Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 13

PINA EA 127 Ke Lokela ho ba Motho ea Joang?

Kholiseha Hore u Khahlisa Jehova

Kholiseha Hore u Khahlisa Jehova

‘Oa nkhahlisa.’LUKA 3:22.

NTLHA-KHOLO

U ka kholiseha joang hore u khahlisa Jehova?

1. Ke potso efe eo bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba ka ’nang ba ipotsa eona?

 HOA khothatsa ho tseba hore Jehova o amohela batho ba hae e le sehlopha. Bibele e re: “Jehova o rata batho ba hae.” (Pes. 149:4) Leha ho le joalo, ka linako tse ling batho ba bang ba ka nyahama hoo ba ka ipotsang potso ena: ‘Na Jehova oa nkamohela?’ Bahlanka ba bangata ba Jehova ba tšepahalang ba neng ba phela mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ka linako tse ling ba ne ba utloa ho le thata ho lumela hore Jehova oa ba amohela.—1 Sam. 1:​6-10; Jobo 29:​2, 4; Pes. 51:11.

2. Ke batho ba joang bao Jehova a ba amohelang?

2 Bibele e bontša ka ho hlaka hore batho ba sa phethahalang ba ka khahlisa Jehova. Joang? Re lokela ho bontša tumelo ho Jesu Kreste ’me re kolobetsoe. (Joh. 3:16) Ha re etsa joalo, re tla be re bontša batho ba bang hore re baketse libe tsa rona le hore re tšepisitse Molimo ho etsa thato ea hae. (Lik. 2:38; 3:19) Jehova oa thaba ha re nka mehato ena e le hore re be le kamano e ntle le eena. Jehova o tla re amohela a be a re nke re le metsoalle ea hae e haufi haeba re leka kahohle hore re phelele tšepiso eo re mo etselitseng eona ea ho mo sebeletsa.—Pes. 25:14.

3. Ke lipotso life tse tharo tseo re tl’o buisana ka tsona?

3 Empa ke hobane’ng ha batho ba bang ka linako tse ling ba utloa eka Molimo ha a khahlisoe ke bona? Jehova o bontša joang hore oa re amohela, hona Mokreste a ka kholiseha joang hore Molimo oa mo amohela?

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA KA UTLOA EKA JEHOVA HA A BA AMOHELE?

4, 5. Re ka kholiseha ka eng le haeba re ikutloa re se na thuso?

4 Bongata ba rona haesale re ikutloa re se na thuso ho tloha ha re sa le bana. (Pes. 88:15) Mor’abo rona ea bitsoang Adrián o re: “Haesale ke ikutloa ke se na thuso. Ha ke sa le monyenyane, ke hopola ke rapella hore lelapa leso le tle le phele Paradeiseng le hoja ’na ke ne ke kholisehile hore ha ke tšoanelehe ho phela ho eona.” Tony eo batsoali ba hae e neng e se Lipaki o re: “Ha ho mohla batsoali ba ka ba kileng ba mpolella hore baa nthata kapa hore ba ikotla sefuba ka ’na. Taba ena e ile ea etsa hore ke utloe eka ha ho na ntho eo nka e etsang ho ba thabisa.”

5 Haeba ka linako tse ling re utloa eka ha re na thuso, re lokela ho hopola hore Jehova o re huletse ho eena. (Joh. 6:44) O bona makhabane a rona ao rona re ka ’nang ra se ke ra a bona hape o tseba lipelo tsa rona. (1 Sam. 16:7; 2 Likron. 6:30) Kahoo, re ka mo tšepa ha a re re ba bohlokoa.—1 Joh. 3:​19, 20.

6. Moapostola Pauluse o ne a ikutloa joang ka liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng?

6 Ba bang ba rona pele re ithuta Bibele re entse lintho tse ka ’nang tsa etsa hore re ikutloe re le molato le hona joale. (1 Pet. 4:3) Esita le Bakreste ba tšepahalang ba loantšana le mefokolo e itseng. Na ka linako tse ling u utloa eka Jehova a ke ke a u tšoarela? Haeba ho joalo, u ka tšelisoa ke ho tseba hore bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba e-ba le maikutlo a tšoanang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a utloa bohloko ha a nahana ka mefokolo ea hae. (Bar. 7:24) Pauluse o ne a baketse libe tsa hae a bile a kolobelitsoe. Ho ntse ho le joalo, o ile a re ha se “oa bohlokoa ka ho fetisisa har’a baapostola” le hore ke moetsalibe “ea ka pele-pele.”—1 Bakor. 15:9; 1 Tim. 1:15.

7. Re lokela ho hopola eng ka libe tseo re li entseng nakong e fetileng?

7 Ntate oa rona ea leholimong o tšepisa ho re tšoarela haeba feela re bakile. (Pes. 86:5) Kahoo, haeba kannete re soabetse libe tseo re li entseng, re ka tšepa hore Jehova o re tšoaretse joalokaha a tšepisitse.—Bakol. 2:13.

8, 9. Ke joang re ka hlolang boikutlo ba hore ha ho mohla re tla etsa ho lekaneng e le hore re thabise Jehova?

8 Kaofela ha rona re batla ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba utloa eka ha ho mohla ba tla etsa ho lekaneng hore Jehova a ba amohele. Morali oa bo rona ea bitsoang Amanda o re: “Kamehla ke nahana hore ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo nka khonang kateng ho bolela ho eketsa mosebetsi oo ke mo etsetsang oona. Kahoo, ke leka ho etsa lintho tse ngata ho feta tseo nka khonang ho li etsa. Ha ke sa khone ho li etsa, ke nka hore Jehova o soabile joalokaha le ’na ke soabile.”

9 Ke joang re ka hlolang boikutlo ba hore ha ho mohla re tla etsa ho lekaneng e le hore re thabise Jehova? Hopola hore Jehova o fetoha le maemo. Ha ho mohla a lebellang hore re etse lintho tse ngata ho feta tseo re ka khonang ho li etsa. O ananela eng kapa eng eo re mo etsetsang eona hafeela e le sohle seo re ka se khonang. Hape nahana ka mehlala e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle. Ka mohlala, nahana ka Pauluse. O ile a sebetsa ka thata ka lilemo tse ngata, a tsamaea libaka tse telele e le hore a thehe liphutheho tse ngata tse ncha. Empa ha maemo a hae a bophelo a fetoha ’me a se a sa khone ho bolela joaloka pele, na Jehova ha aa ka a hlola a mo amohela? Che. O ile a tsoela pele a etsa seo a ka se khonang ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. (Lik. 28:​30, 31) Ka ho tšoanang, le rona lintho tseo re li etsetsang Jehova li ka fetoha ka linako tse ling. Empa ntho ea bohlokoa ho eena ke sepheo seo re mo sebeletsang ka sona. Hona joale a re bueng ka litsela tse ling tseo ka tsona Jehova a bontšang hore oa re amohela.

JEHOVA O BONTŠA JOANG HORE OA RE AMOHELA?

10. Re ka “utloa” Jehova ha a re bolella hore oa re rata joang? (Johanne 16:27)

10 Ka Bibele. Jehova o batla litsela tseo a ka bontšang batho ba hae hore oa ba rata le hore baa mo thabisa. Bibele e bua ka makhetlo a mabeli ao Jehova a ileng a joetsa Jesu hore ke Mora oa hae eo a mo ratang ea mo khahlisang. (Mat. 3:17; 17:5) Na u ka rata ho utloa Jehova a u bolella hore oa mo khahlisa? Jehova ha a bue le rona a le leholimong empa o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Ha re bala mantsoe ao Jesu a a buileng ho barutuoa ba hae a bontšang hore oa ba rata, ho tšoana le ha re “utloa” Jehova a bua mantsoe ao ho rona. (Bala Johanne 16:27.) Jesu o ne a etsisa makhabane a Ntate oa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ba tšepahalang empa ba sa phethahala hore oa ba rata. Kahoo, ha re bala litlaleho tse joalo, re ka nka e le Jehova ea buang mantsoe ao ho rona.—Joh. 15:​9, 15.

Jehova o bontša hore oa re amohela ka litsela tse ngata (Sheba serapa sa 10)


11. Ke hobane’ng ha ho ba le mathata ho sa bolele hore Jehova ha a re amohele? (Jakobo 1:12)

11 Ka lintho tseo a re etsetsang tsona. Jehova o labalabela ho re thusa. Mohlala, o batla ho re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang e le hore re phele. Empa ka linako tse ling Jehova a ka lumella lintho tse bohloko hore li re etsahalle joalokaha li ile tsa etsahalla Jobo. (Jobo 1:​8-11) Ha re e-na le mathata ha ho bolele hore Molimo ha a sa re amohela. Ho e-na le hoo, re ba le monyetla oa ho bontša Jehova hore re mo rata haholo le hore rea mo tšepa. (Bala Jakobo 1:12.) Hape ha re e-na le mathata, re tla bona hore na Jehova o re rata hakaakang le kamoo a re thusang kateng hore re mamelle.

12. Re ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Mor’abo rona Dmitrii?

12 Nahana ka Mor’abo rona Dmitrii ea lulang Asia. O ile a felloa ke mosebetsi ’me a hloleha ho fumana o mong ka likhoeli tse ngata. Kahoo, o ile a etsa qeto ea ho bontša hore o tšepa Jehova ka hore a eketse nako eo a e qetang tšimong. Likhoeli tse ngata li ile tsa feta a ntse a sa fumane mosebetsi. Ho sa le joalo, o ile a kula haholo hoo a neng a se a sa khone ho phahama betheng. O ile a qala ho nahana hore e se e le ntate le monna ea se nang thuso a ba a ipotsa hore na ebe Jehova o sa ntse a mo amohela. Mantsiboea a mang morali oa hae o ile a ngola mantsoe a Esaia 30:15 pampiring, a reng: “Haeba le khoba matšoafo ’me le ntšepa le tla ba matla.” O ile a isa pampiri eo pel’a bethe ea ntate oa hae a re: “Ntate, ha u ikutloa u se hantle u hopole lengolo lena.” Mor’abo rona Dmitrii o ile a hlokomela hore Jehova o ne a ntse a hlokometse lelapa la hae ka lijo, liaparo le bolulo. O re: “Ntho eo ke neng ke lokela ho e etsa ke ho khoba matšoafo le ho tsoela pele ke tšepa Molimo oa ka.” Haeba u na le mathata a tšoanang, u ka kholiseha hore Jehova oa u tsotella ’me o tla u thusa ho mamella.

Jehova o bontša hore oa re amohela ka litsela tse ngata (Sheba serapa sa 12) a


13. Jehova a ka sebelisa bo-mang ho re bolella hore oa re rata, hona o etsa seo joang?

13 Ka Bakreste-’moho le rona. Jehova o sebelisa bara le barali ba bo rona ho re bolella hore oa re amohela. Ka mohlala, a ka susumeletsa ba bang ho re bolella mantsoe a khothatsang ka nako e nepahetseng. Morali oa bo rona e mong ea lulang Asia o ile a fumana khothatso e joalo nakong eo a neng a imetsoe haholo maikutlong. O ne a feletsoe ke mosebetsi a bile a kula haholo. Joale monna oa hae o ile a etsa sebe se tebileng eaba o tlosoa boholong. O re: “Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha lintho tsena li nketsahalla. Ke ne ke nahana hore mohlomong ho na le ntho e ’ngoe eo ke e entseng e phoso ’me Jehova ha a sa nkamohela.” Morali enoa oa bo rona o ile a kopa Jehova ka tieo hore a mo kholise hore o ntse a mo amohela. Jehova o ile a mo kholisa joang? Ha a hlalosa o re: “Baholo ba ile ba nthusa ho bona hore Jehova o ntse a nthata.” O ile a boela a kopa thuso ho Jehova ka mor’a hore ho fete nako e itseng. O re: “Letsatsing lona leo ke ile ka fumana lengolo le tsoang ho sehlopha se itseng sa bara le barali ba bo rona ka phuthehong. Ha ke ntse ke bala mantsoe a bona a khothatsang, ke ile ka bona hore Jehova o nkutloile.” Kannete Jehova a ka re bolella hore oa re rata a sebelisa mantsoe a mosa a batho ba bang.—Pes. 10:17.

Jehova o bontša hore oa re amohela ka litsela tse ngata (Sheba serapa sa 13) b


14. Tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a bontšang hore oa re amohela ke efe?

14 Jehova o boetse o bontša hore oa re amohela ka ho sebelisa Bakreste-’moho le rona hore ba re fe khalemelo ha re e hloka. Ka mohlala, mehleng ea baapostola Jehova o ile a sebelisa moapostola Pauluse hore a ngolle Bakreste-’moho le eena mangolo a 14. Mangolo ao a ne a fana ka khalemelo e lerato empa e le e tobileng. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a sebelisa Pauluse hore a fane ka khalemelo e joalo? Jehova ke Ntate ea molemo ’me o khalemela bana ba hae “bao a ba ratang.” (Liprov. 3:​11, 12) Kahoo, ha re fumana khalemelo e thehiloeng Bibeleng, ke bopaki ba hore Jehova oa re amohela eseng ba hore o re lahlile. (Baheb. 12:6) Ke lintho life tse ling tse ka bontšang hore Jehova oa re amohela?

BOPAKI BO BONG BA HORE JEHOVA OA RE AMOHELA

15. Ke bo-mang bao Jehova a ba fang moea oa hae o halalelang, hona ke hobane’ng ha taba ee e etsa hore re kholisehe hore oa re amohela?

15 Jehova o fana ka moea o halalelang oa hae ho batho ba mo thabisang. (Mat. 12:18) Re ka ipotsa: ‘Na ke khona ho bontša tse ling tsa litholoana tse behoang ke moea o halalelang bophelong ba ka?’ Na u bona eka u se u e-na le mamello haholoanyane ha u sebetsana le batho ba bang ho feta pele u ithuta ka Jehova? Ha u ntse u bontša litholoana tse behoang ke moea o halalelang haholoanyane, u lokela ho kholiseha le ho feta hore Jehova oa u amohela.—Sheba lebokose le reng “ Litholoana Tse Behoang ke Moea o Halalelang ke . . .

Ke bopaki bofe bo bong bo bontšang hore Jehova oa u amohela? (Sheba serapa sa 15)


16. Ke bo-mang bao Jehova a ba sebelisang ho bolela litaba tse monate, hona taba ee e etsa hore u ikutloe joang? (1 Bathesalonika 2:4)

16 Jehova o tšepela batho ba mo khahlisang hore ba bolele litaba tse monate. (Bala 1 Bathesalonika 2:4.) Morali oa bo rona ea bitsoang Jocelyn o ile a kholiseha ka taba ena ha a ne a bolella batho ba bang litaba tse monate. Ka letsatsi le leng Morali oa bo rona Jocelyn o ile a tsoha a e-na le khatello ea maikutlo. O re: “Ke ne ke utloa ke se na matla ebile ke se na thuso. Empa ke ne ke le pula-maliboho ebile e le letsatsi la ka la ho ea tšimong. Kahoo, ke ile ka rapela eaba ke ea tšimong.” Hoseng hoo, Morali oa bo rona Jocelyn o ile a kopana le ’mè ea mosa ea bitsoang Mary ea ileng a lumela ho ithuta Bibele. Likhoeli tse ’maloa hamorao, Mary o ile a re ha Morali oa bo rona Jocelyn a ne a kokota lemating la hae, o ne a ntse a rapela Molimo a kopa thuso. Morali oa bo rona Jocelyn o ile a ithuta eng tabeng ee? O re: “Ho ne ho tšoana le ha eka Jehova o re ho ’na, ‘Kea u amohela.’” Ke ’nete hore ha se motho e mong le e mong ea tla mamela molaetsa oo re o bolelang. Empa re ka kholiseha hore Jehova oa thaba ha re etsa sohle se matleng a rona ho arolelana litaba tse monate le batho ba bang.

Ke bopaki bofe bo bong bo bontšang hore Jehova oa u amohela? (Sheba serapa sa 16) c


17. U ithuta eng ka sehlabelo sa Jesu ho Morali oa bo rona Vicky? (Pesaleme ea 5:12)

17 Batho bao Jehova a ba amohelang ba fumana melemo ea sehlabelo sa Jesu seo Jehova a faneng ka sona. (1 Tim. 2:​5, 6) Empa ho thoe’ng haeba re ntse re utloa eka Jehova ha a re amohele le hoja re lumela sehlabelong sa Jesu re bile re kolobelitsoe? Re lokela ho hopola hore ha se kamehla re lokelang ho tšepa tsela eo re ikutloang ka eona empa re ka tšepa Jehova. O nka batho ba nang le tumelo sehlabelong sa Jesu ba lokile ebile o tšepisa ho ba hlohonolofatsa. (Bala Pesaleme ea 5:12; Bar. 3:26) Ho nahanisisa ka sehlabelo sa Jesu ho ile ha thusa Morali oa bo rona ea bitsoang Vicky. Ka letsatsi le leng ka mor’a ho nahanisisa ka sehlabelo sa Jesu, o ile a re: “Jehova o ’nile a ’mamella nako e telele. . . . Empa ha e le hantle ho ne ho tšoana le ha ke ntse ke re ho eena: ‘Lerato la hao lea fokola hore le ka nkama. Sehlabelo sa Mora oa hao ha sea lekana ho koahela libe tsa ka.’” O ile a qala ho utloa Jehova a mo rata ka mor’a ho nahanisisa ka mpho ea sehlabelo sa Jesu. Le rona re tla utloa hore Jehova oa re rata ebile oa re amohela haeba re nahanisisa ka sehlabelo sa Jesu.

Ke bopaki bofe bo bong bo bontšang hore Jehova oa u amohela? (Sheba serapa sa 17)


18. Re ka kholiseha ka eng ha re tsoela pele re rata Ntate oa rona ea leholimong?

18 Le hoja re ka leka ka thata ho sebelisa litlhahiso tseo re ithutileng tsona sehloohong sena, ka linako tse ling re ka ’na ra nyahama ’me ra ipotsa hore na ebe Jehova oa re amohela. Ha seo se etsahala, hopola hore o amohela “batho ba tsoelang pele ho mo rata.” (Jak. 1:12) Kahoo, tsoela pele ho atamela ho Jehova le ho hlokomela litsela tsohle tseo a bontšang ka tsona hore oa u amohela. Le ka mohla u se ke oa lebala hore Jehova “ha a hole le rona.”—Lik. 17:27.

U KA RE’NG?

  • Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka utloa eka Jehova ha a ba amohele?

  • Litsela tse ling tseo Jehova a bontšang ka tsona hore oa re amohela ke life?

  • Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo oa re amohela?

PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao

a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Tšoantšetso ea ntho e etsahetseng

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Tšoantšetso ea ntho e etsahetseng

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Tšoantšetso ea ntho e etsahetseng