Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo

Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo

Boprofeta bo bong bo hlahang chateng ena bo bua ka liketsahalo tse etsahetseng ka nako e le ’ngoe. Kaofela ha bona bo fana ka bopaki ba hore re phela “nakong ea bofelo.”​—Dan. 12:4.

  • Lengolo Tšen. 11:7; 12:​13, 17; 13:​1-8, 12

    Boprofeta “Sebata” se ’nile sa busa batho ka lilemo tse ka holimo ho 3 000. Nakong ea bofelo, hlooho ea sebata e ile ea lemala. Hamorao, leqeba leo le ile la fola eaba lefatše lohle le latela sebata. Satane o sebelisa sebata seo ‘ho loantša ba setseng.’

    Ho phethahala ha bona Ka mor’a Moroallo, mebuso ea batho e khahlanong le Jehova e ile ea qala ho busa batho. Ka mor’a lilemo tse ka holimo ho 3 000 nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše, matla a ’muso oa Brithani a ile a thefuleha hampe. O ile oa hlaphoheloa nakong eo o neng o ikopanya le Amerika. Nakong ena ea bofelo, Satane o sebelisitse mebuso ea batho ho hlasela batho ba Molimo.

  • Lengolo Dan. 11:​25-45

    Boprofeta Nakong ena ea bofelo, morena oa leboea le morena oa boroa ba tsekisana hore ea matla ke mang.

    Ho phethahala ha bona ’Muso oa Jeremane o loantšana le ’muso oa Manyesemane le Maamerika. Ka 1945, morena oa leboea e ba Soviet Union le linaha tse e tšehetsang. Ka 1991, Soviet Union e ile ea felloa ke matla eaba hamorao Russia le ba khemang le eona e ba morena oa leboea.

  • Mangolo Esa. 61:1; Mal. 3:1; Luka 4:18

    Boprofeta Jehova o romela “lenģosa” hore le il’o “hleka tsela” pele ’Muso oa Molimo o hlomamisoa. “Lenģosa” lena le ile la qala ho ‘bolella ba bonolo litaba tse molemo.’

    Ho phethahala ha bona Ho tloha ka 1870, Mor’abo rona Russell le metsoalle ea hae ba ile ba sebetsa ka thata ho hlalosetsa batho hore na Bibele e ruta’ng. Ka 1881, ba ile ba hlokomela hore ho bohlokoa hore bahlanka ba Jehova ba bolele. Ba ile ba hatisa lihlooho tse kang, “Ho hlokoa Baboleli ba Sekete” le “Anointed to Preach.”

  • Lengolo Mat. 13:​24-30, 36-43

    Boprofeta Monna e mong o ile a jala koro tšimong eaba sera sona se jala mofoka ’me tsa hola ’moho. Nakong ea kotulo, koro e ile ea aroloa ho mofoka.

    Ho phethahala ha bona Ho tloha ka 1870, ho ile ha bonahala phapang pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba bohata. Nakong ena ea bofelo, Bakreste ba ’nete ba aroloa ho ba bohata ’me ba tlisoa ka phuthehong.

  • Lengolo Dan. 2:​31-33, 41-43

    Boprofeta Maoto a entsoeng ka tšepe le letsopa ke karolo ea setšoantšo se nang le likarolo tse fapaneng.

    Ho phethahala ha bona Letsopa le emela batho ba busoang ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika empa ba le khahlanong le oona. Batho bana ba etsa hore ’muso ona o se ke oa ba matla joaloka tšepe.

  • Lengolo Mat. 13:​30; 24:​14, 45; 28:​19, 20

    Boprofeta “Koro” e isoa ‘ntlong ea polokelo’ hape “lekhoba le tšepahalang le le masene” lea khethoa hore le hlokomele ‘bahlanka ba ntlo.’ ‘Litaba tse molemo tsa ’Muso’ li qala ho “boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”

    Ho phethahala ha bona Ka 1919 ho ile ha khethoa lekhoba le tšepahalang hore le hlokomele batho ba Molimo. Ho tloha ka nako eo, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa qala ho bolela ka sekhahla. Hona joale Lipaki Tsa Jehova li bolela linaheng tse fetang 200 hape li hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang sekete.

  • Mangolo Dan. 12:​11; Tšen. 13:​11, 14, 15

    Boprofeta Sebata se linaka li peli se ile sa bolella batho ba lefatše hore “ba etse setšoantšo bakeng sa sebata” eaba se fa setšoantšo seo “phefumoloho.”

    Ho phethahala ha bona ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa theha Selekane sa Lichaba. Linaha tse ling li ile tsa kena selekaneng sena. Ho tloha ka 1926 ho ea ho 1933, morena oa leboea le eena o ile a kena selekaneng seo. Joalokaha batho ba ne ba lumela hore Selekane sa Lichaba se tla tlisetsa batho khotso, e leng ntho e ka tlisoang ke ’Muso oa Molimo feela, ba ile lumela joalo le ka Machaba a kopaneng.

  • Lengolo Dan. 8:​23, 24

    Boprofeta Morena ea tšosang o “baka tšenyo” e mpe haholo.

    Ho phethahala ha bona ’Muso oa Manyesemane le Maamerika o bolaile batho ba se nang palo le ho baka tšenyo e mpe haholo. Mohlala, nakong ea Ntoa ea II, Amerika e ile ea baka koluoa e e-s’o bonoe ha e ne e liha libomo tse peli naheng e neng e qothisana lehlokoa le Amerika le Brithani.

  • Mangolo Dan. 11:​31; Tšen. 17:​3, 7-11

    Boprofeta “Sebata se ’mala o sekareleta” se nang le linaka tse leshome se ile sa nyoloha ka sekoting ’me ea e ba morena oa borobeli. Buka ea Daniele e bua ka morena enoa e le “ntho e nyonyehang e etsang lesupi.”

    Ho phethahala ha bona Ntoeng ea bobeli ea lefatše, Selekane sa Lichaba se ile sa fela. Ka mor’a ntoa eo, Machaba a Kopaneng a ile a nkela Selekane seo sebaka. Joaloka Selekane sa Lichaba, Machaba a Kopaneng le oona a fuoe tlotla e lokeloang ke ’Muso oa Molimo. Machaba a Kopaneng a tla hlasela likereke.

  • Mangolo 1 Bathes. 5:3; Tšen. 17:16

    Boprofeta Lichaba li phatlalatsa hore li na le “khotso le tšireletseho” ’me “Linaka tse leshome” le “sebata” li hlasela “seotsoa” le ho se felisa. Ka mor’a moo, lichaba tseo lia felisoa.

    Ho phethahala ha bona Lichaba li ka ’na tsa phatlalatsa hore ho na le khotso le tšireletseho lefatšeng. Ka mor’a moo, lichaba tse tšehetsang Machaba a Kopaneng li hlasela mekhatlo ea bolumeli ba bohata kapa likereke. Matšoenyeho a maholo a tla qala ka nako ena. Matšoenyeho ana a tla fela nakong eo Jesu a felisang puso eohle ea Satane ka Armagedone.

  • Mangolo Ezek. 38:​11, 14-17; Mat. 24:31

    Boprofeta Gogo o hlasela naha ea batho ba Molimo. Ka mor’a moo, mangeloi a tla bokella “bakhethoa.”

    Ho phethahala ha bona Morena oa leboea hammoho le marena a mang a lefatše, ba tla hlasela Lipaki le ho li hlorisa. Nakoana ka mor’a hore ba qale ho li hlasela, batlotsuoa ba setseng ba tla nkeloa leholimong.

  • Mangolo Ezek. 38:​18-23; Dan. 2:​34, 35, 44, 45; Tšen. 6:2; 16:​14, 16; 17:​14; 19:20

    Boprofeta Ea “palameng” “pere e tšoeu” o phetha tlholo ea hae ka ho felisa Gogo le lebotho la hae. “Sebata” se “liheloa ka letšeng la mollo” hape setšoantšo se seholo sea pshatloa.

    Ho phethahala ha bona Jesu e leng morena oa ’Muso oa Molimo o pholosa bahlanka ba Molimo. A e-na le ba 144 000 le mabotho a leholimo, o tla felisa lichaba tse ikopantseng hore li hlorise batho ba Molimo ’me ka tsela eo e tla ba tšomo ka mathetho ka puso ea Satane.