Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 11

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

U ka Tsoela Pele u Sebeletsa Jehova Leha ho E-⁠na le Lintho Tse u Nyahamisang

U ka Tsoela Pele u Sebeletsa Jehova Leha ho E-⁠na le Lintho Tse u Nyahamisang

“U mameletse mathata ka lebaka la lebitso la ka.”TŠEN. 2:3.

NTLHA-KHOLO

Re ka tsoela pele re sebeletsa Jehova leha ho e-na le lintho tse re nyahamisang.

1. Jehova o re hlohonolofalitse joang hobane re le karolo ea mokhatlo oa hae?

 JEHOVA o re hlohonolofalitse haholo ka hore ebe re karolo ea mokhatlo oa hae matsatsing ana a thata a ho qetela. Maemo a lefatše lena a ntse a mpefala letsatsi le letsatsi empa Jehova o re file bara le barali ba bo rona hore ba re thuse. (Pes. 133:1) O re thusa hore re be le malapa a thabileng. (Baef. 5:33–6:1) O boetse o re fa bohlale e le hore re khone ho ba le khotso ea kelello.

2. Re lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

2 Leha ho le joalo, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Hobane’ng? Hobane ka linako tse ling batho ba bang ba ka ’na ba re utloisa bohloko ka lintho tseo ba li buang kapa tseo ba li etsang. Hape re ka nyahamisoa ke liphoso tsa rona, haholo-holo haeba re pheta liphoso tse tšoanang hangata. Re lokela ho tsoela pele re sebeletsa Jehova (1) leha Mokreste-’moho a re utloisitse bohloko, (2) leha molekane a re soetsitse le (3) ha re nyahamisitsoe ke liphoso tsa rona. Sehloohong sena, re tl’o bua ka maemo ana. Re tla boela re bone hore na re ka ithuta’ng bathong ba bararo ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba lula ba tšepahala.

LULA U TŠEPAHALLA JEHOVA HA MOKRESTE-’MOHO A U UTLOISITSE BOHLOKO

3. Ke mathata afe ao batho ba Jehova ba kopanang le ’ona?

3 Bothata. Bakreste-’moho le rona ba bang ba na le botho boo re sa bo rateng. Ba bang ba ka re soetsa kapa ba re etsa lintho tse bohloko. Baholo ba ka etsa liphoso. Mathata ana a ka etsa hore batho ba bang ba ipotse hore na ehlile mokhatlo ona ke oa Molimo na. Ba ka qetella ba se ba sa buise batho ba ba utloisitseng bohloko kapa ba tlohetse ho tla libokeng ka ho feletseng, ho e-na le hore ba tsoele pele ho sebeletsa Molimo “mahetla a bapile” le bara le barali ba bo bona. (Sof. 3:9) Na ke bohlale ho etsa joalo? A re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng o ka Bibeleng oa motho ea ileng a kopana le mathata a tšoanang.

4. Moapostola Pauluse o ile a kopana le mathata afe?

4 Mohlala o ka Bibeleng. Moapostola Pauluse o ne a tseba hore Bakreste-’moho le eena ba ne ba sa phethahala. Ka mohlala, batho ba bang phuthehong e Jerusalema ba ne ba mo tšaba hobane ba ne ba sa lumele hore e se e le Mokreste. (Lik. 9:26) Hamorao, ba bang ba ile ba bua lintho tse mpe ka eena e le hore ba mo senye lebitso. (2 Bakor. 10:10) Pauluse o ile a bona moholo e mong a etsa qeto e fosahetseng e neng e ka ’na ea khopisa batho ba bang. (Bagal. 2:​11, 12) Mareka ea neng a le haufi-ufi le Pauluse, o ile a mo soetsa. (Lik. 15:​37, 38) Pauluse o ne a ka ’na a etsa qeto ea ho qoba ho kopana le batho bana ba neng ba mo utloisitse bohloko. Leha ho joalo, o ile a tsoela pele a nka bara le barali babo e le ba bohlokoa ’me a tsoela pele a sebeletsa Jehova ka botšepehi. Pauluse o ile a thusoa ke eng?

5. Ke’ng e ileng ea thusa Pauluse hore a se ke a fella bara le barali babo pelo? (Bakolose 3:​13, 14) (Sheba setšoantšo.)

5 Pauluse o ne a rata Bakreste-’moho le eena. O ne a sheba makhabane a batho ba bang eseng mefokolo ea bona hobane o ne a ba rata. Lerato le ile la mo thusa hore a tšoarele ba bang e leng seo a itseng re se etse ho Bakolose 3:​13, 14. (E bale.) Bona kamoo Pauluse a ileng a tšoarela Mareka kateng. Le hoja Mareka a ile a siea Pauluse ha a ne a le leetong la hae la pele la boromuoa, Pauluse ha aa ka a lula a mo koatetse. Hamorao ha Pauluse a ngolla phutheho ea Kolose lengolo, o ile a babatsa Mareka a re ke mosebetsi-’moho oa bohlokoa, ea ileng a mo ‘tšelisa haholo.’ (Bakol. 4:​10, 11) Ha Pauluse a ne a le teronkong Roma, o ile a kopa hore Mareka ka ho khetheha a e’o mo thusa. (2 Tim. 4:11) Ho hlakile hore Pauluse ha aa ka a fella bara le barali babo pelo. Re ka ithuta’ng ho Pauluse?

Pauluse, Barnabase le Mareka ba ne ba sa utloane ka taba e itseng. Hamorao Pauluse ha aa ka a lula a halefile empa o ile a sebetsa le Mareka a thabile (Sheba serapa sa 5)


6, 7. Ke eng e tla re thusa ho tsoela pele re rata bara le barali ba bo rona ho sa tsotellehe liphoso tsa bona? (1 Johanne 4:7)

6 Seo re ithutang sona. Jehova o batla hore re tsoele pele re bontša bara le barali ba bo rona hore rea ba rata. (Bala 1 Johanne 4:7.) Haeba Mokreste-’moho a sa re tšoare hantle, re ka tšepa hore o ne a sa etse seo ka moea o mobe le hore o leka kahohle ho etsa seo Jehova a reng se nepahetse. (Liprov. 12:18) Molimo o rata bahlanka ba hae ba tšepahalang ho sa tsotellehe liphoso tseo ba li etsang. O tsoela pele e le motsoalle oa rona ’me ha a lule a re halefetse. (Pes. 103:9) Ke habohlokoa hore re etsise Ntate oa rona ka hore re tšoarele ba bang.—Baef. 4:32–5:1.

7 U hopole hape hore ha bofelo ba lefatše bo ntse bo atamela, re hloka ho lula re momahane le bara le barali ba bo rona. Re ka lebella hore mahloriso a mpefale. Re ka ’na ra iphumana re le teronkong ka lebaka la tumelo ea rona. Haeba seo se ka etsahala, re tla hloka bara le barali ba bo rona ho feta leha e le neng pele. (Liprov. 17:17) Nahana ka se ileng sa etsahalla moholo e mong ea bitsoang Josep, a oa Spain. O ile a tšoaroa le bara ba bo rona ba bang ka lebaka la ho hana ho sebetsa sesoleng. O re: “Teronkong re ne re lula kaofela, ’me sena se ne se ka ’na sa etsa hore e mong a leke e mong. Re ne re lokela ho mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi. Sena se ile sa re thusa hore re hlokomelane le ho sireletsana. Re ne re pota-potiloe ke batšoaruoa ba sa sebeletseng Jehova. Ka le leng, ke ile ka robeha letsoho ’me la tlamisoa. Ka lebaka leo, ke ne ke sitoa ho iketsetsa lintho. Empa e mong oa bara ba bo rona o ile a ntlhatsoetsa liaparo a ba a ntlhokomela ka litsela tse ling. Ke ile ka bontšoa lerato haholo nakong eo ke neng ke le hloka.” Ana ke a mang a mabaka a bohlokoa a etsang hore re rarolle mathata ao re nang le ’ona le batho ba bang esale hona joale.

LULA U TŠEPAHALLA JEHOVA HA MOLEKANE OA HAO A U SOETSA

8. Ke mathata afe ao banyalani ba kopanang le ’ona?

8 Bothata. Manyalo kaofela a na le mathata. Bibele e bolela ka ho toba hore batho ba nyalaneng ba tla ba le “mathata a mangata.” (1 Bakor. 7:28) Hobane’ng? Hobane lenyalo le kopanya batho ba babeli ba sa phethahalang, ba nang le botho bo sa tšoaneng le ba ratang lintho tse sa tšoaneng. Ho ka etsahala hore ebe banyalani ba tsoa litsong tse fapaneng kapa ba holisitsoe ka litsela tse sa tšoaneng. Ha nako e ntse e ea, banyalani ba ka ’na ba bonahatsa mekhoa e neng e sa bonahale pele ba nyalana. Mekhoa eo e ka baka mathata. Ba ka ’na ba behana molato ka bothata bo hlahang lenyalong, ho e-na le hore e mong le e mong a hlokomele hore ho na le seo a se entseng hore ebe bothata bona bo teng le hore ba lokela ho sebetsa ’moho ho bo rarolla. Ba ka ’na ba utloa ho le molemo hore ba arohane kapa ba hlalane. Empa na ho arohana kapa ho hlalana ho tla rarolla mathata a bona? b Re tl’o ithuta ho mosali ea hlahang ka Bibeleng, ea ileng a tsoela pele ho tšepahalla Jehova leha monna oa hae a ne a mo sulafaletsa bophelo.

9. Abigaile o ile a kopana le bothata bofe?

9 Mohlala o ka Bibeleng. Abigaile o ne a nyetsoe ke Nabale, eo Bibele e reng o ne a le bohale a bile a itšoere hampe. (1 Sam. 25:3) E tlameha ebe ho ne ho le boima ho lula le monna ea joalo. Na Abigaile o ile a fumana monyetla oa hore a tsoe lenyalong leo? Ho joalo. O ile a fumana monyetla oo ha Davida, morena oa Iseraele oa nakong e tlang a ne a batla ho bolaea Nabale hobane a ne a mo rohakile le bahlanka ba hae. (1 Sam. 25:​9-13) Abigaile a ka be a ile a baleha e le hore a fe Davida monyetla oa hore a bolaee Nabale. Empa ho e-na le hoo, o ile a kopa Davida hore a se ke a mo bolaea. (1 Sam. 25:​23-27) Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo?

10. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Abigaile a ile a lula lenyalong le bosula?

10 Abigaile o ne a rata Jehova a bile a hlompha lenyalo joalokaha Jehova a le hlompha. E tlameha ebe o ne a tseba hore na Molimo o ile a re’ng ho Adama le Eva ha a ne a ba nyalisa. (Gen. 2:24) Abigaile o ne a tseba hore Jehova o nka lenyalo le halalela. O ne a batla ho thabisa Molimo ’me taba ena e ile ea mo susumeletsa ho sebetsa ka thata ho sireletsa lelapa la hae ho akareletsa le monna oa hae. O ile a potlakela ho thiba Davida e le hore a se ke a bolaea Nabale. O ne a ikemiselitse ho kopa tšoarelo le hoja a ne a se na molato. Ho totobetse hore Jehova o ne a rata mosali enoa ea sebete, ea se nang boithati. Banna le basali ba ka ithuta eng mohlaleng oa Abigaile?

11. (a) Jehova o batla hore banyalani ba etse’ng? (Baefese 5:33) (b) U ithutile’ng ho Carmen tseleng eo a sirelelitseng lenyalo la hae ka eona? (Sheba setšoantšo.)

11 Seo re ithutang sona. Jehova o batla hore banyalani ba lule ’moho leha molekane e mong a etsa hore ho be thata lenyalong. Molimo o thaba haholo ha a bona banyalani ba sebetsa ka thata ho rarolla mathata a bona ba bile ba bontšana lerato le tlhompho. (Bala Baefese 5:33.) Nahana ka mohlala oa Carmen. O ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova lilemo tse ka bang tšelela ka mor’a hore a nyaloe eaba hamorao oa kolobetsoa. Carmen o re: “Monna oa ka o ne a sa rate qeto eo ke e entseng. O ne a monela Jehova. O ne a nthohaka hape a ntšosa ka hore o tla ntšiea.” Ho ntse ho le joalo, Carmen o ile a mamella lenyalong. O ile a qeta lilemo tse 50 a sebetsa ka thata hore a rate monna oa hae le ho mo hlompha. O re: “Ha lilemo li ntse li ea, ke ile ka ithuta ho utloisisa hore na monna oa ka o ikutloa joang le ho bua le eena ka mosa. Kaha kea tseba hore lenyalo lea halalela mahlong a Jehova, ke ile ka etsa sohle se matleng a ka ho le sireletsa. Ha ho le ka mohla nkileng ka leka ho siea monna oa ka hobane ke rata Jehova.” c Haeba lenyalo la hao le e-ba le mathata, e-ba le tšepo ea hore Jehova o tla u tšehetsa a be a u thuse ho mamella.

U ithuta’ng mohlaleng oa Abigaile oa ho etsa sohle hore a sireletse lelapa la hae? (Sheba serapa sa 11)


LULA U TŠEPAHALLA JEHOVA HA U NYAHAMISITSOE KE LIPHOSO TSA HAO

12. Ke bothata bofe boo re ka ’nang ra tobana le bona ha re entse sebe se tebileng?

12 Bothata. Re ka nyahama haholo ha re entse sebe se tebileng. Bibele e re libe tsa rona li ka etsa hore re utloe bohloko re be re sithabele. (Pes. 51:17) Mor’abo rona e mong ea bitsoang Robert o ne a sebelitse ka thata ka lilemo tse ngata hore a tšoanelehe ho ba mohlanka ea sebeletsang. Leha ho le joalo, o ile a etsa sebe se tebileng ’me a hlokomela hore o soetsitse Jehova. O re: “Ha ke hlokomela bobe ba phoso eo ke e entseng, letsoalo la ka le ile la ntšetšetha. Ka mor’a moo, ke ile ka ikutloa ke le molato hona hoo. Ke ile ka rapela Jehova ke lla. Ke hopola ke nahana hore Molimo a ke ke a hlola a itšoenya ka ho ’mamela. Ho ne ho se na ntho e mo tlamang hore a ’mamele. Ke ne ke mo utloisitse bohloko.” Ha re entse sebe se tebileng, re ka utloa bohloko hoo re ka nahanang hore Jehova o re lahlile le hore ha ho sa na lebaka la hore re mo sebeletse. (Pes. 38:4) Haeba u kile oa ikutloa ka tsela ena, nahana ka mohlala oa motho ea hlahang ka Bibeleng ea ileng a tsoela pele a sebeletsa Jehova le ka mor’a hore a etse sebe se tebileng.

13. Moapostola Petrose o ile a etsa sebe sefe se tebileng, hona ho tlile joang hore a se etse?

13 Mohlala o ka Bibeleng. Bosiung ba pele Jesu a bolaoa, moapostola Petrose o ile a etsa liphoso tse ’maloa tse ileng tsa qetella ka hore a etse sebe se tebileng. Petrose o ile a qala ka hore a itšepe ho tlola, a bolele kamoo eena a neng a tla tšepahala kateng le haeba baapostola ba bang ba ne ba ka lahla Jesu. (Mar. 14:​27-29) Ka mor’a moo, ha ba se ba le serapeng sa Gethesemane, Petrose o ile a sitoa ho lula a falimehile ka makhetlo. (Mar. 14:​32, 37-41) Eitse ha batho ba bangata ba neng ba tl’o tšoara Jesu ba fihla, Petrose o ile a baleha a mo siea. (Mar. 14:50) Qetellong, Petrose o ile a latola ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu, a ba a ikana hore o bua ’nete le hoja a ne a le leshano. (Mar. 14:​66-71) Petrose o ile a etsa’ng ha a hlokomela hore o entse sebe se tebileng? O ile a lla habohloko, mohlomong a imetsoe ke ho ikutloa a le molato. (Mar. 14:72) Nahana feela hore na Petrose o ile a utloa bohloko hakae ha motsoalle oa hae Jesu a ne a bolaoa lihora tse seng kae ka mor’a moo. E tlameha ebe Petrose o ile a ikutloa a se na thuso.

14. Ke’ng e ileng ea thusa Petrose hore a tsoele pele ho sebeletsa Jehova? (Sheba setšoantšo .)

14 Ho na le lintho tse ’maloa tse ileng tsa thusa Petrose hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova. Ha aa ka a ikarola ho batho ba bang empa o ile a ea ho barutuoa ba bang ’me e tlameha ebe ba ile ba mo tšelisa. (Luka 24:33) Hape ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a itlhahisa ho Petrose, mohlomong e le hore a mo khothatse. (Luka 24:34; 1 Bakor. 15:5) Hamorao, Jesu ha aa ka a khalemella Petrose liphoso tsa hae empa o ile a mo bolella hore o ne a tla fuoa boikarabelo bo eketsehileng. (Joh. 21:​15-17) Petrose o ne a tseba hore o entse sebe se tebileng empa o ile a tsoela pele a leka ho etsa lintho tse nepahetseng. Hobane’ng? Hobane o ne a kholisehile hore Mong’a hae Jesu, o ntse a mo rata. Hape barutuoa ba bang ba ile ba tsoela pele ba tšehetsa Petrose. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Petrose?

Johanne 21:​15-17 e bontša hore Jesu o ile a lula a rata Petrose, e leng ntho e ileng ea khothaletsa Petrose hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova (Sheba serapa sa 14)


15. Jehova o batla hore re kholisehe ka eng? (Pesaleme ea 86:5; Baroma 8:​38, 39) (Sheba setšoantšo.)

15 Seo re ithutang sona. Jehova o batla hore re kholisehe hore oa re rata le hore o tla re tšoarela. (Bala Pesaleme ea 86:5; Baroma 8:​38, 39.) Ha re entse sebe, re ikutloa re le molato. Boikutlo boo bo tloaelehile ebile bo loketse. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore Jehova ha a re rate le hore a ke ke a re tšoarela. Ho e-na le hoo, re lokela ho kopa thuso hang-hang. Mor’abo rona Robert eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ke ile ka etsa sebe hobane ke ne ke tšepile hore ke tla hlola teko eo ka matla a ka.” O ile a hlokomela hore o tlameha ho bua le baholo. O re: “Ka mor’a hore ke bue le baholo, ke ile ka utloa hore Jehova oa nthata. Ke ile ka utloa hore le baholo baa nthata. Ba ile ba nthusa hore ke lumele hore Jehova ha aa ntahla.” Le rona re ka kholiseha hore Jehova o re rata haholo le hore o tla re tšoarela haeba re bakela libe tsa rona, re kopa thuso ebile re leka kahohle hore re se ke ra pheta liphoso tsa rona. (1 Joh. 1:​8, 9) Kholiseho eo e tla etsa hore re se ke ra khaotsa ho sebeletsa Jehova esita le ka mor’a ho etsa liphoso.

Ha u bona baholo ba sebetsa ka thata ho u thusa, u kholiseha ka eng? (Sheba serapa sa 15)


16. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho tsoela pele u sebeletsa Jehova?

16 Jehova o ananela haholo boiteko boo re bo etsang ho mo sebeletsa matsatsing ana a thata a ho qetela. Ka thuso ea hae, re ka khona ho tsoela pele re ntse re mo sebeletsa ho sa tsotellehe lintho tse re nyahamisang. Re ka khona ho tsoela pele re rata bara le barali ba bo rona le ho ba tšoarela ha ba re foselitse. Re ka bontša hore re rata Molimo oa rona haholo le hore re hlompha lenyalo ka hore re etse sohle ho rarolla mathata ha a le teng lenyalong. Hape ha re entse sebe, re ka kopa hore Jehova a re thuse, ra amohela lerato la hae le hore o re tšoaretse ra ba ra tsoela pele ho mo sebeletsa. Re ka kholiseha hore re tla fumana litlhohonolofatso haeba re sa ‘khathale ho etsa lintho tse ntle.’—Bagal. 6:9.

RE KA TSOELA PELE RE SEBELETSA JEHOVA JOANG . . .

  • ha Mokreste-’moho a re utloisitse bohloko?

  • ha molekane a re soetsitse?

  • ha re nyahamisitsoe ke liphoso tseo re li etsang?

PINA EA 139 Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Lentsoe la Molimo ha le khothaletse banyalani ho arohana ’me le hlakisa taba ea hore ha banyalani ba arohane, ha baa lokela ho kena lenyalong le batho ba bang. Leha ho le joalo, ho na le maemo a boima a entseng hore Bakreste ba bang ba arohane le balekane ba bona. Sheba tlhaloso ea 4 e reng “Ho Arohana ha Banyalani” bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

c Ka mohlala, shebella video e nang le sehlooho se reng Le se ke la Thetsoa ke Batho ba Reng ba Finyeletse Khotso!—Darrel le Deborah Freisinger ho jw.org/st.