Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke hobane’ng ha “’Nyeo” a ile a re lefa la hae le ne le tla senyeha ha a ne a ka nyala Ruthe? (Ruthe 4:1, 6)
Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ha monna ea nyetseng a ne a ka hlokahala a se na bana, batho ba ne ba batla ho tseba hore na ho tla etsahala’ng ka lintho tseo a neng a e-na le tsona le ka lebitso la lelapa la hae. Molao oa Moshe o ne o e-na le likarabo tsa lipotso tseo.
Ho ne ho etsahala’ng ka sebaka kapa masimo a monna ha a hlokahala kapa a futsaneha ’me a tlameha ho a rekisa? Mor’abo motho eo kapa mong ka eena ea haufi o ne a ka a lopolla kapa a a reka. Sena se ne se tla etsa hore masimo ao a se ke a ea ho batho bao e seng karolo ea lelapa.—Lev. 25:23-28; Num. 27:8-11.
Ke’ng e neng e tla thusa hore lebitso la monna ea hlokahetseng le se ke la fela? Le ne le ke ke la fela haeba mor’abo kapa mong ka eena ea haufi a ne a ka nyala mosali oa hae, e leng ntho e ileng ea etsahala boemong ba Ruthe. Motho eo o ne a tla nyala mosali oa mor’abo e le hore a mo etsetse mojalefa ea tla sireletsa lebitso la monna eo ea hlokahetseng le lefa la hae. Molao ona o ne o boetse o sireletsa mohlolohali.—Deut. 25:5-7; Mat. 22:23-28.
Nahana ka Naomi. O ne a nyetsoe ke monna ea bitsoang Elimeleke. Ha Elimeleke le bara ba hae ba babeli ba hlokahala, Naomi o ile a sala a se na motho ea mo hlokomelang. (Ruthe 1:1-5) Ha Naomi a se a khutletse Juda, o ile a re ngoetsi ea hae Ruthe e ee ho Boase e e’o kopa hore a reke masimo a bona. Boase o ne a amana le Elimeleke. (Ruthe 2:1, 19, 20; 3:1-4) Empa Boase o ne a tseba hore “’Nyeo” o ne a amana haufi le Elimeleke ho mo feta. Kahoo, ’Nyeo o ne a e-na le monyetla o moholo oa ho ba molopolli.—Ruthe 3:9, 12, 13.
Qalong, “’Nyeo” o ne a batla ho thusa. (Ruthe 4:1-4) Le hoja a ne a tseba hore o lokela ho reka masimo, o ne a boetse a tseba hore Naomi o se a le moholo bakeng sa hore a ka ba le ngoana eo e tla ba mojalefa oa Elimeleke. Sena se bolela hore masimo ao ’Nyeo a a rekileng e ne e tla ba karolo ea lefa la hae. Kahoo, ho ne ho ka bonahala a sebelisitse chelete ea hae hantle.
’Nyeo o ile a fetola maikutlo tabeng ea ho ba molopolli ha a hlokomela hore o lokela ho nyala Ruthe. O ile a re: “Ha ke khone ho itopollela eona hobane nka tloha ka senya lefa la ka.” (Ruthe 4:5, 6) Ke hobane’ng ha a ile a fetola maikutlo?
Haeba ’Nyeo kapa motho e mong a ne a ka nyala Ruthe ’me a ba le mora, mora eo e ne e tla ba mojalefa oa Elimeleke. Joale “lefa” la ’Nyeo le ne le tla ‘senyeha’ joang? Bibele ha e cho empa e ka ’na eaba ho na le mabaka ’me a mang a ’ona ke ana.
La pele, ho ne ho ka bonahala eka o sentse chelete ka ho reka masimo a Elimeleke hobane qetellong masimo ao e ne e tla ba a mora oa Ruthe.
La bobeli, e ne e tla ba boikarabelo ba hae ho hlokomela Ruthe le Naomi.
La boraro, haeba Ruthe le ’Nyeo ba ne ba ka ba le bana, ba ne ba tla arolelana lefa le bana bohle ba ’Nyeo.
Lebaka la bone, haeba ’Nyeo a ne a se na bana, mora oa Ruthe o ne a tla ja lefa la Elimeleke le la ’Nyeo. Sena se bolela hore ha a ne a ka shoa, lefa la hae e ne e tla ba la ngoana oa lelapa la Elimeleke eseng la hae. ’Nyeo o ne a sa ikemisetsa hore a lahleheloe ke lefa la hae ka hore a thuse Naomi. O ile a bona ho le molemo hore Boase e be eena molopolli. Boase o ile a lumela ho etsa joalo hobane o ne a batla “ho khutlisetsa lefa la monna ea shoeleng lebitsong la hae.”—Ruthe 4:10.
’Nyeo o ne a amehile haholo ka ho sireletsa lebitso la hae le lefa la hae. E ne e le moithati. Le hoja ’Nyeo a ile a sebetsa ka thata ho sireletsa lebitso la hae, ha aa ka a atleha hobane le kajeno ha re le tsebe. O ile a boela a lahleheloa ke tlotla ea bohlokoa eo Boase a ileng a ba le eona. Boase e ile ea e-ba moholo-holo oa Mesia, Jesu Kreste. ’Nyeo o ile a fetoa ke monyetla ona ka lebaka la boithati le ho hana ho thusa motho e mong.—Mat. 1:5; Luka 3:23, 32.