Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintho Tse Ka U Thusang Ha U Ithuta

Lintho Tse Ka U Thusang Ha U Ithuta

U ka Sebelisa Karolo ea “Ke Life Tse Ncha” Joang?

Karolo ea “Ke Life Tse Ncha” e ho JW Library® le ho jw.org/st e hlahisa lihlooho le livideo tse ncha. U ka sebelisa karolo ena joang hore u lule u fumana lintlha tsa morao-rao?

JW Library

  • Lihlooho tse fapaneng lia lokolloa ebe li kenngoa karolong ea lihlooho tse ling. Kahoo, ha lihlooho tseo li hlaha karolong ea “Ke Life Tse Ncha” u ka daonlouda tsa morao-rao. Kamor’a hore u etse joalo, u ka khona ho bala sehlooho se secha se hlahellang holimo ho latela letsatsi leo se lokollotsoeng ka lona.

  • U ka ’na oa se ke oa khona ho qeta ho bala sengoloa se selelele joaloka makasine ka nako e le ’ngoe. U ka se kenya karolong ea Favorites e le hore u se fumane ha bonolo ’me u tsoele pele ho se bala. Ha u qetile ho se bala u ka se tlosa.

JW.ORG

Lintlha tse ling tse akareletsang litaba le litsebiso li hlaha feela websaeteng ea jw.org eseng ho JW Library. Kahoo, lula u sheba karolo ea “Ke Life Tse Ncha” websaeteng e le hore u fumane lihlooho tsa morao-rao.