Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Etsa’ng Hore U be le Khotso?

U ka Etsa’ng Hore U be le Khotso?

KAHA re phela le batho ba se nang khotso, re hloka ho sebetsa ka thata ho ba le eona. Le haeba re e-na le khotso, ha ho bonolo hore re lule re e-na le eona. Lentsoe la Molimo le ka re thusa joang hore re lule re e-na le khotso? Re ka thusa batho ba bang joang hore ba lule ba e-na le eona?

RE HLOKA’NG HORE RE BE LE KHOTSO?

Re ka ba le khotso haeba re lula re khobile matšoafo re bile re ikutloa re sireletsehile. Re boetse re lokela ho theha setsoalle le batho. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re thehe setsoalle le Molimo e le hore re lule re e-na le khotso. Empa re ka se theha joang?

Mathata a re hlahelang bophelong a etsa hore re se ke ra ba le khotso

Ha re mamela melao le melao-motheo ea Jehova, re bontša hore rea mo tšepa ebile re batla ho ba le kamano e ntle le eena. (Jer. 17:7, 8; Jak. 2:22, 23) Ha re etsa joalo, Jehova e tla ba motsoalle oa rona ’me o tla re thusa hore re be le khotso. Esaia 32:17 e re: “Mosebetsi oa ho loka ha ’nete e tla ba khotso; ’me tšebeletso ea ho loka ha ’nete, e be khutso le tšireletseho ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Re ka ba le khotso haeba re mamela Jehova ka pelo eohle.—Esa. 48:18, 19.

Jehova o boetse o re thusa ho ba le khotso ka hore a re fe moea o halalelang.—Lik. 9:31.

MOEA O HALALELANG O RE THUSA HO BA LE KHOTSO

Ha moapostola Pauluse a bua ka “litholoana tsa moea” o ile a akarelletsa khotso. (Bagal. 5:22, 23) Re tla lula re e-na le khotso haeba re lumella moea o halalelang hore o re thuse. A re bueng ka litsela tse peli tseo moea o halalelang o re thusang ka tsona hore re be le khotso.

Ea pele, re ba le khotso haeba re bala Lentsoe la Molimo kamehla. (Pes. 1:2, 3) Ha re nahanisisa ka lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng, moea oa Molimo o re thusa hore re utloisise tsela eo Jehova a nahanang ka eona maemong a fapaneng. Mohlala, re bona kamoo a nang le khotso kateng le hore na ke hobane’ng ha e le bohlokoa ho eena. Ha re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo, re tla ba le khotso e eketsehileng.—Liprov. 3:1, 2.

Ea bobeli, re lokela ho kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang. (Luka 11:13) Jehova o re tšepisa hore haeba re kopa thuso ho eena, “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa [rōna] le matla a [rōna] a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafil. 4:6, 7) Ha re kopa hore Jehova a re fe moea o halalelang, re tla ba le khotso e fumanoang feela ke batho bao e leng metsoalle ea hae.—Bar. 15:13.

Batho ba bang ba sebelisitse keletso ee ea Mangolo joang ho etsa liphetoho e le hore ba be le khotso bophelong ba bona, ba be le khotso le Jehova hammoho le batho ba bang?

BA THUSITSOE KE’NG HORE BA BE LE KHOTSO?

Ka phuthehong ho na le batho ba neng ba ‘ineheletse bohale,’ empa hona joale baa nahanela, ba mosa, ba na le mamello ebile ba bopa khotso le batho bao ba sebelisanang le bona. * (Liprov. 29:22) Hlokomela hore na mor’abo rona David le morali’abo rona Rachel ba ile ba etsa’ng hore ba se hlole ba e-ba bohale empa ba be le khotso le batho ba bang.

Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le ho kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang ho tla re thusa hore re be le khotso

Kaha David o ne a se mekhoa e metle, o ne a sa bue le batho hantle. Pele e e-ba Paki, o ne a lula a tšoaea-tšoaea batho liphoso a bile a hlaba ba lelapa la hae ka mantsoe. Ha nako e ntse e e-ea, David o ile a fetoha ’me ea e-ba motho ea nang le khotso. O thusitsoe ke’ng? O re: “Ke ile ka sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba ka. Ka qala ho hlompha ba lelapa la ka ’me le bona ba ntlhompha.”

Tsela eo Rachel a holisitsoeng ka eona, e ile ea ama mokhoa oo a sebelisanang le batho ka oona. O re: “Kaha ba lelapa leso ba ne ba lula ba halefile, le hona joale ke sebetsa ka thata hore ke se ke ka halefa.” O thusitsoe ke’ng hore a be le khotso? O re: “Ke ne ke lula ke rapela Jehova hore a nthuse.”

David le Rachel ke mehlala e re rutang hore haeba re sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rona re bile re kopa Jehova hore a re thuse ka moea o halalelang, re tla ba le khotso. Le hoja re phela har’a batho ba lulang ba halefile, re ka ba le khotso le ba malapa a rona hammoho le Bakreste-’moho le rona. Leha ho le joalo, Jehova o re phehella hore re “be le khotso le batho bohle.” (Bar. 12:18) Na ho bonolo ho etsa joalo? Re ka fumana melemo efe ka ho bopa khotso?

E-BA LE KHOTSO LE BATHO BA BANG

Ha re bua le batho ka ’Muso oa Molimo, re ba thusa hore ba be le khotso. (Esa. 9:6, 7; Mat. 24:14) Batho ba bangata ba mamela molaetsa ona. Kahoo, ha ba sa ikutloa eka ha ba na thuso ebile ha ba sa halefisoa ke lintho tse mpe tse etsahalang. Ho e-na le hoo, hona joale ba na le tšepo bakeng sa bokamoso hape ba ‘batla ho fumana khotso ’me ba e phehelle.’—Pes. 34:14.

Leha ho le joalo, ha se bohle ba thabelang molaetsa oa rona, haholo-holo ha re buisana le bona ka lekhetlo la pele. (Joh. 3:19) Empa moea oa Molimo o re thusa hore re bue le batho ka litaba tse molemo ka tsela e hlomphehang. Ha re etsa joalo, re tla be re latela taelo ea Jesu e hlahang ho Matheu 10:11-13 moo a ileng a re: “Ha le kena ka tlung, le lumelise ba ntlo eo ’me haeba ntlo eo e tšoaneleha, khotso ea lōna eo le e lakaletsang eona e ke e be ho eona; empa haeba e sa tšoanelehe, khotso e tsoang ho lōna e ke e khutlele ho lōna.” Ha re mamela keletso ena ea Jesu, re tla siea mong’a ntlo a ntse a e-na le khotso ’me mohlomong a ka re mamela nakong e tlang.

Re lokela ho bua ka tlhompho le ba boholong pusong, le haeba ba sa rate mosebetsi oa rona. Mohlala, naheng e ’ngoe ea Afrika ’muso o ile oa hana ho fana ka tumello bakeng sa hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso. Mor’abo rona eo e kileng ea e-ba moromuoa moo, o ile a romeloa hore a il’o lokisa litaba lekhotleng le phahameng la naha eo le London, Engelane. Sepheo e ne le ho bolella ba boholong hore mosebetsi oo Lipaki li o etsang o khothalletsa khotso. Na mor’abo rona o ile a atleha?

O re: “Ha ke fihla ofising eo ho amoheloang baeti ho eona, ke ile ka hlokomela hore ’mè ea sebetsang moo o ne a apere joaloka batho ba sebaka seo nkileng ka ithuta puo ea sona. Ke ile ka mo lumelisa ka puo ea hae. O ile a makala eaba o re: ‘Nka u thusa ka’ng? Ke ile ka kopa ho kopana le Mokomishinara e Moholo. O ile a mo letsetsa eaba oa tla ’me a ntumelisa ka puo ea hae. Ka mor’a moo, a ’mamela ka hloko ha ke mo hlalosetsa ka mosebetsi o khothalletsang khotso oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang.”

Tsela eo mor’abo rona a ileng a bua ka eona, e ile ea etsa hore mokomishinara a utloisise mosebetsi oa rona. Ha nako e ntse e e-ea, ’muso o ile oa lumella Lipaki hore li hahe Liholo Tsa ’Muso. Lipaki tsa moo li ile tsa thaba haholo. Ho tla ba le melemo e mengata ha re hlompha batho, e akarelletsang ho bopa khotso.

LULA U E-NA LE KHOTSO KA HO SA FELENG

Mehleng ena Lipaki Tsa Jehova li phelisana hammoho ka khotso. Haeba u sebetsa ka thata hore u be le khotso bophelong ba hao, u kenya letsoho hore ho be le khotso har’a batho ba Jehova. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore u tla amoheloa ke Jehova ebile u tla lula u e-na le khotso lefatšeng le lecha.—2 Pet. 3:13, 14.

^ ser. 13 Molula-Qhooeng o tlang, tlas’a sehlooho se buang ka “litholoana tsa moea,” re tla bua ka mosa.