Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LIPOLELO TSE HLAHANG KA BIBELENG

Molimo o Tšoarela Libe Tse Entsoeng Nakong e Fetileng

Molimo o Tšoarela Libe Tse Entsoeng Nakong e Fetileng

Sehlabelo sa topollo seo Jesu a faneng ka sona ka mali a hae ke sona feela se ka etsang hore re tšoareloe libe. (Baef. 1:7) Bibele e re: “Molimo o . . . ne a bontša hore o na le mamello ka ho tšoarela libe tse entsoeng nakong e fetileng,” e leng pele Jesu a lopolla batho sebeng le lefung. (Bar. 3:25) Jehova o ne a ka tšoarela libe joang pele Jesu a fana ka sehlabelo sa hae ’me ka nako e tšoanang a bontša hore o na le toka?

Jehova o ile a tšepisa hore ho ne ho tla ba le “ngoana” ea neng a tla pholosa batho ba bontšang tumelo ho eena le litšepisong tsa hae. Ha Jehova a ne a etsa tšepiso eo, ho ne ho tšoana le ha eka ngoana eo o se a lopollotse batho. (Gen. 3:15; 22:18) Molimo o ne a kholisehile hore Mora oa hae o ne a tla fana ka topollo ka nako eo Jehova a neng a e behile. (Bagal. 4:4; Baheb. 10:​7-10) Ha Jesu a ne a le lefatšeng, Molimo o ile a mo fa matla a hore a tšoarele libe le pele a ka lopolla batho sebeng le lefung. Jesu o ne a ka khona ho tšoarela libe tsa batho ba neng ba e-na le tumelo ho eena hobane o ne a tseba hore sehlabelo sa hae se ne se tla koahela libe tsa bona.—Mat. 9:​2-6.