Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 11

U ka Etsa’ng e le Hore U Itokisetse ho Kolobetsoa?

U ka Etsa’ng e le Hore U Itokisetse ho Kolobetsoa?

“Nka thibeloa ke’ng hore ke kolobetsoe?”—LIK. 8:36.

PINA EA 50 Ke Tla U Sebeletsa ka Pelo Eohle

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

Bara le barali ba bo rona ba baholo le ba banyenyane baa kolobetsoa (Sheba serapa sa 1-2)

1, 2. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho nyahama haeba ha u e-s’o lokele ho kolobetsoa? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

 HAEBA u batla ho kolobetsoa, eo ke taba e babatsehang. Na u se u loketse ho nka mohato oo hona joale? Haeba u nahana joalo ’me baholo ba lumellana le uena, u se ke oa tsila-tsila ho kolobetsoa hang ha monyetla o hlaha. Ha u ka kolobetsoa u tla thabela ho phela u sebeletsa Jehova.

2 Empa ho thoe’ng haeba u bolelloa hore u lokela ho ntlafatsa pele u ka kolobetsoa kapa uena ka bouena u hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa? U se ke oa nyahama. U ka khona ho ntlafatsa e le hore u qetelle u kolobelitsoe ho sa tsotellehe hore na u moholo kapa u monyenyane.

“NKA THIBELOA KE’NG?”

3. Letona la Moethiopia le ile la botsa Filipi potso efe, hona ho ile ha boela ha hlaha potso efe? (Liketso 8:36, 38)

3 Bala Liketso 8:36, 38. Letona la Moethiopia le ile la botsa Moevangeli Filipi potso ena: “Nka thibeloa ke’ng hore ke kolobetsoe?” Monna eo oa Moethiopia o ne a batla ho kolobetsoa empa na o ne a se a loketse hore a nke mohato oo oa bohlokoa?

Letona la Moethiopia le ne le ikemiselitse ho tsoela pele le ithuta ka Jehova (Sheba serapa sa 4)

4. Monna oa Moethiopia o ile a bontša joang hore o ne a ikemiselitse ho ithuta ka ho eketsehileng?

4 Monna oa Moethiopia “o ne a tsoa Jerusalema a tsoa rapela.” (Lik. 8:27) Kahoo, e tlameha ebe o ne a sokolohetse bolumeling ba Sejuda. E tlameha ebe o ne a ithutile ka Jehova Mangolong a Seheberu a halalelang. Ho ntse ho le joalo, o ne a labalabela ho ithuta ka ho eketsehileng. Ha e le hantle, monna eo o ne a ntse a etsa’ng ha Filipi a kopana le eena tseleng? O ne a ntse a bala buka ea moprofeta Esaia. (Lik. 8:28) O ne a bala boprofeta boo ho neng ho le thata ho bo utloisisa. Letona lena le ne le sa khotsofalla feela ho tseba lithuto tsa motheo empa le ne le batla ho ithuta ka ho eketsehileng.

5. Monna oa Moethiopia o ile a etsa’ng ka mor’a hore a ithute?

5 Monna enoa e ne e le letona la boemo bo phahameng la Mofumahali oa Ethiopia. O ne “a hlokomela matlotlo ’ohle a mofumahali.” (Lik. 8:27) Kahoo, e tlameha ebe o ne a phathahane haholo a bile a e-na le mesebetsi e mengata. Leha ho joalo, o ne a ipha nako ea ho rapela Jehova. O ne a sa khotsofalle feela ho ithuta ka Molimo empa ka mor’a moo o ne a nka khato. Kahoo, o ile a nka leeto le le lelele ho tloha Ethiopia a ea tempeleng e Jerusalema ho ea rapela Jehova. E ka ’na eaba leeto leo le ne le nka nako e telele ebile le le turu. Empa monna eo o ne a ikemiselitse ho etsa eng kapa eng e le hore a rapele Jehova.

6, 7. Monna oa Moethiopia o ile a etsa’ng e le hore a rate Jehova le ho feta?

6 Monna oa Moethiopia o ile a ithuta lintho tsa bohlokoa tse ncha ho Filipi. E ’ngoe ea tsona ke hore na Mesia ke mang. (Lik. 8:34, 35) Monna eo o ile a thabela ho ithuta hore na Jesu o mo etselitse’ng. O ile a etsa’ng ka mor’a ho ithuta lintho tsee? O ne a ka ’na a itulela feela e le mosokolohi oa Mojuda ea hlomphehang. Empa o ile a rata Jehova le Mora oa hae le ho feta. O ile a susumeletseha hore a etse qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho kolobetsoa ’me ea e-ba molateli oa Jesu Kreste. Filipi o ile a bona hore oa tšoaneleha kahoo, o ile a mo kolobetsa.

7 U ka itokisetsa ho kolobetsoa ka ho latela mohlala oa monna eo oa Moethiopia. Le uena u tla khona ho bua o kholisehile u re: “Nka thibeloa ke’ng hore ke kolobetsoe?” A re bone hore na u ka etsisa mohlala oa hae joang. O ile a tsoela pele ho ithuta, a etsa lintho tseo a ithutileng tsona ’me a tsoela pele ho rata Molimo le ho feta.

TSOELA PELE HO ITHUTA

8. Johanne 17:3 e re u lokela ho etsa’ng?

8 Bala Johanne 17:3. Na mantsoe a Jesu a hlahang temaneng ee a ile a u thusa ho etsa qeto ea ho ithuta Bibele? Bongata ba rona a re thusitse. Empa na ’ona mantsoe aa a boetse a re re tsoele pele ho ithuta? Ho joalo. Ha ho na mohla re tla khaotsa ho “tseba . . . Molimo a le mong oa ’nete.” (Moek. 3:11) Re tla tsoela pele re ithuta ka ho sa feleng. Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng, re tla atamela haufi le Jehova le ho feta.—Pes. 73:28.

9. Re lokela ho etsa’ng ka mor’a ho ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele?

9 Ha re qala ho ithuta ka Jehova, re ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele feela. Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Baheberu, o ile a re lithuto tseo ke “lintho tsa motheo.” O ne a sa nyenyefatse “lithuto tsa motheo” empa o ne a li bapisa le lebese le matlafatsang lesea. (Baheb. 5:12; 6:1) O ile a khothaletsa Bakreste bohle hore ba se ke ba ithuta feela lithuto tsa motheo empa hape ba ithute lithuto tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo. Na u labalabela ho ithuta lithuto tse tebileng tsa Bibele? Na u ikemiselitse ho tsoela pele u eketsa tsebo ea hao le ho ithuta ka Jehova le merero ea hae?

10. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba thatafalloa ke ho ithuta?

10 Leha ho le joalo, bongata ba rona re thatafalloa ke ho ithuta. Na u na le bothata bo tšoanang? Ha u ntse u kena sekolo, na u ile oa ithuta mekhoa e metle ea ho bala le ho ithuta? Na u ne u utloa ho ithuta ho le monate ebile ho e-na le molemo? Kapa u ile oa kholiseha hore ha oa etsetsoa ho ithuta libuka? Haeba u ikutloa joalo, ha se uena feela. Leha ho le joalo, Jehova a ka u thusa hobane o phethahetse ebile ke Tichere e hloahloa ka ho fetisisa.

11. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova ke ‘Morupeli e Moholo’?

11 Jehova o ipitsa “Morupeli oa lona e Moholo.” (Esa. 30:20, 21) Ke Tichere e mosa, e nang le mamello le e utloisisang. O sheba lintho tse ntle tseo baithuti ba hae ba li etsang. (Pes. 130:3) Hape ha ho na mohla a lebellang hore re etse lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa. Hopola hore ke eena ea entseng boko ba hao bo babatsehang. (Pes. 139:14) Ka tlhaho re labalabela ho ithuta. ’Mopi oa rona o batla hore re ithute ka ho sa feleng re be re natefeloe ke ho ithuta. Kahoo, re tla be re le bohlale haeba re labalabela ho ithuta molaetsa oa Bibele hona joale. (1 Pet. 2:2) Ipehele lintho tseo u batlang ho li fihlela u be u iketsetse lenaneo la ho bala le ho ithuta Bibele ’me u le tšepahalle. (Josh. 1:8) Jehova o tla u thusa hore u thabele ho bala le ho ithuta ka eena haholoanyane.

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae?

12 Itloaetse ho ipha nako ea ho nahanisisa ka bophelo ba Jesu Kreste le tšebeletso ea hae. Ho bohlokoa hore re etsise mohlala oa Jesu haeba re batla ho sebeletsa Jehova, haholo-holo mehleng ena e thata. (1 Pet. 2:21) Jesu ha aa ka a pata hore balateli ba hae ba tla ba le mathata a mangata. (Luka 14:27, 28) Leha ho le joalo, o ne a kholisehile hore balateli ba hae ba ne ba ka khona ho tšepahalla Molimo joalokaha le eena a ile a mo tšepahalla. (Joh. 16:33) Ithute ka ho teba ka bophelo ba Jesu u be u ipehele lintho tseo u tla li etsa e le hore u mo etsise bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi.

13. Ke’ng eo re lokelang ho lula re kopa Jehova hore a re fe eona, hona hobane’ng?

13 Ha hoa lekana ho ba le tsebo feela. E na le molemo haeba e re thusa ho tseba Jehova haholoanyane le haeba e re thusa hore re mo rate le ho ba le tumelo ho eena. (1 Bakor. 8:1-3) Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta, u ’ne u kope Jehova hore a u fe tumelo e matla. (Luka 17:5) O ikemiselitse ho araba lithapelo tse joalo. Ha re e-ba le tumelo hobane re tseba Molimo hantle, tumelo eo e tla re thusa hore re nke mehato e hlokahalang.—Jak. 2:26.

TSOELA PELE HO ITHUTA ’ME U NKE KHATO

Pele Moroallo o fihla, ka botšepehi Noe le lelapa la hae ba ile ba nka khato ka lintho tseo ba ithutileng tsona (Sheba serapa sa 14)

14. Moapostola Petrose o ile a hatisa bohlokoa ba ho nka khato ka lintho tseo re ithutileng tsona joang? (Sheba setšoantšo.)

14 Moapostola Petrose o ile a hatisa bohlokoa ba hore balateli ba Kreste ba nke khato ka lintho tseo ba ithutileng tsona. O ile a bua ka Noe. Jehova o ile a bolella Noe hore o tl’o timetsa batho ba khopo ba mehleng ea hae ka moroallo. Noe le ba lelapa la hae ba ne ba ke ke ba pholoha hobane feela ba tseba hore ho tla ba le moroallo. Hlokomela hore ha Petrose a bua ka nako e tlileng pele ho Moroallo, o ile a re ke ‘nakong eo areka e neng e ntse e hahoa.’ (1 Pet. 3:20) Ka mor’a hore Jehova a bolelle Noe hore na o rerile ho etsa’ng, Noe le ba lelapa la hae ba ile ba nka khato eaba ba haha areka e leng sekepe se seholohali. (Baheb. 11:7) Ka mor’a moo, Petrose o ile a bapisa ntho eo Noe a e entseng le kolobetso ha a re: “Ka tsela e tšoanang kolobetso ea le pholosa.” (1 Pet. 3:21) Ka tsela e tšoanang, re ka tšoantša lintho tseo u li etsang e le hore u tšoanelehe ho kolobetsoa le mosebetsi oa ho haha areka oo Noe le ba lelapa la hae ba ileng ba o etsa ka lilemo tse ngata. U ka etsa’ng e le hore u tšoanelehe ho kolobetsoa?

15. Ho baka e le kannete ho bolela’ng?

15 E ’ngoe ea lintho tsa pele eo re lokelang ho e etsa ke hore re bakele libe tsa rona e le kannete. (Lik. 2:37, 38) Ha u bakile e le kannete u tla etsa liphetoho. Na u khaolitse ho etsa lintho tseo Jehova a sa li rateng joaloka boitšoaro bo bobe, ho tsuba le ho rohakana kapa ho bua lintho tse hlabang? (1 Bakor. 6:9, 10; 2 Bakor. 7:1; Baef. 4:29) Haeba ha u e-s’o khaotse, u ’ne u leke ho etsa liphetoho. Kopa motho eo u ithutang Bibele le eena kapa baholo hore ba u thuse ba be ba u tataise. Haeba u ntse u le mocha ebile u lula le batsoali ba hao, ba kope hore ba u thuse ho tlohela lintho tse mpe tse ka u sitisang hore u kolobetsoe.

16. U lokela ho itloaetsa ho etsa eng e le hore tumelo ea hao e lule e le matla?

16 Ho bohlokoa hore u itloaetse ho etsa lintho tse tla matlafatsa tumelo ea hao. Taba eo e akareletsa ho ea libokeng le ho arabela ha re le moo. (Baheb. 10:24, 25) Ha u se u le mohoeletsi ea sa kolobetsoang, itloaetse ho ea tšimong kamehla. U tla thabela ho bua le batho ka molaetsa oa Bibele ha u itloaetsa ho ea tšimong kamehla. (2 Tim. 4:5) Haeba u sa le mocha ebile u ntse u lula le batsoali ba hao, ipotse: ‘Na batsoali ba ka ba tlameha ho nkhopotsa hore ke ee libokeng kapa hore ke ee tšimong? Kapa na ’na ka bonna ke ithaopela ho ea?’ Haeba u ithaopela ho etsa lintho tsena, u tla be u bontša hore u na le tumelo le hore u rata Jehova Molimo ebile u ananela lintho tseo a u etselitseng tsona. Ha u etsa joalo, u tla be u “sebeletsa Molimo ka botšepehi” ’me ho tšoana le ho fa Jehova mpho. (2 Pet. 3:11; Baheb. 13:15) Molimo oa thaba ha re mo fa limpho ka ho rata. (Bapisa le 2 Bakorinthe 9:7.) Rea thaba ha re etsa lintho tsena hobane re fa Jehova sohle.

TSOELA PELE HO RATA JEHOVA LE HO FETA

17, 18. Ke’ng e ka u thusang hore u qetelle u kolobelitsoe, hona hobane’ng? (Liproverbia 3:3-6)

17 Ha u ntse u itokisetsa ho kolobetsoa, u tla kopana le mathata. Batho ba bang ba ka u soma ka lebaka la bolumeli ba hao bo bocha. Ba bang bona ba ka u hanyetsa kapa ba u hlorisa. (2 Tim. 3:12) Mohlomong u sebetsa ka thata ho tlohela ho etsa ntho e ’ngoe eo u tsebang hore e fosahetse empa ka linako tse ling u iphumana u se u entse eona ntho eo. Kapa u ka ’na oa felloa ke mamello ha u bona hore u tl’o nka nako e telele e le hore u qetelle u tšoaneleha hore u kolobetsoe. Ke’ng e tla u thusa ho mamella? U tla thusoa ke ho rata Jehova.

18 Ho rata Jehova ke ntho e ntle ka ho fetisisa. (Bala Liproverbia 3:3-6.) Ha u rata Molimo haholo, u ke ke oa khaotsa ho mo sebeletsa ha u kopana le mathata. Hangata Bibele e bua ka lerato leo a ratang bahlanka ba hae ka lona. Ka lebaka la lerato lena leo Jehova a nang le lona, le ka mohla a ke ke a lahla bahlanka ba hae ebile a ke ke a khaotsa ho ba rata. (Pes. 100:5) Molimo o re bopile re tšoana le eena. (Gen. 1:26) U ka bontša lerato le tšoanang le la Molimo joang?

Letsatsi le leng le le leng u ka bontša Jehova hore u ananela lintho tseo a u etselitseng tsona (Sheba serapa sa 19) b

19. U ka etsa’ng e le hore u ananele lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona? (Bagalata 2:20)

19 U ka qala ka ho ananela lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona. (1 Bathes. 5:18) Letsatsi le leng le le leng ipotse, “Jehova o bontšitse joang hore oa nthata?” Etsa bonnete ba hore u leboha Jehova ha u mo rapela, ka ho khetheha u lebohe lintho tseo a u etselitseng tsona. Joaloka moapostola Pauluse, elelloa hore Jehova o u etsetsa lintho tse molemo hobane a u rata. (Bala Bagalata 2:20.) Ipotse, ‘Na le ’na ke batla ho mo bontša hore kea mo rata?’ Ho rata Jehova ho tla u thusa ho tsoela pele u hlola liteko le ho mamella mathata. Lerato leo le tla u susumeletsa hore u sebeletse Jehova kamehla le hore u bontše hore oa mo rata letsatsi le leng le le leng.

20. U lokela ho etsa eng ha u inehela ho Jehova, hona qeto ee ke ea bohlokoa hakae?

20 Ha nako e ntse e feta, lerato leo u ratang Jehova ka lona le tla u susumeletsa hore u etse thapelo e khethehileng, u inehele ho Molimo. Hopola hore ha u se u inehetse ho Jehova, u na le tšepo e babatsehang ea hore e tla ba Molimo oa hao ka ho sa feleng. Ha u inehela ho Jehova, u mo tšepisa hore u tla mo sebeletsa ha ho nyolosetsa le ha ho theosetsa. Ha ho mohla u tla hloka ho inehela hape. Ke ’nete hore ha re inehela, re etsa qeto e kholo. Empa nahana ka taba ena: U tla etsa liqeto tse ngata bophelong ba hao, tse ling tsa tsona e tla be e le tse ntle haholo empa ha ho qeto e molemo ho feta ea ho inehela ho Jehova. (Pes. 50:14) Satane o tla leka ho etsa hore lerato la hao ho Ntate oa hao le fokotsehe e le hore u khaotse ho mo tšepahalla. U se ke oa mo lumella ho etsa joalo. (Jobo 27:5) Ha u rata Jehova e le kannete, u tla khona ho tšepahalla tšepiso eo u e entseng ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng ’me u tla atamela haufi le ho feta ho Ntate oa hao ea leholimong.

21. Ke hobane’ng ha re re kolobetso ha se qetello empa ke qalo?

21 Ka mor’a hore u inehele ho Jehova, bua le baholo ba phutheho ea heno ka mohato o mong oa bohlokoa oo u lokelang ho o nka. Leha ho le joalo, lula u hopola hore kolobetso ha se qetello empa ke qalo. Ke qalo ea ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. Kahoo, eketsa lerato leo u ratang Ntate oa hao ka lona hona joale. Ipehele lintho tseo u tla li etsa e le hore lerato la hao le hole letsatsi le letsatsi. Ho etsa joalo ho tla u susumeletsa hore u qetelle u kolobelitsoe. Letsatsi leo u kolobetsoang ka lona e tla be e le le ikhethang haholo. Empa e tla be e le qalo feela. E se eka lerato leo u ratang Jehova le Mora oa hae ka lona le ka tsoela pele le eketseha ka ho sa feleng.

PINA EA 135 Jehova o re Kopa Hore re Hlalefe

a Re lokela ho susumetsoa ke mabaka a nepahetseng e le hore re nke mehato e tla re thusa hore re tšoanelehe ho kolobetsoa. Hape re lokela ho etsa lintho tse nepahetseng. Re tla sebelisa mohlala oa letona la Moethiopia e le hore re bone hore na motho ea ithutang Bibele o lokela ho etsa’ng e le hore a tšoanelehe ho kolobetsoa.

b SETŠOANTŠO: Morali oa bo rona e mocha o rapela Jehova oa mo bolella hore o ananela lintho tseo a mo etselitseng tsona.