Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 23

Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?

Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?

“U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.”​—MAT. 22:37.

PINA EA 134 Bana ke Letlotlo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1, 2. Ke hobane’ng ha Mangolo a mang e ba a bohlokoa ha maemo a rona a fetoha?

 KE LETSATSI la lenyalo ’me banyalani ba batle ba mametse puo ea bona ea lenyalo e thehiloeng Bibeleng. Ha ba qale ho utloa Mangolo a ntseng a baloa ha puo e ntse e tsoela pele empa ho tloha hona joale Mangolo ao e se e tla ba a bohlokoa haholo ho bona. Hobane’ng? Hobane ke Mangolo ao ba tla a sebelisa lenyalong la bona.

2 Taba ena e tšoana hantle le ha banyalani ba Bakreste e tl’o ba batsoali. Ho ka etsahala hore ka lilemo tse ngata ba ne ba utloa ha ho fanoa ka lipuo tse buang ka ho holisa bana. Hona joale ba se ba tla sebelisa melao-motheo e neng e baloa lipuong tseo hobane ba se ba tl’o ba le ngoana. Kannete bona ke boikarabelo bo boholo. Mangolo a mang e ba a bohlokoa haholo ha maemo a rona a fetoha. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore bahlanka ba Jehova ba bale Mangolo ’me ba nahanisise ka ’ona “ka matsatsi ’ohle” a bophelo ba bona joalokaha marena a Iseraele a ne a laetsoe hore a etse joalo.​—Deut. 17:19.

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Batsoali, le na le boikarabelo ba bohlokoa ba ho ruta bana ba lona ka Jehova. Le lokela ho ruta bana ba lona ka Molimo ’me le ba thuse hore ba mo rate. Le ka etsa’ng ho thusa bana ba lona hore ba rate Jehova? Sehloohong sena re tl’o bua ka melao-motheo e mene ea Bibele e ka le thusang. (2 Tim. 3:​16) Re tla boela re bone hore na ho sebelisa keletso ea Bibele ho tsoetse batsoali ba bang molemo joang.

MELAO-MOTHEO E MENE E KA THUSANG BATSOALI

Ha u lula u beha mohlala o motle ebile u batla keletso ea Jehova, seo se ka thusa bana ba hao joang? (Sheba serapa sa 4 le 8)

4. Ke molao-motheo ofe o ka thusang batsoali hore ba rute bana ba bona ho rata Jehova? (Jakobo 1:5)

4 Molao-motheo oa pele: Kopa keletso ho Jehova. Kopa Jehova hore a u fe bohlale e le hore u rute bana ba hao ho mo rata. (Bala Jakobo 1:5.) Ke eena ea ka u fang keletso e bohlale ka ho fetisisa. Ho na le mabaka a mabeli a tiisang taba ena. Lebaka la pele, Jehova ke motsoali ea bohlale ka ho fetisisa. (Pes. 36:9) Lebaka la bobeli, o lula a re fa keletso e re tsoelang molemo.​—Esa. 48:17.

5. (a) Mokhatlo oa Jehova o thusa batsoali joang? (b) U ithutile’ng videong ea Mora le Morali oabo rona Amorim e bontšang tsela eo ba neng ba holisa bana ba bona ka eona?

5 Jehova o sebelisa Lentsoe la hae Bibele le mokhatlo oa hae ho fana ka lingoloa le livideo tse thusang batsoali ho ruta bana ba bona ho mo rata. (Mat. 24:​45) Ka mohlala, batsoali ba ka fumana keletso e ka ba thusang lihloohong tsa “Se ka Thusang Lelapa,” tseo pele li neng li hatisoa ho Tsoha! ’me hona joale li se li fumaneha le websaeteng ea rona. Ho boetse ho na le livideo tse ngata tsa lipuisano le litšoantšiso tse fumanehang ho jw.org tse ka thusang batsoali hore ba sebelise keletso ea Jehova ha ba ntse ba holisa bana. *​—Liprov. 2:​4-6.

6. Mor’abo rona e mong o ikutloa joang ka keletso eo eena le mohats’ae ba e fumanang mokhatlong oa Jehova?

6 Batsoali ba bangata ba re ba ananela tsela eo Jehova a ba thusang ka eona a sebelisa mokhatlo oa hae. Mor’abo rona Joe o re: “Ha ho bonolo ho thusa bana ba bararo hore ba sebeletse Jehova. ’Na le mohats’aka re lula re kopa Jehova hore a re thuse. Kamehla re fumana sehlooho kapa video e re thusang ha re e-na le bothata bo itseng. Re lula re batla keletso ea Jehova.” Mor’abo rona Joe le mohats’ae ba ile ba hlokomela hore lintho tseo li thusa bana ba bona hore e be metsoalle ea Jehova.

7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore batsoali ba behele bana ba bona mohlala o motle? (Baroma 2:21)

7 Molao-motheo oa bobeli: Ba behele mohlala o motle. Bana ba sheba lintho tseo batsoali ba bona ba li etsang ebe baa ba etsisa. Ha ho na motsoali ea sa etseng liphoso. (Bar. 3:​23) Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho behela bana ba bona mohlala o motle. (Bala Baroma 2:​21.) Ntate e mong o re: “Bana ba tšoana le seponche se monyang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” O boetse o re: “Ba tla re bolella haeba re sa etse lintho tseo re ba rutang tsona.” Kahoo, re lokela ho rata Jehova le ho bontša seo ka liketso haeba re batla hore bana ba rona ba mo rate.

8, 9. U ithutile’ng ho seo Mor’abo rona Andrew le Morali oabo rona Emma ba se buileng?

8 Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona batsoali ba ka rutang bana ba bona ho rata Jehova. Mor’abo rona Andrew ea lilemo li 17 o re: “Batsoali ba ka ba ne ba lula ba nthuta hore ho rapela ke habohlokoa. Ntate oa ka o ne a rapela le ’na bosiu bo bong le bo bong esita le ka mor’a hore ke ithapelle. Batsoali ba ka ba ne ba lula ba re hopotsa hore re ka rapela Jehova ka nako e ’ngoe le e ’ngoe. Seo se nthusitse hore ke nke ho rapela e le habohlokoa ’me hona joale ho bonolo hore ke rapele le ho nka Jehova e le Ntate ea lerato.” Batsoali, lulang le hopola hore ha le rata Jehova, seo se tla etsa hore le bana ba lona ba mo rate.

9 Hona joale a re bueng ka mohlala oa Morali oabo rona Emma. Ntate oa bona o ile a siea ’mè oa bona a le likolotong tse ngata. Morali oabo rona Emma o re: “Ho ne ho e-na le nako eo ’mè oa rona a neng a se na chelete e lekaneng empa o ne a lula a bua ka tsela eo Jehova a hlokomelang bahlanka ba hae ka eona. Ke ne ke bona ka tsela eo a phelang ka eona hore o kholisehile ka taba eo. ’Mè oa rona o ne a phelela seo a se rutang.” Re ithuta’ng tabeng ee? Batsoali ba ka behela bana ba bona mohlala o motle leha ba e-na le mathata.​—Bagal. 6:9.

10. Batsoali ba Baiseraele ba ne ba ka buisana le bana ba bona ka Jehova neng? (Deuteronoma 6:​6, 7)

10 Molao-motheo oa boraro: Buisana le bana ba hao kamehla. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba lule ba ruta bana ba bona ka eena. (Bala Deuteronoma 6:​6, 7.) Batsoali ba Baiseraele ba ne ba e-na le menyetla e mengata ea ho buisana le bana ba bona le ho ba ruta hore ba rate Jehova. Ka mohlala, moshanyana oa Moiseraele o ne a qeta nako e ngata a thusa ntate oa hae ho lema kapa ho kotula. Ngoanana eena o ne a qeta nako e ngata a thusa ’mè oa hae ka ho roka, ho loha ntho e itseng le ho etsa mesebetsi ea ka tlung. Batsoali ba ne ba ka bua le bana ba bona ka lintho tse ngata tsa bohlokoa ha ba ntse ba sebetsa le bona. Ka mohlala, ba ne ba ka bua ka makhabane a Jehova le kamoo a ntseng a thusa lelapa la bona kateng.

11. Batsoali ba ka buisana le bana ba bona neng?

11 Mehleng ena lintho ha li sa tšoana le pele. Linaheng tse ngata batsoali ha ba khone ho qeta nako e ngata ba e-na le bana ba bona. E ka ’na eaba batsoali ba mosebetsing ’me bana bona ba sekolong. Batsoali ba lokela ho ipha nako ea hore ba buisane le bana ba bona. (Baef. 5:​15, 16; Bafil. 1:​10) Borapeli ba Lelapa bo fa batsoali monyetla oa hore ba buisane le bana. Mor’abo rona Alexander e mocha o re: “Ntate oa ka o lula a etsa hore ho be le Borapeli ba Lelapa ’me o etsa bonnete ba hore ha ho letho le re sitisang. Ka mor’a Borapeli ba Lelapa re qoqa ka lintho tse ling.”

12. Hlooho ea lelapa e lokela ho etsa’ng borapeling ba lelapa?

12 Haeba u hlooho ea lelapa, u ka etsa’ng ho thusa bana ba hao hore ba thabele Borapeli ba Lelapa? Mohlomong u ka bala le bona buka e ncha ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Buka ena e tla etsa hore ho be bonolo hore le buisane ka lintho tse ngata. U ka thusa bana ba hao hore ba phutholohe ’me ba ntše maikutlo a bona ka hore u se ke oa sebelisa nako ea Borapeli ba Lelapa ho bua ka liphoso tsa bona kapa ho ba khalemela. Hape, leka hore u se ke oa halefa ha bana ba hao ba bua lintho tse sa lumellaneng le Bibele. Ho e-na le hoo, u lokela ho thabela hore ba u bolella lintho tseo ba li nahanang ’me u ba khothalletse hore ba tsoele pele ho u bolella maikutlo a bona. U ka khona ho thusa bana ba hao hafeela u tseba hore na ba ikutloa joang.

Batsoali ba ka bua le bana ba bona ka popo ho ba ruta ka makhabane a Jehova (Sheba serapa sa 13)

13. Ke nakong efe hape eo batsoali ba ka thusang bana ba bona hore e be metsoalle ea Jehova?

13 Batsoali, letsatsi le letsatsi batlang menyetla ea ho thusa bana ba lona hore e be metsoalle ea Jehova. Ha lea lokela ho ruta bana ba lona ka Molimo oa rona ea lerato ha le ithuta Bibele le bona feela. Hlokomela seo Morali oabo rona Lisa a se buang, o re: “Re ne re bua le bana ba rona ka lintho tse bopiloeng e le ho ba ruta ka Jehova. Ka mohlala, ha ntja ea rona e ne e etsa lintho tse tšehisang bana ba rona, re ne re ba bolella hore sena se bontša hore Jehova ke Molimo ea thabileng ebile o batla hore le rona re thabele bophelo.”   

Batsoali na le tseba metsoalle ea bana ba lona? (Sheba serapa sa 14) *

14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore batsoali ba thuse bana ba bona hore ba khethe metsoalle e nepahetseng? (Liproverbia 13:20)

14 Molao-motheo oa bone: Thusa bana ba hao hore ba khethe metsoalle e nepahetseng. Lentsoe la Molimo le re bolella ka ho hlaka hore batho bao re khethang hore e be metsoalle ea rona ba ka re susumelletsa hore re etse lintho tse nepahetseng kapa tse fosahetseng. (Bala Liproverbia 13:​20.) Batsoali, na le tseba metsoalle ea bana ba lona? Na le kile la kopana le metsoalle eo kapa la qeta nako le eona? Le ka thusa bana ba lona joang hore ba be le metsoalle e ratang Jehova? (1 Bakor. 15:​33) Le ka ba thusa hore ba be le metsoalle e nepahetseng ka hore le meme batho ba ratang Jehova e le hore ba qete nako le lona.​—Pes. 119:63.

15. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba be le metsoalle e ratang Jehova?

15 Mor’abo rona Tony oa hlalosa hore na eena le mohats’ae ba ile ba etsa’ng ho thusa bana ba bona hore ba khethe metsoalle e nepahetseng. O re: “Ka lilemo tse ngata ’na le mohats’aka re ile ra mema Bakreste-’moho ba maemo a sa tšoaneng le ba lilemo tse sa tšoaneng. Re ne re ja le ho tšoara Borapeli ba Lelapa le bona. Ena ke tsela e molemo ea ho tseba batho ba ratang Jehova le ba thabelang ho mo sebeletsa. Balebeli ba potoloho, baromuoa le batho ba bang ba ne ba robaletsa ha rona. Lintho tse ileng tsa ba etsahalla, tsela eo ba neng ba le mafolofolo ka eona le eo ba neng ba itetse ha ba ntse ba sebeletsa Jehova, e ile ea thusa bana ba rona hore e be metsoalle ea Jehova.” Batsoali, ikemisetseng ho thusa bana ba lona hore ba be le metsoalle e nepahetseng.

U SE KE OA FELLOA KE TŠEPO

16. U tla etsa’ng haeba e mong oa bana ba hao a re ha a batle ho sebeletsa Jehova?

16 U tla etsa’ng haeba e mong oa bana ba hao a re ha a batle ho sebeletsa Jehova le hoja u sebelitse ka thata ho mo ruta ka Eena? U se ke oa nka hore u hlolehile ho mo thusa. Jehova o file motho e mong le e mong ho akarelletsa le ngoana oa hao bolokolohi ba ho khetha hore na o tla mo sebeletsa kapa che. Ha ngoana oa hao a entse qeto ea ho tlohela ho sebeletsa Jehova, u se ke oa felloa ke tšepo ea hore o tla mo sebeletsa hape. Hopola papiso ea mora ea lahlehileng. (Luka 15:​11-19, 22-24) Mora eo o ile a etsa lintho tse ngata tse mpe empa qetellong o ile a khaotsa ho li etsa. Batho ba bang ba ka ’na ba re: “Taba eo e ne e le pale feela. Na kannete ke ntho e ka etsahalang?” Ho joalo. Ha e le hantle, sena ke se ileng sa etsahalla mocha e mong ea bitsoang Elie.

17. Pale ea Elie e u khothatsa joang?

17 Ha Elie a bua ka batsoali ba hae o re: “Ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho nthusa hore ke rate Jehova le Lentsoe la hae Bibele. Leha ho le joalo, ha ke kena lilemong tsa bocha ke ile ka qala ho ba fetohela.” Elie o ile a qala ho etsa lintho tse fosahetseng moo batsoali ba hae ba sa mo boneng ’me ha aa ka a mamela batsoali ba hae ha ba leka ho mo thusa hore a lule e le motsoalle oa Jehova. Ka mor’a hore a tlohe lapeng, o ile a qala ho itšoara hampe. Leha ho le joalo, ka linako tse ling o ne a bua le e mong oa metsoalle ea hae ka Bibele. Elie o re: “Ha ke ntse ke tsoela pele ho bua le motsoalle oa ka ka Jehova, seo se ne se etsa hore ke nahane ka Jehova le ho feta. Butle-butle peo ea ’nete ea Bibele e neng e le ka pelong ea ka empa e sa mele e leng eo batsoali ba ka ba ileng ba leka ka matla ho e jala e ile ea qala ho hola.” Ha nako e ntse e-ea, Elie o ile a boela a sebeletsa Jehova. * U ka inahanela feela hore na batsoali ba hae ba ne ba thabile hakae hore ebe ba ile ba mo ruta a sa le monyenyane hore a rate Jehova.​—2 Tim. 3:​14, 15.

18. U ikutloa joang ka batsoali ba sebetsang ka thata ho ruta bana ba bona ho rata Jehova?

18 Batsoali, Jehova o le file mpho e babatsehang ea hore le holise bana bao e tla ba bahlanka ba hae. (Pes. 78:​4-6) Ke ’nete hore ho etsa joalo ha ho bonolo empa rea le babatsa hobane le sebetsa ka thata ho thusa bana ba lona. Kholisehang hore Ntate oa rona ea leholimong o tla thaba haeba le tsoela pele ho etsa sohle seo le ka se khonang ho thusa bana ba lona hore ba mo rate le ho mo mamela.​—Baef. 6:4.

PINA EA 135 Jehova o re Kopa Hore re Hlalefe

^ ser. 5 Batsoali ba rata bana ba bona haholo. Ba sebetsa ka thata e le hore bana ba bona ba be le lintho tseo ba li hlokang le hore ba thabe. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore batsoali ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho thusa bana ba bona hore ba rate Jehova. Sehloohong sena re tl’o bua ka melao-motheo e mene ea Bibele e ka thusang batsoali hore ba thuse bana ba bona ho rata Jehova.

^ ser. 17 Sheba sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Batho” ho Molula-Qhooa oa April 1, 2012.

^ ser. 57 SETŠOANTŠO: Ntate o bapala basketball le mora le motsoalle oa hae e le hore a mo tsebe.