Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 13

Sebelisa Lintho Tseo Jehova a li Bopileng ho Ruta Bana ba Hao ka Eena

Sebelisa Lintho Tseo Jehova a li Bopileng ho Ruta Bana ba Hao ka Eena

“Ke mang ea bopileng lintho tsee?”—ESA. 40:26.

PINA EA 11 Popo e Rorisa Molimo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Batsoali ba batla ho thusa bana ba bona joang?

 BATSOALI, rea tseba hore le batla ho thusa bana ba lona hore ba tsebe Jehova le hore ba mo rate. Kaha ha re khone ho bona Molimo, u ka thusa bana ba hao joang hore ba kholisehe hore o teng le hore e be metsoalle ea hae?—Jak. 4:8.

2. Batsoali ba ka ruta bana ba bona ka makhabane a Jehova joang?

2 Tsela ea bohlokoa ea ho thusa bana hore e be metsoalle ea Jehova ke ka ho ithuta Bibele le bona. (2 Tim. 3:14-17) Bibele e boetse e bontša hore ho na le mokhoa o mong oo bana ba ka ithutang hore na Jehova ke Molimo ea joang. Bukeng ea Liproverbia ntate o hopotsa mora oa hae hore a se ke a lebala makhabane a Jehova a bonahalang linthong tseo a li bopileng. (Liprov. 3:19-21) Re tla bua ka litsela tse ling tseo batsoali ba ka sebelisang lintho tseo Jehova a li bopileng ho thusa bana ba bona ho ithuta ka makhabane a hae.

U KA SEBELISA LINTHO TSEO JEHOVA A LI BOPILENG JOANG HO RUTA BANA BA HAO?

3. Batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona joang?

3 Bibele e re “makhabane a [Molimo] a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba.” (Bar. 1:20) Batsoali, e ka ’na eaba le thabela ho qeta nako le bana ba lona le le ka ntle. Sebelisang nako eo ho thusa bana ba lona ho bona hore na ‘lintho tseo Jehova a li bopileng’ li re ruta’ng ka makhabane a hae. A re boneng hore na batsoali ba ka ithuta’ng tseleng eo Jesu a neng a ruta ka eona.

4. Jesu o ile a sebelisa lintho tseo Jehova a li bopileng joang ho ruta barutuoa ba hae? (Luka 12:24, 27-30)

4 Re tl’o bona kamoo Jesu a ileng a ruta a sebelisa lintho tseo Jehova a li bopileng. Ho na le nako eo a ileng a re barutuoa ba hae ba shebe makhoaba le lipalesa. (Bala Luka 12:24, 27-30.) Jesu a ka be a ile a khetha ho bua ka phoofolo kapa semela leha e le sefe empa o ile a bua ka nonyana le palesa eo barutuoa ba hae ba neng ba e tseba hantle. E ka ’na eaba barutuoa ba ne ba bona ha makhoaba a fofa leholimong le ha lipalesa li thunya. Mohlomong Jesu o ne a supa linonyana le lipalesa tsena ha a ntse a bua le bona. O ile a etsa’ng ha a qeta ho bua ka tsona? O ile a ruta barutuoa ba hae hore Jehova oa fana ebile o mosa le hore o tla fa bahlanka ba hae lijo le liaparo joalokaha a hlokomela makhoaba le lipalesa.

5. Ke lintho life tse bopiloeng tseo batsoali ba ka li sebelisang ho ruta bana ba bona ka Jehova?

5 Batsoali, le ka etsisa Jesu joang ha le ruta bana ba lona? U ka bolella ngoana oa hao ka phoofolo kapa semela seo u se ratang. Ha u ntse u mo bolella ka lintho tseo, mo hlalosetse hore na li re ruta’ng ka Jehova. Ka mor’a moo, u ka botsa ngoana oa hao hore na o rata phoofolo kapa semela sefe. Ha u bua le eena ka lintho tseo a li ratang, ho ka ba bonolo hore a u mamele ha u mo hlalosetsa hore na lintho tseo li re ruta’ng ka makhabane a Jehova.

6. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa ’mè oa Christopher?

6 Na batsoali ba lokela ho qeta nako e ngata ba etsa lipatlisiso ka phoofolo kapa semela se itseng pele ba bua le bana ba bona hore na se ba ruta’ng ka Jehova? Ha ho joalo. Jesu ha aa ka a bua haholo ka hore na makhoaba a fumana lijo joang le hore na lipalesa li hola joang. E ka ’na eaba ngoana oa hao o thabela ho ithuta haholoanyane ka lintho tse bopiloeng empa ka linako tse ling u ka ’na oa bua ntlha e bonolo kapa oa botsa potso e le hore a utloisise ntlha eo u buang ka eona. Mor’abo rona Christopher oa re bolella hore na ho ile ha etsahala’ng ha a ntse a hola, o re: “’Mè oa rona o ne a bua ka lintho tse neng li etsa hore re ananele lintho tse bopiloeng. Ka mohlala, ha re ne re tsamaea pel’a lithaba o ne a re: ‘Bonang hore na lithaba tsena li kholo ebile li ntle hakae. Na ha li bontše hore Jehova o bohlale?’ Ha re le pel’a leoatle o ne a re: ‘Bonang hore na maqhubu ana a matla hakae. Na ha a bontše hore Molimo o matla?’” Mor’abo rona Christopher o boetse o re: “Re ile ra ithuta lintho tse ngata ha re ntse re qoqa le ’mè oa rona.”

7. U ka thusa bana ba hao joang hore ba nahane ka lintho tseo Molimo a li bopileng?

7 Ha bana ba hao ba ntse ba hola, u ka ba thusa hore ba nahane ka lintho tseo Jehova a li bopileng le hore ba ithute ka makhabane a hae. U ka bua ka ntho e ’ngoe eo Molimo a e bopileng ebe u re ho ngoana oa hao: “Ntho ee e u ruta’ng ka Jehova?” U ka ’na oa makatsoa le ho thabisoa ke seo ngoana oa hao a ka se buang.—Mat. 21:16.

U KA SEBELISA LINTHO TSEO JEHOVA A LI BOPILENG NENG HO RUTA BANA BA HAO?

8. Ke monyetla ofe oo batsoali ba Baiseraele ba neng ba e-na le oona ha ba tsamaea “tseleng” le bana ba bona?

8 Batsoali ba Baiseraele ba ne ba laetsoe hore ba rute bana ba bona litaelo tsa Jehova ha ba tsamaea “tseleng.” (Deut. 11:19) Ho ne ho e-na le litsela tse ngata Iseraele. Ho ne ho e-na le liphoofolo, linonyana le lipalesa tse fapaneng. Ha batsoali ba Baiseraele ba ntse ba tsamaea le bana ba bona tseleng, ba ne ba e-na le monyetla oa ho ba ruta ka lintho tseo Jehova a li bopileng. Batsoali, le lona le ka ba le menyetla e tšoanang ea ho ruta bana ba lona ka lintho tse bopiloeng. Hlokomela hore na batsoali ba bang ba ile ba etsa sena joang.

9. U ka ithuta’ng ho Morali oabo rona Punitha le Katya?

9 ’Mè ea bitsoang Punitha, ea lulang toropong e kholo ea India o re: “Ha re etela ba lelapa ba lulang mahaeng re sebelisa monyetla oo ho ruta bana ba rona ka lintho tse ntle tseo Jehova a li entseng. Ke bona eka bana ba ka ba utloisisa lintho tse bopiloeng haholoanyane ha ba le hole le toropo e phetheselang.” Batsoali, bana ba lona ba ke ke ba lebala nako eo ba e qetang le lona ba le sebakeng se setle. Morali oa bo rona Katya ea lulang Moldova o re: “Ke hopola linako tseo ke li qetileng le batsoali ba ka ke sa le ngoana re le mahaeng. Ke thabela hore ebe batsoali ba ka ba ile ba nthuta ke sa le monyenyane ho sheba lintho tseo Jehova a li bopileng le ho ithuta ka eena ho tsona.”

U ka fumana lintho tseo Jehova a li bopileng le litoropong tseo u ka li sebelisang ho ruta bana ba hao ka Jehova (Sheba serapa sa 10)

10. Ke’ng eo batsoali ba ka e etsang haeba ba bona ho le thata hore ba etele mahaeng? (Sheba lebokose le reng “ Lintho Tse ka Thusang Batsoali.”)

10 U ka etsa’ng haeba u sa khone ho ea mahaeng? Amol eo le eena a lulang India o re: “Moo ke lulang teng batsoali ba sebetsa lihora tse ngata ebile ho ea mahaeng hoa tura. Leha ho le joalo, le ka sheba lintho tseo Jehova a li bopileng le ho buisana ka makhabane a hae ha le le phakeng e nyane kapa ha le lutse foranteng.” Ha u sheba ka hloko, u ka ’na oa hlokomela hore ho na le lintho tse bopiloeng tseo u ka li bontšang ngoana oa hao pel’a moo u lulang teng. (Pes. 104:24) U ka bona linonyana, likokoanyana, limela le lintho tse ling. Karina ea lulang Jeremane o re: “’Mè oa ka o rata lipalesa, kahoo ha ke sa le monyenyane o ne a rata ho mpontša lipalesa tse ntle ha re otlolla maoto.” Batsoali, le ka boela la sebelisa livideo tse ngata le lingoloa tse buang ka lintho tse bopiloeng tseo mokhatlo o re fang tsona e le hore le rute bana ba lona. Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, u ka thusa ngoana oa hao hore a shebe lintho tseo Molimo a li bopileng. Kahoo, a re ke re bueng ka a mang a makhabane a Jehova ao u ka a sebelisang ho thusa ngoana oa hao.

MAKHABANE A JEHOVA A “BONOA KA HO HLAKA”

11. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba bone hore Jehova o lerato?

11 U ka thusa bana ba hao hore ba bone hore Jehova o lerato ka hore u bue ka tsela e lerato eo liphoofolo tse ngata li hlokomelang malinyane a tsona ka eona. (Mat. 23:37) U ka boela oa bua ka lintho tse bopiloeng tse fapaneng tseo re li thabelang. Karina eo re buileng ka eena o re: “Ha re ne re otlolla maoto le ’mè oa ka, o ne a nkhothalletsa hore ke eme ’me ke shebe kamoo lipalesa li ikhethileng kateng le kamoo botle ba teng bo bontšang hore Jehova o lerato. Le hona joale ke ntse ke sheba lipalesa, mebala ea tsona le tsela eo li fapaneng ka eona. Li tsoela pele ho nkhopotsa kamoo Jehova a nthatang kateng.”

U ka bua ka tsela e hlollang eo ’mele ea rona e bopiloeng ka eona ho ruta bana ba hao hore Molimo o bohlale (Sheba serapa sa 12)

12. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho bona hore Molimo o bohlale? (Pesaleme ea 139:14) (Sheba le setšoantšo.)

12 Thusa bana ba hao hore ba bone hore Molimo o bohlale. Jehova o bohlale ho feta motho leha e le ofe. (Bar. 11:33) Ka mohlala, u ka bolella ngoana oa hao kamoo metsi a khonang ho etsa maru le kamoo maru ao a khonang ho tloha sebakeng se seng ho e’o nesa pula sebakeng se seng. (Jobo 38:36, 37) U ka boela oa bua ka tsela e hlollang eo ’mele ea rona e entsoeng ka eona. (Bala Pesaleme ea 139:14.) Hlokomela kamoo ntate e mong ea bitsoang Vladimir a entseng seo kateng. O re: “Ka letsatsi le leng mora oa rona o ile a oa baesekeleng ea hae eaba oa lemala. Ka mor’a matsatsi a itseng leqeba la hae le ile la fola. ’Na le mosali oa ka re ile ra mo hlalosetsa hore Jehova o entse hore ’mele ea rona e khone ho ipholisa. Re ile ra mo bolella le hore lintho tse etsoang ke batho tsona ha li joalo. Ka mohlala, koloi ha e khone ho itokisa ka mor’a hore e thule. Taba ena e ile ea thusa mora oa rona hore a utloisise kamoo Jehova a leng bohlale kateng.”

13. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho bona hore Molimo o na le matla? (Esaia 40:26)

13 Jehova o re re phahamise mahlo re shebe leholimong ’me re nahanisise kamoo a sebelisang matla a hae ho etsa hore linaleli li lule li le teng. (Bala Esaia 40:26.) U ka khothaletsa hore bana ba hao ba shebe holimo ’me ba nahane ka seo ba se bonang. Morali oabo rona Tingting ea lulang Taiwan oa re bolella hore na ho ile ha etsahala’ng ha a ntse a hola, o re: “’Na le ’mè oa ka re ile ra ea sebakeng se ka thoko, moo re neng re khona ho bona linaleli hantle hobane re ne re se toropong moo ho nang le mabone. Ka nako eo, ke ne ke tšoenyehile ka hore na ke tla khona ho tšepahalla Jehova hobane bana bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba etsa hore ho be thata ho mo tšepahalla. ’Mè oa ka o ile a nkhothalletsa hore ke nahane ka matla ao Jehova a ileng a a sebelisa ho bopa linaleli le ho hopola hore a ka sebelisa matla ao ho nthusa ha ke e-na le mathata. Ka mor’a ho sheba lintho tse bopiloeng leetong leo, ke ile ka batla ho tseba Jehova haholoanyane ’me ka ikemisetsa ho mo sebeletsa le ho feta.”

14. Batsoali ba ka sebelisa lintho tse bopiloeng joang ho thusa bana ba bona ho bona hore Jehova ke Molimo ea thabileng?

14 Lintho tseo Jehova a li bopileng li bontša hore ke Molimo ea thabileng ebile o batla hore le rona re thabe. Bo-rasaense ba hlokometse hore liphoofolo tse ngata li rata ho bapala, ho akareletsa le linonyana le litlhapi. (Jobo 40:20) Na u kile oa bona bana ba hao ba tšeha ha ba bona phoofolo e bapala? Mohlomong ba kile ba bona katse e lelekisa bolo kapa lintjanyana li bapala. Ha bana ba hao ba qaboloa ke phoofolo, u ka ba hopotsa hore re sebeletsa Molimo ea thabileng.—1 Tim. 1:11.

THABELANG LINTHO TSEO JEHOVA A LI BOPILENG LE LE LELAPA

Bana ba hao ba tla phutholoha le ho u bolella hore na ba ikutloa joang ha le ntse le thabela ho sheba lintho tseo Jehova a li bopileng (Sheba serapa sa 15)

15. Ke’ng e ka thusang batsoali hore ba tsebe lintho tseo bana ba bona ba li nahanang? (Liproverbia 20:5) (Sheba le setšoantšo.)

15 Ka linako tse ling ho ka ba thata hore batsoali ba etse hore bana ba bona ba bue ka mathata a bona. Haeba seo sea u etsahalla, u lokela ho tseba seo bana ba hao ba se nahanang. (Bala Liproverbia 20:5.) Batsoali ba bang ba khona ho etsa joalo ha ba thabela ho sheba lintho tse bopiloeng le bana ba bona. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore ha hona lintho tse ngata tse ba sitisang. Ntate e mong ea bitsoang Masahiko ea lulang Taiwan o ile a bua ka lebaka le leng, o re: “Ha re qeta nako e ngata le bana ba rona re le ka ntle, re hloa lithaba kapa re tsamaea pel’a leoatle, hangata ba ikutloa ba khatholohile. Ho ba bonolo hore re ba tsebe le hore re bone lintho tseo ba li nahanang.” Katya eo re buileng ka eena o re: “Ha ke tsoa sekolong ’mè oa ka o ne a nkisa phakeng e ntle. Ha re le sebakeng seo se khathollang, ho ne ho ba bonolo hore ke mo bolelle hore na ho etsahetse’ng sekolong kapa ke mo bolelle hore na ke lintho life tse ntšoentseng.”

16. Lelapa le ka ikhatholla le ho ithabisa joang ha le shebile lintho tseo Jehova a li bopileng?

16 Ha lelapa le thabela ho sheba lintho tseo Jehova a li bopileng le ka khona ho khatholoha le ho thaba ’moho ’me sena se ka le thusa hore le ratane le ho feta. Bibele e re ho na le “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlola-tlola.” (Moek. 3:1, 4, nal.) Jehova o bopile libaka tse ntle moo re ka thabelang ho etsa lintho tseo re li ratang. Malapa a mangata a rata ho ea mahaeng, lithabeng, libakeng tseo ba ka shebang lintho tse bopiloeng ba le hammoho kapa leoatleng. Bana ba bang ba rata ho matha, ho bapalla phakeng, ho sheba liphoofolo kapa ho sesa nokeng, letamong kapa leoatleng. Re na le menyetla e mengata ea ho thabela ho sheba lintho tseo Jehova a li bopileng ha re ile libakeng tse khathollang.

17. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona hore ba thabele ho sheba lintho tseo Molimo a li bopileng?

17 Lefatšeng le lecha la Molimo, batsoali le bana ba tla thabela ho sheba lintho tseo Jehova a li bopileng ho feta leha e le neng pele. Ka nako eo, re ke ke ra tšaba liphoofolo ’me le tsona li ke ke tsa re tšaba. (Esa. 11:6-9) Re tla thabela lintho tseo Jehova a re etselitseng tsona bophelo bohle. (Pes. 22:26) Batsoali, ha lea lokela ho emela nako eo ho thusa bana ba lona hore ba thabele ho sheba lintho tse bopiloeng. Ha u ntse u sebelisa lintho tse bopiloeng ho ruta bana ba hao ka Jehova, ba tla lumellana le seo Morena Davida a se buileng. O ile a re: ‘Ha ho na ea entseng lintho tse tšoanang le tseo Jehova a li entseng.’—Pes. 86:8.

PINA EA 134 Bana ke Letlotlo

a Balumeli-’moho le rona ba bangata ba hopola linako tse monate tseo ba ileng ba li qeta le batsoali ba bona ba thabela lintho tseo Jehova a li bopileng. Ba ntse ba hopola kamoo batsoali ba bona ba ileng ba sebelisa linako tseo ho ba ruta ka makhabane a Jehova. Haeba u na le bana, u ka sebelisa lintho tseo Molimo a li bopileng joang ho ba ruta ka makhabane a hae? Sehlooho sena se tla araba potso ena.