Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 10

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

Lula u Latela Jesu ka Mor’a Hore u Kolobetsoe

Lula u Latela Jesu ka Mor’a Hore u Kolobetsoe

“Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso letsatsi le letsatsi ’me a ’ne a ntatele.”LUKA 9:23.

NTLHA-KHOLO

Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore na ke joang ho inehela ho Jehova ho ka amang tsela eo re phelang ka eona. Ka ho khetheha se ka thusa batho ba sa tsoa kolobetsoa hore ba lule ba tšepahala.

1, 2. Ke litlhohonolofatso life tseo motho a li fumanang ka mor’a hore a kolobetsoe?

 HOA thabisa ho kolobetsoa le ho ba karolo ea lelapa la Jehova. Ke tlotla e kholo ho ba le kamano e ntle le Jehova. Batho ba nang le eona ba ka lumellana le mantsoe a mopesaleme Davida ea ileng a re: “Ho thaba motho eo u [Jehova] mo khethang ebile u mo atametsa hore a lule mabaleng a hao.”—Pes. 65:4.

2 Ha se batho bohle bao e ka bang metsoalle ea Jehova. Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, Jehova o khetha ho atamela haufi le batho ba bontšang hore ba batla ho ba metsoalle ea hae. (Jak. 4:8) Ha u inehela ho Jehova ’me u kolobetsoa, u atamela haufi le Jehova ka tsela e ikhethang. U ka kholiseha hore ka mor’a hore u kolobetsoe, o tla u ‘tšollela litlhohonolofatso ho fihlela u se u sa hloke letho.’—Mal. 3:10; Jer. 17:​7, 8.

3. Ke boikarabelo bofe boo Bakreste ba inehetseng ho Jehova le ba kolobelitsoeng ba nang le bona? (Moeklesia 5:​4, 5)

3 Ha e le hantle kolobetso ke qalo feela. Ka mor’a hore u kolobetsoe, u tla leka kahohle hore u phethe boitlamo boo u bo entseng le hore u lule u tšepahala leha u ka lekeha ho etsa ntho e fosahetseng kapa oa hlaheloa ke mathata. (Bala Moeklesia 5:​4, 5.) Kaha u morutuoa oa Jesu, u tla etsisa mohlala oa hae ’me u leke kahohle ho latela litaelo tsa hae. (Mat. 28:​19, 20; 1 Pet. 2:21) Sehlooho sena se tl’o u thusa ho etsa sona seo.

LULA U LATELA JESU LEHA U HLAHELOA KE MATHATA EBILE U LEKOA

4. Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re barutuoa ba hae ba ne ba tla “mamella mahloriso”? (Luka 9:23)

4 Ka mor’a hore u kolobetsoe ha ho bolele hore bophelo ba hao bo ke ke ba e-ba le mathata. Ha e le hantle, Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba tla “mamella mahloriso.” Ba ne ba tla a mamella “letsatsi le letsatsi.” (Bala Luka 9:23.) Na Jesu o ne a bolela hore balateli ba hae ba tla lula ba utloile bohloko? Ha ho joalo. Empa o ne a hlakisa hore le hoja balateli ba hae ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso, ba ne ba tla boela ba hlaheloe ke mathata. A mang a mathata ao a ne a tla ba boima.—2 Tim. 3:12.

5. Jesu o tšepisitse batho ba telang lintho tse itseng litlhohonolofatso life?

5 Mohlomong u kile oa hanyetsoa ke ba lelapa kapa u khethile ho etsa hore ’Muso oa Molimo e be eona ntho ea bohlokoa bophelong ba hao ho e-na le hore u be le chelete e ngata le lintho tse ngata. (Mat. 6:33) Haeba ho joalo, Jehova o tseba lintho tsohle tseo u mo etselitseng tsona. (Baheb. 6:10) E ka ’na eaba u utloisisa hantle mantsoe a Jesu a reng: “E mong le e mong ea siileng ntlo, bana babo, ’mè, ntate, bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo o tla fumana matlo, bana babo, bo-’mè, bana le masimo halekholo hona joale, a boele a fumane mahloriso. Lefatšeng le lecha le tlang, o tla fumana bophelo bo sa feleng.” (Mar. 10:​29, 30) Litlhohonolofatso tseo u seng u li fumane li ngata ho feta lintho tseo u li tetseng.—Pes. 37:4.

6. Ke hobane’ng ha u lokela ho lula u loantša “litakatso tse fosahetseng” le ka mor’a hore u kolobetsoe?

6 Ka mor’a hore u kolobetsoe, u ntse u tla lokela ho loantša “litakatso tse fosahetseng.” (1 Joh. 2:16) Lebaka ke hobane u ntse u le motho ea etsang liphoso. Ka linako tse ling u ka ikutloa joaloka moapostola Pauluse. O ile a re: “Ke rata molao oa Molimo ho tloha botebong ba pelo ea ka. Empa ’meleng oa ka ke bona molao o mong o loantšang molao oa kelello ea ka ebile o nketsa motšoaruoa oa molao oa sebe o ’meleng oa ka.” (Bar. 7:​22, 23) U ka ’na oa ikutloa u nyahame ha u ntse u leka ho qoba ho etsa lintho tse fosahetseng. Leha ho le joalo, ho nahana ka tšepiso eo u e etselitseng Jehova ha u ne u inehela ho eena ho tla u thusa hore u khone ho qoba ho etsa ntho e fosahetseng. ’Nete ke hore boitlamo boo u bo entseng ha u ne u inehela bo tla u thusa hore u khone ho hlola liteko tseo u kopanang le tsona. Bo tla u thusa joang?

7. Ho inehela ho Jehova ho tla u thusa joang hore u lule u mo tšepahalla?

7 Ha u inehela ho Jehova ha u sa iphelela. Taba ena e bolela hore u tla qoba ho etsa lintho tse batloang ke uena le tseo u batlang ho li finyella. (Mat. 16:24) Kahoo, ha u hlaheloa ke bothata bo itseng u ke ke oa ipotsa hore na u etse’ng boemong boo hobane u tla be u entse qeto ea hore u tla tšepahalla Jehova. U tla lula u ikemiselitse ho thabisa Jehova. Haeba u etsa joalo u tla be u etsisa Jobo. Le hoja a ile a hlaheloa ke mathata a boima, o ile a bua ka kholiseho a re: “Ke tla lula ke tšepahala.”—Jobo 27:5.

8. Ho nahana ka thapelo eo u ileng oa e etsa ha u ne u inehela ho Jehova, ho tla u thusa joang hore u hlole boemo bo ka etsang hore u lekehe?

8 Haeba u nahana ka thapelo eo u ileng oa e etsa ha u ne u inehela ho Jehova, u tla khona ho hlola boemo leha e le bofe bo ka etsang hore u lekehe ho etsa ntho e fosahetseng. Ka mohlala, na u ka bontša hore u rata molekane oa motho e mong? Che! Lebaka ke hobane ha u ne u inehela ho Jehova u ile oa mo tšepisa hore u ke ke oa etsa lintho tse sa mo thabiseng. Haeba u sa itumelle ho ba le maikutlo a fosahetseng u ke ke oa e-ba le bothata ba ho a felisa. U tla “tsamaella hole” le ‘tsela ea batho ba khopo.’—Liprov. 4:​14, 15.

9. Ho nahana ka thapelo eo u e entseng ha u ne u inehela ho ka u thusa joang hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e tlang pele bophelong ba hao?

9 U ka etsa’ng haeba u fuoa mosebetsi o ka etsang hore u se ke oa e-ba teng libokeng kamehla? Ho hlakile hore u tla tseba seo u lokelang hore u se etse. Pele u ka fuoa mosebetsi oo, u ile oa etsa qeto ea hore u ke ke oa amohela mosebetsi o joalo. Kahoo, u ke ke oa lekeha hore u amohele mosebetsi oo ebe ka nako e tšoanang u leka ho fumana tsela ea hore ho sebeletsa Jehova ebe ntho e tlang pele bophelong ba hao. Ho nahanisisa ka mohlala o motle oo Jesu a re behetseng oona oa ho thabisa Ntate oa hae, ho tla u thusa hore hang-hang u qobe ho etsa lintho tse sa thabiseng Molimo eo u inehetseng ho eena.—Mat. 4:10; Joh. 8:29.

10. Jehova o tla u thusa joang ka mor’a hore u kolobetsoe e le hore u lule u latela Jesu?

10 Liqeto tseo u li etsang ha u hlaheloa ke mathata kapa u lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, li tla bontša hore u ikemiselitse ho lula u latela Jesu. Hape u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa hore u etse joalo. Bibele e re: “Molimo oa tšepahala ’me a ke ke a lumella hore le hlaheloe ke liteko tseo le ke keng la khona ho li mamella. Ha le lekoa, o tla le thusa e le hore le khone ho mamella.”—1 Bakor. 10:13.

U KA ETSA’NG E LE HORE U ’NE U LATELE JESU?

11. U ka etsa’ng ho bontša hore u ntse u latela Jesu? (Sheba setšoantšo.)

11 Jesu o ne a lula a rapela Jehova le ho mo sebeletsa ka pelo eohle. (Luka 6:12) Ha e le hantle, tsela eo u ka lulang u latela Jesu ka eona ka mor’a hore u kolobetsoe, ke hore u lule u etsa lintho tse tla u atametsa ho Jehova. Bibele e re: “A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.” (Bafil. 3:16) Nako le nako u tla utloa lipale tsa Bakreste-’moho le rona ba entseng qeto ea ho eketsa tšebeletso ea bona ho Jehova. Mohlomong ba ile Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso kapa ba ile moo ho hlokehang bahoeletsi ba bangata. U etsa hantle haeba le uena u batla ho etsa e ’ngoe ea lintho tsena. Batho ba Jehova ba lula ba ikemiselitse ho eketsa tšebeletso ea bona. (Lik. 16:9) Empa u ka etsa’ng hona joale haeba u sa khone ho etsa e ’ngoe ea lintho tsena? U se ke oa nahana hore ha u motho oa bohlokoa ha u bapisoa le batho ba khonang ho li etsa. Ntho ea bohlokoa ke hore u lule u mameletse. (Mat. 10:22) U se ke oa lebala hore u thabisa Jehova haholo ha u mo sebeletsa ho latela bokhoni ba hao le maemo a hao. Eo ke tsela ea bohlokoa eo ka eona u bontšang hore u ntse u latela Jesu le ka mor’a hore u kolobetsoe.—Pes. 26:1.

Ka mor’a hore u kolobetsoe u ka rera ho etsa lintho tse tla u thusa hore u lule u le motsoalle oa Jehova (Sheba serapa sa 11)


12, 13. U ka etsa’ng haeba u se u sa thabele ho sebeletsa Jehova joaloka pele? (1 Bakorinthe 9:​16, 17) (Sheba lebokose le reng “ U se ke oa Khaotsa ho Matha.”)

12 U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ha u sa rapela ho tsoa pelong le hore ha u sa sebeletsa Jehova joaloka pele? Hape u ka etsa’ng haeba u se u sa thabele ho bala Bibele joaloka pele? Haeba u ikutloa ka tsela ena, u se ke oa nahana hore Jehova ha a sa u fa moea oa hae o halalelang. U motho ea etsang liphoso ka linako tse ling, kahoo u ka ’na oa ikutloa ka tsela ena. Haeba u hlokomela hore ha u sa etsa lintho joaloka pele, nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ne a leka ho etsisa Jesu empa o ne a tseba hore ka linako tse ling o ne a ke ke a e-ba le matla a ho etsa lintho tseo a neng a lokela ho li etsa. (Bala 1 Bakorinthe 9:​16, 17.) O ile a re: “Le haeba ke li bolela ke sa batle, ke ntse ke fuoe boikarabelo ba ho li bolela.” Ha e le hantle Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa tšebeletso ea hae ka ho feletseng ho sa tsotellehe hore na o ne a ikutloa joang.

13 Ka ho tšoanang u se ke oa etsa liqeto ho ea feela ka hore na u ikutloa joang. Ikemisetse ho etsa lintho tse nepahetseng ho sa tsotellehe tsela eo u ikutloang ka eona. Haeba u itloaetsa ho etsa lintho tse nepahetseng, tsela eo u ikutloang ka eona e tla fetoha. Ho tloaela ho ithuta Bibele u le mong, ho rapela, ho ea libokeng le ho bolela litaba tse monate, ho tla u thusa hore u ’ne u latele Jesu le ka mor’a hore u kolobetsoe. Haeba u lula u etsa lintho tsena u tla khothatsa Bakreste-’moho le uena.—1 Bathes. 5:11.

“LE ’NE LE ITLHAHLOBE”

14. U ka etsa’ng ho bona hore na u ntse u etsa lintho hantle, hona hobane’ng? (2 Bakorinthe 13:5)

14 Ka mor’a hore u kolobetsoe ke habohlokoa hore u lule u itlhahloba. (Bala 2 Bakorinthe 13:5.) U lokela ho lula u sheba tsela eo u phelang ka eona le eo u etsang lintho ka eona e le hore u ka bona hore na u ntse u rapela letsatsi le letsatsi, u bala le ho ithuta Bibele, u ea libokeng le ho ea tšimong. Leka ho fumana litsela tse ka u thusang hore ho sebeletsa Jehova e be ntho ea bohlokoa bophelong ba hao. Ka mohlala, u ka ipotsa lipotso tse kang: ‘Na ke khona ho bolella batho ba bang lintho tseo ke ithutileng tsona Bibeleng? Nka etsa’ng hore ke thabele tšimo? Na lintho tseo ke li rapellang li bontša hore ke tšepile Jehova? Na ke lula ke le teng libokeng? Na nka ntlafatsa tsela eo ke mamelang ka eona le ho nka karolo ka eona ha ke le libokeng?’

15, 16. U ithutile’ng mohlaleng oa mor’abo rona e mong tabeng ea ho qoba ho etsa ntho e fosahetseng?

15 Ke ntho ea bohlokoa hore u tsebe hore na ke lintho life tseo u sa khoneng ho li etsa. Pale ea Mor’abo rona Robert e hlalosa ntlha ena hantle, o re: “Ha ke ne ke le lilemo tse ka bang 20, ke ne ke sebetsa mosebetsi oa matsatsi. Ka letsatsi le leng ka mor’a mosebetsi, ngoanana e mong eo ke neng ke sebetsa le eena o ile a ’mema hore ke ee le eena moo a lulang teng. O ile a re ho ’na o tla be a le mong ’me ‘re tla ba le nako e monate.’ Qalong ke ile ka fana ka mabaka a sa utloahaleng empa qetellong ke ile ka mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke sa ka ka amohela memo ea hae.” Mor’abo rona Robert o ile a hlola teko ena ’me ke ntho e babatsehang hore ebe o ile a etsa joalo. Ho ntse ho le joalo, o re ha a sheba morao o ile a hlokomela hore a ka be a entse lintho ka tsela e fapaneng. O re: “Ha kea ka ka hana memo eo ka tsela e neng e bontša hore ke tiisitse ebile ha kea ka ka e hana hang-hang joaloka Josefa ha a ne a hana memo ea mosali oa Potifaro. (Gen. 39:​7-9) Ha e le hantle, ke ne ke makatsoa ke taba ea hore ho ne ho le thata hore ke hane. Ntho ena e nketsahaletseng e nthusitse ho bona hore ke hloka ho matlafatsa kamano ea ka le Jehova.”

16 Le uena u ka fumana molemo ka hore u itlhahlobe joaloka Mor’abo rona Robert. Haeba u ile oa khona ho qoba ho etsa ntho e fosahetseng, ipotse: ‘Ke ile ka nka nako e kae pele ke hana?’ Haeba u hlokomela hore ho na le moo u hlokang ho ntlafatsa teng, u se ke oa nyahama. Thabela taba ea hore oa tseba hore u lokela ho ntlafatsa hokae. Rapela Jehova ka bothata boo u nang le bona ’me u etse lintho tse tla u thusa hore u batle ho mo mamela.—Pes. 139:​23, 24.

17. Pale ea Mor’abo rona Robert e bontša joang hore ho lula re tšepahalla Jehova ho ama lebitso la hae?

17 Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re ithuta’ng eona mohlaleng oa Mor’abo rona Robert. O re: “Ka mor’a hore ke hane memo ea mosebetsi-’moho le ’na, o ile a re ho ’na: ‘U pasitse.’ Ke ile ka mo botsa hore na o bolela’ng. O ile a ntlhalosetsa hore motsoalle oa hae e mong eo e neng e le Paki ea Jehova o mo boleletse hore bacha bohle ba Lipaki ba etsa lintho tse fosahetseng moo ba sa bonoeng, hafeela ba fumana monyetla oa ho etsa joalo. Kahoo, o ile a bolella motsoalle oa hae hore o tla bona hore na ’na ke tla etsa’ng. Ke ile ka thaba ha ke hlokomela hore seo ke se entseng se rorisitse lebitso la Jehova.”

18. U ikemiselitse ho etsa’ng ka mor’a hore u kolobetsoe? (Sheba lebokose le reng “ Lihlooho Tseo u ka li Thabelang.”)

18 Ha u inehela ho Jehova ebile u kolobetsoa u bontša hore u batla ho rorisa lebitso la hae ho sa tsotellehe hore na u hlaheloa ke’ng. U ka boela oa kholiseha hore Jehova o tseba mathata a u hlahelang le liteko tseo u li loantšang. O tla u hlohonolofatsa hobane u leka kahohle ho lula u tšepahala. U ka kholiseha hore o tla u fa moea oa hae o halalelang e le hore u khone ho lula u tšepahala. (Luka 11:​11-13) Jehova o tla u thusa hore u lule u latela Jesu le ka mor’a hore u kolobetsoe.

U KA RE’NG?

  • Ke ka tsela efe Bakreste ba “mamellang mahloriso letsatsi le letsatsi”?

  • U ka etsa’ng e le hore u lule u latela Jesu le ka mor’a hore u kolobetsoe?

  • Ho nahana ka thapelo eo u e entseng ha u ne u inehela ho ka u thusa joang hore u lule u tšepahala?

PINA EA 89 Mamela ’Me U Hlohonolofatsoe