MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) May 2020

Khatiso ena e na le lihlooho tse ithutoang ka la 6 July–la 2 August, 2020.

“Morena oa Leboea” Mehleng ea Bofelo

Sehlooho se ithutoang 19: beke ea la 6-⁠la 12 July, 2020. Re na le bopaki bo bontšang hore boprofeta ba Daniele bo buang ka “morena oa leboea” le “morena oa boroa” bo ntse bo tsoela pele ho phethahala. Re kholisoa ke’ng hore ho joalo? Hape, ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa hore na boprofeta boo bo bua ka’ng?

Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo

Boprofeta bo buang ka “morena oa leboea” le “morena oa boroa” bo lumellana le likarolo tse ling tsa boprofeta ba Bibele. Likarolo tseo tsa boprofeta li bontša joang hore tsamaiso ee e haufi le ho fela?

“Morena oa Leboea” ke Mang Mehleng Ee?

Sehlooho se ithutoang 20: beke ea la 13-la 19 July, 2020. “Morena oa Leboea” ke mang mehleng ee ’me o tla felisoa joang? Ho tseba karabo ea potso ena ho tla matlafatsa tumelo ea rona hape ho tla re thusa hore re itokisetse ho tobana le mathata ao re tla tobana le ’ona nakong e tlang.

Na U Ananela Limpho Tseo Jehova a U Fileng Tsona?

Sehlooho se ithutoang 21: July 20-26, 2020. Sehlooho sena se tlo re thusa ho ananela Jehova le limpho tseo a re fileng tsona. Se tla boela se re thuse ho behelana mabaka le batho ba sa kholisehang hore Molimo o teng.

Ananela Limpho Tseo re sa li Boneng Tse Tsoang ho Jehova

Sehlooho se ithutoang 22: beke ea la 27 July–la 2 August, 2020. Sehloohong se fetileng, re buile ka limpho tse ’maloa tseo re khonang ho li bona tseo Jehova a re fileng tsona. Sehloohong sena re tl’o bua ka limpho tseo re ke keng ra li bona le hore na re ka bontša joang hore rea li ananela. Se tla boela se re thuse ho leboha Jehova ka limpho tseo a re fileng tsona.