Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bonolo​—⁠Re rua molemo joang ha re le bonolo?

Bonolo​—⁠Re rua molemo joang ha re le bonolo?

Morali’abo rona Sara * o re: “Ke motho ea lihlong hape ha ke itšepe. Kahoo, ha ke khone ho phutholoha ha ke e-na le batho ba itšepang ho tlola le ba buang haholo. Empa ke phutholoha ha ke e-na le batho ba bonolo le ba ikokobelitseng. Ke bona batho bao ke khonang ho ba bolella maikutlo a ka le mathata a ka. Metsoalle ea ka ke batho ba bonolo le ba ikokobelitseng.”

Lintho tseo Morali’abo rona Sara a li buileng li bontša hore haeba re le bonolo, batho ba tla batla ho ba metsoalle ea rona. Jehova oa thaba ha re le batho ba bonolo. Ke kahoo Lentsoe la hae le reng re “ikapese . . . bonolo.” (Bakol. 3:​12) Motho ea bonolo ke ea joang? Jesu o ile a bontša joang hore ke motho ea bonolo? Bonolo bo ka etsa hore re be batho ba thabileng joang?

MOTHO EA BONOLO KE EA JOANG?

Ha u le motho oa khotso, u tla ba bonolo. Motho ea bonolo o tšoara batho ba bang hantle, o mosa hape o lula a khobile matšoafo ho sa tsotellehe hore na o khopisoa ke’ng.

Le hoja batho ba bang ba nka hore motho ea bonolo oa fokola, taba eo ha se ’nete. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bonolo,” le sebelisoa ha ho hlalosoa pere e hlaha e thapisitsoeng. Le hoja pere eo e ntse e le matla, e koetlisitsoe hore e khone ho laola matla a eona. Ka tsela e tšoanang, haeba re le bonolo, re tla khona ho sebetsana le boemo ba hore ha rea phethahala re be re bope khotso le batho ba bang.

U ka ’na oa re: “ ’Na ha ke motho ea bonolo ka tlhaho.” Kaha batho ba bangata ba bohale ebile ha ba na mamello, ho ka ba thata hore re be bonolo. (Bar. 7:​19) Kahoo, hoa hlaka hore ho hlokahala hore re etse boiteko e le hore re be batho ba bonolo ebile moea oa Jehova o ka re thusa hore re loanele ho lula re le batho ba bonolo. (Bagal. 5:​22, 23) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa sohle se matleng a rona hore re be batho ba bonolo?

Motho ea bonolo oa atameleha. Joaloka Morali’abo rona Sara, le rona re thabela ho ba har’a batho ba bonolo. Jesu o re behetse mohlala o motle oa ho ba batho ba bonolo le ba mosa. (2 Bakor. 10:1) Le bana ba ne ba khona ho mo atamela le hoja ba ne ba sa mo tloaela.​—Mar. 10:​13-16

Ha re rue molemo re le bang ha re le bonolo. Haeba re le batho ba bonolo, re ke ke ra nkoa ke maikutlo kapa ra koata kapele. (Liprov. 16:​32) Re ke ke ra ikutloa re le molato kaha re tla qoba ho utloisa batho ba bang bohloko esita le bao re ba ratang. Hape batho ba bang ba tla rua molemo hobane re tla khona ho laola maikutlo le boitšoaro ba rona le ho qoba ho ba utloisa bohloko.

MOHLALA O PHETHAHETSENG OA MOTHO EA BONOLO

Jesu o ne a le bonolo ho batho bohle ho sa tsotellehe hore na o ne a phathahane hakae kapa a e-na le boikarabelo bo bongata hakae. Batho ba bangata mehleng ea hae ba ne ba sehla ka thata, ba imetsoe ba hloka ho khatholloa. Ba ile ba ikutloa ba khatholohile hakaakang ha Jesu a re ho bona: “Tloong ho ’na . . . kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong.”​—Mat. 11:​28, 29.

Re ka ithuta ho ba batho ba bonolo joang joaloka Jesu? Bibele e re thusa ho bona hore na Jesu o ne a tšoara batho joang le hore na o ne a etsa’ng linakong tse thata. Joale, ha re thulana le maemo a ka etsang hore re se ke ra ba batho ba bonolo, re lokela ho loanela ho etsisa Jesu. (1 Pet. 2:​21) A re hlahlobeng lintho tse tharo tse ileng tsa thusa Jesu hore e be motho ea bonolo.

Jesu o ne a ikokobelitse. Jesu o ile a re o na le maikutlo a bonolo ebile o ikokobelitse. (Mat. 11:​29) Bibele e ile ea bua ka makhabane ana a mabeli hobane bonolo ke mathe le leleme le boikokobetso. (Baef. 4:​1-3) Ke hobane’ng ha re cho joalo?

Boikokobetso bo re thusa hore re qobe ho ba batho ba ikhohomosang le ba khopehang habobebe. Jesu o ile a etsa’ng ha batho ba ne ba mo ahlola ka hore ke “monyollo” le hore ‘o ineheletse ho noa veine’? Liketso tsa hae li ile tsa paka hore taba eo ha se ’nete ’me kaha o ne a ikokobelitse, o ile a bontša hore “bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.”​—Mat. 11:19.

Haeba motho e mong a soma setso sa hao, bong ba hao le hore na u holisitsoe joang, na u ka leka ho mo araba ka tsela e bonolo? Mor’abo rona Peter oa Afrika Boroa, o re: “Ha ke khopisoa ke ntho e ’ngoe eo motho e mong a e buang, kea ipotsa, ‘Ebe Jesu o ne a tla etsa’ng?’ ” O phaella ka ho re: “Ke ithutile hore ke se ke ka khopisoa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”

Jesu o ne a utloisisa hore batho ha baa phethahala. Nako le nako, barutuoa ba Jesu ba ne ba rata hore ba etse lintho tse nepahetseng empa ka lebaka la ho se phethahale, ba ne ba hloleha ho etsa joalo. Mohlala, bosiu ba pele Jesu a e-shoa, Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba hloleha hore ba lule ba letile joalokaha Jesu a ne a ba kopile. Jesu o ile a hlokomela hore “moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.” (Mat. 26:​40, 41) Kaha Jesu o ne a utloisisa hore baapostola ba hae ha baa phethahala, ha a ka a khopiseha.

Morali’abo rona Mandy o ne a batla hore batho ba bang ba phethahale empa hona joale o sebetsa ka thata ho etsisa mohlala oa Jesu oa hore a be bonolo. O re: “Ke leka ho hopola hore batho bohle ha baa phethahala ebe ke sheba makhabane a bona joalokaha Jehova a ba sheba.” Na tsela e mosa le e nahanelang eo Jesu a neng a sheba mefokolo ea batho ka eona e ka etsa hore le uena u be bonolo ha u sebelisana le batho ba bang?

Jesu o ile a siea lintho matsohong a Molimo. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a mamella ho hloka toka. Batho ba ne ba sa mo utloisise, ba mo hloile ba bile ba mo hlorisa. Leha ho le joalo, Jesu o ile a lula a le bonolo hobane o ne a tšepa ea “ahlolang ka ho loka.” (1 Pet. 2:​23) Jesu o ne a tseba hore ntate oa hae o tla mo thusa hore a mamelle le hore ka nako e nepahetseng Jehova o tla ahlola batho ba neng ba mo tšoara hampe.

Haeba re leka ho lokisa lintho re ntse re koatile, re ka ’na ra mpefatsa maemo le ho feta. Ke kahoo Bibele e reng: “Khalefo ea motho ha e hlahise ho loka ha Molimo.” (Jak. 1:​20) Le haeba re e-na le lebaka la ho koata, kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra arabela ka tsela e fosahetseng.

Morali’abo rona Cathy oa Jeremane o re: ‘Haeba u sa ikemele, ha ho na motho ea tla u emela.’ Empa o ile a fetola maikutlo ka mor’a ho ithuta ho tšepa Jehova. O re: “Hona joale ha ke sa lula ke batlana le mabaka a ho ikemela. Ke lokela ho lula ke le motho ea bonolo kaha kea tseba hore Jehova ke eena ea tla lokisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Haeba u kile oa tšoaroa hampe, mohlala oa Jesu oa ho tšepa Jehova o tla u thusa hore u lule u le motho ea bonolo.

BATHO BA BONOLO BA LULA BA THABILE

Ho ba bonolo ho ka re thusa joang maemong a thata?

Jesu o ile a re haeba re batla ho thaba, re lokela ho ba batho ba bonolo. O ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo.” (Mat. 5:5) Hlokomela hore na bonolo bo ka re thusa joang maemong ana a latelang.

Haeba ho e-na le mathata lenyalong, ho ba batho ba bonolo ho ka thusa. Mor’abo rona Robert ea lulang Australia o re: “Ke ile ka bua lintho tse ngata tse utloisang mosali oa ka bohloko ke sa nahana. Empa ntho e bohloko ke hore lentsoe ha se monoana ha le khutle. Ke ile ka ikutloa ke le mosesaane hore ebe ke mo utloisitse bohloko.”

Kaofela ha rona re “khoptjoa hangata” ha re bua hape ho bua re sa nahana ho ka baka mathata lenyalong. (Jak. 3:2) Maemong a kang ana, haeba re le batho ba bonolo re ka lula re khobile matšoafo ra ba ra nahana pele re bua.​—Liprov. 17:27.

Mor’abo rona Robert eo re buileng ka eena pejana o ile a sebetsa ka thata hore ebe motho ea khobileng matšoafo le ea khonang ho itšoara. Phello e ile ea e-ba efe? O re: “Haeba ke sa lumellane le mohats’aka, ke leka ho mo mamela ka hloko, ke bue ka bonolo le hore ke ithibe hore ke se ke ka koata. Hona joale ’na le mosali oa ka re utloana ho feta leha e le neng pele.”

Bonolo bo re thusa hore re utloane le batho ba bang. Batho ba khopisehang habobebe ha ba be le metsoalle e mengata. Leha ho le joalo, ho ba batho ba bonolo ho ka boela hoa re thusa hore re boloke “tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baef. 4:​2, 3) Morali’abo rona Cathy eo re buileng ka eena pejana o re: “Ho ba bonolo ho nthusa hore ke thabele ho ba le batho ba bang le hoja ho e-na le batho bao ho leng thata ho ba tloaela.”

Motho ea bonolo o na le khotso. Bibele e amahanya “bohlale bo tsoang holimo” le makhabane a kang bonolo le khotso. (Jak. 3:​13, 17) Motho ea bonolo o na le pelo e khutsitseng. (Liprov. 14:​30) Ntate Martin ea ileng a sebetsa ka thata hore a be bonolo o re: “Hona joale ha ke sa batla hore lintho li etsoe ka tsela eo ke e batlang hape ke se ke lula ke e-na le khotso ebile ke thabile.”

’Nete ke hore re lokela ho etsa sohle se matleng a rona hore re be batho ba bonolo. Mor’abo rona e mong o re: “Ho bua ’nete, ka linako tse ling ke ee ke ikutloe ke tlala khalefo.” Empa kaha Jehova o re khothaletsa hore re be batho ba bonolo, o tla re thusa hore re hlole ntoa ena. (Esa. 41:​10; 1 Tim. 6:​11) O tla qetela koetliso ea rona hape o tla re matlafatsa. (1 Pet. 5:​10) Ha nako e ntse e-ea, joaloka Pauluse re ka etsisa mohlala oa Kreste oa ho ba bonolo le ho ba mosa.​—2 Bakor. 10:1.

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.