ba bang ba ka hlokomela bolumeli ba ’nete ’me ba qetella ba rapela Jehova e leng Molimo ea lerato. Kahoo, e se eka re ka tsoela pele re bontša lerato le khethollang Bakreste ba ’nete.

PINA EA 17 “Kea Batla”

a Batho ba bangata ba batla ho ithuta ka Jehova le ka Lentsoe la hae ha ba bona tsela eo ka eona re ratanang e le kannete. Kaha ha rea phethahala, ka linako tse ling ho ka ba thata hore re bontšane lerato. A re ke re bone hore na ke hobane’ng ha lerato e le la bohlokoa le hore na re ka etsisa Jesu joang ha ba bang ba etsa liphoso.

b Sheba buka ea Tloo U be Molateli oa Ka,” khao. 17, ser. 10, 11.

c Sheba sehlooho se reng, “Joale ke se ke Tseba Seo ke se Phelelang” se ho Molula-Qhooa oa November 1, 2012, leq. 13, 14.

d Sheba sehlooho se reng, “Ke ne ke Ikutloa ke Natefetsoe ke Bophelo” se ho Molula-Qhooa oa May 1, 2012, leq. 18, 19.

e Sehlooho sena ha se bue ka libe tse tebileng tse lokelang ho bolelloa baholo tse kang tse hlahang ho 1 Bakorinthe 6:9, 10.

f Hamorao rabi e mong o ile a re: “Lefatšeng ho na le batho ba 30 kapa ho feta ba lokileng joaloka Abrahama. Haeba batho bao ba 30, ’na le mora oa ka re ba bang ba bona. Haeba ba le leshome, ’na le mora oa ka re ba bang ba bona. Haeba ba le bahlano, ’na le mora oa ka re ba bang ba bona. Haeba ba babeli, ke ’na le mora oa ka. Empa haeba motho eo o mong, ke ’na.”