Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 12

Ithute ka Jehova Linthong Tseo a li Bopileng

Ithute ka Jehova Linthong Tseo a li Bopileng

“Le hoja Molimo a ke ke a bonoa, makhabane a hae a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba.”—BAR. 1:20.

PINA EA 6 Maholimo a Bontša Khanya ea Molimo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke’ng e ileng ea thusa Jobo hore a tsebe Jehova haholoanyane?

 JOBO o ile a buisana le batho ba bangata bophelong ba hae empa puisano e thahasellisang ka ho fetisisa ke eo a ileng a ba le eona le Jehova Molimo. Puisanong eo, Jehova o ile a re Jobo a shebe tse ling tsa lintho tse ntle tseo a li bopileng. Sena se ne se tla thusa Jobo hore a bone kamoo Jehova a leng bohlale kateng le hore a kholisehe hore Jehova o fa bahlanka ba hae lintho tsohle tseo ba li hlokang. Ka mohlala, Molimo o ile a hopotsa Jobo hore o hlokomela liphoofolo ’me le eena a ka mo hlokomela. (Jobo 38:39-41; 39:1, 5, 13-16) Jobo o ile a ithuta lintho tse ngata ka makhabane a Molimo linthong tse bopiloeng.

2. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata ho sheba lintho tseo Jehova a li bopileng?

2 Re ka ithuta ka Molimo haholoanyane ha re sheba lintho tseo a li bopileng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ka ba thata hore re etse joalo. Haeba re lula toropong, re ka ’na ra bona lintho tse ’maloa tseo Molimo a li bopileng. Le ha re lula lekeisheneng kapa mahaeng, re ka ’na ra bona eka ha re na nako e lekaneng ea ho sheba lintho tseo Molimo a li bopileng. Kahoo, a re bueng ka hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re iphe nako ea ho sheba lintho tseo Molimo a li bopileng. Re tla bua ka hore na Jehova le Jesu ba ile ba sebelisa lintho tse bopiloeng joang ho ruta le hore na re ka ithuta’ng ho tsona.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO SHEBA LINTHO TSE BOPILOENG?

Jehova o ne a batla hore Adama a thabele lintho tse bopiloeng le hore a rehe liphoofolo mabitso (Sheba serapa sa 3)

3. Ke’ng e bontšang hore Jehova o ne a batla hore Adama a thabele lintho tse bopiloeng?

3 Jehova o ne a batla hore motho oa pele a thabele lintho tse bopiloeng. Ha Molimo a bopa Adama, o ile a mo fa lefatše la paradeise hore a lule ho lona ’me a le hlokomele. (Gen. 2:8, 9, 15) Nahana feela hore na Adama o ne a thabile hakae ha a bona lipeo limela le lipalesa li thunya. Adama o ne a e-na le tlotla e babatsehang ea ho hlokomela serapa sa Edene. Jehova o ile a boela a re Adama a rehe liphoofolo mabitso. (Gen. 2:19, 20) Jehova a ka be a ile a reha liphoofolo mabitso ka boeena empa o ile a fa Adama mosebetsi oo. Ha ho pelaelo hore pele Adama a li reha mabitso o ile a ithuta tsona, a sheba hore na li shebahala joang le hore na li itšoara joang. E tlameha ebe Adama o ne a thabela mosebetsi ona. O ile oa mo thusa hore a utloisise kamoo Ntate oa hae a leng bohlale kateng le kamoo lintho tseo a li bopileng li leng ntle kateng.

4. (a) Lebaka le leng leo re lokelang ho sheba lintho tse bopiloeng ka lona ke lefe? (b) Ke’ng eo u e ratang haholo linthong tse bopiloeng?

4 Lebaka le leng leo ka lona re lokelang ho sheba lintho tse bopiloeng ke hobane Jehova o batla hore re etse joalo. O re: “Phahamisetsang mahlo leholimong ’me le bone.” O boetse o re: “Ke mang ea bopileng lintho tsee?” Karabo ea potso eo e hlakile. (Esa. 40:26) Jehova o entse lintho tsohle tse leholimong le tse lefatšeng hammoho le tse leoatleng ’me lintho tsena kaofela li re ruta ka eena. (Pes. 104:24, 25) Nahana le ka tsela eo Molimo a re entseng ka eona. O entse hore re khone ho thabela lintho tse ntle tseo a li bopileng. O re file bokhoni ba ho bona, ho utloa, ho tšoara, ho latsoa le ho utloa monko oa lintho tse fapaneng e le hore re khone ho thabela lintho tseo a li entseng.

5. Ho ea ka Baroma 1:20, ho ithuta ka lintho tseo Jehova a li bopileng ho re tsoela molemo joang?

5 Bibele e bua ka lebaka le leng la bohlokoa leo ka lona re lokelang ho sheba lintho tse bopiloeng. E re bolella ka makhabane a Jehova. (Bala Baroma 1:20.) Ka mohlala, nahana kamoo lintho tseo Jehova a li bopileng li leng ntle kateng. Li re ruta hore Molimo o bohlale haholo. Nahana le ka lijo tse fapaneng tseo re li thabelang. Li bontša ka ho hlaka hore Jehova o rata batho. Ha re bona makhabane a Jehova linthong tseo a li entseng, re tla mo tseba haholoanyane ebile re tla ba metsoalle ea hae. A re bueng ka litsela tse ling tseo Jehova a sebelisitseng lintho tseo a li bopileng ho ruta batho lithuto tsa bohlokoa.

JEHOVA O RE RUTA KA EENA A SEBELISA LINTHO TSEO A LI BOPILENG

6. Re ka ithuta’ng ha re sheba linonyana tse fallang?

6 Jehova o behile nako eo lintho li lokelang ho etsahala ka eona. Selemo le selemo mafelong a February le mahareng a May, Baiseraele ba ne ba bona mekotatsie e fofa leholimong ha e fallela ka leboea. Molimo o ile a re ho Baiseraele: “Mokotatsie o maholimong o tseba linako tsa oona.” (Jer. 8:7) Jehova o behile nako eo linonyana tsena li fallang ka eona, ka ho tšoanang o behile nako ea hore a fane ka likahlolo tsa hae. Mehleng ena ha re bona linonyana li falla, seo se re hopotsa hore re lokela ho tšepa hore Jehova o behile “nako” ea ho felisa lefatše lena le khopo.—Hab. 2:3.

7. Re ka ithuta’ng ha re sheba tsela eo nonyana e fofang ka eona? (Esaia 40:31)

7 Jehova o fa bahlanka ba hae matla. Jehova o ile a sebelisa Esaia ho tšepisa hore o ne a tla matlafatsa bahlanka ba hae e le hore ba ‘fofele holimo ka mapheo a kang a ntsu’ ha ba ikutloa ba fokola kapa ba nyahame. (Bala Esaia 40:31.) Baiseraele ba ne ba tloaetse ho bona lintsu li fofela holimo empa li sa sebelise mapheo a tsona haholo hobane li thusoa ke moea. Taba ena e re hopotsa hore feela joalokaha Jehova a khona ho fa linonyana tseo matla, a ka boela a fa le bahlanka ba hae matla. Ha u bona nonyana e kholo e fofela holimo-limo e sa sebelise mapheo a eona hakaalo, u lokela ho hopola hore Jehova a ka u fa matla a hore u mamelle mathata a hao.

8. Jobo o ile a ithuta’ng ha a sheba lintho tseo Molimo a li bopileng, hona rona re ka ithuta’ng?

8 Re lokela ho tšepa Jehova. Jehova o ile a thusa Jobo hore a mo tšepe. (Jobo 32:2; 40:6-8) Ha Molimo a ntse a bua le Jobo, o ile a bua ka lintho tse ngata tseo a li bopileng ho akareletsa le linaleli, maru le mahalima. Jehova o ile a bua le ka liphoofolo tse kang poho e hlaha le pere. (Jobo 38:32-35; 39:9, 19, 20) Lintho tsena kaofela li ne li bontša hore Molimo o na le matla, o lerato ebile o bohlale. Puisano eo Jobo a ileng a ba le eona le Jehova e ile ea mo thusa hore a mo tšepe le ho feta. (Jobo 42:1-6) Le rona ha re ithuta ka lintho tse bopiloeng, rea hopola hore Jehova o bohlale le hore o matla ho re feta. A ka khona ho felisa mathata ’ohle a rona ebile o tla a felisa. Taba ena e ka re thusa hore re mo tšepe le ho feta.

JESU O ILE A SEBELISA LINTHO TSE BOPILOENG HO RUTA BATHO KA NTATE OA HAE

9, 10. Letsatsi le pula li re ruta’ng ka Jehova?

9 Jesu o ne a tseba lintho tse bopiloeng hantle. Kaha e ne e le “mosebetsi ea hloahloa,” o ne a sebetsa le Ntate oa hae ha ba ne ba bopa lintho tsohle. (Liprov. 8:30) Hamorao ha Jesu a se a le lefatšeng, o ile a sebelisa lintho tse bopiloeng ho ruta barutuoa ba hae ka Ntate oa hae. A re bueng ka lithuto tse ’maloa tseo a ileng a li ruta.

10 Jehova o rata batho bohle. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ka lintho tse peli tseo batho ba bangata ba sa li nkeng e le tsa bohlokoa hakaalo e leng letsatsi le pula. Lintho tsena ke tsa bohlokoa hobane li re thusa hore re ’nè re phele. Jehova a ka be a ile a khetha hore batho ba sa mo sebeletseng ba se ke ba fumana letsatsi le pula. Ho e-na le hoo, batho bohle baa li fumana. (Mat. 5:43-45) Jesu o ile a sebelisa lintho tsena ho ruta barutuoa ba hae hore Jehova o batla hore re rate batho bohle. Nako le nako ha re bona letsatsi le likela le ha pula e na hamonate, re lokela ho hopola hore Jehova o rata batho bohle. Mohlala oo Jehova a re behetseng oona, o ka re susumetsa hore re bontše batho ba bang lerato ka hore re ba rute Bibele.

11. Ho sheba linonyana ho ka re khothatsa joang?

11 Jehova o re fa lintho tseo re li hlokang. Hona Thutong eo ea Thabeng, Jesu o ile a boela a re: “Shebang linonyana, ha li jale peo leha e le ho kotula kapa ho boloka lijo ka setorong empa Ntate oa lona ea leholimong oa li fepa.” E ka ’na eaba batho ba neng ba mametse Jesu ba ne ba bona linonyana li fofa leholimong ha a ne a re: “Na ha le bohlokoa ho li feta?” (Mat. 6:26) Ena ke tsela e lerato eo Jesu a neng a re kholisa hore Jehova o tla re fa lintho tseo re li hlokang. (Mat. 6:31, 32) Taba ena eo re ithutang eona linthong tse bopiloeng, e ntse e tsoela pele ho khothatsa le bahlanka ba Jehova mehleng ena. Morali oa bo rona e mocha oa pula-maliboho ea lulang Spain, o ne a nyahame hobane o ne a sa fumane bolulo. Leha ho le joalo, o ile a khothala ha a bona linonyana li ja lipeo le monokotšoai. O re: “Linonyana tseo li ile tsa nkhopotsa hore Jehova oa li hlokomela ebile le ’na o tla ntlhokomela.” Nakoana ka mor’a moo, morali oa bo rona o ile a fumana sebaka seo a ka lulang ho sona.

12. Ho ea ka Matheu 10:29-31, lirobele li re ruta’ng ka Jehova?

12 Jehova o nka e mong le e mong oa rona e le oa bohlokoa. Pele Jesu a romela baapostola ba hae hore ba e’o bolela, o ile a ba thusa hore ba se ke ba tšaba batho ba tla ba hanyetsa. (Bala Matheu 10:29-31.) O ile a etsa sena ka hore a ba bolelle ka linonyana tse neng li tloaelehile Iseraele e leng lirobele. Linonyana tseo e ne e se tsa bohlokoa mehleng ea Jesu. Empa o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha ho le se le seng sa tsona se tla oela fatše Ntate oa lona a sa tsebe.” O ile a boela a re: “Le bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” Kahoo, Jesu o ile a kholisa barutuoa ba hae hore Jehova o nka e mong le e mong oa bona e le oa bohlokoa. Kahoo, ba ne ba sa lokela ho tšaba batho ba ba hlorisang. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tla hopola mantsoe a hae ha ba bona lirobele ba ntse ba bolela metseng le metsaneng. Nako le nako ha u bona nonyana e nyenyane, hopola hore Jehova o u nka u le motho oa bohlokoa hobane le uena u oa “bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” Jehova a ka u thusa ha batho ba bang ba u hanyetsa.—Pes. 118:6.

LINTHO TSE BOPILOENG LI KA RE THUSA JOANG HORE RE ITHUTE KA MOLIMO HAHOLOANYANE?

13. Ke’ng e tla re thusa hore re ithute linthong tse bopiloeng?

13 Re ka ithuta lintho tse ngata ka Jehova linthong tseo a li bopileng. Joang? Ntlha ea pele, re lokela ho ipha nako ea ho li sheba. Hape re lokela ho nahana hore na e re ruta’ng ka Jehova. Ho ka ’na ha se be bonolo hore re etse lintho tsena. Morali oa bo rona Géraldine ea lulang Cameroon o re: “Ke holetse toropong, kahoo ke hlokometse hore ke lokela ho etsa boiteko e le hore ke shebe popo.” Mor’abo rona Alfonso eo e leng moholo o re: “Ke ithutile hore ke lokela ho ipha nako ea hore ke be mong e le hore nka sheba popo ea Jehova le hore ke nahanisise ka hore na e nthuta’ng ka eena.”

Ha Davida a sheba lintho tse bopiloeng, o ile a nahanisisa ka lintho tseo li mo rutang tsona ka Jehova (Sheba serapa sa 14)

14. Davida o ile a ithuta’ng ha a ntse a nahanisisa ka lintho tseo Molimo a li bopileng?

14 Davida o ile a nahanisisa haholo ka lintho tseo Molimo a li bopileng. O ile a re ho Jehova: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea matsoho a hao, khoeli le linaleli tseo u li entseng, motho ke’ng hore u ’nè u mo hopole le mora motho ke’ng hore u mo hlokomele?” (Pes. 8:3, 4) Davida o ne a sa thabele feela ho sheba linaleli bosiu empa o ne a boetse a nahanisisa ka hore na li mo ruta’ng ka Molimo. O ile a ithuta hore Jehova o matla. Ka linako tse ling, Davida o ne a nahana ka tsela eo a ileng a hola ka eona ha a ne a le ka popelong ea ’mè oa hae. Ha a ntse a nahanisisa ka taba ena, sena se ile sa mo thusa hore a ananele kamoo Jehova a leng bohlale kateng.—Pes. 139:14-17.

15. Fana ka mehlala e bontšang kamoo u boneng makhabane a Jehova linthong tseo a li bopileng. (Pesaleme ea 148:7-10)

15 U ka fumana ntho e bopiloeng habonolo eo u ka nahanisisang ka eona joaloka Davida. Ho na le lintho tse ngata tse ka u thusang hore u bone makhabane a Jehova. Ka mohlala, u ka hlokomela hore Jehova o na le matla ha u utloa mofuthu oa letsatsi. (Jer. 31:35) Nahana ka bohlale boo Molimo a nang le bona ha u bona nonyana e haha sehlaha. Nahana kamoo Jehova e leng Molimo ea thabileng kateng ha u bona ntja e lelekisa mohatla oa eona. Hape leboha Jehova ka lerato la hae ha u bona ’mè a bapala le ngoana oa hae. Re na le menyetla e mengata ea hore re ithute ka Jehova hobane lintho tsohle tseo a li bopileng lia mo rorisa ho sa tsotellehe hore na li kholo kapa li nyenyane, li haufi kapa li hole hakae.—Bala Pesaleme ea 148:7-10.

16. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

16 Molimo oa rona o bohlale, o lerato, o matla ebile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e ntle. Re ka ithuta ka makhabane ana a hae le a mang ha re sheba lintho tseo a li bopileng. E se eka kaofela ha rona re ka lula re ipha nako ea hore re thabele lintho tse bopiloeng le ho nahana ka hore na li re ruta’ng ka Jehova. Ha re etsa joalo, re tla ba metsoalle ea ’Mopi oa rona. (Jak. 4:8) Sehloohong se latelang, re tla bona kamoo batsoali ba ka thusang bana ba bona hore e be metsoalle ea Jehova.

PINA EA 5 Mesebetsi ea Molimo e Meholo

a Lintho tseo Jehova a li bopileng lia hlolla. Rea hlolloa ha re bona kamoo letsatsi le leng matla kateng le kamoo lipalesa li entsoeng kateng. Lintho tseo Jehova a li bopileng li ka boela tsa re ruta ka makhabane a hae. Sehloohong sena, re tla bua ka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ipha nako ea ho sheba lintho tse bopiloeng le hore na ho etsa joalo ho tla re thusa joang hore re be metsoalle ea Molimo.