Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 9

PINA EA 75 “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na”

Na u se u Loketse ho Inehela ho Jehova?

Na u se u Loketse ho Inehela ho Jehova?

“Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona?”PES. 116:12.

NTLHA-KHOLO

Sehlooho sena se tla u thusa hore u be motsoalle oa Jehova e le hore u batle ho inehela ho eena le hore u kolobetsoe.

1, 2. Motho o lokela ho etsa’ng pele a ka kolobetsoa?

 LILEMONG tse hlano tse fetileng, batho ba ka holimo ho milione ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Bongata ba bona ba tšoana le Timothea ea ileng a rutoa ka Jehova “e sa le lesea.” (2 Tim. 3:​14, 15) Ba bang bona ba ithutile ka Jehova ba se ba holile. Nakong e fetileng, mosali e mong o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me a kolobetsoa a le lilemo li 97.

2 Haeba u ithuta Bibele kapa u holisoa ke batsoali bao e leng Lipaki Tsa Jehova, na u ntse u nahana ka ho kolobetsoa? Ke ntho e ntle haeba u batla ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, u lokela ho inehela ho Jehova pele u ka kolobetsoa. Sehlooho sena se tl’o hlalosa hore na ho inehela ho Molimo ho bolela’ng. Se tla boela se u thuse ho bona hore na ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho inehela ho Molimo le hore u kolobetsoe ha u se u loketse ho etsa joalo.

HO INEHELA HO JEHOVA HO BOLELA’NG?

3. Fana ka mohlala oa batho ba ka Bibeleng ba ileng ba inehela ho Jehova.

3 Ka Bibeleng ha ho buuoa ka motho ea inehetseng, ho buuoa ka motho ea khethetsoeng ho etsa mosebetsi o khethehileng. Baiseraele e ne e le sechaba se inehetseng ho Jehova. Empa ba bang ba bona ba ne ba inehela ho Jehova ka tsela e khethehileng. Ka mohlala, Arone o ne a roala tuku e nang le lesenke le benyang la khauta karolong e ka pele ea eona e le “pontšo e halalelang ea boinehelo” ba hae ho Jehova. Lesenke leo le benyang la khauta le ne le bontša hore o khethetsoe ho etsa mosebetsi o khethehileng e le moprista ea phahameng oa Iseraele. (Lev. 8:9) Banazari le bona ba ne ba inehela ho Jehova ka tsela e khethehileng. Lentsoe “Monazari” le nkiloeng lentsoeng la Seheberu e leng nazirʹ, le bolela “Ea Khethiloeng” kapa “Ea Inehetseng.” Banazari ba ne ba phela ka melao e fapaneng le e neng e ngotsoe Molaong oa Moshe.—Num. 6:​2-8.

4. (a) U lokela ho etsa’ng ha u se u inehetse ho Jehova? (b) Ho se hlole u “iphelela” ho bolela’ng? (Sheba setšoantšo.)

4 Ha u inehela ho Jehova, u khetha ho ba e mong oa barutuoa ba Jesu Kreste ebile u khetha hore ho etsa thato ea Molimo e be ntho ea bohlokoa bophelong ba hao. U lokela ho etsa’ng ha u se u inehetse ho Jehova? Jesu o itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela.” (Mat. 16:24) Ha u se u inehetse ho Jehova, u lokela ho qoba ntho leha e le efe e sa lumellaneng le thato ea hae. (2 Bakor. 5:​14, 15) Seo se akareletsa ho qoba ho etsa “liketso tse mpe” joaloka “boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.” (Bagal. 5:​19-21; 1 Bakor. 6:18) Na ho mamela melao ea Jehova ho tla etsa hore u phele ka thata? Haeba u rata Jehova ebile u mamela melao ea hae, u tla hlokomela hore e u tsoela molemo. (Pes. 119:97; Esa. 48:​17, 18) Mor’abo rona Nicholas o re: “U ka nka melao ea Jehova joaloka litšepe tsa teronkong tse u thibelang ho etsa seo u batlang ho se etsa kapa joaloka litšepe tse sebelisitsoeng ho koalla litau e le ho u sireletsa hore li se ke tsa u ntša kotsi.”

Na u nka melao ea Jehova joaloka litšepe tsa teronkong tse u thibelang ho etsa seo u batlang ho se etsa kapa joaloka litšepe tse sebelisitsoeng ho koalla litau e le ho u sireletsa hore li se ke tsa u ntša kotsi? (Sheba serapa sa 4)


5. (a) U ka inehela ho Jehova joang? (b) Ho na le phapang efe pakeng tsa ho inehela le ho kolobetsoa? (Sheba setšoantšo.)

5 U ka inehela ho Jehova joang? Ka ho mo rapela ’me u mo tšepise hore u tla sebeletsa eena feela le ho etsa hore thato ea hae e be eona ntho e tlang pele bophelong ba hao. Ha u etsa joalo, u tšepisa Jehova hore u tla lula u mo rata “ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mar. 12:30) Ho inehela ke ntho eo u e etsang moo u leng mong, e pakeng tsa hao le Jehova. Empa ho kolobetsoa ke ntho eo u e etsang phatlalatsa moo batho ba bang ba bonang hore u inehetse ho Jehova. Ho inehela ke boitlamo boo u bo etsang ho Jehova ’me o lebeletse hore u bo phethe. Kahoo, u lokela ho ikemisetsa ho phetha boitlamo boo.—Moek. 5:​4, 5.

Ho inehela ho Jehova ho bolela hore u mo tšepisa ho rapela eena feela ’me ho etsa thato ea hae e tla ba ntho e tlang pele bophelong ba hao (Sheba serapa sa 5)


KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO INEHELA HO JEHOVA?

6. Ke’ng e ka u susumeletsang hore u batle ho inehela ho Jehova?

6 Lebaka la bohlokoa le etsang hore u batle ho inehela ho Jehova ke hobane oa mo rata. Ntho e ’ngoe e ka u susumeletsang hore u inehele ho eena ke hobane u e-na le “tsebo e ngata e nepahetseng” le “kutloisiso” ka eena. Lintho tseo u ithutileng tsona ka Jehova li entse hore u mo rate haholo. (Bakol. 1:9) Ho ithuta Bibele ho entse hore u kholisehe hore (1) Jehova o teng, (2) Bibele ke Lentsoe la hae le hore (3) o sebelisa mokhatlo oa hae ho etsa hore thato ea hae e phethahale.

7. Re lokela ho etsa’ng pele re inehela ho Molimo?

7 Batho ba inehetseng ho Jehova ba lokela ho tseba lintho tseo Bibele e li rutang ebile ba mamela melao ea Molimo. Ba leka kahohle ho bolella batho ba bang lintho tseo ba ithutileng tsona. (Mat. 28:​19, 20) Ba rata Jehova haholo ’me seo se etsa hore ba rapele eena feela. Na ke ka tsela eo u ikutloang ka eona? Ha u rata Jehova ka tsela ena, u ke ke oa batla ho inehela ho eena le ho kolobetsoa hobane feela u batla ho thabisa motho eo u ithutang Bibele le eena, batsoali ba hao kapa hobane metsoalle ea hao le eona e kolobetsoa.

8. Ho nahana ka lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona ho ka u susumetsa joang hore u inehele ho eena? (Pesaleme ea 116:​12-14)

8 Ha u nahana ka lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona, u tla li ananela ’me u tla batla ho nehela bophelo ba hao ho eena. (Bala Pesaleme ea 116:​12-14.) Bibele e re Jehova o fana ka “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jak. 1:17) Mpho e kholo eo Jehova a re fileng eona ke sehlabelo sa Mora oa hae Jesu. Nahana ka hore na mpho ena ke ea bohlokoa hakae. Sehlabelo sa Jesu se entse hore u khone ho ba motsoalle oa Jehova ebile se entse hore u be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (1 Joh. 4:​9, 10, 19) Ha u inehela ho Jehova, u mo bontša hore u ananela lerato leo a u bontšitseng lona le litlhohonolofatso tseo a u fileng tsona. (Deut. 16:17; 2 Bakor. 5:15) Buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! khaolo ea 46 ntlha ea 4, e bua ka hore na re ka bontša hore re ananela lintho tseo Jehova a re etselitseng tsona joang ebile e na le video e nkang metsotso e meraro e reng Limpho Tseo re li Fang Molimo.

NA U SE U LOKETSE HO INEHELA HO JEHOVA LE HO KOLOBETSOA?

9. Ke hobane’ng ha motho a sa lokela ho ikutloa a le tlas’a khatello ea hore a inehele ho Jehova?

9 U ka bona eka ha u e-s’o lokele ho inehela ho Jehova le hore u kolobetsoe. Mohlomong u hloka ho etsa liphetoho bophelong ba hao e le hore bo lumellane le melao ea Jehova kapa mohlomong u hloka nako e eketsehileng e le ho matlafatsa tumelo ea hao. (Bakol. 2:​6, 7) Ha se batho bohle ba ithutang Bibele ba ka etsang liphetoho bophelong ba bona ka nako e tšoanang. Hape ha se bacha bohle ba lekanang ka lilemo ba loketseng ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Leka ho hlahloba hore na ke hokae moo u ka ntlafatsang teng u sa ipapise le motho e mong.—Bagal. 6:​4, 5.

10. U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ha u e-s’o lokele ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa? (Sheba le lebokose le reng “ Batho ba Holisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.”)

10 Haeba u hlokomela hore ha u e-s’o lokele ho inehela ho Jehova, etsa lintho tse tla u thusa hore u inehele ho eena. Kopa Jehova hore a u thuse hore u etse liphetoho tse hlokahalang bophelong ba hao. (Bafil. 2:13; 3:16) U ka kholiseha hore Jehova o tla utloa thapelo ea hao ’me a u thuse.—1 Joh. 5:14.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA TŠABA HO INEHELA LE HO KOLOBETSOA?

11. Jehova o tla re thusa joang hore re lule re mo tšepahalla?

11 Batho ba bang ba se ba loketse hore ba ka inehela ho Jehova le hore ba kolobetsoe empa baa tšaba. Mohlomong ke hobane ba tšohile hore ka mor’a hore ba kolobetsoe ba ka ’na ba etsa sebe se tebileng ebe baa khaoloa. Haeba u tšaba ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa, kholiseha hore Jehova o tla u thusa hore ‘tsela eo u phelang ka eona e mo thabise.’ (Bakol. 1:10) O tla boela a u fe matla a hore u khone ho etsa se nepahetseng. Jehova o se a thusitse batho ba bangata hore ba etse lintho tse nepahetseng, kahoo le uena o tla u thusa. (1 Bakor. 10:13) Kaha Jehova oa re thusa, ke batho ba ’maloa feela ba khaoloang ka phuthehong. Jehova o thusa batho ba hae hore ba lule ba tšepahala.

12. U ka etsa’ng hore u qobe ho etsa sebe se tebileng?

12 Motho e mong le e mong o tobana le teko ea hore a etse ntho e mpe. (Jak. 1:14) Leha ho le joalo, u ka khetha hore na u tla etsa’ng haeba u tobana le teko ea hore u etse ntho e fosahetseng. Ha e le hantle, ke uena ea khonang ho laola tsela eo u batlang ho phela ka eona. Empa batho ba bang ba re ho ke ke ha khoneha hore u laole tsela eo u ikutloang ka eona le tsela eo u etsang lintho ka eona. Leha ho le joalo, seo ha se ’nete. U ka khona ho ithuta ho laola maikutlo a ho batla ho etsa lintho tse fosahetseng. Kahoo, haeba u tobana le teko ea hore u etse ntho e fosahetseng, u ka khetha hore u se ke oa e etsa. U ka thusoa ke ho rapela Jehova letsatsi le leng le le leng. U ka boela oa ithuta Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, oa e-ba teng libokeng kamehla oa ba oa bolella batho ba bang ka lintho tseo u li lumelang. Ho etsa lintho tsena kamehla ho tla u thusa hore u phelele boitlamo ba hao. Kahoo, u se ke oa lebala hore Jehova o tla u thusa hore u khone ho etsa lintho tse nepahetseng.—Bagal. 5:16.

13. Ke mohlala ofe o motle oo Josefa a re behetseng oona?

13 Ho tla ba bonolo hore u lule u tšepahalla Jehova haeba u tseba esale pele hore na u tla etsa’ng ha u tobana le teko ea ho etsa ntho e fosahetseng. Bibele e bua ka batho ba ileng ba etsa sona seo le hoja e ne e le baetsalibe joaloka rona. Ka mohlala, mosali oa Potifaro o ile a leka ka makhetlo ho qobella Josefa hore a robale le eena. Empa Josefa o ne a tseba hore na o tla etsa’ng. Bibele e re o ile “a hana” eaba o re: “Nka etsa bobe boo bo boholo joang ’me ka fosetsa Molimo?” (Gen. 39:​8-10) Ho hlakile hore Josefa o ne a tseba hore na o tla etsa’ng le pele mosali oa Potifaro a mo leka. Ntho eo e ile ea mo thusa hore a etse se nepahetseng ha a ne a tobana le teko ea ho etsa ntho e fosahetseng.

14. Re ka etsa’ng e le hore re qobe ho etsa lintho tse fosahetseng?

14 U ka etsisa Josefa joang ka hore u etse se nepahetseng ha u tobana le teko e itseng? U ka etsa qeto hona joale ea hore na u tla etsa’ng ha u tobana le teko ea hore u etse lintho tse fosahetseng. Ithute ho hana hang-hang ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng ’me u qobe ho nahana ka tsona. (Pes. 97:10; 119:165) Ha u etsa joalo, u ke ke oa etsa sebe ha u tobana le teko hobane u tla be u itokisitse esale pele.

15. U ka bontša joang hore u ‘batla Jehova e le kannete’? (Baheberu 11:6)

15 Mohlomong u se u ithutile ka Jehova ’me u batla ho mo sebeletsa ka pelo ea hao eohle empa ho ntse ho e-na le ntho e etsang hore u se ke oa inehela le ho kolobetsoa. U ka thusoa ke ho etsa seo Morena Davida a ileng a se etsa. U ka kopa Jehova oa re: “Ntlhahlobe Molimo ’me u bone se ka pelong ea ka. Ntlhahlobe ’me u tsebe lintho tse ntšoenyang tseo ke li nahanang. Sheba hore na ho na le ntho leha e le efe e mpe ka pelong ea ka. U ntsamaise tseleng e tla lula e le teng ka ho sa feleng.” (Pes. 139:​23, 24) Jehova o hlohonolofatsa batho bohle ba “mo batlang e le kannete.” Ha u ntse u sebetsa ka thata hore u inehele ho eena le ho kolobetsoa, oa mo bontša hore u mo batla e le kannete.—Bala Baheberu 11:6.

LULA U LE HAUFI LE JEHOVA

16, 17. Jehova o hula batho ba holisitsoeng ke Lipaki joang? (Johanne 6:44)

16 Jesu o itse barutuoa ba hae ba hutsoe ke Jehova. (Bala Johanne 6:44.) Nahana hore na taba ena e tebile hakae le hore e u ama joang. Ho tlameha ho e-na le se setle seo Jehova a se bonang ho e mong le e mong eo a mo hulelang ho eena. O nka motho e mong le e mong eo a mo huletseng ho eena e le “thepa ea hae e khethehileng” kapa “letlotlo la bohlokoa.” (Deut. 7:6; nal.) Ho joalo le ka uena.

17 E ka ’na eaba u mocha ea holisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Mohlomong u utloa eka u sebeletsa Jehova hobane ba lelapa leno ba mo sebeletsa le hore uena Jehova ha aa u hulela ho eena. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Atamelang ho Molimo ’me o tla atamela ho lona.” (Jak. 4:8; 1 Likron. 28:9) Ha u etsa boiteko ba hore u atamele ho Jehova, le eena o tla etsa boiteko ba hore a atamele ho uena. Jehova ha a u nke u le e mong oa sehlopha sa hae feela. O hulela motho e mong le e mong ho eena hammoho le ba holiselitsoeng ke Lipaki. Haeba motho ea joalo a etsa boiteko ba hore a atamele ho Jehova, Jehova o atamela ho eena joalokaha lengolo la Jakobo 4:8 le bontša.—Bapisa le 2 Bathesalonika 2:13.

18. Re tl’o bua ka’ng sehloohong se latelang? (Pesaleme ea 40:8)

18 Ha u inehela ho Jehova ’me u kolobetsoa u etsisa Jesu. O ne a ikemiselitse ho etsa eng kapa eng eo Ntate oa hae a neng a batla hore a e etse. (Bala Pesaleme ea 40:8; Baheb. 10:7) Sehloohong se latelang re tl’o bua ka hore na ke’ng e ka u thusang hore u lule u sebeletsa Jehova ka botšepehi ka mor’a hore u kolobetsoe.

U KA RE’NG?

  • Ho inehela ho Jehova ho bolela’ng?

  • Ho ananela lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona ho ka u susumetsa joang hore u inehele ho eena?

  • Ke’ng e tla u thusa hore u se ke oa etsa sebe se tebileng?

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa