Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 10

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?

“Le kolobetsoe.”—LIK. 2:38.

PINA EA 34 Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Hangata ho etsahala’ng ha batho ba kolobetsoa, hona u lokela ho nahana ka ho etsa’ng?

 NA U ke u shebe sehlopha sa batho ba e’o kolobetsoa? Ha ba araba lipotso tse peli pele ba kolobetsoa, oa utloa hore ba kholisehile ka ntho eo ba e etsang. Metsoalle ea bona le ba malapa a bona ba motlotlo. Ha ba tsoa ka metsing ho opuoa liatla ’me ha u sheba lifahleho tsa bona oa bona hore ehlile ba thabile. Ka karolelano, beke le beke batho ba likete ba inehela ho Molimo ebe baa kolobetsoa ’me e ba Lipaki Tsa Jehova.

2 Ho thoe’ng ka uena? Haeba u batla ho kolobetsoa, u motho oa bohlokoa lefatšeng lena le khopo hobane ‘u ntse u batla Jehova.’ (Pes. 14:1, 2) Sehlooho sena se ngoletsoe uena ho sa tsotellehe hore na u moholo kapa u monyenyane. Empa le haeba re se re kolobelitsoe re lokela ho ikemisetsa le ho feta ho lula re sebeletsa Jehova. A re ke re bueng ka mabaka a mararo ao ka ’ona re lokelang ho sebeletsa Jehova.

U RATA ’NETE LE TOKA

Haesale Satane a senya lebitso la Jehova ka lilemo tse likete ’me o ntse a tsoela pele ho le senya (Sheba serapa sa 3 le 4)

3. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba rata ’nete le ho loka? (Pesaleme ea 119:128, 163)

3 Jehova o laetse batho ba hae hore ba “rate ’nete.” (Zak. 8:19) Jesu o ile a khothaletsa barutuoa ba hae hore ba phehelle ho loka. (Mat. 5:6) Sena se bolela hore re lokela ho labalabela ho etsa lintho tseo Molimo a reng li nepahetse, li molemo ebile li hloekile. Na u rata ’nete le ho loka? Re kholisehile hore oa li rata. U hloile leshano, lintho tsohle tse fosahetseng le bokhopo. (Bala Pesaleme ea 119:128, 163.) Motho ea leshano o etsisa ’musi oa lefatše lena e leng Satane. (Joh. 8:44; 12:31) Morero o mong oa Satane ke ho senya lebitso le halalelang la Jehova Molimo. Haesale Satane a jala mashano ka Molimo oa rona ho tloha mohla a neng a mo fetohela serapeng sa Edene. O etsa hore batho ba nahane hore Jehova ke ’Musi ea leshano, ea ichebileng boeena le ea hanelang batho ka lintho tse molemo. (Gen. 3:1, 4, 5) Mashano a Satane a entse hore batho ba nke Molimo hampe. Ha batho ba sa “rate ’nete,” Satane a ka ba susumeletsa ho etsa lintho tsohle tse sa lokang le tse khopo.—Bar. 1:25-31.

4. Jehova o bontšitse joang hore ke “Molimo oa ’nete”? (Sheba setšoantšo.)

4 Jehova ke “Molimo oa ’nete” ’me o ruta batho ba mo ratang ’nete. (Pes. 31:5) Ka ho ba ruta ’nete, o ba thusa hore ba se ke ba thetsoa ke mashano a Satane. Jehova o boetse o ruta bahlanka ba hae hore ba etse lintho tse lokileng le hore ba bue ’nete. Ha ba etsa lintho tseo ba ba le seriti le khotso. (Liprov. 13:5, 6) Na le uena o u thusitse ha u ntse u ithuta Bibele? U ithutile hore litsela tsa Jehova ke tsa bohlokoa bakeng sa batho bohle ho akareletsa le uena. (Pes. 77:13) Kahoo, u lokela ho etsa lintho tseo Molimo a reng li lokile. (Mat. 6:33) U lokela ho phatlalatsa ’nete le ho paka hore lintho tseo Satane a li buileng ka Jehova Molimo oa rona ke leshano. Empa u ka etsa seo joang?

5. U ka bontša joang hore u rata ’nete le ho loka?

5 U ka khetha ho phela ka tsela e bontšang hore ha u lumele mashano a Satane le hore u rata ’nete, hore u batla ho busoa ke Jehova ebile u batla ho etsa lintho tseo a reng li nepahetse. U ka etsa seo joang? Ka ho rapela Jehova ebe u inehela ho eena. Ka mor’a moo u bontše phatlalatsa hore u inehetse ho eena ka hore u kolobetsoe. Ntho e ka sehloohong e ka u susumeletsang hore u batle ho kolobetsoa ke ho rata ’nete le lintho tse nepahetseng.

U RATA JESU KRESTE

6. Pesaleme ea 45:4 e fana ka mabaka afe a hore u rate Jesu Kreste?

6 Ke hobane’ng ha u rata Jesu Kreste? Pesaleme ea 45:4 (E bale.) e fana ka mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha u lokela ho mo rata. Jesu o rata ’nete, boikokobetso le toka. Haeba u rata ’nete le toka e tlameha ebe u rata le Jesu Kreste. Nahana kamoo ka sebete Jesu a ileng a emela ’nete le lintho tse nepahetseng kateng. (Joh. 18:37) Jesu o bontšitse joang hore o rata boikokobetso?

7. Ke eng eo u e ratang ka taba ea hore Jesu o ikokobelitse?

7 Jesu o re behela mohlala o bontšang hore o rata boikokobetso. Ka mohlala, ha ho mohla a ithorisang empa o rorisa Ntate oa hae bakeng sa lintho tsohle. (Mar. 10:17, 18; Joh. 5:19) U ikutloa joang ha u bona kamoo Jesu a ikokobelitseng kateng? Ha ho pelaelo hore oa mo rata ebile u batla ho mo latela. Ke hobane’ng ha Jesu a ikokobelitse? Ke hobane o rata Ntate oa hae ea ikokobelitseng ebile oa mo etsisa. (Pes. 18:35; Baheb. 1:3) Na taba ea hore Jesu o etsisa Jehova hantle ha e etse hore u utloe u mo rata?

8. Ke hobane’ng ha re rata hore ebe Jesu ke Morena oa rona?

8 Rea rata hore ebe Jesu ke Morena oa rona hobane ke ’musi ea molemo ka ho fetisisa. Jehova ke eena ea koetlisitseng Mora oa hae a ba a mo khetha hore a buse. (Esa. 50:4, 5) Hape ak’u nahane kamoo Jesu a ileng a rata le ho itella batho kateng. (Joh. 13:1) U lokela ho rata Jesu hobane ke Morena oa hao. O ile a re batho ba hlileng ba mo ratang, bao a ba bitsang metsoalle ea hae ba bontša hore baa mo rata ka hore ba mamele litaelo tsa hae. (Joh. 14:15; 15:14, 15) Kannete ke tlotla ho ba motsoalle oa Mora oa Jehova.

9. Kolobetso ea Bakreste e tšoana joang le ea Kreste?

9 E ’ngoe ea lintho tseo Jesu a li laetseng balateli ba hae ke hore ba kolobetsoe. (Mat. 28:19, 20) O ba behetse mohlala. Kolobetso ea Jesu e fapane le ea balateli ba hae ka litsela tse itseng. (Bala lebokose le reng “ Kolobetso ea Jesu le ea Balateli ba Hae li Fapane Joang?”) Leha ho le joalo, lia tšoana ka litsela tse itseng. Ha Jesu a kolobetsoa o ile a bontša hore o batla ho phelela ho etsa thato ea Ntate oa hae. (Baheb. 10:7) Ka ho tšoanang balateli ba Kreste baa kolobetsoa ho bontša hore ba inehetse ho Jehova Molimo. Hona joale, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona ke ho etsa thato ea Molimo eseng ea bona. Ka tsela eo ba latela mohlala oa Mong’a bona.

10. Ho rata Jesu ho tla u susumetsa joang hore u kolobetsoe?

10 Oa lumela hore Jesu ke Mora ea mong oa Jehova le hore Molimo o mo khethile hore ebe Morena oa rona. Oa tseba hore Jesu o ikokobelitse le hore o etsisa Ntate oa hae hantle. U ithutile hore o ile a fepa batho, a tšelisa ba nyahameng a ba a folisa ba kulang. (Mat. 14:14-21) U hlokometse kamoo a tataisang phutheho ea hae mehleng ena. (Mat. 23:10) Hape oa tseba hore o tla etsa lintho tse ling tse ngata tse ntle nakong e tlang ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. U ka bontša joang hore oa mo rata? Ka ho mo etsisa. (Joh. 14:21) U ka qala ho mo etsisa ka hore u inehele ho Jehova u be u kolobetsoe.

U RATA JEHOVA MOLIMO

11. Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la ho kolobetsoa ke lefe, hona hobane’ng?

11 Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la ho kolobetsoa ke lefe? Jesu o ile a re bolella hore na taelo ea Molimo e kholo ka ho fetisisa ke efe. O ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mar. 12:30) Na u rata Molimo ka tsela ee?

Jehova ke Mohloli oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo eo u kileng oa e thabela le eo u tla e thabela nakong e tlang (Sheba serapa sa 12 le 13)

12. Ke hobane’ng ha u rata Jehova? (Sheba setšoantšo.)

12 Re na le mabaka a mangata haholo a ho rata Jehova. Ka mohlala, u se u tseba hore ke eena “mohloli oa bophelo” le hore ke mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Pes. 36:9; Jak. 1:17) Lintho tsohle tse molemo tseo u nang le tsona li tsoa ho Molimo oa rona ea lerato le ea seatla se bulehileng.

13. Ke hobane’ng ha re ka re sehlabelo sa Mora oa Molimo ke mpho e babatsehang hakaale?

13 Mpho e babatsehang ka ho fetisisa eo Jehova a re fileng eona ke sehlabelo sa Mora oa hae. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Nahana ka kamano e haufi eo Jehova a nang le eona le Mora oa hae. Jesu o ile a re: “Ntate oa nthata” a ba a re “ke rata Ntate.” (Joh. 10:17; 14:31) Ka lilemo tse libilione tseo ba li qetileng ba le ’moho, setsoalle sa bona se ile sa tiea le ho feta. (Liprov. 8:22, 23, 30) Nahana hape hore na Molimo o ile a utloa bohloko hakae ha a lumella Mora oa hae hore a utloe bohloko a be a shoe. Jehova o rata batho, le uena oa u rata. O u rata hoo a ileng a ikemisetsa ho fana ka Mora oa hae ea ratoang e le sehlabelo e le hore uena le batho ba bang le phele ka ho sa feleng. (Joh. 3:16; Bagal. 2:20) Ha ho na lebaka le fetang lena la ho rata Molimo.

14. Ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka khethang ho e etsa ke efe?

14 U ile oa rata Jehova le ho feta ha u ntse u ithuta ka eena. E tlameha ebe u batla ho lula u atamela haufi le eena hona joale le ka ho sa feleng. U ka khona. Ka mosa o u khothaletsa hore u thabise pelo ea hae. (Liprov. 23:15, 16) U ka mo thabisa ka mantsoe le ka liketso. Tsela eo u phelang ka eona e tla bontša hore u hlile u rata Jehova. (1 Joh. 5:3) Ho phela ka tsela eo ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka khethang ho e etsa.

15. U ka bontša joang hore u rata Jehova?

15 U ka bontša joang hore u rata Jehova? Ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa ke hore u rapele Molimo oa ’nete u inehele ho eena. (Pes. 40:8) Ea bobeli ke hore u bontše batho ba bang hore u inehetse ka hore u kolobetsoe. Joalokaha re bone qalong ea sehlooho sena, ho kolobetsoa ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa le e thabisang haholo. U qala bophelo bo bocha u se u sa iphelele empa u phelela Jehova. (Bar. 14:8; 1 Pet. 4:1, 2) U ka ’na oa utloa eka ho kolobetsoa ke mohato o moholo haholo ’me ehlile ho joalo. Empa ho u fa monyetla oa ho phela bophelo bo molemo ka ho fetisisa. Joang?

16. Ho ea ka Pesaleme ea 41:12, Jehova o tla putsa batho ba ikemiselitseng ho mo sebeletsa joang?

16 Jehova ke motho ea fanang ka ho fetisisa. Ho sa tsotellehe hore na u mo fa eng, o tla lula a u buseletsa haholo ho feta kamoo u mo fileng. (Mar. 10:29, 30) Le lefatšeng lena le khopo, o tla u fa bophelo bo monate le bo khotsofatsang ka ho fetisisa. Hona e sa le linyane feela. Leeto leo u le qalang ha u kolobetsoa le ka tsoela pele ho ea ho ile. U ka khona ho sebeletsa Ntate oa hao eo u mo ratang ka ho sa feleng. Lerato leo uena le Ntate oa hao le ratanang ka lona le tla tsoela pele ho eketseha. U tla phela ka ho sa feleng joaloka eena.—Bala Pesaleme ea 41:12.

17. U ka fa Jehova eng eo e leng ea bohlokoa haholo?

17 Ha u inehela ebile u kolobetsoa, u ba le monyetla oa ho fa Ntate oa hao ntho ea bohlokoahali. O u file lintho tsohle tse molemo le linako tsohle tse monate tseo u kileng oa li thabela. Le uena ha u sebeletsa Jehova ka pelo eohle, u tla be u mo fa ntho ea bohlokoa haholo. (Jobo 1:8; 41:11; Liprov. 27:11) Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela. Re kholisehile hore ho rata Jehova ke lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la hore u kolobetsoe.

KE HOBANE’NG HA U E-S’O KOLOBETSOE?

18. U ka ipotsa lipotso life?

18 U ne u tla re’ng ha motho a u botsa hore na u tla kolobetsoa? Ke uena ea ka arabang potso eo. Empa mohlomong ho ka u thusa ha u ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha u e-s’o kolobetsoe. (Lik. 8:36) Hopola mabaka a mararo ao re seng re buile ka ’ona. La pele ke hore u rata ’nete le toka. Ipotse, ‘Na ke batla ho bona mohla motho e mong le e mong a tla be a bua ’nete ’me a etsa lintho tse nepahetseng?’ Lebaka la bobeli ke hore u rata Jesu Kreste. Ipotse, ‘Na ke batla hore Mora oa Molimo e be Morena oa ka le hore ke latele mohlala oa hae?’ Lebaka la boraro le la bohlokoa ka ho fetisisa ke hore u rata Jehova. Ipotse, ‘Na ke batla ho thabisa pelo ea Jehova ka hore ke mo sebeletse?’ Haeba karabo ea hao lipotsong tsena ke e, ke hobane’ng ha u sa kolobetsoe hona joale?—Lik. 16:33.

19. Etsa mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha u sa lokela ho tsila-tsila ho kolobetsoa. (Johanne 4:34)

19 Haeba u tsila-tsila ho kolobetsoa, nahana ka papiso eo Jesu a ileng a e etsa. (Bala Johanne 4:34.) Hlokomela hore Jesu o ile a bapisa ho etsa thato ea Ntate oa hae le lijo. Hobane’ng? Lijo li re tsoela molemo. Jesu o ne a tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a reng re e etse e molemong oa rona. Jehova ha a batle hore re etse letho le ka re ntšang kotsi. Na Jehova o batla hore u kolobetsoe? Ho joalo. (Lik. 2:38) Kahoo, u ka kholiseha hore ho mamela taelo ea hore u kolobetsoe ho tla u tsoela molemo. Haeba u ne u ke ke oa tsila-tsila ho ja lijo tse monate ka ho fetisisa, ke hobane’ng ha u tsila-tsila ho kolobetsoa?

20. Re tl’o bua ka’ng sehloohong se latelang?

20 U emetse’ng? Batho ba bangata ba ka ’na ba araba ka hore: “Ha ke e-s’o itokise hantle.” Bonneteng ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa ke qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Kahoo, u lokela ho nka nako ea hao, u inahane hantle u be u etse boiteko bo matla e le hore u tšoanelehe. Empa haeba u hlile u batla ho kolobetsoa, u ka etsa’ng ho itokisa? Re tla araba potso ena sehloohong se latelang.

PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova

a Mohato oa bohlokoa ka ho fetisisa oo motho ea ithutang Bibele a ka o nkang ke oa hore a kolobetsoe. Ke eng e ka etsang hore motho ea ithutang Bibele a nke mohato oo? Ke lerato. Empa e tla be e le hobane a rata eng kapa mang? Sehloohong sena re tla araba lipotso tsena re be re bue ka hore na re ka lebella ho phela bophelo bo joang ha re le Bakreste ba kolobelitsoeng.